Lebaka Leo ka Lona e Leng Motho oa Bohlokoa
E SE e le lilemo tse 2 000 joale ho lebisitsoe tlhokomelo tsoalong ea Jesu. Ho latela ngaka ea lekholong la pele la lilemo, Luka, moroetsana e mong ea bitsoang Maria o ile a bolelloa tjena ke lengeloi: “Bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu.” Lengeloi lee la lenģosa le ile la re’ng ka Jesu? Le itse: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa. . . . O tla busa e le morena . . . ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”—Luka 1:31-33.
Ka sebele ke sona seo moloko oa batho o se hlokang—’musi ea lokileng oa lefatše ea tla tsamaisa litaba tsa lefatše ka tsela e lerato! Nako e telele pele ho tsoalo ea Jesu, Bibele e ile ea hla ea bolela: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa . . . Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso. Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.”—Esaia 9:6, 7.
Puso ea toka le khotso—eo ke tebello e hlollang hakaakang! Empa hlokomela hore puso ena ho ile ha boleloa esale pele hore e tla ba mahetleng a khosana—“Khosana ea Khotso”—e leng ho senolang hore Morena ea okametseng tsohle, Molimo ea Matla ’Ohle, o behile borena tlhokomelong ea Mora oa Hae. Ka hona, ka makhetlo Jesu o ile a bitsa puso ena eo e tla ba ’Musi oa eona “’muso oa Molimo.”—Luka 9:27, 60, 62.
Jesu o ile a re qalong ea tšebeletso ea hae: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Jesu o ile a ba a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’Muso oa Molimo hore o tle. (Matheu 6:9, 10) Makasine ea Christianity and Crisis, e re “’Muso e ne e le oona o ka sehloohong oo [Jesu] a neng a ruta ka oona,” ’me e phaella ka ho re: “Ke eona taba eo a neng a lula a nahanne ka eona le ho bua ka eona molaetseng oa hae. Litlaleho tsa Kosepele li buile ka oona makhetlo a fetang lekholo.”
Lipotso Tseo ho ka Nahanoang ka Tsona
Ha u nahana ka Jesu kajeno, u mo nka a le boemong bofe? Ka tloaelo, nakong ena ea selemo ho buuoa ka eena e le lesea le ka sejelong. Ke ’nete hore o ile a qeta nakoana e le lesea le sa khoneng ho iketsetsa letho. (Luka 2:15-20) Empa na ke eona tsela e ka sehloohong eo a lokelang ho hopoloa ka eona? Nahana ka sena, Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tsoaloa e le motho? Hantle-ntle e ne e le mang?
Encarta Yearbook ea 1996 e ile ea botsa: “Na Jesu e ne e le Mora oa Molimo, Mesia ea tšepisitsoeng ka Bibeleng ea Seheberu? Kapa e ne e mpa e le motho joaloka ba bang, mohlomong ea mpang a ikhetha empa e ntse e le motho?” Re lokela ho nahanisisa ka lipotso tsena. Hobane’ng? Hobane bophelo ba rōna le thabo ea rōna li itšetlehile ka hore na re nka Jesu joang le hore na re itšoara joang malebana le eena. Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo.”—Johanne 3:36.
E ne e se Motho Feela Tjee
Ka mor’a hore e hlalose lintho tseo Jesu a ileng a li etsa tempeleng e Jerusalema ha a le lilemo li 12, Bibele e re o ile a khutlela hae le Maria le monna oa hae, Josefa, ’me “[Jesu] a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.” (Luka 2:51, 52) Empa ha Jesu a se a hōlile, ho ile ha hlaka hore e ne e se motho feela tjee.
Ha Jesu a khutsisa sefefo se neng se akhotsa metsi a leoatle, motsoalle e mong ea tšohileng o ile a botsa: “Ha e le hantle enoa ke mang?” (Mareka 4:41) Qetellong, Jesu o ile a isoa ho ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato ka liqoso tsa bohata. A kholisehile hore Jesu o ne a se na molato ’me a susumetsoa ke seriti seo Jesu a neng a e-na le sona le ha a ne a tšoeroe ka bokhopo bo hlokang toka, Pilato ka ho hlolloa o ile a hlahisa Jesu ho letšoele, a re: “Bonang! Monna!” Empa Bajuda ba ile ba araba: “Re na le molao, ’me ho ea ka molao oo o tšoanela ho shoa, hobane o ikentse mor’a Molimo.”—Johanne 19:4-7.
Ha Pilato a utloa ba bitsa Jesu “mor’a Molimo,” o ile a tšoha. Pejana o ne a ile a fumana molaetsa oa toro ea mosali oa hae ka Jesu, eo a neng a mo bitsitse “monna eo ea lokileng.” (Matheu 27:19) Ka hona, Pilato o ile a ipotsa hore na hantle-ntle Jesu e ne e le mang! Le hoja a ne a tseba hore o tsoa Galilea, Pilato o ile a mo botsa: “U tsoa hokae?” Ha Jesu a sa mo arabe, moqoqo o ile oa phakisa oa fela.—Johanne 19:9, 10.
Ho hlakile hore Jesu e ne e le motho, empa o ne a fapane le ba bang hobane eena e ne e kile ea e-ba motho oa moea, eo leholimong a tsejoang e le Lentsoe. Joale Molimo o ile a fetisetsa ka mohlolo bophelo ba hae pōpelong ea Maria. Moapostola Johanne o ile a netefatsa sena ha a re: “Lentsoe o ile a fetoha nama ’me a lula har’a rōna.”—Johanne 1:1, 2, 14, 18; Tšenolo 3:14.
Lebaka Leo ka Lona ho Neng ho Hlokahala Hore Molimo a Romele Mora
Motho oa pele, Adama, o ile a etsa sebe pele a tsoala bana. Lengeloi la lerabele, le ileng la bitsoa Diabolose le Satane, le ile la atleha ho etsa hore a se mamele Molimo. Ka lebaka leo, Adama o ile a lahleheloa ke kamano ea ho ba mora oa Molimo, joalokaha Molimo a ne a boletse hore ho tla ba joalo ha a sa mo mamele. Ka hona, Adama o ile a kotula seo a se jetseng. E ile ea e-ba motho ea sa phethahalang, a tsofala ’me qetellong a shoa.—Genese 2:15-17; 3:17-19; Tšenolo 12:9.
Ha Bibele e hlalosa phello eo ho se mamele ha Adama ho bileng le eona ho rōna kaofela, e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Ka masoabi, kaofela ha rōna re futsitse sebe ho moholo-holo oa rōna Adama, hammoho le liphello tsa sona tse bohloko, e leng ho tsofala le lefu.—Jobo 14:4; Baroma 3:23.
Ho lokoloha liphellong tseo ho ne ho hlokahala hore ho be le ntate ea phethahetseng, ea neng a sa futsa sebe le liphello tsa sona tse bohloko. Hlokomela hore na ntate eo ea mocha, ea phethahetseng joalokaha Adama a ne a phethahetse, o ile a ba teng joang.
Ho Fanoa ka ea Hlokahalang
Joalokaha u tla hopola, “Khosana ea Khotso” ea tšepisitsoeng o boetse o bitsoa “Ntate oa ka ho sa Feleng.” Tsoalo ea hae e boletsoe esale pele ka tsela ena: “Moroetsana o tla ima ’me o tla tsoala mora.” (Esaia 7:14; Matheu 1:20-23) Jesu o ne a se na ntate oa motho, ho tšoana le Adama, motho oa pele. Ha a thathamisa leloko la Jesu ho fihlela qalong ea histori ea motho, Luka, setsebi sa histori ea Bibele, o bontša hore Adama o bile teng e le “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Empa joalokaha re ithutile, Adama o ile a lahleheloa ke kamano eo ea ho ba mora oa Molimo—bakeng sa hae le bana ba hae bohle. Ka hona, kaofela ha rōna re ne re hloka ntate e mocha ea phethahetseng—ea tšoanang le Adama mohla a neng a bōptjoa.
Molimo o ile a romela Mora oa hae ho tsoa leholimong ho ba Adama e mocha e le hore a nkele oa pele sebaka. Bibele e re: “‘Motho oa pele Adama e ile ea e-ba moea o phelang.’ Adama oa ho qetela ea e-ba moea o fanang ka bophelo. Motho oa pele o tsoa lefatšeng ’me o entsoe ka lerōle; motho oa bobeli o tsoa leholimong.” (1 Bakorinthe 15:45, 47) Jesu, “Adama oa ho qetela,” o tšoana le “motho oa pele Adama” hobane O ne a phethahetse, a ka khona ho ba le bana ba phethahetseng, ba ka phelang ka ho sa feleng lefatšeng le phethahetseng.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.
Jesu, ea sa kang a tsoala bana, o ile a lula a tšepahala ho Molimo ho isa lefung, ho sa tsotellehe litlhaselo tsohle tseo Satane a neng a mo hlasela ka tsona. Bophelo ba motho ea phethahetseng, ea tšepahalang boo Jesu a ileng a bo etsa sehlabelo, kapa a bo tela, bo bitsoa thekollo. Bibele e re: “Re na le tokollo [sebeng le lefung tseo re li futsitseng ho Adama] ka thekollo ka mali a [Jesu].” E boetse e re: “Feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.”—Baefese 1:7; Baroma 5:18, 19; Matheu 20:28.
Haeba re bontša tumelo ho Jesu, e tla ba ho rōna “Ntate oa ka ho sa Feleng” le “Mopholosi” oa rōna. O tla busa ka tsela e babatsehang pusong ea hae ea bohosana ha e se e le ’Musi ’Musong oa Ntate oa hae. A re hlahlobeng hore na ho tla ba joang ho phela tlas’a puso eo le hore na re ka lebella hore litlhohonolofatso tseo tse babatsehang li etsahale neng.—Luka 2:8-11.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Ha u nahana ka Jesu kajeno, u mo nka a le boemong bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “Adama oa ho qetela”?