Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb00 maq. 148-223
  • Czech Republic

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Czech Republic
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
  • Lihloohoana
  • E Tsejoa e le Czechia
  • Lefa la Bolumeli
  • Ho Phatlalatsa Molaetsa o Potlakileng
  • Ba Bang ba Ileng ba Amohela Litaba Tse Molemo
  • Ho Finyella Batho ka Litsela Tse Ngata
  • Ho Ngolisoa ka Molao
  • Ho Matlafatsoa ke Liboka Tsa Machaba
  • Ho Hlahella ha Tšokelo ea Bonazi
  • Khapo ea Jeremane ea Qala
  • Ho Bolela ka “Sebōping sa Mollo”
  • Sehopotso Kampong ea Mahloriso
  • Ho Paka Nakong ea Taolo ea Bonazi
  • Ho Sebelisa Nako eo e Batlang e le ea Khotso Hamolemo
  • Maru a Matšo a Phethesela Hape
  • Borapeli ba ’Nete bo Tsoela Pele
  • Ho Liehisoa Kotlo Hanyenyane
  • Ka “Sebōping sa Mollo” Hape
  • Khehlepe ea Nyeoe Prague
  • Ho Fumana ba Kang Linku Literonkong
  • “Bahalaleli” Merafong ea Mashala
  • Ho ba Phomolong le Lipaki Tse Ling
  • Tlhaselo e Mano
  • Ho Aroloa Phuthehong
  • Khothatso e Lerato ea ho “Batla Jehova”
  • Ho Hlophisetsa le ho Koetlisetsa Tšebeletso e Eketsehileng
  • Ha ho ba Hlokolosi ho ne ho Lebetsoe
  • Na Tokoloho ea Borapeli e Haufi?
  • “Lilemo Tse Likete Tse Tšeletseng Tsa ho Phela ha Batho”
  • Se Ileng sa Etsahala
  • Ho Rala ’Mapa oa Tšimo ea Liphutheho
  • Ho Finyella Masimo a Mang
  • Tšebeletso e Chesehang e Halefisa ba Boholong
  • Ho Hlorisetsoa ho Hlompha Jesu Kreste
  • Ho Fana ka Lijo Tsa Moea
  • Kamoo ba Ileng ba Khona ho Hatisa Libuka Kateng
  • Libaka Tse Peli Tsa Khatiso Tsa Prague Lia Hlaseloa
  • Na ho Ngolisoa ka Molao ke Ntho e Neng e ka Etsahala?
  • Ho Hlongoa Lipotso ho Kenelletseng ke ba Tšireletso ea Naha
  • Tlhahiso e Thahasellisang ea ba Tšireletso ea Naha
  • Ho Tsepamisa Mohopolo Mosebetsing oo re o Filoeng ke Molimo
  • Tsela e Telele e Lebisang ho Ngolisoeng
  • Ho Nka Bohato ka Tumelo
  • Kopano e ke Keng ea Hlola e Lebaloa
  • Nako ea Katoloso
  • Liholo Tsa ’Muso Tsa “Kaho e Potlakileng”
  • Maraba a Patehileng a Tokoloho
  • Li Susumelitsoe ke Lerato
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
yb00 maq. 148-223

Czech Republic

Kamano ea bara ba motho ea machaba e ile ea ipha matla ho Lipaki tsa Jehova Czech Republic ka 1998. Likopano tsa machaba tse nang le sehlooho se reng “Tsela ea Molimo ea Bophelo” li ne li ntse li tšoaroa lefatšeng lohle.

Ho ne ho e-na le ba 345 ba tsoang Czech Republic har’a baeti ba 42 763 ba neng ba bokane kopanong Pontiac, Michigan, U.S.A. Ba ne ba bokane ba tsoa bonyane linaheng tse 44—Linaheng tsa Amerika, Europe, Afrika le Asia. Ba bang ba 700 ba tsoang Czech Republic, hammoho le ba 700 ba tsoang Slovakia, ba ne ba le kopanong Nuremberg, Jeremane, eo e neng e le e ’ngoe ea likopano tse hlano tsa Sejeremane tse neng li tšoeroe ka nako e le ’ngoe tseo ho tsona ho bileng le bamameli ba machaba ba 217 472 ha ba kopane.

Baeti ba Maczech ba ile ba ameha maikutlo haholo ha ba ne ba amoheloa ka mofuthu ha ba fihla metseng ea kopano, ha ba ne ba amoheloa ka lerato malapeng a barab’abo bona ba Bakreste bao ho neng ho se mohla ba kileng ba kopana le bona, ’me ka mor’a moo ha ba utloa litlatse tsa ho amoheloa ha baeti ba machaba ka cheseho letsatsing la pele la kopano. Nuremberg, Lipaki tse tsoang Czech Republic le tse tsoang Slovakia li ile tsa lumelisana ka ho ameha maikutlo, tsa hakana ’me hangata li lla ke thabo ea ho fumana monyetla oa ho kopana hape. Tsena e ne e le liketsahalo tse ke keng tsa hlola li lebaloa.

Hona selemong seo, ba eketsehileng ba likete ba ile ba e-ba teng likopanong tse tšoanang hona Czech Republic. Mono, ho phaella lenaneong le ileng la fanoa likopanong tse khōlō, baeti ba ile ba thabela ho fumana phetolelo e sa tsoa qetoa ea Seczech ea meqolo e ’meli ea encyclopedia ea Bibele, Insight on the Scriptures.

Ka sebele tsena e ne e le liketsahalo tse thabisang historing ea Lipaki tsa Jehova Czech Republic. Empa tsela e lebisang ho tsona e ne e bile telele hape e le thata. Tsohle li qalile lilemong tse ka holimo ho tse 100 tse fetileng, ’me liketsahalo tsena tsa morao li ka be li sa etsahala hoja e se ka thuso e lerato ea Jehova Molimo.

Ka 1891, C. T. Russell, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a etela Prague, le hoja e ne e le ka nako e khutšoanyane, a le leetong ho pholletsa le Europe. Lilemong tsa ho tloha ka nako eo, Lipaki tsa Jehova li bile le linako tsa khōlo e khōlō, hammoho le linako tsa mathata, mahloriso le ho sefa. Mosebetsi oa tsona o ne o thibetsoe ka ho feletseng ka lilemo tse 46. Esita leha li sa thibeloa, hase kamehla Lipaki li neng li eloa hloko ka hore li ngolisoe ka molao.

Phihlelo ea Lipaki tsa Jehova linaheng tsa Maczech e ’nile ea tšoana le ea moprofeta Jeremia, eo Jehova a ileng a re ho eena: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”—Jer. 1:19.

E Tsejoa e le Czechia

Ka October 1918, ka mor’a lipuisano tsa lipolotiki litsing tsa bonģosa tsa lefatše, ho ile ha thehoa Rephabliki ea Czechoslovakia Europe Bohareng. E ne e ile ea qhaloa ka nakoana nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše empa joale e ile ea hlaha hape ka mor’a lilemo tse fetang tse tšeletseng tsa khatello ea Manazi. Hape e ne e ile ea mamella puso ea Bokomonisi ka lilemo tse fetang mashome a mane. Joale, ka mor’a lilemo tse 74, mokhatlo ona oa lipolotiki o ile oa khaotsa ho ba teng. Ka 1993, seo e neng e le karolo e ka bochabela ea naha eo, se ile sa fetoha Slovak Republic. Karolo e ka bophirimela, ho akarelletsa le Bohemia, Moravia le karolo ea Silesia, e ile ea fetoha Czech Republic—e leng Czechia ka bokhutšoanyane.

Czech Republic e ka ba lik’hilomithara tse 500 ho tloha bochabela ho ea bophirimela, le hoo e ka bang lik’hilomithara tse 250 ho tloha ka leboea ho ea ka boroa. Ka leboea le ka bophirimela ho na le lithaba tse ntle tsa meru; ho boetse ho na le sebaka se nonneng sa masimo se nang le linōka. Empa joalokaha e le ’nete ka boholo ba Europe Bohareng, tšilafalo ea tikoloho e hlahisa bothata bo tebileng. Boholo ba batho bo phela metseng e meholo kapa litoropong.

Tlaleho e khutsufalitsoeng ea tsoelo-pele ea tšebetso ea Lipaki tsa Jehova naheng eohle eo e kileng ea e-ba Czechoslovakia pakeng tsa 1912 le 1970 e ile ea phatlalatsoa ho Buka ea Selemo ea 1972 (ea Senyesemane). Ho fanoa ka makolopetso a eketsehileng mona, empa tlaleho ena e bua haholo ka se bitsoang Czech Republic hona joale.

Lefa la Bolumeli

Prague, e leng motse-moholo, ka linako tse ling e bitsoa motse oa metlorutlo ea likereke e makholo. Empa esita le metlorutlo eo e mengata ea likereke ha ea khona ho thibela hore Czech Republic e fetohe seo e leng sona kajeno—naha eo ha e le hantle e latolang boteng ba Molimo. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho se joalo.

E le ka kōpo ea Khosana Rastislav, ’musi oa Moravia, Moemphera Michael III oa Byzantium o ile a ntša moifo oa bolumeli o eang Moravia ka 863 C.E. Constantine (eo hamorao a ileng a tsejoa e le Cyril) le Methodius, banna bao bobeli ba bona e neng e le bona moifo, e ne e le baruti ba tsoang Thesalonika, Greece. Ntle le ho tšoara litšebeletso tsa bolumeli ka puo ea moo, Constantine o ile a qapa alfabeta e loketseng puo ea Seslavone, e neng e buuoa ke Mamoravia. Kahoo, a sebelisa alfabeta eo, o ile a tsoela pele ho fetolela likarolo tsa Bibele. Leha ho le joalo, ho fumana kutloisiso e hlakileng ea Lentsoe la Molimo ho ile ha tla hamorao.

Ho Phatlalatsa Molaetsa o Potlakileng

Ka 1907, hoo e ka bang lilemo tse 16 ka mor’a hore C. T. Russell a etele Prague hakhutšoanyane, Seithuti se seng sa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo) se hōlileng se ile sa qala ho etela Bohemia ka leboea hang ka khoeli ho ea aba libuka tsa Bibele. Enoa e ne e le Mor’abo rōna Erler, ea neng a tsoa Dresden, Jeremane. O ile a paka ka cheseho Liberec le litoropong tse ling matsatsi a mabeli kapa a mararo lekhetlo ka leng. O ile a aba buka ea C. T. Russell ea The Battle of Armageddon ’me a phatlalatsa ka kholiseho hore koluoa ea lefatše e ne e tla tla ka 1914.

Ka 1912 batho ba ’maloa ba chesehang ba ne ba jala peō ea ’nete ea Bibele, ba theha lihlopha tse nyenyane, hape ba kolobetsa. Ha ntoa ea lefatše e qhoma ka 1914, seo ha sea ka sa makatsa Liithuti tsa Bibele, le hoja e se litebello tsohle tsa tsona tse ileng tsa phethahala selemong seo.

Lilemong tse qalang, libuka tse ileng tsa ajoa mona ke Liithuti tsa Bibele e ne e le tsa Sejeremane. Ba bang ba baahi ba buang Sejeremane ba ile ba li amohela ka kananelo. Charlotta Jankovcová, oa Plzeň, o hopola hore ’mè oa hae o ile a fumana tse ling tsa libuka tsa Mor’abo rōna Russell ho Seithuti sa Bibele se neng se e-tsoa Dresden le se ileng sa etela lelapeng la bona ka 1925. Kapelenyana ba ile ba qala ho ea libokeng. O re: “Ho ne ho ithutoa haholo le ho lokisetsa liboka. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, re ne re qeta Sontaha kaofela tšebeletsong ea tšimo. Re ne re le Liithuti tsa Bibele, re ithuta Molula-Qhooa, re bala libuka, hape re e-na le Bulletin [eo hona joale e bitsoang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso].”

Butle-butle, libuka li ile tsa fetoleloa Seczecheng. Ka 1922 sengoliloeng se thabisang sa Millions Now Living Will Never Die se ile sa fumaneha, ’me batho ba bararo ba tšoarehileng tšebeletsong ea nako e tletseng e le barekisi ba libuka ba ile ba se aba har’a baahi ba Maczech. Bonyane ka 1923, ho ile ha etsoa hore khatiso ea Molula-Qhooa ea maqephe a 16 e fumanehe mona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka puo ea Seczech.

E le ho ntšetsa pele ho boleloa ha litaba tse molemo linaheng tsa Maczech, ka 1923, Antonín Gleissner, hammoho le mosali oa hae, ba ile ba romeloa Bohemia ba tsoa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Magdeburg, Jeremane. Tlas’a bolaoli ba Mor’abo rōna Gleissner, ea neng a se a ile a tšoara liboka toropong ea Most ka 1916, Mokhatlo o ile oa bula depo ea libuka moo.

Ka 1928 ofisi ea lekala ea Magdeburg e ile ea qala ho hlokomela mosebetsi Czechoslovakia ka tsela e haufi-ufi. Hona ho ile ha fella ka ho hlophisoa ha lihlopha hantle, ho atleha haholoanyane tšebeletsong ea tšimo le hore mosebetsi oa barekisi ba libuka o hokahane hantle. Mabapi le sena, sehlopha se seng le se seng, hammoho le barekisi ba libuka (lilelekela tsa ba tsebahalang hona joale e le bo-pula-maliboho), se ile sa abeloa tšimo ea sona eo se lokelang ho bolela ho eona. Tlaleho e tsoang Czechoslovakia selemong seo e bontša lihlotšoana tse 25 tse nang le baboleli ba 106, hammoho le barekisi ba libuka ba 6. Ka kakaretso, ba ile ba tsamaisa libuka le libukana tse 64 484 le limakasine tse ka bang 25 000, kahoo ha lebisoa ba thahasellang ’Musong oa Molimo e le oona tharollo mathateng a moloko oa batho.

Selemong se latelang, Otto Estelmann o ile a fihla a tsoa Jeremane a e-na le “Photo-Drama of Creation” e hlollang ea Mokhatlo oa Watch Tower. E ile ea bontšoa bamameli ka likhutlo tsohle tsa naha. Sehlohlolo sa tšebetso ena se ile sa finyelloa karolong ea ho qetela ea 1933 ha barab’abo rōna ba ne ba hirile Kapitol, cinema e khōlōhali Prague, bakeng sa lipontšo tse ’nè tse latellanang tsa “Photo-Drama.” Ho ile ha tla batho ba bangata hoo cinema eo e ileng ea lebeletsoa hape bakeng sa mantsiboea a matsatsi a mang a mabeli. Ba bangata ba neng ba batla hore ba tle ba memeloe lipuong tse ling tsa Bibele ba ile ba tlisa mabitso le liaterese tsa bona. Ke ’nete hore ha khōlo ea mokhatlo o hlophisitsoeng e bonahala, le khanyetso e ile ea e-ba teng. Ke seo Jesu a ileng a bolella balateli ba hae hore ba se lebelle.—Joh. 15:18-20.

Ba Bang ba Ileng ba Amohela Litaba Tse Molemo

Nakong ena, litaba tse molemo li ile tsa fihla ho monna eo hamorao a ileng a phetha karolo e khōlō tšebetsong ea Lipaki tsa Jehova naheng ena. Lebitso la hae e ne e le Bohumil Müller. Qetellong ea tsela ea hae ea lefatšeng ka 1987, o ne a ka hetla morao lilemong tse fetang 55 tse fetileng tsa tšebeletso ea hae e tšepahalang, ho akarelletsa le lilemo tse ka bang 14 tseo a li qetileng likampong tsa mahloriso le literonkong hobane a ne a ke ke a sekisetsa tumelo ea hae.

Ka 1931, a le lilemo li 16, Bohumil o ne a ithutela ho ba mohlophisi oa litlhaku tsa khatiso. Mor’abo, Karel, o ne a ithutela ho tlama libuka. Ntat’a bona, Tomáš Müller, e ne e le setho se ka sehloohong sa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho, o neng o le motlotlo haholo ka moetlo oa oona oa khale le histori. Mookameli oa Karel o ile a mo fa litekete tsa ho ea bona “Photo-Drama of Creation.” Ka mor’a pontšo ea pele, Karel o ile a tla hae a thabile. O ile a hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e boneng le ho e utloa, ’me o ile a fa ntat’ae libuka tse peli tsa Sejeremane tseo a li fumaneng. Mantsiboeeng a letsatsi le latelang o ile a khutlela hae a thabile le ho feta ’me a tla le buka ea Creation ka Seczech. Ha a ntse a hlalosa maikutlo a hae, o ile a bolela hore o fane ka aterese ea hae qetellong ea lenaneo leo e le hore a ka memeloa lipuong tse latelang tsa Bibele.

Ka mor’a khoeli, ha lelapa le sa tsoa qeta lijo tsa lona tsa motšehare ka Sontaha, ho ile ha lla tšepe ea monyako. Hamorao Bohumil Müller o ile a ngola: “Ntate o ile a ea arabela motho ea letsang tšepe. O ile a buisana le moeti eo ka nakoana ba le phasejeng empa joale a khutlela ka kichineng a shebahala a maketse. Mantsoe a hae a pele e bile ho re: ‘Ha ke e-s’o bone ntho e tjena le ka mohla. Nahanang, motho a ikhathatsa ho re etela ka Sontaha ho tla re memela puo! Ke puo ea Liithuti tsa Bibele. Rōna ba Mokhatlo oa Bara ba Motho ho hang re ke ke ra e etsa ntho eno. Re botsoa haholo!’” Hamorao ba ha Müller ba ile ba qala ho kopanela kamehla le sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova.

Ka mor’a nako, Bohumil o ile a inehela ho Jehova, empa ha aa ka a kolobetsoa ho fihlela ka mor’a lilemo tse peli. Ka nako eo o ne a se a ntse a sebeletsa e le mothusi oa molebeli oa phutheho (ka nako eo o ne a bitsoa motsamaisi oa tšebeletso), a khanna liboka tsa phutheho, hape a sebetsa Lehaeng la Bethele ofising ea Mokhatlo ea Prague. Ho teba ha kolobetso ea Bokreste ho ne ho sa utloisisoe ka botlalo ke Lipaki tsohle ka nako eo.

Hoo e ka bang ka nako ena, Libuše Štecherová, motsoala oa Bohumil, o ile a ithuta ’nete. O ile a kolobetsoa ka potlako haholoanyane. Morali’abo rōna Štecherová o ile a bua tjena hamorao: “Malome, Tomáš Müller, e ne e le motho ea chesehelang bolumeli haholo. Lehlabuleng le leng motšehare oa mantsiboea ka 1932, o ile a mpolella ka lebitso la Molimo, Jehova, ka bokamoso ba lefatše, le ka liboka tse tsotehang tsa Bibele tsa sehlopha se bitsoang Lipaki tsa Jehova. Qetellong, o ile a ntšiela buka ea Deliverance ea J. F. Rutherford. Ke ile ka qala ho utloisisa hore ho ne ho e-na le ho hong hoo ’Mōpi oa ka a neng a batla hore ke ho utloisise. Sebokeng sa ka sa pele feela sa tšebeletso, ke ile ka utloa ka kolobetso e neng e tla etsoa Prague ka lekhetlo la bobeli. Ke ile ka lula moo ’me ka mamela empa ke se na leseli la se neng se tla etsahala haufinyane. Ha re le tseleng re khutlela hae, Malome Müller o ile a mpotsa, ‘Na le uena u ne u ke ke ua rata ho kolobetsoa?’ Ka hana ka re, ‘Empa ha ke tsebe letho.’ Malome a tsoela pele, ‘U tšoana le mosokolohi. U tseba Bibele. U hloka feela ho hlokomela linako tseo re phelang ho tsona le hore na thato ea Molimo ke efe ka uena.’ Kahoo ka mo kōpa hore a ’ngole bakeng sa kolobetso, ’me ka la 6 April, 1933, ke ile ka kolobetsoa.” O ile a qetella a tsebile hore na thato ea Jehova ke efe ka eena, ’me o ile a mo sebeletsa ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1995.

Mehleng eo batho ba sa tsoa thahasella ba ne ba sa khanneloe lithuto tsa mahae tsa Bibele. Ho koetlisetsoa tšebeletso ea tšimo hangata e ne e le feela ho ea ntlong e le ’ngoe le Paki e ’ngoe ho shebella ebe joale motho o tsamaea a le mong ka mor’a moo.

Basali ba bangata ba ithutile ’nete lilemong tseo. Tšebeletso e ile ea fetoha ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba ba bangata ba bona, ’me ba ile ba finyella ho hoholo. Hangata ba ne ba tsamaea le bana ba bona, ’me ka lebaka leo, bana ba ne ba latsoa tlhohonolofatso ea Jehova ka kotloloho. Blanka Pýchová o ile a qala ho ea tšebeletsong ea tšimo le ’m’ae ha a le lilemo li leshome. Mabapi le ketsahalo e ’ngoe oa hopola: “’Na le ’Mè re ne re abetsoe ho ea sebetsa motse o mong. ’Mè o ile a mpolella hore ke sebetse ho potoloha lebala la motse ha eena a sebetsa matlo a potolohileng moo. Ha ke fihla lebaleng, ke ile ka hlokomela ka ho tšoha ho hoholo hore le ne le tletse likhantši. Ho ne ho se na liphoofolo tseo ke li tšabang ntle ho likhantši. Li ile tsa tla li shesha ho ’na, ’me ha li leka ho ntōma, ke ile ka sebelisa mokotlana oa ka oa libuka ho itšireletsa. Empa ho ne ho se bonolo, kahoo ke tsielehile, ke ile ka rapela: ‘Morena Jehova, ke kōpa u nthuse!’ Ka tšohanyetso feela, likhantši li ile tsa baleha, ’me haufi le ’na ho ne ho eme ntja e khōlōhali ea Saint Bernard. Ke ile ka phaphatha ntja eo, ’me ea ntatela ha ke e-ea ka ntlo le ntlo. Likhantši ha lia ka tsa ba le sebete sa ho nkatamela hape.” Hamorao ’mè oa hae o ile a etsa bonnete ba hore Blanka o lemoha tlhokomelo e lerato ea Jehova ka se etsahetseng.

Ho Finyella Batho ka Litsela Tse Ngata

Ka 1932 sesebelisoa se seng se ile sa e-ba teng bakeng sa ho sebelisoa tšebeletsong karolong ena ea Europe. Makasine ea Golden Age (e tsejoang e le Tsoha! hona joale) e ile ea hlaha ka Seczech. Selemong seo ho ile ha tsamaisetsoa batho likopi tse 71 200. Ka mor’a ho bala The Golden Age, batho ba bangata ba ne ba rata ho amohela libuka tse ling tse neng li bua ka Bibele ka mokhoa o batsi.

E le hore ho ka fuoa e mong le e mong monyetla oa ho rua molemo litabeng tse molemo tse buang ka ’Muso oa Molimo, ho ile ha romeloa bo-pula-maliboho ba tsoang Jeremane. Ba ne ba phela ka tsela e itekanetseng e le hore ba ka inehela mosebetsing ona. Ho bo-pula-maliboho ba 84 ba ileng ba tlaleha ka 1932, ho ne ho e-na le ba 34 ba tsoang Jeremane. Ho ba bangata ba bona, sena se ne se bolela ho ithuta puo e ncha. Ho fihlela ba e tseba hantle, ba ne ba ka finyella eng? Oskar Hoffman, mor’abo rōna oa Lejeremane ea ileng a sebeletsa Prague, o ile a re: “Le hoja ke ne ke sa tsebe puo ea naha eo, ke ne ke etela batho malapeng a bona letsatsi le letsatsi. E le ho ba thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke ba etela, ke ne ke ba kōpa hore ba bale karete e hlalosang, e neng e e-na le molaetsa o mokhutšoanyane o hatisitsoeng ka puo ea bona. Ka tsela ena lingoliloeng tse likete tsa Bibele li ile tsa siuoa ho batho ba Maczech.”

Ka 1934, molao o khethehileng oa ’muso o khahlanong le tšubuhlellano ea basele o ile oa laela hore boholo ba bo-pula-maliboho ba tsoang ka ntle ba tsamaee. Empa ho ne ho se ho entsoe mosebetsi o motle o moholo. Hona selemong seo bo-pula-maliboho ba ne ba pakile libakeng tse ngata tse neng li sa abeloa sehlopha sa kamehla.

Selemong sona seo bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng lisele ba ileng ba tlameha ho tsoa ka hare ho naha, Mokhatlo o ile oa fa Lipaki tsa moo lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng lidisking tsa keramafono. Barab’abo rōna ba ile ba bontša boikhathatso bo babatsehang. Phutheho ea Prague e ile ea reka sethuthuthu, sa moetso oa Indian 750, se nang le koloeana moo ba neng ba beha sehōlisa-lentsoe. Ha ba fihla lebaleng la motse kapa sebakeng leha e le sefe se bulehileng motseng, ba ne ba beha sehōlisa-lentsoe seo holim’a setuloana se maoto a mararo ebe ba letsa lirekoto tsa ’mino ha ba ntse ba etela batho ka ntlo le ntlo. Ha batho ba bangata ba ne ba haptjoa ke ’mino, barab’abo rōna ba ne ba ee ba letse rekoto e nang le molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele. Ka tsela ena ba ile ba khona ho pakela batho ba makholo metseng e ’maloa ka hoseng ho le hong ha Sontaha.

Ho Ngolisoa ka Molao

Ka 1930 ho ne ho ile ha nkoa mehato ea ho fana ka motheo oa molao bakeng sa tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Czechoslovakia. Hona ho ne ho akarelletsa ho theha mekhatlo e ka bang le litša, ea fumana libuka le ho etsa litšebeletso tse ling tse hlokahalang.

Ho ile ha tšoareloa seboka se khethehileng Prague moo ba bileng teng ba ileng ba amohela morero oa ho theha mekhatlo e ’meli ’me ba amohela melao-motheo ea eona. Mokhatlo oa pele o ile oa bitsoa Watch Tower Bible and Tract Society (Lekala la Czechoslovakia). O ile oa sebetsana le ho fumana lingoliloeng, ho hlokomela liboka le ho ajoa ha libuka. Mokhatlo oa bobeli o ne o bitsoa Mezinárodní sdružení badatelů Bible, československá větev (Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti tsa Bibele, Lekala la Czechoslovakia), oo setsi sa oona se neng se le Prague. E ile ea e-ba kofuto ea molao bakeng sa ho tsamaisa tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Czechoslovakia. Liofisi tse tharo tsa Lekala la Czechoslovakia la Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti tsa Bibele li ile tsa emisoa, ofisi ka ’ngoe bakeng sa ho sebetsana le litaba karolong e fapaneng ea rephabliki eo. Mosebetsi linaheng tsa Maczech o ne o laoloa ke ofisi e motseng oa Brno ’me Antonín Gleissner e ne e le eena molula-setulo oa eona. Mekhatlo ena e ile ea thusa ho nolofatsa mosebetsi oa boevangeli Czechoslovakia.

Lilemo tse tharo hamorao, ka 1933, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa bula ofisi ea lekala Prague moo o ileng oa ntšetsa pele mesebetsi ea khatiso teng. Ofisi ena e ne e hlokahala ka lebaka la boemo bo thata bo ileng ba hlaha Jeremane ka mor’a hore Hitler a hloelle pusong. Ho ne ho se ho entsoe lithibelo moo, ’me lekala la Mokhatlo Magdeburg le ne le nkiloe ka mahahapa. Edgar Merk, oa Magdeburg, o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa lekala Prague. Karel Kopetzky, oa Prague, o ile a abeloa ho ba molebeli oa Lehae la Bethele le ofisi.

Leha ho le joalo, hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ileng ea tsamaea hantle Prague. Ka lebaka la boikhohomoso ba botho le lintho tse ling, ho ne ho e-na le liqabang pakeng tsa bara bana babo rōna ba babeli. Ka 1936 lekala le Prague le ile la e-ba tlas’a taolo ea Ofisi ea Mokhatlo e Europe Bohareng, e neng e le Switzerland. Nakoana ka mor’a sena, Karel Kopetzky le Josef Güttler, bao ka bobeli ba neng ba e-na le maemo a boikarabelo mekhatlong e menyenyane ea molao ea Mokhatlo Czechoslovakia, ba ile ba itokolla mosebetsing. Ba ile ba nkeloa sebaka ke Josef Bahner le Bohumil Müller. Mohlanka e mocha oa lekala e ne e le Heinrich Dwenger, mohlanka oa Jehova ea bonolo le ea tšepahalang ea neng a se a ntse a ile a hlokomela likabelo tse sa tšoaneng tsa puso ea Molimo. Ka tsamaiso e lerato, liphutheho li ile tsa tsoela pele ho kopanela ka thabo ho phatlalatseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo—litaba tse neng li hlokoa haholo ke batho lefatšeng le neng le ntse le tsoela pele ho hloka botsitso.

Ho Matlafatsoa ke Liboka Tsa Machaba

Lipaki tsa Jehova Czechoslovakia li ne li tseba hantle hore Lipaki tse linaheng tse ling li ne li tšoara likopano, ’me le tsona li ne li lakatsa ka matla ho tšoara kopano Czechoslovakia.

Seboka se seholo sa machaba, kamoo se neng se bitsoa kateng nakong eo, se ile sa lokisetsoa Prague, hore se tšoaroe ka la 14 ho ea ho la 16 May, 1932, Varieté-Theater. Ena e ne e le ea pele likopanong tse joalo tsa machaba naheng ena. Puo ea phatlalatsa e neng e le nakong, e ne e e-na le sehlooho se reng “Europe Pele ho Tšenyo.” Lenaneo leo le ile la tolokeloa Seczecheng, Sejeremaneng, Sehungaring, Serussieng le Seslovakeng. Ba bileng teng ba ne ba le 1 500. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo matla. Matsatsing ao a kopano, ho ile ha tsamaisetsoa batho libuka tsa Bibele tse fetang 21 000 ha baeti ba ne ba kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo.

Ka 1937 seboka se seng sa machaba se ile sa tšoareloa Prague. Baeti ba makholo-kholo ba ile ba tla ba e-tsoa libakeng tse joaloka Austria, Hungary, Poland le Jeremane. “E ne e le kopano e babatsehang!” Ke kamoo hamorao Mor’abo rōna Müller a ileng a hopola kateng.

Ho boleloa ha litaba tse molemo ho ile ha ’na ha tsoela pele ho pholletsa le Czechoslovakia. Ka 1937 Lipaki li ne li sebelisa lihōlisa-lentsoe tse 7 hamolemo le likeramafono tse 50 ho letsa lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. Selemong seo li ile tsa sebelisa thepa ena lipuong tsa phatlalatsa tse 2 946 bakeng sa bamameli ba 31 279 ka kakaretso. Tlaleho e ileng ea etsoa ka mosebetsi oa Czechoslovakia selemong seo e ile ea re: “Ho pholletsa le naha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ne o hatela pele. O ne o utloiloe ke batho litoropong tse khōlō hammoho le metsaneng, esita le ho fihla matlong a borena le matlong a lithabeng.”

Ho Hlahella ha Tšokelo ea Bonazi

Ntoa ea II ea Lefatše e ne e atamela. Tsitsipano e ne e eketseha Europe. Lipaki tsa Jehova li ne li tla sebetsana le boemo boo joang? Ho hana ho kena tšebeletsong ea sesole ka lebaka la letsoalo e ne e se ntho e tsejoang haholo Czechoslovakia. Ho ne ho se bolumeli bo boholo ba khale bo tšehetsang litekanyetso tsa Bibele ho fihlela mothating oo li ka bolokang ho se jele paate ha Bokreste. Motho oa pele oa Mokreste oa ho kenngoa teronkong e le ea sa jeleng paate naheng ena e ne e le Bohumil Müller. O ile a ngola: “Ke ne ke lokela ho kena tšebeletsong ea sesole ka la 1 October, 1937. Leha ho le joalo, letsoalo la ka le ile la mpolella hore Molimo ha a batle ha bahlanka ba hae ba ‘ithuta ntoa.’ (Esa. 2:4) Ke ile ka itšetleha ka Jehova hore a mphe matla a lekaneng le mamello bakeng sa liteko tse ka pele. Ka lebaka la boemo ba ka, qetellong ea March 1939, ke ne ke se ke bitselitsoe ka pel’a lekhotla la sesole ka makhetlo a mane ’me lekhetlo ka leng ke ahloleloa likhoeli tse ’maloa teronkong. Ha ke hetla morao matsatsing ao, nka bolela hore ke leboha liteko tseo hobane li ile tsa ntokisetsa mehla e mebe ho feta eo, eo e neng e le hona e tlang.”

Ha tšokelo ea Bonazi e ntse e eketseha, likhatello holim’a bahlanka ba Jehova li ile tsa eketseha. Haufi le meeli ea Jeremane, khanyetso e ile ea tota. Ka August 1938 liboka tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa, kahoo, li ile tsa qala ho bokana ka lihlotšoana. Libuše Štecherová o ile a ngola: “Ka 1938 tsitsipano ea lipolotiki e ile ea hōla, ’me re ile ra tlameha ho ikoetlisa hore re pake tlas’a maemo a macha. Hamorao, nakong ea ntoa, re ne re itloaetsa motho hantle pele re bua le eena ka tumelo ea rōna.”

Ka 1938, Jeremane e ile ea nka bohato ba ho hapa Sudetenland, eo ka nako eo e neng e le ka hare ho meeli ea Czechoslovakia. Ka boiteko ba ho qoba ntoa, Brithani le Fora li ile tsa inehela ntle ho khang ho seo Hitler a neng a se batla e leng hore Sudetenland e be karolo ea Jeremane, ’me batho ba lulang moo ba ile ba iphumana ba le tlas’a puso ea Bonazi.

Khapo ea Jeremane ea Qala

Ka la 15 March, 1939, mabotho a Jeremane a ile a hapa Bohemia le Moravia kaofela. Hitler o ile a qapa naha e ncha ea lipolotiki e bitsoang Naha e Paballong ea Bohemia le Moravia, e nang le mopresidente oa eona le ’muso oa bonqaloka.

Gestapo e ile ea nka bohato ka potlako khahlanong le Lipaki tsa Jehova. E ile ea tla ofising e Prague ea Mokhatlo oa Watch Tower ka la 30 March. Ka la 1 April, Bohumil Müller o ile a lokolloa ka mor’a ho qeta nako teronkong ka lebaka la ho ba Mokreste ea sa jeleng paate. Ha a le tseleng a tsoa teronkong a ea seteisheneng sa terene, o ile a letsetsa ofisi ea lekala. Hamorao o ile a re: “Ke ile ka ba bolella hore ke tla tla ka le hlahlamang ho tla etsa seo nka se khonang. Re ne re le bararo Bethele letsatsing leo. Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. E ’ngoe ea thepa ea khatiso e ne e se e lokisitsoe e le koung hore e ka romelloa Netherlands. Ho ne ho hlokahala hore ho pakoe lintho tse ling tsohle kapele-pele. ’Na le Mor’abo rōna Matejka re ile ra etsa mosebetsi ona ha Mor’abo rōna Kapinus a ntse a hloekisa liofisi le mehaho ea Bethele. Ho ntse ho le joalo re ne re boetse re fetolela limakasine—Molula-Qhooa le Consolation (eo e leng Tsoha! hona joale). Re ile ra boela ra khona ho tlosa palo e khōlō ea libuka le libukana tsa Seczech tseo Gestapo e neng e sa ka ea li thahasella nakong eo e neng e hlasetse ka March. Leha ho le joalo, Gestapo e ile ea etela lekala ka makhetlo a ’maloa nakong ea ho koaloa ha mehaho ena.”

Ka mor’a hore e hapuoe, ho ne ho totobetse hore maemo a ho bolela a ne a tla ba thata haholo. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tloha Czechoslovakia. Mor’abo rōna Dwenger o ile a tloha a ea Switzerland mantsiboeeng a ka pele feela ho letsatsi leo Gestapo e ileng ea tla ka lona ho tla mo tšoara. Mor’abo rōna Müller le eena o ne a itokisetsa ho tsamaea. O ne a fumane tumello e hlokahalang e tsoang ho ba boholong ’Musong hore a tsamaee ha lengolo le tsoang lekaleng la Bern le fihla le bontša hore ho ne ho tla ba molemo haeba a ne a ka tsoela pele ka kabelo ea hae, a lebele le ho khothatsa barab’abo rōna Czechoslovakia. Mor’abo rōna Müller o ile a lumellana le seo kapele, ’me e le hore a se ke a fetola maikutlo, o ile a senya phasepoto ea hae.

Lilemo tse 48 hamorao, o ile a re: “Haeba e mong a ka mpotsa hona joale hore na nkile ka ikoahlaela ho se tlohe Prague nakong ea selemo ka 1939, ntle ho tika-tiko ke ne ke tla araba ka ‘Che!’ Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela ho lula. Ka mor’a nako, ke ile ka hlokomela hore mona ke hona haeso. Mona ke moo Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ba mpehileng teng. Tšoaro e sehlōhō le ho shapuoa tseo hangata ke neng ke li mamella li fetoa hōle ke thabo eo ke neng ke e utloa ha ke bona khōlo ea mosebetsi selemo le selemo le keketseho letšoeleng la barapeli ba thabileng ba Ea Matla ’Ohle ba mpota-potileng!”

Ho tloha ka 1939 ho ea pele, Gestapo e ile ea tšoara ba bang. Otto Buchta, tšiea ea moea Phuthehong ea Brno, o ne a le har’a ba ileng ba tšoaroa, ’me hamorao o ile a shoela kampong ea mahloriso Mauthausen. Hoetla ka 1940, Mor’abo rōna Kapinus, eo pejana a neng a ile a sebetsa ofising ea lekala Prague, o ile a tšoaroa, hammoho le bara le barali ba bang babo rōna Moravia. Leha ho le joalo, Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li ile tsa tsoela pele ho bolela Lentsoe hohle moo li neng li ka khona.

Ba bang ba neng ba sebelelitse Jehova linakong tse batlang li le molemo ba ile ba lahla borapeli ba hae ’me ba ikopanya le lira tsa batho ba hae. Karel Kopetzky e ne e le mor’abo rōna ea nang le tsebo haholo le ea chesehang. Empa ha Mor’abo rōna Müller, ea neng a sebetsa le eena pele, a kopana le eena ka 1940, Kopetzky e ne e le motho ea fapaneng. Ho etsahetse ka tsela ena: Barab’abo rōna ba ne ba ile ba kopitsa lingoliloeng tsa Bibele ’me ba li kenya ka lienfelopong hore li posoe. Mor’abo rōna Müller o ile a li kenya ka mokotleng ’me a palama baesekele ea hae a tloha posong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe Prague. O ne a siea lienfelopo tse seng kae lebokoseng le leng le le leng la poso. O ile a re: “Ha ke kena ho e ’ngoe ea liposo, ke ile ka bona monna e mong a eme k’haontareng, a apere unifomo ea litho tsa SS. Ke ile ka ema, empa le pele nka etsa qeto ea hore na ke etse joang, monna eo o ile a reteleha ’me ra ema re shebane. Re ile ra tjamelana ka nakoana. Ho makaleng ha ka ho hoholo, ke ne ke shebile eo e kileng ea e-ba mor’abo rōna, Karel Kopetzky! Ke ile ka phakisa ka iphumana, eaba ke leba k’haontareng e ’ngoe ’me ka nka foromo, eaba ke tsoa posong eo ’me ke baleha ka baesekele ea ka.”

Selemong se latelang Mor’abo rōna Müller, ea neng a lebetse mosebetsi naheng ena, o ile a tšoaroa ’me a isoa kampong ea mahloriso Mauthausen.

Ho Bolela ka “Sebōping sa Mollo”

Ho theosa le lilemo ho ’nile ha ngoloa ho hongata ka likampo tsa mahloriso le ho sotleha ha barab’abo rōna moo. Har’a ba bileng likampong tseo e ne e le Lipaki tsa Jehova tsa Czechia. Re ke ke ra lula litabeng tsa ho qaqisa hore na ba ile ba sotleha joang, empa, ho e-na le hoo, re tla lula tabeng ea hore na ba ile ba haheha moeeng joang le hore na ba ile ba haha ba bang joang esita le ‘sebōping seo sa mollo.’—Bapisa le Daniele 3:20, 21.

Mehleng eo batho lefatšeng ka bophara ba ne ba tseba lebitso la motse oa Maczech oa Lidice. Ka la 9/10 June, 1942, ka taelo e tobileng ea Hitler, motse oohle o ile oa ripitloa e le ho lefeletsa lefu la ofisiri ea Lejeremane. Lebitso la oona le ne le lokela ho hlakoloa ’mapeng oa Europe. Božena Vodrážková, ea ileng a pholoha masetla-libete ao, hamorao o ile a hopola: “Gestapo e ile ea lika-liketsa motse oa rōna kaofela. Banna bohle ba ile ba thunngoa, bana ba ile ba isoa sebakeng se sa tsejoeng, ’me basali ba isoa kampong ea mahloriso ea Ravensbrück. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Lipaki tsa Morena oa rōna Jehova . . . Motsoalle e mong o ne a kile a mpolella, ‘Božena, ke buile le Liithuti tsa Bibele. Li bua lintho tse tsotehang. Hoo ho utloahala eka ke tšōmo, empa li bolela hore seo Bibele e se buang ke ’nete, hore ’Muso oa Molimo o tla tla ’me o felise bobe.’ Hamorao ke ile ka kopana le tsona ka bonna. Li ile tsa mpakela ka ’Muso oa Molimo, ’me ke ile ka ikutloa ke hoheloa ke molaetsa oa tsona.” E, e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Batšoaruoa ba bangata ba ile ba khahloa haholo ke boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova likampong tseo. Alois Miczek oa hopola: “Nakong ea ntoa ke ile ka kenngoa teronkong ka lebaka la mesebetsi ea ka ea Bokomonisi ’me ka kenngoa kampong ea mahloriso Mauthausen. Mono Lipaki li ne li batla li khona ho fumana Molula-Qhooa le libuka tse ling, tseo li neng li li sebelisa ho ruteng batšoaruoa ba bang, ’me ma-SS a ne a sa khone ho thibela sena. Kahoo e le temoso, ma-SS a ile a etsa qeto ea ho thunya Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome ka kampong. Ba ile ba re Lipaki li etse mokoloko, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome e ne e behelloa ka thōko e le tlas’a molebeli ea hlometseng. Empa ka tšohanyetso, joalokaha eka ke ntho e lokiselitsoeng esale pele, barab’abo rōna ba setseng ba etsang karolo ea 90 lekholong ba reteleha ’me ba leba sehlopheng se khethetsoeng ho ea bolaoa. ‘Haeba le batla ho thunya e mong le e mong oa leshome, re thunyeng kaofela!’ Kampo eohle e ile ea hlolloa ke ketso ena, ’me ma-SS a ne a maketse hoo a ileng a laela hore ho etsolloe taelo eo. Ke bone ketsahalo ena ka mahlo.” (Joh. 15:13) Joale e ile ea ama bophelo ba hae joang?

Morali oa hae, Marie Gogolková, oa hlalosa: “Ho bona Lipaki tsa Jehova Mauthausen ho ile ha etsa hore Ntate a amohele ’nete. O ile a kolobetsoa hang-hang ka mor’a ntoa, ’me o ile a bolela ka cheseho ka ’Muso oa Molimo ’me a thusa batho ba bangata ho ithuta ’nete.”

Oldřich Nesrovnal, oa Brno, le eena o ne a le kampong ea mahloriso. Hobane’ng? O ne a nyonya ntoa, kahoo o ile a leka ho balehela Switzerland. O ile a tšoaroa a sa le tseleng, a qosoa ka bohlaba-phio, ’me a isoa Dachau. Oa hopola: “Tereneng ea batšoaruoa e neng e re isa kampong, ke ile ka bona moshanyana ea khutsitseng ea lilemo li 13 a lutse haufi le fensetere a ntse a bala ho hong. Ho bonahala a ne a leka ho pata seo a neng a se bala. Ke ile ka mo botsa hore na ke eng, ’me o ile a araba: ‘Bibele.’ O ile a mpolella hore o ne a ke ke a lahla tumelo ea hae ho Molimo. Ha kea ka ka utloisisa, empa haesale ke maname moshemane eo. Lebitso la hae e ne e le Gregor Wicinsky; o ne a e-tsoa Poland. Letsatsing le hlahlamang ke ile ka fumana hore e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a ile a hana ho saena lethathamo la lintho tseo a tlamehang ho fana ka tsona. Lethathamo leo le ne le ngotsoe ka Sejeremane, ’me o ne a tšaba hore o tla saena polelo ea ho sekisetsa. O ile a otloa, empa le hoo ha hoa ka ha senya ho tiea ha hae . . . 

“Ke ile ka ngolla ’Mè, ke kōpa Bibele, ’me ho makatsang le ho feta ke hore e ile ea fihla. Ke ile ka qala ho e bala kamehla. Monna e mong ea tsoang Ostrava [Moravia] o ile a ntlhokomela. O ile a mpotsa hore na ke utloisisa seo ke se balang, ’me ke ile ka mo bolella hore ke utloisisa hoo e ka bang halofo. ‘Empa na u batla ho utloisisa ho eketsehileng?’ Ke ile ka arabela, ‘E.’ ‘Kahoo kopana le ’na hosasane ka mor’a 6:00 ha shoalane e tšoara sebakeng se itseng.’ Lena e ne e le lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova. Liboka li ne li tšoaroa letsatsi le letsatsi ka mor’a 6:00 ha shoalane e tšoara, le ka makhetlo a mararo ka Sontaha. Ho ne ho khethoa mokhanni le sehlooho esale pele. ‘Tichere’ ea ka e ne e le mohlanka oa libuka. O ne a lokisa lieta kampong eo, ’me libuka tsohle tse kopilitsoeng ka letsoho li ne li patoa tlas’a setulo sa hae sa mosebetsi. Leha ho le joalo, ha kea ka ka hlola ke utloela ka Gregor, selemo le halofo. Joale bofelong ba 1944, ke ile ka shebella letšoele la batšoaruoa ba khutlang likampong tse sa tšoaneng, ’me ka bona Gregor. O ne a bonahala a le moleletsana ka hoo e ka bang ka halofo ea mithara empa a otile ka tsela e tšosang. Ka mor’a ho koalloa o ile a kopanela le rōna sebokeng. Re ile ra amohelana ka mofuthu, eaba o re, ‘Ke ile ka rapela Morena Jehova hore a se ke a u tlohela u le mong mona.’ Jehova o ne a arabetse thapelo ea hae.”

Sehopotso Kampong ea Mahloriso

Na ho ne ho le bonolo tlas’a maemo a joalo ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste? E, ho bile joalo! Empa ka linako tse ling, batho ka bomong ba ne ba ipotsa hore na seo se ka etsoa joang. Božena Nováková o ile a hlalosa: “Sehopotso se ne se atamela. Ke ne ke ikutloa ke ferekane hobane ke ne ke lumela hore nke ke ka khona ho ja litšoantšetso. Empa Jehova o ile a hlokomela lintho. O ne a tseba takatso ea ka, kahoo ka letsatsi la Sehopotso, ke ile ka bitsetsoa mohahong o mong. Baralib’abo rōna ba ’maloa ba lichaba tse sa tšoaneng ba ne ba se ba ntse ba le moo. Sehopotso, ho akarelletsa le ho ja litšoantšetso, se ile sa tsoela pele ho se tšitiso ea letho. Liteboho, khanya le tlotla li ea ho Molimo oa rōna, Jehova le ho Konyana ea hae!”

Empa bohobe bo sa lomosoang le veine li ne li fumanoe joang? O ile a phaella: “Ho ile ha etsahala hore ebe haufinyane, toropong ea Fürstenburg, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse sebetsang mapolasing a ’Muso tse ileng tsa khona ho re fa litšoantšetso.”

Ka mor’a tlhohonolofatso ena Morali’abo rōna Nováková o ile a ba le phihlelo e ’ngoe—e thata empa e le e matlafatsang tumelo. Oa hopola: “Ka letsatsi le leng ke ile ka bitsetsoa moo ho hlatsoetsoang. E ne e le moo ho hlatsoetsoang moo ho nang le lishaoara, empa ha ho buleloa lishaoara, ho ne ho e-tsoa khase ho e-na le metsi. Basali ba tsubisitsoeng chefo, ka linako tse ling ba ntse ba phela, ba ne ba akheloa ka liontong. Ke ne ke sa hlokomele ho fihlela ha mosali e mong oa molebeli a mpolella: ‘Joale lōna, Bibelforscher [kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng], le il’o kena khaseng! Joale a re boneng hore na Jehova oa lōna o tla le pholosa!’” Ha Morali’abo rōna Nováková a reteleha, o ile a tlala lik’hapha ka mahlong, ’me a rapela: “Ntate Jehova, kea kōpa, haeba ke lokela ho shoa, a ho etsoe thato ea hao. Empa ke rapella bana ba ka. Ke ba beha tlhokomelong ea hao ka ho feletseng.” Ha a pheta se ileng sa etsahala ka mor’a moo, o ile a re: “Ha ke ntse ke rapela, lemati le ile la buleha eaba ho kena ngaka e ka sehloohong, ea bona letšoao la ka le pherese, ’me ea re: ‘Bibelforscher, u batla’ng moo? U rometsoe ke mang moo?’ Ka araba ka hore ke rometsoe ke molebeli. Ea re: ‘Tsoa ka mona! Sebaka sa hao ke sane!’ eaba e supa monyako. Ha ke tsamaea, ka utloa molebeli a bua: ‘Joale kea lumela hore Jehova oa bona oa ba sireletsa.’”

Ho Paka Nakong ea Taolo ea Bonazi

Le hoja ho se na litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tse ileng tsa bokelloa nakong ena, ho boleloa ha litaba tse molemo ho ile ha tsoela pele Czechoslovakia. Rǔžena Lívancová, ea tsoang toropong ea Kladno, o ile a ngola: “’Mè o ile a re ruta ho ba le tumelo ho Molimo, eseng ka tsela eo baprista ba neng ba ruta ka eona, empa e le hore re ka hlompha batho. Ka 1940 morali e mong oabo rōna oa Prague o ile a re pakela. Kahoo ke ile ka qala ho ithuta ka Molimo oa rōna ea babatsehang le Ntate ea lerato, Jehova. Ka 1943 ’na, ’mè oa ka le morali’eso, re ile ra kolobetsoa kaofela.”

Esita le nakong eo le tlas’a maemo a ntoa, Jehova o ne a ntse a hula “ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) František Šnajdr, ea tsoang Prague, o ile a re: “Re ne re le lelapa la Mak’hatholike empa ho se mohla re eang kerekeng. Ke ne ke lokisa mechine, ke phela bophelo bo tloaelehileng. Ke ne ke tloaetse ho ea libareng, moo ke neng ke bapala likarete teng. Ho ne ho e-na le monna e mong ea neng a e-tla, a noe khalase ea biri, ebe o pakela ba leng hona teng. Ba ne ba ee ba mo tloka-tloke. Empa ha ke ntse ke bapala likarete, ke ne ke ee ke mo mamele ka tsebe e le ’ngoe. O ne a bua ka khaolo ea bo24 ea Matheu. Ke ne ke e rata ’me ke ile ka mo bolella hore kea e rata. Kahoo a ’memela ha hae. Ha ke fihla, ho ne ho tšoeroe seboka. Ho ne ho se ho e-na le ba supileng. Ka botsa, ‘Ke kōpa u mpolelle, moprista o tla neng?’” Empa ho ne ho se na moprista ea tlang. Josef Valenta, ea neng a lutse hona pel’a František, e ne e le eena ea tšoereng seboka.

František o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele, ’me ka August 1942 o ile a kolobetsoa. Selemong se latelang o ile a tšoaroa ke Gestapo. Empa Jehova o ile a tsoela pele ho ba fa thuso e hlokahalang e le hore ba ka hōla moeeng. František o ile a hlalosa: “Ha ke le Mauthausen ke ile ka kopana le Mor’abo rōna Martin Poetzinger. E ne e le mor’abo rōna ea sebete le ea masene. O ile a nketsetsa para ea lieta tsa ka tlung, ’me kamehla o ne a mpha libuka. Re ne re tšoara liboka kamehla—ha ho pelaelo hore e ne e le lekunutung—Sontaha se seng le se seng, hona moo ‘Platz’”—moo ho latela bopaki bo teng e neng e le sebaka seo ho bitsoang mabitso a batšoaruoa ho sona.

Jan Matuszný le eena o ile a hlokomela hore o hloka thuso ea moea. Hamorao o ile a ngola: “Nakong ea ntoa ke ne ke sebetsa morafong. ’Na le barab’eso ba babeli, re ne re letsa liletsa sehlopheng sa ’mino sa morafo oo. Ke ne ke tsuba ’me ke noa. Ke ne ke le boemong bo sisimosang hoo matsoho a ka a neng a thothomela joaloka a monna ea tsofetseng. Ka letsatsi le leng ha ke tahiloe ’me ke ikutloa ke hlomohile, ke ile ka qala ho rapela Molimo ka lentsoe le phahameng, ke mo kōpa hore a nthuse hore ka tsela e ’ngoe ke fumane tsela ea ho tsoa mathateng a ka.”

Kapele ka mor’a sena, Paki e neng e etela khaitseli ea monna enoa e ile ea bua halelele le eena ’me ea mo fa Bibele hammoho le libukana tse tharo. Ha a ntse a li bala, o ile a kholiseha hore seo a ithutang sona e ne e le ’nete. O ile a tlohela ho tsuba, ho sebelisa tahi hampe le ho letsetsa sehlopha seo sa ’mino, ’me a qala ho ea libokeng. O ile a kolobetsoa ka 1943 letangoaneng la litlhapi. Oa phaella: “Re ne re ntse re tšoara liboka ka nako eohle ea ha ntoa e ntse e loana. Re ne re rutoa se boleloang ke lentsoe ‘ho sekisetsa’ le hore ho molemo ho shoa ho e-na le ho eka mor’eno. Sena se ile sa sebeletsa e le motheo o motle bakeng sa mahloriso a neng a larile ka pele”—e, mahloriso a ileng a tla le ka mor’a hore ntoa e lale.

Ho Sebelisa Nako eo e Batlang e le ea Khotso Hamolemo

Ka mor’a hore ntoa e lale, ho bile le nako eo e batlang e le ea bolokolohi le khotso e itseng ho batho ba Jehova ho tloha ka 1945 ho ea ho 1949. E ne e le nako ea ho haha bocha le nako eo ka eona barab’abo rōna ba neng ba tšoarehile mosebetsing oa bona oo ba o filoeng ke Molimo oa ho bolela ka cheseho e nchafalitsoeng.—Mat. 24:14.

Ntho ea pele eo ho neng ho hlokahala hore e etsoe e ne e le ho fumana liphutheho tsohle le bahoeletsi ka bomong. Ba bang ba ne ba hlokahetse, ba bang ba faletse, ’me ba likete bao e leng Majeremane ’me ba lula haufi le meeli ba ne ba le mothating oa ho ntšoa ka har’a naha. Mor’abo rōna Müller, eo mohlomong e neng e le e mong oa barab’abo rōna ba pele ba ho fihla hae, o ile a sebetsa ka thata hore a boele a thehe puisano pakeng tsa liphutheho. O ile a boela a leka ho iteanya le liofisi tsa makala tsa Mokhatlo linaheng tse ling, empa a sa atlehe qalong. Joale mathoasong a June molaetsa oa thelekramo o ile oa ea fihla Bern, Switzerland. Mangolo a tsoang Bern a ile a qala ho fihla, le leng le le leng le e-na le maqephe a ’maloa a Molula-Qhooa ka Sejeremane. Phetolelo e ile ea qala hang-hang. Ka August 1945 barab’abo rōna ba Prague ba ile ba lokolla tokollo ea pele ea ka mor’a ntoa ea Molula-Qhooa ka Seczech, e hatisitsoe ka mochine o etsang likopi.

Batho ba bangata ba ile ba hopola seo Lipaki li neng li se bolela pele ho ntoa, ’me ba bang ba bona joale ba ne ba rata ho mamela. Lipuo tsa Bibele tsa phatlalatsa—eseng lipuo tse rekotiloeng, empa tse fanoang ke libui tse tšoanelehang—li ile tsa qala ho fanoa. Ba makholo ba ne ba e-ba teng. Puo ea pele, sehloohong se reng “Tokoloho Lefatšeng le Lecha,” e ile ea fanoa ka la 11 November, 1945, holong ea Agricultural Stock Market ea Prague. Bamameli ba ka bang 600 ba ile ba bontša cheseho e khōlō. Ka nako ea lilemo tse tharo, ho ile ha fanoa ka lipuo tse joalo tsa phatlalatsa tse 1 885 Czechoslovakia. Ba bangata bao e leng Lipaki tsa Jehova hona joale ba re ba ile ba huleloa ’neteng ka lebaka la lipuo tseo.

Motho e mong ea joalo ke Tibor Tomašovský, eo hona joale a lulang Bohemia. Paki e neng e tšoarehile mosebetsing oa eona oa boipheliso e ile ea kopana le Tibor ’me ha ba ntse ba qoqa, e ile ea bua ka Bibele. Tibor o ile a khahloa ke ho ikokobetsa ha eona ’me a memela Paki eo ha hae. Sena se ile sa lebisa ho memeloeng sebokeng. Hamorao Tibor o ile a re: “Seo ’na le mosali oa ka re ileng ra se utloa sebokeng seo hase ntho e ka hlalosoang. Ho ne ho se mohla nkileng ka utloa puo e ikhethang hakaalo. Libui tse tharo li ile tsa fapanyetsana ka ho fana ka puo eo. Ke ile ka bolella motho ea neng a lutse pel’a ka hore ‘bana e tlameha ebe ke batho ba rutehileng haholo.’ ‘Che, ke balemi feela.’ Seo re ileng ra se utloa se ne se babatseha hoo re neng re sa batle ho khutlela hae. Bekeng e latelang ofising, ke ne ke sitoa ho tsepamisa maikutlo mosebetsing oa ka ’me ke ne ke lebeletse Sontaha se latelang ka matla. Ha ho mohla re ileng ra fosoa ke seboka.”

Har’a libaka tseo ho tsona Lipaki li ileng tsa ntšetsa pele mosebetsi oa tsona e ne e le likampong tsa mosebetsi o boima moo, ka mor’a ntoa, batšoaruoa ba ntoa le Majeremane ba neng ba letetse ho ntšoa sebakeng seo ba neng ba koaletsoe ho sona. Tlaleho mabapi le tšebetso ka nako eo e re: “Barab’abo rōna ba ’nile ba atleha haholo ha ba etela Majeremane, haholo-holo Manazi, likampong tsa mosebetsi o boima.” Na maemo a ’ona a fetohileng a ne a tla a etsa hore a amohele ’nete ea Bibele haholoanyane? Lipaki tsa Jehova li ne li batla ho ba fa monyetla oo.

Ka November 1945 molaetsa oa ho khethoa ka molao ha Mor’abo rōna Müller e le molebeli oa lekala o ile oa fihla. Lehlabuleng le latelang barab’abo rōna ba ile ba khona ho reka mohaho o batlang o le mocha o mekato e mene Suchdol, haufi le Prague. Sena se ile sa fana ka sebaka se khutsitseng sa ho sebeletsa le bolulo bo botle bakeng sa lelapa la Bethele. Naha e ile ea aroloa ka lipotoloho, e ’ngoe le e ’ngoe e entsoe ka liphutheho tse ka bang 20, ’me likopano tsa potoloho li ile tsa qala ho tšoaroa kamehla. Ena e ile ea ipaka e le tlhohonolofatso e enneng. Likopano tse joalo kamehla li ne li tsamaea le tšebeletso ea ntlo le ntlo, ’me ho ne ho fanoa ka bopaki ka puo ea phatlalatsa motšehareng oa mantsiboea ka Sontaha. Ha Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se qala ho sebetsa liphuthehong, ka thuso ea moea oa Jehova, barab’abo rōna ba eketsehileng ba ile ba tšoanelehela ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa ’me bahoeletsi ea e-ba matichere a molemonyana.

Ho ne ho lokisetsoa le likopano. Puo e reng “Thabang, Lōna Lichaba” le e reng “Morena oa Khotso” li ile tsa fanoa ka 1946 kopanong eo ho eona ho bileng teng ba 1 700 Besední du̇m, e leng mohaho oa club o Brno. Franz Zürcher, ea tsoang Bern, Switzerland, o ne a le teng bakeng sa ketsahalo eo. Selemong se latelang, ha ho tšoaretsoe kopano e ’ngoe Brno, litho tse tharo tsa basebetsi ba ntlo-khōlō ea lefatše—N. H. Knorr, M. G. Henschel, le H. C. Covington—li ile tsa fana ka lipuo lenaneong leo. Puo ea phatlalatsa e reng “Thabo ea Batho Bohle,” e ile ea phatlalatsoa ho pholletsa le motse ka lipolakate le lipampitšana, ’me ho ile ha tla ba 2 300 ho tla e mamela. Ba bangata ba ile ba siea liaterese tsa bona le ho bontša takatso ea ho memeloa libokeng tsa nako e tlang.

Mathoasong a 1948 ho ile ha e-ba le tlokotsi pusong. Makomonisi a ile a nka puso. Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka cheseho. Li ile tsa e-ba le keketseho ea karolo ea 25 lekholong palong ea bahoeletsi ba ’Muso selemong seo. Ka September ho ile ha tšoaroa kopano e ’ngoe—ena e ne e le Prague. Puo ea phatlalatsa e ile ea e-ba le sehlooho se nakong se reng “’Muso oa Molimo—Tšepo ea Moloko Oohle oa Batho.” Ka lebaka la se larileng ka pele, puo e reng “Ho Boloka Botšepehi Tlas’a Teko” le eona e ile ea ipaka e le e loketseng haholo. Esita le ha kopano e se e ntse e tsoela pele, lira tsa batho ba Jehova li ne li ntse li lokisetsa ho hlasela.

Maru a Matšo a Phethesela Hape

Ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka tlaase ho tse ’nè esale barab’abo rōna ba lokolloa teronkong, empa maemo a ile a fetoha hampe. Kopanong ea potoloho Karlovy Vary, Bohemia e ka bophirimela, ka November 1948, maru a sefefo a ile a hlaha. Kopano ka boeona ha ea ka ea sitisoa. Leha ho le joalo, ha Mor’abo rōna Müller a ntse a fana ka puo ea phatlalatsa ka Sontaha motšehare oa mantsiboea, ka la 28 November, tse ling tsa litulo tse morao ka holong li ne li lutsoe ke baemeli ba Tšireletso ea Naha ba sa apara liaparo tse ba khethollang. Hona letsatsing leo ha Mor’abo rōna Müller a ntse a e-ja lijo tsa hae tsa mantsiboea, Oldřich Skupina, molebeli oa Phutheho ea Karlovy Vary, o ile a mo fumana ’me a mo bolella ka ho tšoha hore ba Tšireletso ea Naha ba phenyekolotse malapa a barab’abo rōna ba ’maloa ’me ba nkile libuka tsa bona ka mahahapa.

Mor’abo rōna Müller o ile a leka ho founela Bethele ea Prague, empa ha ho ea ileng a araba. Ho ne ho hlakile hore ho na le ntho e tebileng e etsahetseng le hona teng. O ile a khutlela Prague kapele-pele. Leha ho le joalo, ha a le haufi le mohaho oa Bethele, o ile a bona banna ba babeli ba neng ba ikhakantse eka ke basebetsi empa ba ne ba lebetse Lehae la Bethele. Bethele o ile a kopana le mor’abo rōna ea ileng a mo tlalehela hore baemeli ba ’maloa ba Tšireletso ea Naha ba ne ba phenya-phentse mehaho eohle ’me ba koetse liofisi. Ka nako ea metsotso e 45 a fihlile, liofisiri tse peli tse tsoang Lefapheng la Tsa ka Hare li ile tsa fihla Lehaeng la Bethele ’me tsa tsebisa hore mohaho oo o nkiloe ka mahahapa. Mor’abo rōna Müller o ile a ipelaetsa, a supa hore ho nkoa ka mahahapa ho tlameha ho etelloa pele ke taelo ea lekhotla. Ka mor’a hore ba tsamaee, o ile a khona ho tlosa tse ling tsa lifaele tseo ba Tšireletso ea Naha ba sa kang ba li fumana ’me a li isa habo. Empa ha a khutlela Bethele, moemeli e mong oa Tšireletso ea Naha o ne a mo emetse hore a mo tšoare le baralib’abo rōna ba babeli ba neng ba e-na le eena. Litho tse ling tsa lelapa la Bethele li ne li se li ntse li tšoeroe.

Na ho ne ho se ho ntšitsoe taelo ea lekhotla ka potlako hakaalo? Che. Likhoeli hamorao, ha barab’abo rōna ba ne ba le litlamong, Mor’abo rōna Kapinus, ea neng a le har’a ba neng ba tšoeroe, o ile a fumana lengolo. Le ne le fupere qeto ea Lekala la Tsa ka Hare, ea la 4 April, 1949—likhoeli tse fetang tse ’nè ka mor’a hore mohaho o nkoe ka mahahapa—ea hore ho thibeloe tšebetso ea Mokhatlo le ho nka thepa ea oona.

Ho sa tsotellehe sena, ka July Lekhotla la Naha le ile la thibela linyeoe tsa tlōlo ea molao khahlanong le barab’abo rōna ka lebaka la ho haella ha bopaki. Ba ile ba lokolloa litlamong tsa pele ho nyeoe ea bona. Leha ho le joalo, ha baa ka ba tloha mohahong oa Lekhotla la Naha e le batho ba lokolohileng. Liofisiri tse peli tse tsoang Lefapheng la Tsa ka Hare li ile tsa ba emisa ’me tsa ba tsebisa hore ho ea ka qeto ea Komisi ea Lipolotiki ea Bokomonisi, ba ne ba romeloa kampong ea mosebetsi o boima lilemo tse peli. Se neng se sa finyelloe ka mehato ea molao se ne se etsoa feela ka molao oa khatello. Mor’abo rōna Müller o ile a isoa Kladno, moo a ileng a sebetsa morafong oa mashala.

Leqhubu la ho tšoaroa le ileng la aparela naha eohle le ile la tlisetsa Lipaki tsa Jehova mathata a maholo. Empa, seo liofisiri tsa Bokomonisi li neng li se lebeletse ha sea ka sa ipaka e le ’nete. Li ne li ile tsa bolella Mor’abo rōna Müller ha a ne a le teronkong: “Khaolang hlooho, ’me ’mele o tla shoa.” Li ne li nahana hore eena le bara ba bang babo rōna ba ikarabellang e ne e le “hlooho,” empa li ile tsa hlōleha ho lemoha hore Hlooho ea sebele ea phutheho ea Bokreste ke Morena Jesu Kreste leholimong.—Baef. 4:15, 16.

Borapeli ba ’Nete bo Tsoela Pele

Ho sa tsotellehe khatello ea mehleng eo ea lefifi, borapeli ba ’nete ha boa ka ba khaotsa. Barab’abo rōna ba ile ba qala kapele ho etsa litokisetso tsa ho boloka mosebetsi o hatelang pele oa ho pakela Jesu e le Morena oa Bomesia. Josef Skohoutil, oa Prague, oa hlalosa: “Matsatsi a seng makae ka mor’a hore mahloriso a qale, ke ile ka eteloa ke Mor’abo rōna Gros, molebeli oa mona. O ile a mpha mabitso a bahoeletsi ba leshome ’me a mpolella hore ke ba hlokomele.” Ka nakoana ba ne ba ntse ba leka ho paka ka ntlo le ntlo, empa butle-butle ba ile ba ithuta mekhoa e meng ea ho etsa mosebetsi.

Le hoja barab’abo rōna ba bangata ba ne ba le teronkong, ba neng ba le ka ntle ba ile ba tsoela pele ho bokana hammoho. Liholo tsa sechaba li ne li ke ke tsa sebelisoa, empa likopano tsa lenaneo le khutsufalitsoeng li ne li tšoareloa lifoleteng tse khōlō. Ka linako tse ling, likopano tse khōloanyane li ne li tšoareloa morung. Ea pele ho tsona e ne e le Oldřichov, haufi le toropo ea Nejdek, ka 1949. Mothipoloha o nang le mafika e ile ea e-ba sebaka seo batho ba 200 ba ileng ba e-ba teng ba ileng ba lula ho sona. Haufinyane ho ne ho e-na le ntlo e sa luloeng, moliko le letangoana. Bakeng sa kolobetso, ba ile ba arola moliko e le hore ho ka ba le likamore tseo banna le basali ba chenchelang ho tsona. Ba ile ba hloekisa letangoana leo le ho beha litepisi tsa lehong hore ho kenoe ka tsona ka metsing. Ho ile ha qoelisoa ba 37 ketsahalong eo.

Ho thoe’ng ka ho fumana lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa ho ithuta? Tlaleho e tlisitsoeng ke Mor’abo rōna Vykouřil, oa Teplice, e senola ho hong. E re: “Ka 1950 ke rōna ba bararo feela ba ileng ba sala Teplice. Re ne re ee re fumane Molula-Qhooa oa Sefora o tsoang ho morali’abo rōna ea Switzerland, ka poso. O ile a re nyamella ka nakoana, empa ka mor’a nako a boela a hlaha hape. Ke ile ka qala ho amohela mangolo ka puo ea tšoantšetso. Mangolong ao ho ne ho kōpuoe hore ke fumane motho e mong ea tsebang motho e mong, eo le eena a tsebang motho e mong, ’me ka tsela eo re ne re tla kopana hape. Barab’abo rōna ba etellang pele ba ne ba le teronkong, kahoo ho ne ho hlokahala hore re tsosolose mokhoa oa batho bao ho sebetsoang merero ea tlhophiso ka bona. Re ne re sebetsa ntle ho likabelo leha e le life tsa molao—e mong le e mong o ne a etsa se hlokahalang. Leha ho le joalo, ha ho mohla re kileng ra khaotsa ho amohela Molula-Qhooa.”

Ena e ne e le qalo ea e ’ngoe ea linako tse thata ka ho fetisisa historing ea Lipaki tsa Jehova naheng ena. E bile ka letsoho la Jehova feela mosebetsi o sa kang oa khaotsa. Ho e-na le hoo, ho sa tsotellehe liteko tse ngata, o ile oa tsoela pele ho eketseha.

Ho Liehisoa Kotlo Hanyenyane

Ka tsela e sa lebelloang, mathoasong a 1950 Lipaki tsa Jehova tsohle, bara le barali babo rōna, ba ile ba lokolloa likampong tsa mosebetsi o boima. Ba ne ba letetsoe ke eng? Mor’abo rōna Müller oa hopola: “Ke ne ke thabile ke bile ke makaletse tlhophiso e ntle e neng e entsoe bosieong ba rōna.” Moea oa Jehova o ne o susumelitse barab’abo rōna ba bacha, ho akarelletsa le Jan Sebín le Jaroslav Hála, hore ba etelle pele ka cheseho. Ntate oa Jaroslav o ne a ile a tšoaroa ka 1948 (’me hamorao, o ile a shoela teronkong), empa Jaroslav e ile ea e-ba mohlala le mohloli o moholo oa khothatso ho bara le barali babo rōna ba bangata. Ba ile ba fumana hore palo ea Lipaki tse mafolofolo ho pholletsa le naha (eo e kileng ea e-ba Czechoslovakia) e eketsehile ka karolo ea 52 lekholong ka lilemo tse peli ho tloha ho ba 1 581 ho ea ho ba 2 403. Selemong se latelang ho ile ha e-ba le keketseho e tsoelang pele ea karolo ea 38 lekholong.

Ha ho ne ho lokolloa buka ea “’Nete e be ea Molimo” ka Seczech ka likarolo tse tšeletseng, ka 1951, sena se ile sa rala motheo bakeng sa khōlo e tsoelang pele. Sengoliloeng sena se ne se tla sebeletsa e le motheo oa lithuto tsa Bibele tsa malapa. E ne e e-na le seo liithuti li se hlokang e le hore li ka qalisa bophelo ba ho sebeletsa Jehova hantle.

Leha ho le joalo, liofisiri tsa Makomonisi li ne li sa thabele tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova. Selemo sa 1952 se ile sa qalisa nako e ’ngoe e telele ea mahloriso a sehlōhō a batho ba Jehova.

Ka “Sebōping sa Mollo” Hape

Ka la 4 February, 1952, lihoreng tsa hoseng, Mor’abo rōna Müller o ile a boela a tšoaroa ke ba Tšireletso ea Naha. Lekhetlong lena o ile a koaloa mahlo ha a isoa teronkong. Hamorao o ile a ngola: “Ka likhoeli tse 14 tse latelang, ke ne ke sa lumelloe ho tsoa seleng ea ka moo ke koaletsoeng ke le mong ke sa koaloa mahlo. Ka mor’a ho tlōlisa letsatsi, ofisiri e ntlhomang lipotso e ne e nkisa ofising ea eona. Mona ke ne ke feta lipotsong tse matla nakong eo ba neng ba leka ho nqobella ho lumela hore ke ne ke ameha bompimping le hore ke batlile ho phethola ’muso. Ho ne ho ngoloa litlaleho tse ngata tsa sepolesa, li senngoe, ebe ho ngoloa litlaleho tse ncha. Ba botsang lipotso ba ’nile ba leka mekhoa e mecha ka boiteko ba ho kenyelletsa tlalehong bonyane maikutlo a poteletseng a hore ke molato. Ke ile ka hana khafetsa ho saena litlaleho tse joalo. Lilemo tse ka bang 16 hamorao ha ke se ke lokolohile, ofisiri e ’ngoe ea Lekala la Tsa ka Hare e ile ea mpolella hore ke ne ke le lethathamong la batho ba neng ba lokela ho bolaoa. Ka la 23 March, 1953, ke ile ka isoa khotla ke koetsoe mahlo Pankrác. ’Na le bao ke neng ke sebetsa le bona re ile ra ba tlas’a khatello e khōlō ea kelello. Nyeoe eo e ile ea nka matsatsi a mabeli. E ne e tšoaretsoe lekunutung ka ho feletseng. Litulo tsa sechaba li ne li lutsoe ke ba botsang lipotso feela ba tsoang Lekaleng la Tsa ka Hare.”

Ho ile ha fella ka hore, la 4 February, 1952, e be letsatsi leo ba bangata ba ileng ba tšoaroa ka lona ho pholletsa le Czechoslovakia. Letsatsing leo ba Tšireletso ea Naha ba ne ba tšoere Lipaki tsa Jehova tse ka bang 109 ka kakaretso (barab’abo rōna ba 104 le baralib’abo rōna ba 5).

Har’a ba ileng ba isoa teronkong letsatsing leo e ne e le Emílie Macíčková. Oa pheta: “Ka la 4 February, 1952, ha monna oa ka a le sepetlele, banna ba bararo le mosali a le mong ba Tšireletso ea Naha ba ile ba tla lehaeng la rōna ka 3:30 hoseng. Ke ile ka tšoaroa hang-hang. Ba ile ba phenya-phenya ntlo ’me ba nka seo ba se fumanang. Ba ile ba nkisa Lefapheng la Sepolesa sa Sebaka Ostrava. Rōna Lipaki re ne re se re ntse re le bangata moo. Re ne re tšoaroa ka bongata bo se nang palo. Ba ile ba re kenya ka liseleng tse sa tsoa pentoa empa e le tse batang, tse nkhang hampe, ba re fa metsi a batang hore re itlhatsoe ka oona, eaba joale ba notlela mamati a tšepe. Neng le neng ha ba ne ba re isa kae-kae, ba ne ba re roesa likhalase tse ntšo. Ba ne ba romela batho ba re nanarelang liseleng tsa rōna, empa ha ho letho leo re neng re bua le bona ka lona haese ka ’Muso oa Molimo. Limpimpi tseo li ne li bile li bina lipina tsa rōna tsa ’Muso ’me li iketsa eka lia rapela—lira tsa rōna li ile tsa ea bohōleng boo boikemisetsong ba tsona ba ho re nyahamisa, empa Jehova o ile a re matlafatsa!”

Khehlepe ea Nyeoe Prague

Ena e ne e le nako eo ka eona ho neng ho e-na le linyeoe tse ngata tsa lipolotiki Czechoslovakia. Likahlolo tse hlahileng linyeoeng tsena li ne li le boima ka ho feteletseng—ebang ke lilemo tse ngata teronkong kapa lefu. Nyeoe ea Lipaki tsa Jehova ka la 27 le la 28 March, 1953, e ile ea lula nakong ena. Ho ile ha e-ba le linyeoe-’mōtoana tse peli tsa balebeli ba ka sehloohong ba Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa tšoareloa sekhukhung. Ea bobeli e ile ea lula khoeli ka mor’a ea pele. Likahlolo e bile tse latelang: “Müller le Fogel: ba ile ba ahloleloa lilemo tse 18 teronkong. Baqosuoa Sebín, Gros le Hála: lilemo tse 15; Nahálka: lilemo tse 12; Novák: lilemo tse 8; le Porubský: lilemo tse 5. Baqosuoa bohle ba ne ba ka amohuoa thepa le ho lahleheloa ke litokelo tsa boahi.”

Boitsebiso feela bo ileng ba hlahisoa sechabeng mabapi le linyeoe tsena bo bile likoranteng. Li ile tsa re’ng? Mohlala ke tlaleho ena e sothehileng e ileng ea hlaha ka la 30 March ho Rudé právo (Molao o Mofubelu) ea letsatsi le letsatsi ea Bokomonisi: “Bahatelli ba Maamerika, ka lebaka la lehloeo la bona ho Czechoslovakia e nang le puso ea sechaba ka sechaba, ba sebelisa mekhoa eohle ho tlosa matšoele a habo rōna a sebetsang tseleng e isang Pusong ea Bososhiale . . . Lekhotla la setereke la Prague le ile la sebetsana le mofuta o le mong oa tšebetso e senyang ea bahatelli ba Maamerika . . . Ba qosoang e ne e le litho tse ka sehloohong tsa lequloana la bolumeli leo batšehetsi ba lona ba ipitsang Lipaki tsa Jehova. Mokhatlo ona, o laoloang Brooklyn, U.S.A., le oo ho tloha ka 1949 o ileng oa thibeloa naheng ea rōna ka lebaka la litšekamelo tsa oona tse senyang, ka bolotsana o kentse likhopolo tsa machaba Czechoslovakia, o li patile ka Bokreste bo hloekileng empa morero oa tsona e le ho senya likelello tsa matšoele-tšoele a batho ba rōna ba sebetsang, o ba khothalletsa ho hloea Naha le melao ea eona, ’me o qalile ho lokisetsa batšehetsi ba oona ntoa ea ho qetela eo ho eona ba tla tšehetsa lira ho ketola ’muso.”

Ho sotha linnete hona ka morero oa ho lokafatsa liketso tsa lekhotla ho ile ha sala e le mohlala o ileng oa lateloa ho pholletsa le naha.

Ho Fumana ba Kang Linku Literonkong

Leha ho le joalo, esita le teronkong, ho ne ho e-na le menyetla ea ho paka. Tsebo ea ho sebetsana le maemo a itseng e ne e hlokahala, empa barab’abo rōna ba ile ba fumana tsela. Ho ne ho e-na le batho teronkong ba ileng ba arabela hamolemo ’neteng ea Bibele. E mong oa bana ke František Janeček, oa Čáslav. Oa hopola: “Nakong ea ntoa, ke ne ke ile ka kopanela mokhatlong oa Khanyetso. Ka 1948, ke ile ka hanyetsa mokhoa o mocha oa pefo, ’me kaha ke ile ka hanyetsa ho hloka toka phatlalatsa, ke ile ka ahloleloa lilemo tse 11 teronkong. Ha ke le teronkong ke ne ke lumelloa ho ba le Bibele, ke bile ke e ruta linakong tseo re lokolohileng mosebetsing ka tsona. Ka hona, barab’abo rōna ba ne ba nahana hore ke moprista. Re ne re lula liahelong tse sa tšoaneng, empa ka linako tse ling re ne re lebela bosiu, ho bitsoa ho lebela ka mollo, ka ntle ho liahelo tsa rōna. Bosiung bo bong ha ke ntse ke lebetse, ho ne ho bata haholo ’me leholimo le ne le tletse linaleli. Motšoaruoa e mong eo le eena a neng a qala mosebetsi oa hae oa ho lebela o ile a tsoa liahelong tse haufinyane. Ke ile ka re ho eena, ‘Le uena u moo ho tla sebeletsa Faro, ee?’ O ile a mpotsa, ‘Na ua tseba hore na Faro e ne e le mang?’ ‘E, e ne e le ’musi oa Egepeta.’ ‘Na ua tseba hore na o ne a tšoantšetsa mang?’ ‘Che!’ ‘Joale tloo mona, ke tla u bolella.’ Re ile ra tsamaea hammoho lihora tse peli, ’me o ile a ntlhalosetsa hantle. Ke ile ka tsoela pele ka potlako. Molimo o ne a nthata ’me a bona takatso ea ka ea ho fumana ’nete.” František o ile a ikopanya le Lipaki tsa Jehova ho ithuta Bibele ’me kapele o ne a se a tlaleha lihora tse 70 le tse 80 tšebeletsong ea Jehova khoeli le khoeli.

Ba bangata ba ithutileng ’nete teronkong ba ile ba kolobeletsoa teng. Hoo ho ne ho etsoa joang? Ladislav Šmejkal, ea ithutileng ’nete ha e sa ntse e le motšoaruoa oa lipolotiki, oa hlalosa: “Morafong oo re neng re sebetsa ho oona, re ne re khona ho kena litoreng tsa ho pholisa mechine e meholo ea morafo. Ka June 1956, ke e-na le ba bang ba ’maloa, ke ile ka kolobetsoa moo ho bokeletsoeng metsi teng ho e ’ngoe ea litora tsena. Ho ne ho se bonolo kahobane re ne re tlameha ho ho etsa nakong ea khefu e khutšoanyane pele re theohela mantsiboea. Re ile ra nka liaparo tsa rōna tsa ka hare, ra ea toreng eo, ra kolobetsoa, ra chencha ka potlako, eaba re il’o itlaleha mosebetsing.” Ba ne ba thabile hore ebe Jehova o thusitse bahlanka ba hae hore ba fumane tsela ea ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ka ho utloa taelo ea Jesu Kreste.—Mat. 28:19, 20.

“Bahalaleli” Merafong ea Mashala

Ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova ho ile ha tiisoa ka litsela tse sa tšoaneng le ka tekanyo e sa tšoaneng. Ho ne ho sa tšoane sebakeng se seng le se seng kapa ka linako tsohle. Tlas’a maemo ’ohle, barab’abo rōna ba ile ba ikemisetsa ka letsoalo le letle ho boloka botšepehi ba bona ba Bokreste. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba kenngoa teronkong.

Joale, ka 1958, ka lebaka la taelo ea ’Muso, basebetsi ba merafo ea mashala ba neng ba le ka tlaase ho lilemo tse 30 ba ile ba lokolloa tšebeletsong ea sesole. Ho e-na le ho emela hore ba be ba tšoaroe ’me ba ahloleloe ho ea teronkong—mohlomong ho ea sebetsa merafong—bara ba bang babo rōna ba ile ba lula ba e-na le bolokolohi bo itseng ka ho sebetsa e le basebetsi ba merafo. (Liprov. 22:3) Kahoo ho ile ha etsahala hore “bahalaleli” kapa “baprista,” kamoo batho ba neng ba bitsa Lipaki tsena kateng, e be ba hiriloeng merafong e mengata. ’Me kaha ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ngata merafong e meng, li ile tsa qala ho theha liphutheho tse matla moo barab’abo rōna ba neng ba hōla moeeng, e e-ba basebeletsi ba tšoanelehang.

Ka lilemo tse leshome, Eduard Sobička o ile a sebetsa morafong o motseng oa Kamenné Žehrovice, haufi le toropo ea Kladno. O re: “Kamoo ke hopolang kateng, palo e khōlōhali ea barab’abo rōna e neng e sebetsa morafong o le mong moo ke neng ke hiriloe teng e ne e le ba ka bang 30. Re ne re sebetsa ka linako tse sa tšoaneng, ’me re ile ra ipehela melao ea ho qoba ho iketsa khokanyana-phiri ho tla re arola ho basebetsi ba bang ba morafo. Leha ho le joalo, ‘bahalaleli,’ kamoo re neng re bitsoa kateng ka tloaelo, ba ile ba hapa tlhokomelo e khōlō. Re ne re songoa le ho rohakoa empa ka nako e tšoanang re hlomphuoa ka sekhukhung.” Mono merafong, ba ile ba sebelisa menyetla ea ho paka, ’me ha ho ne ho bontšoa thahasello, ba ne ba boetse ba alimana le ka libuka tsa Bibele tsa bohlokoa.

Ho ba Phomolong le Lipaki Tse Ling

Le hoja tseo e ne e le linako tse thata, linako tsa phomolo le tsona li ne li e-na le sebaka bophelong ba batho ba Jehova. Ha li reriloe hantle, linako tse joalo tsa phomolo e ne e sa be feela tsa ho ikhatholla ’meleng empa hape e ne e le tsa ho hahuoa moeeng. Nakong eo ka eona ho neng ho tšoaroa liboka tseo ho tsona ho neng ho e-ba le batho ba 10, nahana hore na ho ne ho e-ba joang ha mohlomong Lipaki tsa Jehova tse 30 li e-ba hammoho beke kapa tse peli!

Ho etsa liqeto tse bohlale mabapi le hore na ho mengoa mang e ne e le habohlokoa. Ba neng ba etsa litokisetso ba ne ba leka hore ba se ke ba sekamela ho ba bacha ho feta ho ba hōlileng kapa ho barab’abo rōna ho feta ho baralib’abo rōna. Ho ne ho etsoa boiteko ba ho akarelletsa barab’abo rōna ba Bakreste ba ’maloa ba hōlileng moeeng, ba neng ba tla fana ka bolebeli bo hlokahalang.

Kameho e ka sehloohong e ne e le hore ho be le ho leka-lekana ha lenaneo la moea. Kemiso ea letsatsi le letsatsi e ne e le ntho e kang ena: Thapelo ea hoseng, temana ea letsatsi le letsatsi le ’malo oa Bibele. Mantsiboeeng a mang ho ne ho e-ba le liboka tsa hora. Mantsiboea hangata ho ne ho e-ba le ’moka oa moea ka lenaneo le lokiselitsoeng esale pele. Linako tse ling tsa letsatsi li ne li lokolohile. Bara le barali babo rōna ba ne ba ka ithuta ’moho, ba tsamaea ho ea ikhatholla, ba i’lo sesa, kapa ba etsa lintho tse ling. Hangata tšebeletso e ne e amahanngoa le leeto la ho tsamaea ho ea ikhatholla, empa le teng ho ne ho se na melao e ngotsoeng e ka lateloang. Ak’u nahane ka sehlopha sa batho ba 20 ba tsamaeang ho ea ikhatholla. Metseng, morung le masimong, ba ne ba ee ba fumane batho ba moo. Ha a kopana le motho, mor’abo rōna kapa morali’abo rōna e mong, o ne a tloha sehlopheng ’me a leke ho qala moqoqo le eena. Ebe sehlopha kaofela se tsoela pele tseleng ea sona.

Linako tsena tsa phomolo, tse neng li thabeloa ke sehlopha, li ne li fella ka molemo o moholo. Li ne li matlafatsa tumelo, ’me li sebeletsa ho hasa litaba tse molemo. Linako tsena tsa phomolo tsa lihlopha e ne e le karolo ea histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova naheng ena. Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla bahlanka ba Jehova ba neng ba ka tlohela ho itebela moeeng.

Tlhaselo e Mano

Satane Diabolose, “ntate oa leshano,” o batla ho fokolisa tšepo ka ho sotha linnete le ka ho etselletsa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang. (Joh. 8:44) O ile a sebelisa bohlale boo ho fokolisa Iseraele ea boholo-holo, ho etsa hore Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba fetohele Kreste le ho leka ho senya phutheho ea pele ea Bokreste. (Num. 13:26–14:4; Joh. 5:10-18; 3 Joh. 9, 10) Batho ba bang ba sebeletsang lithahasello tsa hae ba ipatlela bophahamo. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore seo ba se buang se nepahetse, empa ba hlahisa maikutlo a bona a matla le hoja ba sa tsebe lintlha tsohle. Satane a ka li sebelisa ka bobeli, ’me o entse joalo naheng ena.

Boemo ho elella bofelong ba bo-1950 bo ne bo le thata ho barab’abo rōna Czechoslovakia. Ba bangata ba ne ba le teronkong. Puisano le ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e ne e sentsoe. Ba bang ba ikhannang ba ile ba fana ka litaelo tse bonahatsang maikutlo a bona ho e-na le tse thehiloeng ka ho tiea Mangolong. (Tite 1:9; Jak. 3:1) Ha ba arabela khatellong ea mehla eo, batho ba bang ba ile ba ema ba tiile litabeng tse ling ba ntse ba se na boitsebiso bo feletseng. (Bapisa le Liproverbia 18:13, 17.) Ba seng bakae ba ile ba qala “ho ikhulela barutuoa ka mor’a bona.”—Lik. 20:30.

Mabapi le liketsahalo tsa nako eo, Mor’abo rōna Müller o ile a ngola tjena hamorao: “Ka letsatsi le leng ka January 1956 teronkong ea Valdice, ke ile ka isoa ofising e ’ngoe moo banna ba babeli ba neng ba nkemetse teng. Ba ne ba bolela hore ba tsoa Lekaleng la Tsa ka Hare. Ba ile ba leka ho nkholisa hore re lokela ho ‘khoehlisa’ ho tse ling tsa lithuto tsa rōna tsa bolumeli. Ha rea ka ra lumellana ka seo, ka hona puisano e ile ea e-ba khutšoanyane. Ka 1957 liofisiri tse ling tse peli tse tsoang Lekaleng la Tsa ka Hare li ile tsa nketela. Puisano eo ea lihora tse tharo e ne e e-na le moea o fapaneng ka ho feletseng. Ke ile ka khona ho hlalosa pepenene lipono le maikutlo a Lipaki mabapi le lintho tse sa tšoaneng. Ba ne ba thahasella maikutlo a rōna ka tšebeletso ea sesole, tšelo ea mali, mekhatlo ea basebetsi le lintho tse ling tse ngata. Qetellong e mong oa bona o ile a mpotsa: ‘Monghali Müller, na u nahana hore re ka ba metsoalle?’ Ke ile ka arabela: ‘Batho bao e leng metsoalle ba atamelane haholo ’me ba thahasella lintho tse ngata tse tšoanang. Rōna Lipaki tsa Jehova re lumela ho Molimo. Empa lōna Makomonisi le latola boteng ba Molimo. Ha ho na ntho eo re ka tšoanang ka eona. Empa ke nahana hore re ka phela hammoho.’ Ofisiri eo e ile ea re: ‘Ke thabetse karabelo ea hao hobane ho seng joalo re ne re ke ke ra u tšepa.’ Ke ile ka ba le maikutlo a hore potso ena ea ho qetela e ne e botsoa e le hore ho ka fumanoa hore na ho ka ba le puisano leha e le efe e nang le molemo pakeng tsa rōna nakong e tlang. ’Me haeba ho joalo, e tla re atametsa haufinyane le tharollo ea boemo ba rōna.”

Puisano eo e ile ea fella ka puisano e batlang e lokolohile haholoanyane pakeng tsa barab’abo rōna ba itseng le ba boholong pusong. Leha ho le joalo, ka lebaka la boemo bo neng bo le teng ka nako eo, Lipaki tse ling tse ileng tsa utloela ka lipuisano tseo li ile tsa e-ba le maikutlo a hore bara bana babo rōna ba ikarabellang ba sekiselitse. Ha ho pelaelo hore ba ileng ba itšoara ka tsela eo ba ne ba susumetsoa ke takatso e matla ea ho qoba ho sekisetsoa leha e le hofe ha melao-motheo ea Bokreste. Leha ho le joalo, ba seng bakae ba neng ba e-na le boikakaso bo boholo tseleng eo ba itšoarang ka eona ba ile ba bolela maikutlo a bona ka bolokolohi hore ha ba tšepe barab’abo rōna ba buileng le liofisiri tsa ’muso. Empa na ho se ba tšepe ha bona ho ne ho e-na le motheo?

Ho ne ho ameha lintlha tse ling hape. Juraj Kaminský, ea sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse fetang 50, oa hlalosa: “Ka mor’a hore ho tšoaroe barab’abo rōna ba ikarabellang le baholo ba bangata, ba bang ba ba etellang pele liphuthehong le lipotolohong ba ile ba qala ho behela bahoeletsi melao ea boitšoaro, ba etsa lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa le tse sa lokelang ho etsoa.” Ho ne ho tla ba molemo hakaakang “ho ntšetsa pele ho mamela ka tumelo,” joalokaha moapostola Pauluse a entse! (Baroma 16:26) Kaha molao o ne o hloka hore batho ba voute, Lipaki tse ling li ne li ee li ee sebakeng sa ho vouta empa, ka mabaka a letsoalo, li ne li ke ke tsa voutela nkhetheng oa lipolotiki. Ba bang ba ile ba e-ba le maikutlo a hore bana ba ne ba sekisetsa. Ba bang ba barab’abo rōna, mohlomong e le ka tsela e utloahalang, ba ne ba khesa ba boholong ka lebaka la tšoaro e mpe ea barab’abo bona ba Bakreste. Mor’abo rōna Müller oa hlalosa: “Ke ile ka tšoenyeha haholo ke boemo bona, kahoo nakong ea hoetla ka 1957, ke ile ka ngola lengolo [ke le teronkong], le neng le lokela ho thusa barab’abo rōna hore ba be le pono e nepahetseng ea lintho.” Se seng sa lirapa tsa lona se baleha tjena:

“Ho na le ntho e ’ngoe e nkutloisang bohloko pelong. . . . Ke hopotsa barab’abo rōna hore liboka tsa rōna li nehetsoe ho ithuteng Mangolo le ho koetlisa Lipaki tsa Jehova hore e be basebeletsi ba molemo, le ba tšoanelehang haholoanyane. Ka ho hlakileng ke ntho e sa amoheleheng ho buisana ka lipolotiki kapa ho hlahisa maikutlo leha e le afe a khahlanong le Naha libokeng, ho sa tsotellehe hore na li tšoareloa hokae hape ho sa tsotellehe hore na ho na le ba babeli feela kapa ba bangata. Barab’eso, hopolang sena, ’me le se ke la lumella lipuisano leha e le life tse joalo. Na ho na leha e le ofe ho lōna ea khahlanong le puso ee hobane ’na le barab’eso ba bang re le teronkong? Joale kea le rapela lebitsong la ka, le lebitsong la barab’eso ba bang hore le tlohele maikutlo a joalo. Le se ke la inehela khalefong le boreng, hobane re behile taba ea rōna ho Molimo ’me le lōna le etse joalo.”—Baroma 12:17–13:1.

Bara le barali babo rōna ba tšepahalang ba ile ba khothatsoa haholo ke lengolo lena. Jan Tesarz o ile a re: “Re ile ra fumana lengolo la hae, le ngotsoeng teronkong ka 1957. Le ne le sa bontše letšoao la ho sekisetsa, empa le ne le bontša kahlolo e molemo ea Bokreste!” Empa, hase bohle ba ileng ba e-ba le pono eo. Lengolo la Mor’abo rōna Müller le ile la fetoha taba eo ho phehisanoang khang ka eona le eo ho etsoang likhopolo-taba tse ngata ka eona.

Ho Aroloa Phuthehong

Ka mor’a phatlalatso ea hore batšoaruoa ba lipolotiki ba tšoaretsoe ka bongata ka May 1960, boholo ba Lipaki tsa Jehova tse neng li le teronkong bo ile ba lokolloa. E ne e le boikutlo bo babatsehang! Ho sa tsotellehe litšokelo, li ile tsa qala ho bolela litaba tse molemo hang-hang. Bongata ba tsona bo ne bo hopotse mohlala o behiloeng ke baapostola ba Jesu Kreste, bao ha ba lokolloa litlamong ba ileng ba rapella sebete sa ho tsoela pele ho bolela lentsoe. (Lik. 4:23-31) Empa ba ne ba letetsoe ke liteko tse ncha.

Lipelaelo le ho se tšepane li ne li le teng har’a barab’abo rōna. Ha Mor’abo rōna Müller a ne a romela lengolo ho barab’abo rōna hore a hlakise litaba, ba bang ba neng ba e-na le maikutlo a matla le a nyatsang ha baa ka ba lumella hore lengolo leo le balloe liphutheho. Ka 1959 palo ea Lipaki tse mafolofolo Czechoslovakia e ne e le 2 105, empa ba fetang 1 000, le hoja ba ne ba ntse ba ipolela hore ba sebeletsa Jehova, ba ne ba se ba sa etse joalo bonngoeng le bao e kileng ea e-ba bana babo bona ba Bakreste. Ba etellang pele har’a bana ba ikarotseng ba bile ba bolela hore ba fumane tumello ea ntlo-khōlō Brooklyn, New York le ea N. H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo.

Liphetoho tse eketsehileng li ile tsa phaella lipelaelong tseo bana ba ikarotseng ba neng ba e-na le tsona ka bana bao e kileng ea e-ba metsoalle ea bona ea Bakreste. Liofisiri tsa ’muso Czechoslovakia nakong ena li ne li se li hlokometse hore Lipaki tsa Jehova hase lihloela tsa bahatelli ba Amerika joalokaha li ne li qosoa ka hore ke tsona. Li ne li boetse li tseba hore ha hoa etsahala hore ho thibeloe tšebetso ea Lipaki tsa Jehova kapa ho li susumelletsa ho sekisetsa tumelo ea tsona. Ka hona, ’muso, puso ea bohatelli ea Bokomonisi, o ile oa nka mehato ea ho buisana le Lipaki. E ne e le puisano e qobeletsoeng. Sepheo sa ba Tšireletso ea Naha e ne e le ho tiisa hore maikutlo a bolumeli a ne a ke ke a sebelisoa khahlanong le puso, empa haeba ho khoneha, a tla sebelisetsoa ho e tšehetsa. Ka linako tse ling ho ba le puisano eo ho ne ho etsoa ka lisamane hore Mor’abo rōna Müller kapa e mong oa balebeli ba tsamaeang a hlahe sepoleseng ho ea hlongoa lipotso. Ka linako tse ling, ho ne ho e-ba le ho bonahalang eka ke puisano ea botsoalle reschurenteng.

Ba bang ba shebeletseng, ba sa tsebe lintlha tse feletseng, ba ne ba nahana hore barab’abo rōna ba amehang lipuisanong tsena ba ne ba sebelisana le ba Tšireletso ea Naha. Mabitso a ba bang ba bara bana babo rōna a ne a bile a behiloe lethathamong la bao ho thoeng ke ba sebelisanang le puso, ’me ba qosoa ka hore ba fetola lihlooho tsa lingoliloeng hore li tšoanele litakatso tsa ba Tšireletso ea Naha.

Khothatso e Lerato ea ho “Batla Jehova”

Mor’abo rōna Knorr o ne a amehile haholo ka mosebetsi oa Morena le ka ba neng ba ikemiselitse ho sebeletsa ka botšepehi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka la 7 December, 1961, o ile a ngolla barab’abo rōna ba Czechoslovakia lengolo leo ho lona a ileng a lebisa tlhokomelo mangolong a joaloka Mikea 2:12 le Pesaleme ea 133:1. O ile a hlalosa boemo ba Mokhatlo litabeng tse sa tšoaneng ’me a bontša ho tšehetsa barab’abo rōna ba itseng ba neng ba tšepetsoe boikarabelo. Ha e le hantle ena e ne e le khothatso e lerato ho barab’abo rōna ea hore ba ‘batle Jehova’—hore ba lemohe hore na moea oa Jehova o sebetsa joang ho phethahatsa lentsoe la hae le hore ba sebetse tumellanong le mecha eo Jehova a neng a e sebelisa. (Zak. 8:21) Serapa se seng ke sena se tsoang lengolong leo:

“Barab’eso ba Ratehang: . . . Boitsebiso boo ke bo fumaneng bo bontšitse hore boholo ba barab’abo rōna Czechoslovakia ba ntse ba bolokile bonngoe ba bona ba Bokreste ho latela puso ea Molimo, empa ka lebaka la ho hloka mekhoa e metle ea puisano ba seng bakae ba lumeletse litaba tsa bo-bare le ho seba hore li hlahise lipelaelo likelellong tsa bona, ’me phello ke hore ba bang ba tosetse hosele kapa ba hlōlehe ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso. Sena se ka hlokisa ba seng bakae thabo le ho ba lebisa likhathatsong, ’me ho se ho etsahetse joalo. Ka lebaka leo ke le ngolla ho le tsebisa hore Mokhatlo o nka Mor’abo rōna Adam Januška le Mor’abo rōna Bohumil Müller le barab’abo rōna ba sebetsang le bona e le balebeli ba ikarabellang ba Bakreste Czechoslovakia ’me ke le kōpa hore le hopole mantsoe a Pauluse ho Baheberu 13:1, 7, 17. Bara bana babo rōna baa le thahasella ’me ba leka ho le thusa kaofela hore le tšepahale ho Jehova Molimo. Kahoo, ka boikokobetso sebetsang le bona ’me ba tla sebetsa le lōna, sena sohle thorisong ea Jehova.” Leha ho le joalo, ka masoabi ka mor’a nako e khutšoanyane ba amohetse lengolo lena ho ile ha hlokahala hore Adam Januška a khaoloe ka lebaka la boitšoaro boo e seng ba Bokreste.

Ba bang ba ile ba ananela lengolo la Mor’abo rōna Knorr, empa hase e mong le e mong ea ileng a itumella hore a lokisoe ke keletso ea lona. Ha e le hantle, ka 1962 mathata a ile a hloa mekoalaba. Ho ile ha hatisoa letoto la lihlooho ho Molula-Qhooa tse hlalosang boikarabelo ba Bokreste ho Molimo pele, le ho ba nang le matla a ho laela ba pusong, e leng “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” bao Baroma 13:1 e buang ka bona. Se ileng sa hatisoa se ne se emela tokiso kutloisisong ea rōna. Ba neng ba iponahalitse e le ba sa tšepeng letho e bile e le ba nyatsa-nyatsang ba ile ba jala taba ea bo-bare ea hore lihlooho tseo ha e le hantle li ne li qapiloe ke Mor’abo rōna Müller tlas’a tataiso ea Lefapha la Tsa ka Hare. Ho ne ho lokela ho etsoa joang? Ho e-na le ho sebelisa nako eohle ea bona ba leka ho kholisa bao ka nako eo ba neng ba sa batle ho kholisoa, barab’abo rōna ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona ho boleleng litaba tse molemo ho ba neng ba lapetse le ho nyoreloa ho loka.

Lilemong tsa morao ba bang ba neng ba lahlile mokhatlo o hlophisitsoeng ba ile ba bona bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova ho oona ’me ba kōpa hore ba khutlisetsoe. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ba bang ba ileng ba lula ba ntse ba ikarotse ho fihlela ka 1989 ha Sehlopha se Busang se romela lengolo le mosa le lebisitsoeng “Ho ba Lakatsang ho Rapela Jehova le ho Mo Sebeletsa ba Kopane.” Lengolo leo le ile la lebisa tlhokomelo boprofeteng bo kang ba Zakaria 8:20, 21 le Esaia 60:22, e leng bo phethahalang hona joale. Le ile la hatisa keletso ea Mangolo le litekanyetso tse fumanoang ho Matheu 24:45-47, 1 Bakorinthe 10:21, 22 le Baefese 4:16. Eaba karolo ea lengolo leo e re:

“Re soaba ho utloa hore ho fihlela joale le iphumana le ntse le se kamanong e mafolofolo le tokisetso ea puso ea Molimo le litsela tse lateloang ke batho ba Molimo likarolong tse ling tsohle tsa lefatše. Re le ngolla ho le khothatsa hore le fane ka bopaki ba hore le lakatsa ho sebetsa tumellanong le mokhatlo o bonahalang oa Jehova joalokaha o thehiloe lefatšeng ka bophara ’me o le teng le naheng ea habo lōna. Le ka bontša takatso ena e lokileng ka ho amohela barab’abo rōna bao re ba khethileng. Ba itokiselitse ho etsa litlhophiso le ho le balla lengolo lena. Le ka tšepa bara bana babo rōna ka botlalo ba tlang ho lōna ’me ba itsebahatsa ka lengolo lena e le ba filoeng matla ao ke rōna. Ke tokelo ea bona ho le memela ho khutlela mohlapeng o le mong ’me le se hlole le e-ba ba arohileng.—Joh. 10:16.”

Ketso ena ea Sehlopha se Busang e ile ea etsa ho hoholo ho lokisa ho neng ho setse tšenyong eo tlhaselo e mano ea Satane e neng e e entse liphuthehong nakong eo maqhaama a ho ba le puisano ka bolokolohi a neng a khaohile pakeng tsa bona le mokhatlo o bonahalang oa Jehova.

Ho Hlophisetsa le ho Koetlisetsa Tšebeletso e Eketsehileng

Ka mor’a hore Lipaki li lokolloe teronkong ka 1960, ho ne ho sa na le ho hongata ho lokelang ho etsoa mabapi le ho bolela litaba tse molemo linaheng tsa Maczech. E le hore ho finyelloe sena, tlhophiso e ntle le koetliso e ntle e ne e le tsa bohlokoa. Ho finyella lipakane tsena tlas’a maemo a thata a neng a le teng ka nako eo ho ile ha fana ka bopaki bo khotsofatsang ba tšireletso e lerato ea Jehova le tlhohonolofatso ea hae.

Bohato bo boholo ba tsoelo-pele mokhatlong oa puso ea Molimo e bile hore ka 1961 ho thehoe Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se thehetsoe ho fana ka koetliso e khethehileng e tsoang Bibeleng ho balebeli ba tsamaeang le bahlanka ba liphutheho (bao hona joale ba tsejoang e le balebeli ba okamelang). Karel Plzák, oa Prague, eo ka nako eo a neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho, o hopola sehlopha sa pele. Se ne se lokela ho tšoareloa haufi le Karlovy Vary. Kamoo ho bonahalang kateng, ba Tšireletso ea Naha le bona ba ile ba tseba hore na se tla tšoareloa hokae. Ka lebaka leo motsotsong oa ho qetela ho ile ha etsoa tokisetso ea hore barab’abo rōna ba bokane hammoho ntlong ea motho.

Nakong eo barab’abo rōna ba bangata ba bacha ba ne ba ananela bohlokoa ba tšebeletso ea Jehova. Ba bang ba ile ba hōla moeeng kapele ’me ba memeloa ho ea rua molemo Sekolong sena sa Tšebeletso sa ’Muso. E mong oa bana, Jaromír Leneček, o ne a sebeletsa e le mokhanni oa thuto ea buka ea phutheho a le lilemo li 14. Ha a le lilemo li 16 o ile a khetheloa ho ba motlatsi oa molebeli oa phutheho, ’me ha a le lilemo li 20, o ile a memeloa Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala.

Lenaneo le tsoelang pele la koetliso le thehiloeng ka 1961 le ile la tlatsetsa haholo ntlafatsong ea boleng ba tšebeletso ea tšimo. Mohoeletsi ea nang le phihlelo o ne a ee a abeloe ho koetlisa ba se nang phihlelo. Ba ne ba lokisetsa hammoho le ho sebetsa tšebeletsong ea tšimo hammoho. Sepheo e ne e le ho thusa ea koetlisoang ka ho lekaneng e le hore le eena a ka thusa ba bang. Ka nako eo, monyetla e ne e le oa ho paka ka tsela e sa reroang feela, empa koetliso e ile ea nolofalletsa ba bangata hore e be barorisi ba atlehileng ba Jehova.

Tlas’a puso ea bohatelli, hangata poso e hlahlojoa ka hloko ke ’muso. Kahoo Czechoslovakia balebeli ba tsamaeang e ile ea e-ba bahokahanyi ba bohlokoa mecheng ea puisano ea puso ea Molimo. Ketelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molebeli oa potoloho e ne e le ketsahalo e lebelloang ka cheseho. Eduard Sobička oa hopola: “Molebeli ea tsamaeang o ne a tlameha ho ba le mosebetsi oa boipheliso, kahoo o ne a khona ho sebetsa le liphutheho a tlōlisa beke lipakeng, a sebetsa ho tloha Labohlano ho isa Sontaha mantsiboea—matsatsi a ka bang 5 kaofela ka khoeli. Ena ke nako e lekanang le eo balebeli ba potoloho linaheng tseo mosebetsi o se nang lithibelo tsa molao ba e sebetsang le phutheho ka beke. Ka lebaka lena hangata potoloho e ne e e-na le liphutheho tse tšeletseng feela.” Ka bara bana babo rōna, puisano le liphutheho e ne e lula e le teng, ’me li ne li sa salle morao litabeng.

Ha ho ba Hlokolosi ho ne ho Lebetsoe

Ka linako tse ling ha mosebetsi o ne o atleha, ho ne ho le bonolo ho lebala hore Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li thibetsoe. Barab’abo rōna ba neng ba filoe boikarabelo ba hore ba lebele ba ne ba khothalletsa ho hlaphoheloa kelellong mesebetsing eohle. Empa ba bang ba ne ba sa khotsofalla mekhoa e neng e sebelisoa. Ba ne ba batla liphello tsa kapele.

Ka letsatsi le leng ka 1963 serapeng sa boikhathollo Prague, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba bokella letšoele la batho hammoho. E mong oa barab’abo rōna o ile a hloella holim’a benche ’me a qala ho fana ka puo. Ha monna e mong har’a letšoele a hlahisa khanyetso, mor’abo rōna o ile a mo bitsa lehlahana la Diabolose. Mapolesa a ile a fihla ’me a re barab’abo rōna ba itsebahatse, empa ha hoa ka ha fella moo. Ketsahalo eo e ile ea tsosa mosebetsi o moholo oa sepolesa. Ka matsatsi a seng makae feela, bara le barali babo rōna ba fetang 100 ba Prague ba ne ba tšoeroe. Sena se ile sa fella ka lintho tse peli—linyeoe tsa makhotla le thuto ho barab’abo rōna. Ba tšeletseng ba ba ileng ba tšoaroa ba ile ba qosoa ’me ba ahloloa.

Ketsahalo ena ha ea ka ea khoehlisa tšebeletso, empa e ile ea hopotsa barab’abo rōna hore ho hlokahala bohlale bo sebetsang. (Liprov. 3:21, 22) Seo e ne e le sa bohlokoa ka ho khethehileng bofelong ba lilemo tsa bo-1960 ha ho ne ho tšeptjoa hore thibelo e tla tlosoa.

Na Tokoloho ea Borapeli e Haufi?

Selemo sa 1968 se bile le liphetoho tse sa lebelloang. Makomonisi ao ho thoeng ke a liphetoho a ile a nka puso ’me a qala ho sebetsa a lebile pusong ea sechaba ka sechaba. Liphetoho tsena li ile tsa amoheloa ke batho, ’me ho ile ha e-ba le puo e reng “bokomonisi bo nang le botho.”

Lipaki tsa Jehova li ile tsa itšoara joang liphetohong tsee? Ka hore li iphuthe. Le hoja li ile tsa thabela bolokolohi ba tsamaiso eo li tšepile hore mohlomong thibelo e tla tlosoa, li ile tsa qoba mehato ea ho potlaka eo li neng li ka ’na tsa ikoahlaela eona hamorao. Ena e ile ea ipaka e le tsela e bohlale. (Liprov. 2:10, 11; 9:10) Ka mor’a likhoeli tse robeli tsa bolokolohi bo sa fellang, mabotho a linaha tse hlano tsa Selekane sa Warsaw a ile a kena sebakeng sa Czechoslovakia. Masole a ka bang 750 000 le litanka tse 6 000 a ile a felisa “bokomonisi bo nang le botho.” Batho ba ile ba nyahama. Leha ho le joalo, boitšoaro ba ho se jele paate ba Lipaki tsa Jehova nakong ea ‘ho qaleha ha Prague e ncha’ bo ile ba li thusa haholo lilemong tsa morao hobane ba boholong ’Musong ba ile ba tlameha ho lumela hore Lipaki tsa Jehova hase tšokelo ea letho ’musong.

Ho makatsang, ka mor’a liketsahalo tseo, ka nakoana baahi ba Czechoslovakia ba ile ba e-ba le monyetla oa ho ea Europe Bophirimela ka bolokolohi. Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa sebelisa monyetla ona, haholo-holo ka lebaka la Likopano tsa Machaba tsa “Khotso Lefatšeng” tse neng li reretsoe selemo seo. Bara le barali babo rōna ba ka bang 300 ba tsoang hohle Czechoslovakia ba ile ba ea Nuremberg, Jeremane Bophirimela, eo e neng e le motse oa kopano o haufi-ufi. E ile ea ba tlatsa matla a eketsehileng a moea. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana meeli e ile ea boela ea koaloa.

Mathoasong a bo-1970 ho ile ha qaleha nako e ileng ea bitsoa ho tsitsisoa ha maemo a lipolotiki. Ba neng ba lumellana le liphetoho tsa 1968 ba ile ba tlosoa butle-butle bophelong ba lipolotiki le setso. Ho ile ha ameha batho ba ka bang 30 000. Hoo e ka bang kotara ea liofisi tsa ba Tšireletso ea Naha e ne e lumellane le liphetoho, ’me e ile ea lahleheloa ke mesebetsi. Batho ba bang ba ile ba bolela hore Mehla ea Lefifi e khutlile.

Le hoja nako ena e ne e fapane le ea bo-1950, e ne e le nako eo ka eona ba Tšireletso ea Naha ba neng ba boetse ba behile tšebetso ea Lipaki tsa Jehova leihlo. Likarolong tse ling tsa naha, barab’abo rōna ba ile ba kenngoa teronkong. Lipaki ha lia ka tsa khaotsa ho bolela, empa li ne li le seli haholoanyane.

“Lilemo Tse Likete Tse Tšeletseng Tsa ho Phela ha Batho”

Ka 1969 makasine ea Molula-Qhooa ea Seczech e ile ea qala ho phatlalatsa letoto la lihlooho tse thehiloeng bukeng ea Bophelo bo sa Feleng—Tokolohong ea Bara ba Molimo. Khaolo ea 1, tlas’a sehlohoana se reng “Lilemo Tse Likete Tse Tšeletseng Tsa ho Phela ha Batho li ea Fela,” e ne e e-na le tlhaloso ea Jubile le tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona. Boitsebiso bona bo ile ba susumetsa ba bang ka tsela e ntle; hape bo ile ba hlahisa lipotso le likhopolo-taba tse ngata.

Ofisi e Czechoslovakia e ile ea romela lengolo la la 22 February, 1972, ho liphutheho tsohle. Le ile la fana ka tlhaloso e telele ea mabaka a hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsa qeto leha e le efe e tiileng ka letsatsi leo Armagedone e tlang ho otla ka lona. Le ile la totobatsa hore ha ho sengoliloeng sa Mokhatlo se ileng sa bolela hore Armagedone e tla tla ka selemo se itseng. Lengolo leo le ile la phetha ka ho re: “Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tloaelane le linnete tsena, ’me ha hoa lokela hore ho be le ea eketsang maikutlo a hae mabapi le hore na ho tla etsahala’ng pele kapa nakong ea selemo sa 1975. Ha ho na mabaka a Mangolo bakeng sa lipolelo leha e le life tse boleloang ka matla, ’me li ka ’na tsa e-ba le phello e mpe mosebetsing oa boboleli. Kahoo, loanelang hore ‘kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le ka kopana ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.’ (1 Bakor. 1:10) Hobane ha e le letsatsi leo le hora eo ha ho ea li tsebang.”—Mat. 24:36.

Se Ileng sa Etsahala

Ka February 1975 barab’abo rōna ba ’maloa ba ile ba tšoaroa letšolong la sepolesa. Ho ile ha tšoaroa ba eketsehileng selemong seo likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Stanislav Šimek, oa Brno, eo pele a neng a ile a kenngoa teronkong ka makhetlo a mangata, o re: “Ka la 30 September, 1975, ke ile ka tšoaroa ’me ha phenya-phenngoa folete ea ka le moo ke sebetsang. Mapolesa a ile a nka mekotla e mehlano ea libuka. Hamorao ke ile ka fumana hore letšolong lena ho ne ho e-na le baemeli ba Tšireletso ea Naha ba ka bang 200. Ba ile ba phenyekolla matlo a 40 ’me ba nka boitsebiso ba boima ba halofo ea thane. Re ile ra ahloleloa likhoeli tse 13 kapa 14 teronkong.”

Ho phenyekolloa ha matlo e ne e se ntho e thabisang. Hangata matlo a balebeli a ne a e-na le litlaleho tsa phutheho, ’me ho ne ho le thata ho li boloka moo ho patehileng. Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata, Jehova o ile a foufatsa mahlo a ba batlang ho ntša bahlanka ba hae kotsi. Mor’abo rōna Mařák Plzeň oa hopola: “Ka nako eo ke ne ke sebeletsa ke le molebeli oa tšimo. ’Me ka rakeng e nang le mamati a khalase, ke ne ke e-na le envelopo e khōlō e tšetseng litlaleho tsa tšebeletso, menehelo le lethathamo la mabitso ’ohle a baholo le bahlanka ba sebeletsang. Ha banna ba neng ba phenyekolla ba atamela raka eo, mosali oa ka o ile a ncheba ’me a qala ho kōpa thuso ho Jehova a khutsitse. Banna bao ba ile ba hloelisa le khalaseng hona moo ho nang le envelopo e khōlō e thōkoa, empa ho bile joalokaha eka mahlo a bona a ne a foufalitsoe ’me ba ne ba sa e bone. Re ile ra leboha Jehova ho tloha botebong ba lipelo tsa rōna ka tšireletso ena.”

Litšebelisano tsa ba boholong ’Musong le barab’abo rōna ka linako tse ling e ne e le tse qabolang. Michal Fazekaš, ea kolobelitsoeng ka 1936 ’me a kenngoa teronkong ka makhetlo a ’maloa, o bile le phihlelo e latelang: “Ka 1975, ke ile ka ahloloa hape. Lekhetlong lena kahlolo e ile ea fanyehoa. Leha ho le joalo, ke ntho e thahasellisang hore hona selemong seo, ka selemo sa bo30 sa ho ketekela boikhopotso ba ho lala ha Ntoa ea II ea Lefatše, penchene ea ka e ile ea nyolloa e le moputso bakeng sa ‘ho sebeletsa ho fokolisa mabotho a hlometseng a Puso ea Jeremane’ hobane ke ne ke ile ka romeloa kampong ea mahloriso ka lebaka la ho se jele paate ha ka ha Bokreste.”

Ho Rala ’Mapa oa Tšimo ea Liphutheho

Ka la 1 February, 1976, komiti ea naha ea litho tse hlano e ile ea thehoa bakeng sa ho hlokomela tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Czechoslovakia. E ne e entsoe ka Ondřej Kadlec, Michal Moskal, Bohumil Müller (mohokahanyi), Anton Murín le Eduard Sobička.

Hamorao hona selemong seo, Ondřej Kadlec o ile a etela ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Finland ka lekunutu. Lefapheng la Tšebeletso, o ile a bona ’mapa oa Finland o bontšang tšimo ea setereke, ea potoloho le ea phutheho. Ha a khutletse hae, sebokeng sa komiti ea naha, o ile a etsa tlhahiso ea ho etsa se tšoanang Czechoslovakia. Mor’abo rōna Müller o ile a totobatsa ka ho tiea hore ’mapa o joalo o ka baka pelaelo ka lehlakoreng la liofisiri tsa ’muso ’me kahoo ha baka kotsi e sa hlokahaleng. Mor’abo rōna Kadlec oa hopola: “Ho hang ke ne ke se na takatso ea ho boela ke hlahisa taba eo hape. Empa likhoeli tse peli feela hamorao, Mor’abo rōna Müller o ile a e hlahisa ka boeena.” Ho ne ho hlakile hore tokisetso e joalo ea hlokahala. Kapelenyana liphutheho tsohle li ile tsa kenella ho eona.

Empa tšimo ee ea Czechoslovakia, e nang le liphutheho tse 220, literekeng tse 8 le lipotolohong tse 35, e ne e lokela ho aroloa joang? Mosebetsi oo o ile oa fuoa Jaroslav Boudný, oa Prague. Oa pheta: “Ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea hore motho a inahanele. ’Me ho sebetsa le Mor’abo rōna Müller, ea neng a hlile a le chatsi mosebetsing oa hae, e ne e le ntho e babatsehang. Ke tletse cheseho ke bile ke rapela haholo, ke ile ka ikakhela ka setotsoana kabelong ea ka. E ne e hloka ho tlaleha meeli e likete ea tšimo ea liphutheho le ho etsa litšoantšo.”

Ho Finyella Masimo a Mang

Ka mor’a hore likabelo tsa pele tsa tšimo ea liphutheho li etsoe, liphutheho tse neng li ka sebetsa libaka tse sa abuoang li ile tsa kōptjoa hore li etse joalo. Ho ikemisetsa ha liphutheho tse ngata ho amohela likabelo tsena tse eketsehileng e ne e le ho amang maikutlo, haholo-holo tabeng ea liphutheho tse pota-potileng Ostrava, Moravia. Ba bang ba ne ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse 200 ho ea fihla tšimong eo.

Mosebetsi o ile oa hlophisoa joang? Barab’abo rōna ba ne ba e-ea mafelo-beke kaofela; ba ne ba tloha ka Moqebelo hoseng ’me ba khutlele hae ka Sontaha mantsiboea. Kamehla likoloi li ne li tlala, ’me barab’abo rōna ba itlhokomella litšenyehelo tsa bona. Bahoeletsi ba ne ba ka ’na ba nka maeto a joalo ka ho tlōlisa beke lipakeng.

Bahoeletsi ba ne ba khothalletsoa ho itšoara joaloka bahahlauli, ba siee likoloi tsa bona ka ntle ho motse, ba fete har’a motse ba lebile nģa e le ’ngoe feela, ba qale moqoqo oa botsoalle ’me butle-butle ba fetohele ho faneng ka bopaki, ’me ha ho e-na le khanyetso, ba khutlele sehloohong seo ba qalileng ka sona ’me ba phethe ka mokhoa oa botsoalle. Ka nako ea lilemo tse leshome, ho ne ho e-na le maemo a fokolang feela a nang le bothata.

E le ho finyella masimo a mang, bo-pula-maliboho ba bang ba neng ba bueletsoe ke baholo ba ile ba fuoa likabelo tsa linako tse itseng. Joalokaha ho ile ha etsoa lilemong tsa pejana, ka tloaelo ba ne ba romeloa beke kapa ho feta. Har’a ba pele Prague e bile baralib’abo rōna ba babeli, Marie Bambasová le Karla Pavlíčková, bao e neng e bile basebetsi-’moho ka lilemo tse ka bang 30. Karla oa hopola: “Marie o ile a tlohela mosebetsi ka 1975. Letsatsing la bobeli a tlohetse mosebetsi, re ne re le tseleng ho ea bula maliboho Moravia. E ne e le nako ea mahloriso, kahoo tšebeletso e joalo e ne e ka ba kotsi, haholo-holo moo re neng re le teng. Re ne re sebetsa haufi le moeli oa Austria. Morali e mong oabo rōna oa moo o ile a re laela: ‘Le se ke la nka libuka leha e le life. ’Me haeba ho e-na le motho ea le tšoarang, le mo bolelle hore le leetong le lekhutšoanyane, ebe le tsoa sebakeng seo, ’me le se ke la khutlela ho ’na. Ke tla le romella lintho tsa lōna hamorao.’ Empa Jehova o ile a re hlohonolofatsa. Phihlelo ea rōna ea pele tšebeletsong ea mofuta ona e bile e babatsehang. Re ile ra bula maliboho ka tsela eo selemo se seng le se seng ’me kamehla re ne re romeloa libakeng tse ling.”

Ka linako tse ling maeto ao a ho bula maliboho a ne a ba isa hōle le hae. “Mor’abo rōna, ho na le tlhokahalo Bulgaria! U bua Serussia ’me u tla lokela mosebetsi oo hantle.” Ke seo mor’abo rōna e mong oa Prague a ileng a se bolelloa bofelong ba lilemo tsa bo-1970. Eena le mosali oa hae ba ile ba ithaopela ho ea Bulgaria nako le nako, ka linako tse ling habeli ka selemo, ’me o ile a tsoela pele ho etsa joalo ka lilemo tse 13.

Na ho ne ho se na mosebetsi o lekaneng hae hoo bahoeletsi ba Maczech ba neng ba tlameha ho leba Bulgaria, ho kena maemong a thata le ho feta? Ho ne ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa Czechoslovakia, empa ho ne ho boetse ho e-na le takatso e matla ea ho thusa hohle moo ho neng ho hlokahala.

Mor’abo rōna ea tsoang Prague ea ileng a kopanela tšebeletsong eo o bua tjena ka tšimo ea Bulgaria mehleng eo: “Ka tlhaho Mabulgaria ke batho ba nang le kamohelo e mofuthu haholo ea baeti. Seo se ile sa re nolofalletsa ho ba atamela. Hamorao re ile ra utloisisa boemo ba ’ona. Boholo ba nako a ne a arolelana ’nete le litho tse ling tsa lelapa. Ha ho mohla khopolo e neng e kile ea e-ba teng ho ba bangata ea hore ba ka atamela batho literateng. Ketsahalong e ’ngoe, ha ke ne ke abetsoe ho ea tšoara Sehopotso Sofia, ke ile ka sebelisa monyetla oa ho ba teng ha bahoeletsi ba bangata. Re sebelisa liphihlelo le lipontšo, re ile ra bontša bahoeletsi mokhoa oa ho paka ‘ka tsela e sireletsehileng’ haholoanyane. E ne e le habohlokoa hore motho a se ke a re, ‘Ke ithuta Bibele,’ empa ho e-na le hoo, ho qala moqoqo ka taba eo ho seng moo e sekametseng teng ’me butle-butle a ’ne a ee Bibeleng. Re ka ’na ra re, ‘Ke utloetse kae-kae hore Bibele e re . . . ’ Bahoeletsi ba ile ba amohela mokhoa ona o mocha oa tšebeletso ka thabo, ’me molaetsa o buang ka Molimo o ile oa qala ho hasana ho fetela le ho bao e seng metsoalle ea bona e haufi-ufi.”

Tšebeletso e Chesehang e Halefisa ba Boholong

Boiteko leha e le bofe bo eketsehileng boboleling ba litaba tse molemo bo ile ba hlokomeloa kapele ke bahlorisi ba rōna, le hoja barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho ba masene. Phutheho e Nejdek, haufi le Karlovy Vary, ke e ’ngoe e ileng ea hapa tlhokomelo ea ba boholong lipolotiking le ea mapolesa. Juraj Kaminský, eo ka lilemo tse ngata a ileng a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang, o re: “Ka nako e ’ngoe ba bile ba lumela ka tieo hore mosebetsi naheng eo eohle o ne o tsamaisoa Nejdek. Bahlomphehi ba Makomonisi ba ile ba tšoara liboka tse ngata tsa ho tšohla hore na ho ka thibeloa tšebetso ea rōna joang. Ka lekhetlo le leng, litsebi li ile tsa tla li e-tsoa Prague ’me tsa tšoarela seboka hoteleng e Karlovy Vary. Ba neng ba le teng e ne e le liofisiri tse peli tsa ’muso, baemeli ba mafapha le mapolesa. Ho ne ho le teng ba ka bang makholo a mabeli.

“Sebui se ne se e-na le buka ea rōna ea ’Nete sethaleng. Se ile sa hlalosa mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova ka mokhoa o qaqileng, se totobatsa hore re etsa ntho ka tsela e tsoileng matsoho hape re khona ho hlophisa lintho hantle. Ha se fihla sehlohlolong sa thoriso ea sona ea Lipaki tsa Jehova, se ile sa re: ‘Le rōna re tlameha ho ba ba hlophisehileng le ho feta ho li thibela hore li re phonyohe!’”

Ho Hlorisetsoa ho Hlompha Jesu Kreste

Ho ne ho se bonolo ho patela sepolesa sa Makomonisi letsatsi la Sehopotso sa lefu la Kreste. Božena Pětníková, ea neng a lula Prague, o re hopotsa ka ketsahalo e joalo: “Mehleng eo ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba fokolang ka liphuthehong, kahoo baralib’abo rōna ba ne ba abeloa ho tšoara liboka malapeng. Re ne re atisa ho ba le ba leshome sebokeng ha ho thoe re bangata. Morao koana ka 1975 sehlopha sa rōna se ne se lokela ho kopana bakeng sa Sehopotso sebakeng seo ho neng ho e-s’o ka ho tšoareloa seboka ho sona ho tla fihlela ka nako eo. Ka mor’a metsotso e ka bang 40, re ile ra sitisoa ke ho lla ha tšepe le ho rahoa ha lemati ka mabifi. Morusu oo o ile oa tsoela pele, ’me mong’a ntlo o ile a bula monyako. Ho ile ha kena banna ba bararo, ba babeli ba apere unifomo ea sepolesa, e mong a ikaparetse liphahlo feela. ‘Mehlolo! Mofumahali Pětníková, re ne re sa tsebe hore re tla le fumana mona! Le etsa’ng moo?,’ ho botsa enoa eo e seng lepolesa. Ke ile ka arabela ka bonolo, ‘Re keteka Sehopotso sa Jesu Kreste. Ke kōpa le lule fatše ’me re qetele mokete ona.’ Empa ba ile ba hana. Ba ile ba batla likarete tsa rōna tsa boitsebahatso, ’me butle-butle ba ile ba re hloma lipotso, e mong le e mong, hore na ke hobane’ng ha a le moo. Joale e ne e le nako ea morali e mong oabo rōna ea hōlileng ea ho hlongoa lipotso. Ke ne ke batla ke tšohile hore na o tla re’ng. Empa karabelo ea hae e ile ea e-ba e khothatsang ho rōna kaofela. O ile a re: ‘Ke Paki ea Jehova, ’me ke hlompha Jehova.’ Lepolesa le neng le makaletse ho bona sebete sa hae le ile la arabela, ‘U lehlohonolo hore e be u tsofetse.’ Eaba ba re qobella hore re tsamaee, ’me ha re le setsing sa sepolesa sebakeng seo, ke ile ka tlameha ho saena hore ke ne ke khanna Sehopotso.”

Lilemo tse 12 hamorao, ka 1987, libakeng tse ling Bohemia, ba Tšireletso ea Naha ba ile ba tšoara barab’abo rōna ba bangata ka taba ea Sehopotso. Ntho eo ba neng ba e thahasella haholo e ne e le ho tseba hore na Sehopotso se ne se tšoaretsoe hokae le hore na se ne se khannoa ke mang. Sebakeng se seng qetellong ea Sehopotso, bohle ba neng ba le teng ba ile ba tsejoa ke mapolesa ’me mora e mong oabo rōna o ile a tšoaroa ’me a ea hlongoa lipotso. Sebakeng se seng hape, baralib’abo rōna ba bararo ba ile ba qosoa ka litlōlo tsa molao, ’me lebaka le ileng la fanoa ke hore ba ne ba ntse ba etela mosali e mong ’me “ba ithuta libuka tsa mokha oa bolumeli o thibetsoeng o bitsoang Lipaki tsa Jehova.”

Morali e mong oabo rōna, Miluše Pavlová, o ile a ahloleloa ho ea teronkong Pardubice, eseng hobane a ne a ile a tšoaroa a etsa ho hong, empa ka lebaka la ho belaelloa. Lebaka la molao la ho ahloloa e ne e le le latelang: “Maikutlo a setsebi a bontša hore moqosuoa o ne a ntse a ntša le ho etsa likopi tsa libuka tse thibetsoeng. Lekhotla la maipiletso le tiisa qeto ea lekhotla la pele, le phaella ka ho re, ‘O ahlotsoe e le hore hoo ho sebeletse e le ho mo thibela hammoho le ho thibela ba bang.’”

Ho Fana ka Lijo Tsa Moea

Ho fana ka lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa ho ithuta ho ne ho etsoa ka hloko e khōlō mehleng ea Bokomonisi. Paki feela e ne e sa tsebe hore na li fetoletsoe joang, li hatisitsoe joang le hore na ho entsoe joang hore li fumanehe hore li sebelisoe. Bafetoleli le ba hlahlobang liphoso lingoliloenng, hammoho le ba amehang ho hatiseng le ho tlameng libuka, ba ne ba sa tsejoe ke mang le mang.

Mofetoleli o ne a ee a thaepe sehlooho sa Molula-Qhooa ka Seczech ebe o se fetisetsa ho ea hlahlobang liphoso, ho se mohla a tla bona boitsebiso boo hape ho fihlela ha bo sebelisoa libokeng tsa phutheho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa libuka le libukana, e ne e fetoleloa ka tsela ena. Leha ho le joalo, boleng ba phetolelo bo ne bo batla bo le botle. Makasine ea Tsoha! e ne e sa fetoleloe ka nako eo.

Esita le lihlopha tsa baholo li ne li sa tsebe hore na ke bo-mang liphuthehong tsa habo bona ba amehang phetolelong. Ka linako tse ling, ha ho etsahala hore ka lebaka la mosebetsi o eketsehileng oa phetolelo, bara bana babo rōna ba bontše ho theoha tšebeletsong ea bona ea tšimo, baholo ba ne ba leka ho ba thusa, ba lumela hore mohlomong ba qala ho fokola moeeng. Empa bafetoleli le ba hlahlobang liphoso ba ne ba ke ke ba senola hore na ba etsa’ng.

Tlas’a maemo ana a thata haholo, ho ile ha kenoa morerong o moholohali ka ho fetisisa. New World Translation of the Holy Scriptures e feletseng e ile ea fetoleloa Seczecheng. Pakeng tsa 1982 le 1986, e ile ea boela ea hatisoa ’me ea tlangoa ka meqolo e mehlano hona moo Czechoslovakia, ’me lelapa le leng le le leng la Paki le ile la fuoa kopi. Ka tsela e tšoanang, ho ile ha etsoa mosebetsi oa ho hlahisa New World Translation ka Seslovak, empa ha ea ka ea fela ho fihlela hamorao.

Kamoo ba Ileng ba Khona ho Hatisa Libuka Kateng

Ka bo-1950 barab’abo rōna ba neng ba se teronkong ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho tiisa hore bara le barali babo bona ba Bakreste ba ne ba tla feptjoa moeeng. Ka nakoana ka mor’a hore thibelo e sebetse ’me barab’abo rōna ba ikarabellang ba tšoaroe, hangata ho ne ho e-ba le kopi e le ’ngoe feela ea Molula-Qhooa e lokelang ho arolelanoa ke liphutheho tse ’maloa. Boemo boo bo ile ba ntlafala butle-butle. Ka mor’a nako, ho ile ha e-ba le kopi e le ’ngoe bakeng sa phutheho, ’me hamorao, e le ’ngoe bakeng sa lelapa. Bahoeletsi ba ne ba ngola lintlha ka letsoho. Ba ne ba se na mechine e thaepang.

Juraj Kaminský, oa Phutheho ea Nejdek, o hlalosa boemo ba sebele boo barab’abo rōna ba neng ba talimane le bona. O re: “Ha barab’abo rōna ba qetella ba fumane mochine oa ho thaepa, e ne e le mochine oa khale. Monna ea ileng a ba rekisetsa oona o ile a o epolla mokoting ka pel’a mahlo a bona. Hamorao, ba ile ba fumana litsela tsa ho reka mechine e mecha le thepa ea ho hōlisa lifoto.”

Ba sa tšoaneng ba ne ba ameha ho hlahiseng likopi tse ling tsa libuka. Baralib’abo rōna ba bangata, ba bang e le ba ka holimo ho lilemo tse 70, ba ile ba ithuta ho thaepa. Barab’abo rōna ba bile ba atleha ho kenya lingoliloeng ka sekhukhu ka literonkong. Ka 1958, ba ile ba qala ho hlahisa Molula-Qhooa o monyenyane o nkiloeng foto. Likopi tse joalo tse nkiloeng foto tse ka bang tharo li ne li ka patoa ka har’a sesepa kapa ka har’a sesepa sa meno ebe li romeloa ho barab’abo rōna teronkong. Ebe joale bona ba iketsetsa likopi tse ngotsoeng ka letsoho ’me ba senya tsa pele.

Ka 1972, Herbert Adamy o ile a memeloa ho ea thusa ho hlahiseng libuka. O ile a abeloa ho hokahanya tlhahiso ea libuka Czechoslovakia eohle. Oa hopola: “Qalong libuka li ne li hlahisoa ka letsoho ke bahoeletsi ba makholo liphuthehong. Qetellong—pejana feela tsamaiso ea Bokomonisi e oa—re ne re e-na le mechine ea khatiso e tsoetseng pele e hlomeletsoeng hantle ea ka sekhukhung e neng e khona ho hlahisa libuka tse ngata ho feta tse neng li hlokahala ka nako eo.”

Mabapi le ha ba ne ba sebelisa mochine oa bona oa pele o etsang likopi ka bongata, Mor’abo rōna Adamy o re: “Hoo e ka bang ka makhetlo a mane ka selemo, lefapha lohle la khatiso le ne le tlameha ho fallela sebakeng se lokiselitsoeng pele seo ho neng ho se bonolo ho se fumana. Nakong ea ‘tšebetso’ e ’ngoe sehlopha seo se ile sa hatisa, sa bokella, sa tlama le ho romela libuka tse ka bang 12 000. Tšebetso eo e ile ea nka hoo e ka bang beke. Basebetsi ba ne ba tsoha ka 4:00 hoseng ’me hangata ba robala ka mor’a khitla. Ha tšebetso e itseng e se e phethiloe, ke ne ke ee ke nke liphutheloana tsa libuka ke li ise seteisheneng se haufi sa terene. Mona li ne li fuoa motho ea tsamaisang melaetsa, eo ka linako tse ling a neng a li isa bohōle ba lik’hilomithara tse 600.”

Ka mor’a nako, litsing tsa tlhahiso tseo ba ikahetseng tsona, barab’abo rōna ba ile ba qala ka lekunutu ho ikahela mechine ea bona e etsang likopi ka bongata. Ka kakaretso, ba ile ba etsa mechine e joalo e 160, ’me e meng e ile ea isoa ho barab’abo rōna ba Romania.

Ka bo-1980 barab’abo rōna ba Czechoslovakia ba ile ba qala ho sebelisa mochine oa khatiso oa offset, e leng ho ileng ha ntlafatsa boleng ba mosebetsi oa bona haholo. Hore ba etse sena, ba ile ba ikahela mechine ea bona ea khatiso ea offset. Ka nako ea selemo le halofo, ba ne ba se ba hahile e 11, e nang le likarolo tsa rotary tse fepelang pampiri tse laoloang ka elektronike. Ka hora mochine o le mong o ne o khona ho hlahisa likhatiso tse 11 000 tsa boleng bo botle.

Libaka Tse Peli Tsa Khatiso Tsa Prague Lia Hlaseloa

Ho ea qetellong ea 1986, ba Tšireletso ea Naha ba ile ba khona ho fumana le ho koala libaka tsa rōna tse peli tsa khatiso. Ka mor’a hore ba hlasele se seng sa libaka tsena, ho ile ha hlaha tlaleho koranteng e sa tsoeleng sechabeng ea Lekala la Tsa ka Hare. Lepolesa le leng le nang le botsoalle le ile la fa Lipaki kopi ea eona. Qalong, ho ne ho e-na le leshano le tloaelehileng la ho leka ho hokahanya Lipaki le mekhatlo ea lipolotiki ea linaha tse ling. Eaba tlaleho eo e fana ka makolopetso a tšebetso ea sepolesa le ho bolela likahlolo tseo Lipaki li li fuoeng. Ea qetella ka ho lumela hona ho makatsang: “Majehova a itšoara hantle haholo ho batho ba ka ntle. A rata ho thusa ’me a sebetsa ka thata, empa ho fella moo. Ha a batle ho itšebelisa Lihlopheng tse Hlophisitsoeng tsa Mosebetsi oa Bososhiale le e meng. Ha ho ketsahalo e tsejoang moo Mojehova a utsoang, a tsubang, a sebelisang tahi kapa lithethefatsi hampe. . . . Ha ho le ea mong oa bona ea kileng a qosetsoa boitšoaro leha e le bofe ba tlōlo ea molao kapa tlōlo ea litokelo tsa ho rua thepa. Litho tsa mokha ona li loanela ho bua ’nete. Ha ho mohla li fanang ka mabitso a ba bang, empa li bua ka bona feela e le ‘mor’eso’ le ‘morali’eso.’ Kamehla li bua ka tsona ka botsona feela, ’me ha li bitsoa hore li fane ka boitsebiso bo khethehileng lia thōla, eseng ha li qosoa feela, empa leha li bitsetsoa ho ea fana ka bopaki.”

Ke ’nete hore ho koaloa ha sebaka se le seng kapa tse peli tsa khatiso ha hoa ka ha thibela mosebetsi oa ho bolela ’Muso oa Molimo. Selemo sa 1987 se bile le keketseho e ’ngoe hape. Tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 9 870 e ile ea fihleloa linaheng tsa Maczech. Ka karolelano, ba 699 ba ile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang kapa ba kamehla.

Na ho Ngolisoa ka Molao ke Ntho e Neng e ka Etsahala?

Ka 1972 ha ho ne ho etsoa tokisetso lefatšeng ka bophara ea hore sehlopha sa baholo se tsamaise mesebetsi ea phutheho ka ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova, tokisetso eo e ile ea sebetsa le Czechoslovakia. Ka 1976 ho ile ha khethoa komiti ea naha ea litho tse hlano bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka har’a naha.

Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova kapa mokhatlo o hlokomelang litaba tsa tsona tse hlokahalang tsa khoebo, li ne li sa ngolisoa ka molao, ’me li ne li se na ofisi Czechoslovakia moo li neng li ka sebetsa li le hona teng. Kahoo ka March 1979, ntlo e sa felang ea mekato e meraro Prague e ile ea rekoa ka lebitso la Lipaki tse peli. Lihlopha tsa baithaopi ba 10 ho isa ho ba 12 li ne li e-tla nako ea beke ho tla sebetsa ntlong ena. Li ne li tsamaea li e-ea Prague li tsoa libakeng tse hōle tsa Slovakia. Pele ho fela likhoeli tse tšeletseng, sebaka seo sa bolulo se ne se le boemong ba ho sebelisoa, ’me selemo hamorao, karolo e neng e lokela ho sebeletsa e le ofisi e ne e lokile. Mohaho oo o ile oa sebeletsa e le ofisi e loketseng ho fihlela nakong ea selemo ka 1994.

Ho ea bofelong ba bo-1970, ho ne ho bonahala lipuisano tsa ho finyella ho ngolisoa ka molao, li ka qala. Kahoo ka la 1 June, 1979, ho ile ha isoa lengolo Ofising ea Mongoli oa Litaba tsa Bolumeli Hammoho le Komiti ea Tsamaiso ea Czechoslovak Socialist Republic. Lengolo leo le ne le re: “Ka mosa re lumelle ho tla buisana le uena lebitsong la sehlopha sa bolumeli se tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. Re rata ho u tsebisa ka takatso ea batho ba itseng ba nang le boikarabelo ka har’a mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova ea hore le shebisane taba ea ho lokisoa ha likamano pakeng tsa sehlopha sena sa bolumeli le tsamaiso e teng hona joale ea melao ea Czechoslovak Socialist Republic.”

Karabelo e ile ea tla hoo e ka bang selemo hamorao, ’me lipuisano li ile tsa tsoela pele ka la 22 April, 1980. Ka mor’a sena, ho ile ha etsoa kōpo ea ho ngolisa Watch Tower Bible and Tract Society Lefapheng la Tsa ka Hare. Ntle le taba e ngotsoeng, e ne e e-na le polelo e nang le lintlha tse 13 tse behang mabaka a utloahalang. Ntlha ea bohlano e ne e re:

“Haeba Lipaki tsa Jehova li ka amoheloa ke ’Muso, liphutheho tsohle li tla tšoarela liboka libakeng tse khethetsoeng morero ona. Ho ke ke ha hlokahala hore liphutheho li aroloe ka lihlopha tse nyenyane. Liboka li tla tšoaroa ke batho ba tšoanelehang, ’me hoo ho tla fa Mokhatlo oa Watch Tower monyetla o motle oa ho lebela liphutheho tsa oona. Ba boholong ’Musong le bona ba tla tsebisoa hantle ka mesebetsi ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Baemeli ba ’Muso ba ka etela liboka tsa phatlalatsa ha ba rata ho tiisa hore liboka tsena ha li kotsi ’me li molemo.”

Ha ho mohla ho kileng ha fumanoa karabo.

Ho Hlongoa Lipotso ho Kenelletseng ke ba Tšireletso ea Naha

Ka 1985 boemo bo ile ba bontša ho hloka botsitso tsamaisong ea lipolotiki. Tsamaiso e ne e le hlokolosi haholo ka ntho leha e le efe eo e neng e ka ba tšokelo botsitsong ba eona. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ne ba hlongoa lipotso hangata. Boholo ba sena se etsahetse Prague. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba fuoa ho neng ho bitsoa temoso ke hlooho ea sepolesa. Hona ho ne ho lekana le hore ba be tekong e sa feleng.

Selemong seo, liphutheho li ile tsa fumana mangolo a mahlano a tsoang ofising ea Prague ea Lipaki tsa Jehova, ka khothatso e mosa empa e le e tiileng mabapi le ho latela molao-motheo oa Bafilippi 4:5: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna a ho tsejoe ke batho bohle.”

Tlhahiso e Thahasellisang ea ba Tšireletso ea Naha

Joale qalong ea 1988, ba Tšireletso ea Naha ba ile ba etsa tlhahiso ea hore barab’abo rōna ba moo ba ikarabellang ba lokisetse hore moemeli oa ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo a ba etele ho tla ba le lipuisano tseo e seng tsa molao le ba boholong ba tsoang Lekaleng la Boikopanyo la Tsa ka Hare. Lintho tseo ho tla buisanoa ka tsona e ne e tla ba “lintlha tse ling tsa kamano ea rōna . . . , e le ho lokisetsa puisano e ka ’nang ea e-ba teng nakong e tlang le liofisiri tsa ’Muso tse fuoeng tumello.” Ka sebele ena e ne e le phetoho.

Pele ho etsoa litokisetso tsa ho qetela bakeng sa seboka seo, ho ile ha tšoareloa Kopano ea Setereke ea “Toka ea Bomolimo” Vienna, Austria. Ba boholong ba ne ba tseba hantle, sehlopha se batlang se le seholo sa Lipaki se ile sa e-ba teng se tsoa Czechoslovakia.

Ho sa le joalo, butle-butle litokisetso li ile tsa tsoela pele bakeng sa lipuisano pakeng tsa litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo le bahlomphehi ba Lefapha la Tsa ka Hare. Seboka se pakeng tsa mahlakore ana a mabeli se ile sa qetella se tšoeroe hoseng ha la 20 December, 1988, ka kamoreng eo ho tšoareloang liboka ho eona Hoteleng ea Forum e Prague. Mokhatlo o ne o emetsoe ke Milton Henschel le Theodore Jaracz ba Sehlopha se Busang le Willi Pohl ea tsoang lekaleng la Jeremane. Barab’abo rōna ba Sehlopha se Busang ba ne ba se na litebello tse phahameng. Ba ne ba tseba hore mamello le nako li tla hlokahala. Leha ho le joalo, e ne e le bohato bo boholo ba ho ea pele. Ha ho pelaelo hore seboka seo e ile ea e-ba sa bohlokoa mabapi le se ileng sa etsahala selemong se latelang.

Ho ne ho lokiselitsoe likopano tse khōlō tsa machaba metseng e meraro Poland. Lipaki tsa Jehova Czechoslovakia li ne li batla ho ba teng. Taba eo e ile ea buisanoa le liofisiri tsa Tšireletso ea Naha. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ha ba fuoa tumello ea hore ba 10 000 ba ka ea Poland! Palo eo e ne e emela ho fetang halofo ea Lipaki tsa Jehova tse Czechoslovakia ka nako eo. Ba bang ba ile ba tšoha ha Lefapha la Tsa ka Hare le batla lethathamo la bohle ba eang. Empa ba ileng ba nka leeto leo ba ile ba hahuoa ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng—ba hahuoa ke lenaneo la kopano e neng e e-na le sehlooho se reng “Boinehelo ba Bomolimo,” ba hahuoa ke moea oa cheseho oa ba tlileng kopanong esita le ke kamohelo e mofuthu ea baeti e ileng ea bontšoa ke Lipaki tsa Poland.

Ho Tsepamisa Mohopolo Mosebetsing oo re o Filoeng ke Molimo

Hamorao hona selemong seo, ka la 17 November, 1989, barutoana ba ile ba fetohela ’muso Prague. Puso ea Bokomonisi e ile ea arabela ka tšebeliso e sehlōhō ea likhoka, ea romela sepolesa se khethehileng ho qhalakanya baipelaetsi bao Národní třída (Tseleng e Khōlō ea Sechaba) ea Prague. Sena se ile sa tsoala mokhatlo oa boipelaetso oa khotso khahlanong le puso ea Bokomonisi. Hamorao ho ile ha thoe ke Phetohelo e se Nang Likhathatso. Ho Lipaki tsa Jehova boemo bona bo ne bo hloka kelo-hloko e khethehileng hobane maikutlo a ile a phahama, ’me ho ne ho se bonolo hore motho a boloke ho se jele paate ha Bokreste.

Ka la 22 November, 1989, ofisi ea rōna ea Prague e ile ea romela lengolo liphuthehong tsohle Czechoslovakia. Karolo ea lona e ne e re: “Ke ntho e ntle hakaakang hore ebe barab’abo rōna ba tsepamisitse mohopolo mosebetsing oa bona oa ho bolela evangeli, ba sa lumelle letho ho ba sitisa! . . . Re ananela haholo mosebetsi o motle le masene a bara le barali babo rōna ba ratehang. Tšebeletso ea bona le liphello tsa eona li paka ’nete ea hore Jehova o na le Lipaki tsa hae le naheng ena. Re nka hoo e le habohlokoa ’me re rapela Jehova Molimo hore re lule mohaung oa hae. Kholisehang ke lerato la rōna ’me le amohele litumeliso tsa rōna tsa bara ba motho.” Selemong sa tšebeletso se neng se sa tsoa fela pele ho mona, tlhōrō ea palo ea bahoeletsi linaheng tsa Maczech e ne e le 11 394—e leng keketseho e ’ngoe e ntle.

Qetellong ea 1989, Czechoslovakia e ne e e-na le ’muso o mocha. Kapele-pele komiti ea rōna ea naha e ile ea batla litsela tsa hore boemo ba Lipaki tsa Jehova bo ngolisoe ka molao. Litho tse ling tsa komiti li ile tsa etela Komiti ea Tsamaiso, ’me tokomane e ileng ea hlaha ketelong ena e ne e le ea bohlokoa haholo ka nako eo. Tokomane ena, e neng e saennoe ke ofisiri e nang le boikarabelo, e ne e re:

“Ka lebaka la tsebiso e entsoeng ke komiti ea litokisetso ea kereke ea Lipaki tsa Jehova, rea hlokomela hore ka la 1 January, 1990, kereke ena e tla tsosolosa tšebetso ea eona eo puso ea Bofascista e ileng ea e sitisa ka 1939 le e ileng ea boela ea thibeloa ka la 4 April, 1949.” Tokomane eo e ne e le bo bong ba bohato ba pele bo lebisang ho ngolisoeng ka molao.

Tsela e Telele e Lebisang ho Ngolisoeng

Le hoja ’muso o ne o lumetse hore tšebetso ea “kereke ea Lipaki tsa Jehova” e tsosolosoe, ho ile ha feta hoo e kang lilemo tse ling hape tse ’nè pele Mokhatlo o ka ngolisoa ka molao Czech Republic.

Ka la 12 January, 1990, lengolo la kōpo ea molao bakeng sa ho ngolisoa ha Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova le ile la isoa Lekaleng la Litaba tsa Setso la Czech Republic. Mosebetsi ona oohle o ile oa sebetsoa ka tšebelisano-’moho le Sehlopha se Busang, lefapha la molao le ntlo-khōlō, le babuelli ba molao ba mona. Ka la 1 le la 2 March, Mor’abo rōna Henschel o ile a etela Prague. A felehelitsoe ke Mor’abo rōna Murín le Mor’abo rōna Sobička, o ile a etela ofisi ea tona-khōlō le Lekala la Litaba tsa Setso. Maeto ao a ne a reretsoe ho matlafatsa kōpo ea rōna bakeng sa ho ngolisoa kapele. Leha ho le joalo, ha ho letho le molemo le ileng la hlaha hobane ho ne ho se na melao e mecha ea ngoliso. Ka mor’a sena re ile ra leka lintho tse ngata, ho akarelletsa likōpo tse ngotsoeng le ho bua le tona-khōlō.

Ka la 19 March, 1992, ho ile ha fetisoa molao o mabapi le ho ngolisoa ha likereke tse ncha le mekhatlo ea bolumeli. O ne o bolela hore mokhoa oa ho ngolisoa o ne o tla qala hafeela kōpo ea mokhatlo oa bolumeli e ne e saenetsoe ke batšehetsi ba oona bao e leng batho ba baholo ba fihlang ho 10 000 ka bongata. (Likereke tseo ho thoeng ke tsa moetlo tse neng li sebetsa ka molao ka mashome a lilemo tlas’a puso ea Bokomonisi li ile tsa ngolisoa habonolo feela.) Kahoo Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsebisoa hore ho tla hlokahala hore li etse kōpo hape, li fane ka boitsebiso bohle bo batloang. Joale ka la 1 January, 1993, ha ho ntse ho lokisetsoa ngoliso ena, phetoho e ’ngoe e ile ea etsahala ha Czechoslovakia e ne e aroloa hore e be linaha tse peli, rephabliki ea Maczech le ea Maslovak. Empa qetellong, ka Laboraro, la la 1 September, 1993, Czech Press Agency e ile ea fumana tlaleho e latelang:

“Kajeno, la 1 September, 1993, ka hora ea 10:00 hoseng, baemeli ba Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova ba ile ba fuoa litokomane tsa ho ngolisoa Lekaleng la Litaba tsa Setso la Czech Republic. Baemeli ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba leboha bahlanka ba lekala lena ’me ba ba tsebisa hore ba ke ke ba batla tšehetso leha e le efe ea lichelete molemong oa motho ka mong, leha e le ho batla thuso ea lichelete ka ho toba ’Musong. Ho ngolisoa hona ho qala ho sebetsa kajeno.”

Tsoelo-pele ena ea bohlokoa e ile ea tlalehoa koranteng. Likoranteng tse ling, e ne e mpa e le tsebiso e khutšoanyane feela. Ho tse ling tlaleho eo e ne e totobalitsoe ka lihlooho tse kang “Majehova a Fumane Seo A Neng a se Letetse” le “Lipaki tsa Jehova ke Bolumeli bo Tsejoang.” Na hoo ho ile ha felisa ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova Czech Republic? Le hanyenyane!

Ka mor’a matsatsi a seng makae feela, ho ile ha qaloa letšolo la litlhaselo tse sehlōhō ka mecha ea litaba. Joalokaha ho tloaelehile likoranta tsa bolumeli ke tsona tse ileng tsa fana ka bolokolohi bo fetisisang ba ho hlasela Lipaki tsa Jehova. Lihlooho tse leeme li ne li e-na le lipotso tse ileng tsa botsoa Lipaki nakong ea ho ngolisoa hammoho le lintho tse inahaneloang ke bangoli mabapi le likarabo tse fanoeng. Ka lehlakoreng le leng, ho ile ha etsoa qoso ea hore babuelli ba Mokhatlo ba ’nile ba thetsa ha ba re Lipaki li ne li sa qobelloe ho lumela kapa ho etsa lintho tse ling tse itseng. Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho thoe likarabo tse fanoeng li senola melao-motheo ea mokhatlo.

Letšolo lena le bontšang lehloeo le ile la tšoaea ho qala ha mehla e mecha, eseng mehla ea ho kenngoa literonkong ka sehlōhō, empa mehla eo ho eona Lipaki tsa Jehova li neng li tla tobana le ho nyefoloa. Ena e ne e le nako eo ka eona Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e neng tla tlameha ho ema e sa sekisetse khahlanong le mofuta o mong oa tlhaselo tumelong ea eona le botšepehing ba eona ho Jehova Molimo le mokhatlong oa Hae o hlophisitsoeng.

Ho Nka Bohato ka Tumelo

Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa emela hore li be li ngolisoe ka molao pele li ka qala ho tšoara liboka tsa phatlalatsa—esita le likopano tse khōlō—hona Czechoslovakia. Li ne li ile tsa tsebisa liofisiri tsa ’muso hore li ne li tla tsosolosa tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa ka January 1990. Hona khoeling eo ho ile ha lokisetsoa lenaneo le khethehileng bakeng sa liphutheho tsohle. Le ne le e-na le sehlooho se nakong se reng “Ruang Molemo ka ho Mamela Litaelo Tsa Bomolimo.” Ha e le hantle ena e ne e le kopano ea potoloho ea lihora tse peli. Liboka e ne e le tsa boholo bo itekanetseng, empa ho ne ho sebelisoa liholo tse hiriloeng. Phutheho e le ’ngoe kapa tse peli li ne li kopanela sebakeng se le seng. Sena se ile sa lateloa ke likopano tse khōloanyane tsa potoloho nakong ea selemo.

Lintho tsohle li ile tsa tsamaea hantle mabapi le likopano tseo, kahoo ho ile ha etsoa litokisetso tsa kopano ea setereke—kopano ea sechaba ea matsatsi a mane—Prague lehlabuleng leo. Lebala la Lipapali la Evžen Rošický le Prague le ile la hireloa ketsahalo ena, ’me litho tse peli tsa Sehlopha se Busang, Mor’abo rōna Henschel le Mor’abo rōna Jaracz, li ile tsa fana ka lipuo lenaneong leo. Tlhōrō ea ba bileng teng e ne e le 23 876, ’me ho ile ha kolobetsoa ba 1 824. Kopano eo e ne e le tlhōlo ka ho feletseng ea borapeli bo hloekileng. Moea o ne o tšoana haholo le oa likopano tsa Poland tse neng li tšoeroe selemong se ka pele, empa sena se ne se etsahala lapeng ’me e ne e le ka Seczech le Seslovak! Tšusumetso e tebileng ea maikutlo ea ketsahalo eo e ile ea bonahala ho bososeleng ka thabo le meokhong ea kananelo e tlohang botebong ba pelo.

Ka lilemo tse 40 mantsoe “Lipaki tsa Jehova” a ne a ’nile a hoeshetsoa feela har’a batho Czechoslovakia. Ho ne ho ’nile ha buuoa litaba tse makatsang tsa bo-bare ka sehlopha sena, seo hangata ho neng ho buuoa ka sona e le “sehlopha sa bokhelohi se seng molaong.” Joale e mong le e mong, ho akarelletsa le baqolotsi ba litaba, o ne a ka nyakurela Lipaki. Litlaleho tsa likoranta ka kopano eo ka kakaretso e ne e le tse ntle. Li ne li bontša ho makalla seo Lipaki li se entseng lebaleng leo la lipapali pele ho kopano ea tsona. Li ne li ile tsa sebetsa likhoeli tse peli—baithaopi ba ka bang 9 500, ba qeta lihora tse 58 000 ba le hloekisa ka ho feletseng, ba lokisa libenche, ba ntlafatsa tsamaiso ea likhoerekhoere le ho penta lebala leo la lipapali kaofela ka pente e tšoeu. Motlalehi e mong oa litaba oa Večerní Praha ea letsatsi le letsatsi (Koranta ea Prague ea Mantsiboea) o ile a tsota lifahleho tse bososelang, ho tsoakana ka kutloano ha batho ba tsoang likarolong tsohle tsa Czechoslovakia le linaheng tse ling, le puo ea bona e hloekileng.

Selemong seo ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Ka la 30 August, 1990, ho ile ha neheloa Holo ea ’Muso ea Phutheho ea Bechyně—ea pele ka hare ho naha.

Sena sohle se ile sa boela sa lebisa ketsahalong e ’ngoe, e hlollang ka ho fetisisa.

Kopano e ke Keng ea Hlola e Lebaloa

Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho tšoara kopano ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Prague ho tloha ka la 9 ho ea ho la 11 August, 1991! Bohato ba pele e ne e le ho hira lebala la lipapali. Lefe? Lebala la Lipapali la Spartakiad le Prague, le leng la a maholohali lefatšeng. Kaha Lipaki tsa Jehova li ne li e-s’o ngolisoe ka molao Czechoslovakia, lebala leo kaofela le ile la hiroa ka lekunutu ke Anton Murín, eo ka nako eo e neng e le mohokahanyi oa komiti ea naha. Bona e ne e le bohato bo bontšang sebete. E ne e le ketso ea ho tšepa Jehova haholo, ’me Jehova o ile a e hlohonolofatsa.

Lefapha la Marobalo le ne le tla ba le mosebetsi o moholohali, ’me mosebetsi ona o ile oa abeloa Lubomír Müller. Barab’abo rōna ba Sehlopha se Busang ba ne ba tseba hantle bohlokoa ba marobalo a matle. Kahoo Mor’abo rōna Henschel le Mor’abo rōna Jaracz ba hlile ba nka leeto leo ka bobona la ho hlahloba lihotele tse bueletsoeng tse Prague kaofela. Ba ile ba kena likamoreng tsa lihotele ’me ba ba ba hlahlobisisa libethe tsa tsona. Ba ile ba re lihotele tse nang le likamore tsa ho itlhatsoetsa le matloana liphasejeng, li ne li sa amohelehe. Hobane’ng? Mor’abo rōna Henschel o ile a hlalosa: “Tlas’a maemo a tloaelehileng, ho ne ho tla be ho loketse hobane baeti baa fihla ebile ba tsamaea ka linako tse sa tšoaneng. Empa, baeti ba tlileng kopanong ka kakaretso ba tloha le ho khutla ka nako e le ’ngoe. Na u ka inahanela hore na e tla ba pono e joang matloaneng? Re ke ke ra etsa joalo ho barab’abo rōna.” Bahlophisi ba sebaka seo ba ne ba fumana koetliso e sebetsang ha ba bona litho tsa Sehlopha se Busang li bontša thahasello ea botho boiketlong ba moeti ka mong.

Tlhōrō ea ba bileng teng Kopanong ena ea Machaba ea “Barati ba Tokoloho ea Bomolimo” e ne e le 74 587. Ho bana, ba 29 119 ba ne ba tsoa Czechoslovakia, ba 26 716 ba tsoa Jeremane ’me ba 12 895 ba ne ba tsoa Poland. Baeti ba bang ba setseng ba 5 857 ba ne ba tsoa linaheng tse ling tse 36. Ebile ntho e babatsehang ho bona ho kolobetsoa ba bacha ba 2 337, ba akarelletsang ba 1 760 ba tsoang Czechoslovakia, ba 480 ba tsoang Jeremane le ba 97 ba tsoang Poland.

Ha ho pelaelo hore sehlohlolo sa kopano eohle e bile se etsahetseng ka Moqebelo, la 10 August. Ho ile ha itlela feela hore karolo eohle ea ba Czechoslovakia e eme ka ho hlaba litlatse—ho hlaba litlatse ho ileng ha tsoela pele ho sa khaotse ka metsotso e leshome kaofela! Lifahleho li ne li khanya ke thabo. Lebaka la see sohle e ne e le lefe? Qetellong ea puo e neng e fanoa ke Albert Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang, o ne a ile a tsebisa bamameli buka e ncha pele ka Senyesemane—e leng ho neng ho batla ho nyahamisa—empa joale a ba makatsa ka ho tsebisa ho lokolloa ha likhatiso tse ncha tsa New World Translation of the Holy Scriptures tsa moqolo o le mong ka puo ea Seczech le ea Seslovak! Meokho ea thabo e ile ea keleketla lifahlehong tse ngata tsa ba tlileng kopanong.

Kopano eo e ile ea ama lipelo tsa baeti ka ho teba. Ho thoe’ng ka likoranta? Joaloka kamehla, litlaleho tse ling li ne li le leeme ’me tse ling li e-na le botsoalle. Ka Mantaha, oa la 12 August, tlas’a sehlooho se reng “Strahov e ne e Tletse,” Venkov, deník českého a moravskoslezského venkova (Sebaka se ka Thōko, Koranta ea Letsatsi le Letsatsi ea Baahi ba Maczech le ba Mamoravia le Masilesia) e ile ea tlaleha:

“Ho tloha ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha, kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Prague, ho ile ha e-ba teng baeti ba 75 000 ba tsoang likhutlong tsohle tsa Europe, Amerika le Japane. Lipaki tsa Jehova haesale li le mafolofolo Czechoslovakia ho tloha ka 1912. Baeti ba Lipaki tsa Jehova ba ne ba hlokomeleha ka ho nahanela ha bona le ho itaea. Kopano ka boeona e ne e hlophisehile ’me e lokisitsoe hantle. Le hoja pula e ile ea qala ho na nakong ea kolobetso ka Moqebelo, bamameli ba ile ba lula libakeng tsa bona ’me ba amohela litho tse ncha ka ho opa mahofi nako e telele.”

Leha ho le joalo—ho sa tsotellehe sena sohle, ho ngolisoa ka molao ha hoa ka ha finyelloa ka lilemo tse ling tse peli.

Nako ea Katoloso

Le hoja tšebetso ea molao e ne e tsamaea butle, litlhoko tsa mokhatlo oa puso ea Molimo li ne li ntse li eketseha ha tšebetso ea oona e ntse e eketseha naheng ena. Ho tloha ka 1980 barab’abo rōna ba ne ba ile ba sebelisa ntlo e mekato e meraro Prague e le ofisi e laolang ea naha, e se nang sebaka se lekaneng. Ha mosebetsi o qala ho ntšetsoa pele phatlalatsa haholoanyane ka 1990, ba ile ba nchafatsa mohaho oo. Ho ile ha tlosoa lifolete, ’me mohaho oohle o ile oa fetoloa liofisi. Empa e ne e le liofisi tsa mofuta ofe? Likamore tse khōlō li ile tsa aroloa ka mapolanka ho etsa libaka tse nyenyane tseo ho sebeletsoang ho tsona. Ha lia ka tsa sebeletsa e le liofisi feela empa hape li ile tsa sebeletsa e le likamore tsa ho robala bakeng sa basebetsi, kahoo libethe tsa bona li ne li le hona pel’a lideseke tsa ofisi. Ho ne ho hlokahala sebaka se eketsehileng.

Nakong ea selemo ka 1993, mohaho o mocha oa mekato e leshome o Prague o ile oa fuoa Mokhatlo hore o sebelisetsoe ho ntšetsa pele thuto ea Bibele. Baithaopi ba tsoang likarolong tsohle tsa naha ba ile ba kopanela ho o nchafatseng. Ka la 28 le la 29 May, 1994, ho ile ha tšoaroa lenaneo la nehelo. Lipaki tsa Jehova tse ngata tseo ka lilemo tse ngata li ileng tsa boloka botšepehi ba tsona ho Jehova tlas’a puso ea Bokomonisi, li ile tsa mengoa. Albert Schroeder, oa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo lenaneong leo, hape ho ne ho e-na le ba bang ba tsoang Austria, Brithani, Denmark, Italy, Jeremane, Netherlands, Poland, Slovakia, Switzerland, Ukraine le United States.

Ha Czechoslovakia e ne e aroloa hore e be linaha tse peli ka 1993, linaha tseo li ne li ntse li sebeletsoa ke komiti e le ’ngoe ea naha, tlas’a botsamaisi ba lekala la Austria. Leha ho le joalo, maemo a ne a fetoha linaheng tseo ka bobeli. Selemong se latelang ho ile ha khethoa komiti ea naha bakeng sa linaha tsena ka bomong. Joale ka la 1 September, 1995, ofisi ea lekala e ile ea qala ho sebetsa Czech Republic. Jan Glückselig, Ondřej Kadlec, Jaromír Leneček, Lubomír Müller le Eduard Sobička ba ile ba abeloa ke Sehlopha se Busang hore ba sebeletse Komiting ea Lekala. Hamorao, Lubomír Müller o ile a abeloa tšebeletso e khethehileng Russia, ’me Petr Žitník o ile a khethoa e le setho se secha sa Komiti ea Lekala Czech Republic.

Liholo Tsa ’Muso Tsa “Kaho e Potlakileng”

Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ne li hloka libaka tseo li ka kopanelang ho tsona. Ho fumana libaka tse loketseng bakeng sa liboka tse joalo hase ntho e bonolo Czech Republic. Beng ba liholo ba bangata ba hana ho hirisetsa Lipaki tsa Jehova. Sena se bakoa haholo ke leshano le khelosang, le lecha le la khale, ka Lipaki. Kahoo liphutheho tse ngata li batla menyetla ea ho haha holo kapa ho nchafatsa mohaho oa khale. Mekhoeng eohle e lekiloeng ea ho haha mehaho e mecha, o ipakileng o sebetsa haholo ke oa kaho e potlakileng. Ka la 20 November, 1993, ho ile ha neheloa Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka mokhoa ona Czech Republic. Holo eo e ile ea hahuoa toropong ea Sezimovo Ústí ’me e sebelisoa ke liphutheho tse peli tsa moo.

Palo ea Liholo tsa ’Muso e ’nile ea tsoela pele ho eketseha. Ho fihlela ka May 1999, liphutheho tse 242 ho pholletsa le naha li ne li sebelisa Liholo tsa ’Muso tse 84 tseo e leng tsa Lipaki. Bara le barali babo rōna Czech Republic baa hlokomela hore kantle ho thuso ea lichelete e ’nileng ea tsoa ho bahlanka-’moho le bona ba Jehova linaheng tse ling, ba ka be ba sa khona ho haha Liholo tsa ’Muso tse ntle tse ngata hakana. Ho fana ka seatla se bulehileng ha mokhatlo oa barab’abo rōna oa machaba ho amme lipelo tsa barab’abo rōna ba Maczech ka ho teba. Ba lakatsa ka tieo ho bonahatsa teboho ea bona ho barab’abo bona linaheng tse ling le ho Jehova, ea kenyang moea o joalo lipelong tsa bahlanka ba hae le ea hlahisitseng mokhatlo o babatsehang hakana.—2 Bakor. 8:13-15.

Maraba a Patehileng a Tokoloho

Ho nyakallela ho oa ha Bokomonisi ka 1989 ke khale ho fetile, ’me ho hlahile mathata a mangata a macha. Ka lehlakoreng le leng, ho na le monyetla o neng o sa tsejoe pele oa ho fumana leruo ka ho sebetsa ka thata. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ho hloka tšireletseho sechabeng, tlōlo ea molao e eketsehang ka potlako, ho phahama ha theko ea lintho le lintho tse ling tse mpe tse susumetsang likamano tsa batho. Tekanyetso ea bophelo e ntseng e phahama e hōlisa moea oa ho rata lintho tse bonahalang, tlhōlisano le mohono. Batho ba bangata ba lulang metseng e meholo ba na le matlo a boikhutso libakeng tsa mahaeng moo ba ratang ho qeta nako ba le hona teng. Palo e ntseng e hōla ea batho e ea linaheng tsa mose matsatsing a phomolo a hlokang chelete e ngata. Puso ea sechaba ka sechaba e sa tsoa fumanoa bocha e tlisitse tokoloho ea ho nyatsa ntho leha e le efe ka nako leha e le efe. E butse tsela ea ho jala maikutlo mabapi le mekhoa ea bophelo ea boitšoaro bo bobe. Tlas’a Bokomonisi sena e ne e le ntho e tsoileng tseleng. Batho ba ne ba sa itokisa, boemo bo bocha bo ile ba ba tšohanyetsa, ’me ba bang ba bona ba hloletsoe.

Moea ona o boetse o bile le phello ho ba bang ba Lipaki tsa Jehova. Ba bangata ba khaolitse ho sebeletsa Jehova ka lebaka la ho tšoaseha tseleng ea bophelo ea ho rata lintho tse bonahalang, ho lebisa tlhokomelo e feteletseng mesebetsing ea boithabiso, ho furalla tekanyetso e phahameng ea Bibele ka lenyalo, kapa ho nyatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ho akarelletsa le litokisetso tsa Jehova tsa puso ea Molimo. Ba bang ba ileng ba khetha ho lula ka mokhatlong o hlophisitsoeng ba ile ba leka ho etsa hore liphutheho li lumellane le monahano oa bona. Ke ’nete hore sena se ile sa baka tsitsipano ho fihlela se lokisoa ke balebeli ba emeng ba tiile.

Czech Republic kajeno, ba ikemiselitseng ho sebeletsa Molimo ba iphumana ba pota-potiloe ke batho ba latolang boteng ba Molimo le ba sekametseng khopolong ea ho iphetola ha lintho. Ke batho bao ka tloaelo ba talimang bolumeli e le tloaelo ea bongoana kapa e le ntho e sa tloaelehang ho latela filosofi. Ba phatlalatso ea litaba ba mabifi ba lula ba ntse ba hlasela Lipaki tsa Jehova. Sena se hlahisa liteko tsa tumelo tse phunyeletsang habohloko joaloka tseo ho ileng ha tobanoa le tsona litekong tse sehlōhō tsa Manazi le literonkong tsa Bokomonisi le boqhekelling ba ba ileng ba li sebelisa. Boholo ba Lipaki tsa Jehova bo ema bo tiile tumelong ha bo tobana le liteko tsena.

Ho sa tsotellehe maikutlo a ba bangata ka litaba tse amang bolumeli, qeto e ikhethang ea molao e ile ea fanoa Lekhotleng la Molao-motheo la Maczech mathoasong a 1999. Sehlooho se seng koranteng ea Maczech ea Lidové Noviny (Koranta ea Batho ea Letsatsi le Letsatsi) ea la 11 March, 1999, se ile sa etsa tsebiso ena: “Ho Tsoa Ntho e Nang le Kelello Brno,” e leng sebaka seo Lekhotla la Molao-motheo le leng ho sona. Lekhotla le ile la qeta ka hore ha ho motho ea hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo ea ka qosoang habeli. Hona ho imolla Lipaki tsa Jehova tse ngata haholo ka tekanyo e itseng. Phello ea nyeoe ena e ile ea amoheloa ka ho pharaletseng e le tlatsetso e ntle ea Lipaki tsa Jehova tsamaisong ea molao ea Maczech.

Li Susumelitsoe ke Lerato

Lipaki tsa Jehova Czech Republic li tsoela pele ho arolela baahelani ba tsona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Takatso ea tsona ke ho thusa ba bangata ka ho eketsehileng hore ba tsebe Molimo oa rōna ea lerato, Jehova, le ho ananela litokisetso tse babatsehang tseo a li etselitseng bohle ba bontšang tumelo ho eena. Leha ho le joalo, e le hore li ba finyelle, hangata ho hlokahala hore Lipaki li hlōle maikutlo a batho—a susumelitsoeng ke ketselletso e phetoang hangata—a hore Lipaki tsa Jehova ke “sehlopha sa bokhelohi se kotsi.” Hape ho ka ’na ha hlokahala hore li hlōle maikutlo a ho khesa bolumeli ka kakaretso, a bakiloeng ke lilemo tse mashome tsa ho ba tlas’a puso e latolang boteng ba Molimo. Na lia atleha ho see?

Ke ntho e hlokomelehang hore ka 1999 ha ba 16 054 bao e neng e le Lipaki tsa Jehova ka nako eo ba ne ba bokane liphuthehong tsa habo bona tse 242 ho keteka lefu la Jesu Kreste, ba bang ba likete ba ile ba ikopanya le bona. Ba bileng teng ka kakaretso ba ne ba le 31 435.

Takatso ea Lipaki tsa Jehova ke ho thusa e mong le e mong oa bana hore ba mathe ka katleho, ba ntse ba mameletse tseleng ena ea Bokreste. Ha li ntse li bolella batho, li boetse li ikemiselitse ho thusana hore li lule li tiile tumelong. Li tseba hantle hore ha a ne a hlalosa liketsahalo tsa mehla ea rōna, Jesu o ile a re: ‘Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.’ (Luka 21:19) ’Me moapostola Petrose o ile a bululeloa hore a ngole: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe mabapi le lithapelo. Ka holimo ho lintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong.” (1 Pet. 4:7, 8) Lerato leo le tsoela pele ho ba susumelletsa ho arolela ba bang linnete tsa bohlokoa tsa Bibele le ho atamelana bonngoeng bo sa sekisetseng ba Bokreste.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 165]

“Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela ho lula. Ka mor’a nako, ke ile ka hlokomela hore mona ke hona haeso”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 168]

“‘Haeba le batla ho thunya e mong le e mong oa leshome, re thunyeng kaofela!’ Kampo eohle e ile ea hlolloa”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 184]

‘Re ne re songoa le ho rohakoa empa re hlomphuoa ka sekhukhung’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 187]

“Le ne le sa bontše letšoao la ho sekisetsa, empa le ne le bontša kahlolo e molemo ea Bokreste!”

[’Mapa o leqepheng la 150]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

JEREMANE

POLAND

SLOVAKIA

AUSTRIA

CZECH REPUBLIC

BOHEMIA

Prague

Lidice

Kladno

Karlovy Vary

Most

Teplice

Liberec

MORAVIA

Brno

SILESIA

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 148]

[Setšoantšo se leqepheng la 153]

Mor’abo rōna Erler, ea tsoang Dresden

[Litšoantšo tse leqepheng la 155]

Otto Estelmann o ile a bontša “Photo-Drama of Creation” ho pholletsa le naha

[Setšoantšo se leqepheng la 157]

Bohumil Müller

[Setšoantšo se leqepheng la 167]

Božena Vodrážková o ile a ithuta ’nete kampong ea mahloriso

[Litšoantšo tse leqepheng la 169]

František Šnajdr le Alois Miczek—ka bobeli ba hlahletsoe kampong ea mahloriso Mauthausen

[Setšoantšo se leqepheng la 173]

Ba bangata ba ile ba bokana bakeng sa ho mamela lipuo tsa phatlalatsa ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše

[Litšoantšo tse leqepheng la 175]

Lelapa la Bethele le ofisi ea lekala ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše

[Setšoantšo se leqepheng la 178]

Ho kopanela likhoeng ka 1949

[Setšoantšo se leqepheng la 185]

Linako tsa ho phomola ka sehlopha li ne li fana ka menyetla ea ho haheha moeeng

[Setšoantšo se leqepheng la 194]

Jaromír Leneček, setho sa Komiti ea Lekala, o ’nile a chesehela tšebeletso ho tloha bocheng ba hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 207]

Milton Henschel le Theodore Jaracz, hammoho le ba bang, ba ile ba sebeletsa ho ngolisoa ka molao

[Setšoantšo se leqepheng la 210]

Baeti ba Maczech kopanong Poland ka 1989

[Litšoantšo tse leqepheng la 216]

Kopano ea machaba Prague ka 1991—ketsahalo e ikhethang

[Setšoantšo se leqepheng la 218]

Sehlopha sa bafetoleli ba Maczech

[Setšoantšo se leqepheng la 223]

Ofisi ea Lekala Prague

[Setšoantšo se leqepheng la 223]

Ka tlaase: Komiti ea Lekala (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona): Jan Glückselig, Jaromír Leneček, Ondřej Kadlec, Petr Žitník le Eduard Sobička

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela