’Mino ke Mpho ea Molimo e Amang Maikutlo
KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
’MINO o matla. O ka re thoba maikutlo, oa re susumetsa oa ba oa re hlasimolla. O ka bontša hore re thabile kapa hore re saretsoe. Hoo e batlang e le batho ba litso tsohle, ba mehleng ea khale le ba kajeno, ’mino o ’nile oa ba ama maikutlo. Ka sebele, ’mino ke mpho e tsoang ho Molimo.—Genese 4:21.
Ho tloha ha re hlaha, ho ka etsahala hore ebe re kile ra utloa ’mino oa mofuta o itseng. Mohlomong bo-’mè ba rōna ba ne ba re binela pina e re koieetsang hore re robale. Bocheng ba rōna e ka ’na eaba re ne re thabela ho mamela ’mino o re hlasimollang. Le ha re se re hōlile, ba bangata ba rōna re thabela ho mamela ’mino o khathollang ha re khanna kapa ha re le hae ka mor’a letsatsi le maphathaphathe.
Mantsoe a pina a ka ’na a akarelletsa lintlha tse itseng tsa setso le nalane ea naha. Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba bina ha ba keteka liketsahalo tse ’maloa tse khethehileng. (Exoda 15:1-21; Baahloli 5:1-31) Moprofeta Moshe o ile a qapa pina e neng e akarelletsa nalane ea sechaba ebile e fa batho keletso e amang maikutlo. (Deuteronoma 32:1-43) Ha ho pelaelo hore lipina tseo li ne li thusa batho ho hopola lintlha.
Le Uena U ka Bina!
Mohlomong u re ka, ‘ke letlaila.’ Empa ak’u nahane ho se hokae ka lentsoe la hao. Kaha lentsoe le na le matla a ho feto-fetoha, e batla e le motho e mong le e mong ea ka binang, ebang o bina ka thuso ea seletsa kapa ka lentsoe la hae feela. Sohle seo u lokelang ho se etsa ke ho bula molomo ’me u bine. ’Me ha u bina, u se ke ua tšoenyeha ka hore uena u ke ke ua opeloa liatla kapa ua hapa khau ea letho. Haeba u ikoetlisa, u ka ’na ua qetella u tseba ho bina.
Makasine ea Sepanishe e bitsoang Psychologies e re: “Lentsoe le amana ka ho toba le tsela eo re ikutloang ka eona botebong ba pelo, ’me ke lona le ntšang tsela eo re ikutloang ka eona.” Ainhoa Arteta ea binang lentsoe la pele, o re: “[Ho bina] ho monate. Ke khothalletsa motho leha e le ofe ea batlang ho bina hore a ipinele feela a sa tsilatsile.”
Kaha ’mino o ka susumetsa motho ka ho teba, re lokela ho o khetha ka hloko. Ka mohlala, pina e monate e ka ’na ea etsa hore batho ba se ke ba lemoha mantsoe a eona a tsoileng tseleng a bebofatsang kapa a bileng a khothalletsang lehloeo, boitšoaro bo bobe kapa pefo—e leng lintho tseo motho ea batlang ho khahlisa Molimo a ke keng a thabisoa ke tsona. (Baefese 4:17-19; 5:3, 4) Lentsoe la Molimo le re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Ha e le hantle, ke taba e tebileng hore na u khetha ’mino oa mofuta ofe.a
’Mino o Khathollang e ka ba Setlhare
Buka e bitsoang Principles and Practice of Stress Management e re: “A mang a mabaka ao ka ’ona ho nang le ’mino hoo e batlang e le litsong tsohle ke hore o na le matla a ho etsa hore batho ba phele hantle ’meleng.” Buka e ’ngoe eona e re ha re bina ’mele oohle oa rōna o hlahisa molumo ebile oa thothomela. Ka lehlakoreng le leng, ho thothomela hoo ho etsa hore mesifa e thapolohe le hore e se ke ea finahana, e leng se ka ’nang sa thusa ho kokobetsa ho opeloa.
Ka lebaka leo, litsebi tse ling li khothalletsa bakuli ba nang le khatello ea kelello hore ba mamele ’mino o thobang, o ka khathollang motho maikutlong. Lipetlele tse ling li bile li letsa ’mino phaposing ea lefapha la tlhokomelo ea bakuli ba kulang haholo. Hangata ’mino o khathollang o thusa bana ba hlahileng pele ho nako hammoho le bakuli ba sa tsoa buuoa. Ho latela buka ea Principles and Practice of Stress Management, liphuputso tse entsoeng li bontša hore ho mamela ’mino o khathollang “ho fokotsa khatello ea kelello haholo nakong eo motho a buuoang.”
’Mino o ka boetse oa thusa basali ba baimana hore ba se ke ba tšoenyeha haholo, oa ba khatholla nakong eo ba pepang. Ka linako tse ling lingaka tsa meno li letsa ’mino o khathollang ho etsa hore bakuli ba tšohileng ba phutholohe. Empa ’mino o ka etsa ho fetang hoo feela. O ka re thusa ho matlafatsa kamano ea rōna le Molimo.
‘Ke Tla Roka Molimo ka Pina’
Na u ne u tseba hore hoo e ka bang karolo ea leshome ea Bibele e ngotsoe e le lipina? Mehlala e ka sehloohong ea seo ke Lipesaleme, Sefela sa Lifela le Lillo Tsa Jeremia. Ke ho utloahalang hore ebe karolo e khōlō ea lipina tseo tse ka bang makholo a mararo e bua ka borapeli ba Molimo. Morena Davida oa Iseraele, eo e neng e le sebini se nang le bokhoni le moqapi, o ile a ngola a re: “Jehova ke matla a ka . . . , ’me ke tla mo roka ka pina ea ka.”—Pesaleme ea 28:7.
Ha e le hantle, Davida o ile a hlophisa banna ba 4 000 ba moloko oa Levi hore e be libini Jerusalema. Ho banna bao, ba 288 e ne e le “ba koetliselitsoeng ho binela Jehova, kaofela e le litsebi.” (1 Likronike 23:4, 5; 25:7) Ha ho pelaelo hore libini tsena li ne li lula li ikoetlisa. Ha e le hantle, ’mino e ne e le karolo ea bohlokoa borapeling ba Molimo hoo libini li neng li lokolloa mesebetsing e meng e etsoang tempeleng e le hore li shebane le ho bina.—1 Likronike 9:33.
Bosiung ba pele Jesu a e-shoa, eena le baapostola ba hae ba ile ba binela Molimo lithoriso, mohlomong ba bina Pesaleme ea 113 ho isa ho ea 118. Mehleng ea Jesu, lipesaleme tsena—tse bitsoang “Lipesaleme tsa Hallel”—li ne li binoa nakong ea mokete oa Paseka. (Matheu 26:26-30) Li bitsoa “Lipesaleme tsa Hallel” hobane khafetsa li sebelisa lentsoe “Hallelujah!” e bolelang “Rorisang Jah!” “Jah” ke khutsufatso e reneketsang Jehova, e leng lebitso la Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.—Pesaleme ea 83:18.
Ho bina e ile ea boela ea e-ba karolo ea borapeli ba Bakreste. Buka e bitsoang The History of Music e re: “Bakreste ba pele ba ne ba tloaetse ho bina ha ba bokane le ha e le batho ka bomong ha ba rapela. Ho Bajuda ba sokolohileng sena e ne e le ho ntšetsa pele moetlo oa seo ba neng ba se etsa synagogeng . . . Ho phaella Lipesalemeng tsa Seheberu . . . , bolumeling bona bo bocha ho ne ho lula ho qaptjoa lipina tse ling tse ncha.” Le kajeno Bakreste ba Lipaki Tsa Jehova ba thabela ho mo rorisa ka pina e le batho ka bomong le ha ba le libokeng tsa Bokreste.
Kaha ’mino o re nolofalletsa ho bonahatsa hoo e batlang e le maikutlo ’ohle ao re bang le ’ona, ebile o ka re ama ka ho teba maikutlong, kelellong le ’meleng, re lokela ho hlompha ka ho teba ‘mpho ena e phethahetseng e tsoang holimo.’ (Jakobo 1:17) E se eka re ka o sebelisa haholo le ka tsela e bohlale.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba ratang Molimo le batho ba bang ha ba qobe feela lipina tse khothalletsang lehloeo, boitšoaro bo bobe kapa pefo, empa hape ha ba mamele ’mino o khothalletsang borapeli ba litšoantšo, bochaba kapa lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli.—Esaia 2:4; 2 Bakorinthe 6:14-18; 1 Johanne 5:21.