Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 9/1 leq. 5
  • Lipaki Tsa Jehova li Lumela’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Jehova li Lumela’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?
    Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Hobane’ng ha re Buisana le Batho ka Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    ’Muso oa Molimo ke Eng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 9/1 leq. 5
Banyalani ba Lipaki Tsa Jehova ba ithuta Bibele le bana ba bona

SEHLOOHO SE KA NTLE | LIPAKI TSA JEHOVA KE BO-MANG?

Lipaki Tsa Jehova li Lumela’ng?

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” (2 Timothea 3:16) Ka Bibeleng re ithuta ka ’Mōpi le kamoo re ka phelang ka tsela e khotsofatsang.

Bibele e re: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, re rapela Jehova Molimo feela ebile kaha re Lipaki tsa hae, re ikitlaelletsa ho tsebahatsa lebitso la hae.—Esaia 43:10-12.

Joaloka Bakreste, re lumela hore Jesu e leng “Mora oa Molimo,”a o ile a tla lefatšeng ’me ea e-ba Mesia. (Johanne 1:34, 41; 4:25, 26) Ha a e-shoa, o ile a tsosetsoa leholimong. (1 Bakorinthe 15:3, 4) Hamorao e ile ea e-ba Morena oa ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 11:15) ’Muso oo ke oa sebele ’me o tla etsa hore lefatše e boele e be Paradeise. (Daniele 2:44) Bibele e re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11, 29.

“Ha Lipaki li bala Bibele, li lumela hore Molimo o bua le tsona. Ha li hlaheloa ke mathata, li batla tharollo ka Lentsoeng la Molimo. . . . Li nka hore Lentsoe la Molimo lea phela.”—Moruti Benjamin Cherayath oa K’hatholike, koranta ea Münsterländische Volkszeitung, Jeremane

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore melao-motheo ea Bibele e ka tsoela batho molemo esita le kajeno. (Esaia 48:17, 18) Kahoo, re e mamela ka ho feletseng. Ka mohlala, ha re tsube ebile ha re sebelise lithethefatsi kaha Bibele e re re qobe lintho tse ka silafatsang ’mele ea rōna le likelello. (2 Bakorinthe 7:1) Hape re qoba liketso tseo Bibele e li nyatsang tse kang botahoa, bohlola le ho utsoa.—1 Bakorinthe 6:9-11.

a Bibele e boetse e re Jesu ke “Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo” hobane ke eena oa pele eo Jehova a ileng a mo bōpa.—Johanne 3:18; Bakolose 1:13-15.

Batsoali baa bobotheha ha mora oa bona a bula mpho

E le hore u ithute hore na re lumela’ng le hore na ke hobane’ng ha re sa keteke matsatsi a phomolo kapa re sa lumele ho tšeloa mali, kena websaeteng ea www.pr418.com/st, tlas’a MABAPI LE RŌNA > LIPOTSO TSE BOTSOANG HANGATA.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela