Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 14 maq. 22-23
  • Metsoalle ea Molimo e Qoba Lintho Tse Mpe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle ea Molimo e Qoba Lintho Tse Mpe
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa eo Molimo a e Hloileng
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Re Lokela ho Etsa’ng e le Hore re Khahlise Molimo?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • “Nako ea ho Rata le Nako ea ho Hloea”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 14 maq. 22-23

Thuto ea 14

Metsoalle ea Molimo e Qoba Lintho Tse Mpe

Satane o leka batho hore ba etse lintho tse mpe. Motho ea batlang ho ba motsoalle oa Molimo ho hlokahala hore a hloee seo Jehova a se hloileng. (Pesaleme ea 97:10) Lintho tse ling tseo metsoalle ea Molimo e li qobang ke tsena:

Libe Tsa ho Kopanela Liphate. “U se ke ua feba.” (Exoda 20:14) Ho kopanela liphate pele ho lenyalo le hona ke phoso.—1 Bakorinthe 6:18.

Botahoa. ‘Matahoa a ke ke a rua ’muso oa Molimo.’—1 Bakorinthe 6:10.

Ho Bolaea, Ho Ntša Mpa. “U se ke ua bolaea.”—Exoda 20:13.

Bosholu. “U se ke ua utsoa.”—Exoda 20:15.

Ho Bua Leshano. Jehova o hloile “leleme la bohata.”—Liproverbia 6:17.

Pefo le Bohale bo sa Laoleheng. “[Jehova] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) “Mesebetsi ea nama [e akarelletsa] . . . ho tlakoloha ka bohale.”—Bagalata 5:19, 20.

Ho Becha. “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang . . . ea meharo.”—1 Bakorinthe 5:11.

Lehloeo la Merabe le la Lichaba. “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.”—Matheu 5:43, 44.

Lintho tseo Molimo a re bolellang tsona li molemong oa rōna. Ha ho bonolo kamehla ho qoba ho etsa lintho tse mpe. Ka thuso ea Jehova le ka thuso ea Lipaki tsa hae, u ka qoba ho etsa lintho tse sa khahliseng Molimo.—Esaia 48:17; Bafilippi 4:13; Baheberu 10:24, 25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela