Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 3/1 maq. 3-4
  • Ntoa ea Mantsoe—Ke Hobane’ng ha e le Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa ea Mantsoe—Ke Hobane’ng ha e le Kotsi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
  • Na Molimo o Tšehetsa Ntoa?
    Tsoha!—2002
  • ‘Batla Khotso ’me U e Phehelle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ‘Phehellang Lintho Tse Tlisang Khotso’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 3/1 maq. 3-4

Ntoa ea Mantsoe—Ke Hobane’ng ha e le Kotsi?

“Lintoa li tsoa mohloling ofe ’me litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna?”—JAKOBO 4:1.

MONGOLI oa Bibele Jakobo o ne a sa tobisa potso ena ho masole a mabotho a Roma, a neng a loana lintoa tsa ho hapa ka nako eo, ebile o ne a sa batlisise sesosa sa lintoa tsa Bajuda ba Basicarii, kapa Banna ba Lithipa Tse Sehang, ba lekholong la pele la lilemo C.E. Jakobo o ne a bua ka liqabang tse neng li ama batho ba fokolang ka palo mohlomong e le batho ba babeli. Hobane’ng? Hobane likhohlano tsa batho li baka tšenyo joaloka lintoa. Hlokomela litlaleho tsena tsa Bibele.

Bara ba mopatriareka Jakobo ba ne ba hloile mor’abo bona Josefa hoo ba ileng ba mo rekisa hore e be lekhoba. (Genese 37:4-28) Hamorao, Morena Saule oa Iseraele o ile a leka ho bolaea Davida. Hobane’ng? Hobane o ne a honohela Davida. (1 Samuele 18:7-11; 23:14, 15) Lekholong la pele la lilemo, basali ba babeli ba Bakreste, e leng Evodia le Syntike, ba ile ba luka khotso ea phutheho eohle ka liqabang tsa bona.—Bafilipi 4:2.

Mehleng ea moraonyana, khang ea banna e ’nile ea khaoloa ke letlaka ha ba tjamelane ka lisabole le ka lithunya. Khafetsa e mong oa ba loanang o ne a bolaoa kapa a holofaletsoa ruri. Kajeno, batho ba hloeaneng ba atisa ho loana feela ka mantsoe a hlabang le a bohloko. Le hoja ho ka etsahala hore mali a se ke a tšoloha, mantsoe a hlabang a senya maikutlo le botumo. Hangata batho ba se nang molato ba ameha habohloko “lintoeng” tsena.

Nahana ka se ileng sa etsahala lilemong tse ’maloa tse fetileng ha moprista e mong oa Chache a ne a qosa e mong ka tšebeliso e mpe ea lichelete tsa kereke. Khang ea bona e ile ea tsejoa hohle, ’me phutheho eo ba neng ba e sebeletsa e ile ea aroha likoto. Litho tse ling li ne li hana ho ea kerekeng ha tšebeletso e ne e tšoaroa ke moruti eo li mo hanyetsang. Li ne li khesana hoo li neng li fetana mohoalotso feela ha li ne li le kerekeng ho ea rapela. Qabang ena e ile ea tota ha moprista ea tsekang a qosoa ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.

Moarekabishopo oa Canterbury o ile a ipiletsa ho baprista bana ba babeli, a bolela hore ntoa ea bona ke “malimabe” le “mahlabisa-lihlong a tlotlollang lebitso la Morena oa Rōna.” Ka 1997 e mong oa baprista bana o ile a lumela ho tlohela mosebetsi. E mong eena o ile a tsoela pele ka mosebetsi ho fihlela a fihla lilemong tseo a tlamehang ho tlohela mosebetsi ka tsona. Ho sa tsotellehe sena, o ile a lula ho fihlela motsotsong oa ho qetela-qetela, eaba o tlohela mosebetsi letsatsing la hae la tsoalo, ka la 7 August, 2001, ha a le lilemo li 70. The Church of England Newspaper e ile ea bolela hore letsatsi leo a neng a tlohela mosebetsi ka lona, e ne e le letsatsi la mokete oa “Mohalaleli” Victricius. “Mohalaleli” Victricius e ne e le mang? E ne e le mobishopo oa lekholong la bone la lilemo eo ho tlalehoang hore o ile a shapeloa ho hana ho loana lebothong la ntoa. Koranta ena e ile ea bontša ho se tšoane ha maikutlo ka ho re: “Moprista [enoa ea tlohelang mosebetsi] o ile a bontša hore ha a batle ho tlohela ho loantša moprista eo e mong.”

Baprista bao ba ka be ba ile ba qoba ho ikutloisa bohloko le ho utloisa batho ba bang bohloko hoja ba ile ba sebelisa keletso ena e ho Baroma 12:17, 18 e reng: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”

Uena u ne u tla etsa joang? Haeba motho e mong a u khopisa, na lehloeo le u susumeletsa ho mo loantša ka mantsoe? Kapa na u qoba mantsoe a hlabang ebe u bula monyetla oa ho bōpa khotso? Ha u khopisa motho e mong, na u mo qoba ka tšepo ea hore ka mor’a nako o tla lebala bothata boo? Kapa na u potlakela ho kōpa tšoarelo? Ebang u kōpa tšoarelo kapa u tšoarela motho e mong, u tla thaba haholo ha u leka ho etsa khotso. Keletso ea Bibele e ka re thusa ho rarolla le likhohlano tsa khale, joalokaha sehlooho se latelang se bontša.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela