Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/11 maq. 25-27
  • Ke’ng e Etsang Hore Phathi e be Monate e le Kannete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng e Etsang Hore Phathi e be Monate e le Kannete?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LIPALE TSA BATHO BA ATLEHILENG
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka ba le Nako e Monate Joang?
    Tsoha!—1996
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 12/11 maq. 25-27

Bacha Baa Botsa

Ke’ng e Etsang Hore Phathi e be Monate e le Kannete?

Ka tlaase mona tšoaea ✔ nthong eo u thabelang ho e etsa ha u le phathing.

❍ ho ja

❍ ho tantša

❍ ho bapala lipapali tse itseng

❍ ho fumana metsoalle e mecha

❍ ho kopana le metsoalle eo u e qetetseng khale

❍ tse ling ․․․․․

BACHA ba bangata ba thabela ho ba hammoho, ’me ha ho phoso ho seo. Ebile Bibele e bua ka ’moka ea boithabiso ka tsela e molemo.

Na u ne u tseba?

● Bara ba Jobo ba ile ba tšoara ’moka ea lelapa.—Jobo 1:4.

● Jesu o ile a ea moketeng oa lenyalo o neng o e-na le batho ba ’maloa.—Johanne 2:1-11.

● Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba thabela botsoalle malapeng a bona.—Liketso 2:46, 47.

Ha ho pelaelo hore ho monate ho ba hammoho le metsoalle. Ka masoabi, ’moka e meng ea boithabiso ha e khatholle.

PALE EA SEBELE “Ke ile ka mengoa phathing e ’ngoe eo ho eona ho neng ho menngoe motho e mong le e mong, ’me e ne e tl’o tšoareloa habo moshanyana e mong eo batsoali ba hae ba neng ba le sieo. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke se ke ka ea, ’me ha ke ikoahlaee! Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka utloela hore ho ne ho e-na le joala bo bongata moo le hore batho ba bang ba ile ba tahoa. Bashanyana ba bang ba bararo ba bile ba ilibana hobane ba ne ba tahiloe. Hape, ho ile ha loanoa ’me mapolesa a lokela ho emisa phathi eo.”—Janelle.

THUTO U se ke ua ema ho fihlela lintho li senyeha! Ebang u hlophisa phathi kapa u menngoe ho eona, tiisa hore u tseba likarabo tsa lipotso tse leqepheng le latelang. Ha u etsa joalo, ho ka ’na ha etsahala hore u hopole lintho tse monate—ho se seo u ikoahlaeang ka sona ka mor’a phathi eo.

LIPALE TSA BATHO BA ATLEHILENG

“Ha motsoalle oa ka a ne a entse phathi, ’mè oa hae o ne a tseba moo bohle ba leng teng. Esita leha ke ne ke lata selamba koloing, o ile a mpotsa hore na ke ea hokae. Na o ne a tšoenyeha ho tlōla? Mohlomong. Empa seo ha sea ka sa nkhopisa, hobane ke ile ka elelloa hore o ne a sa batle ho haha serobe phiri e se e jele.”—Kim.

“Nkile ka ea ’mokeng e monate, ’me ke nahana hore ke hobane ho ne ho e-na le batho ba lilemo tse sa tšoaneng. Hape batho ba neng ba o entse ba ne ba hlophisitse hore ho be le lipapali tse itseng tse monate, kahoo, ho ne ho se na motho ea neng a ka ikarola ho ba bang ’me a etsa ntho e ’ngoe e fapaneng.”—Andrea.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 26, 27]

“Ho na le batho bao e leng metsoalle e molemo, hape ho na le ba thabelang ho phela ‘bophelo bo habeli.’ Hore ’moka e be o atlehileng, ke habohlokoa ho ba hlokolosi ka batho bao u ba memang.”

“Nkile ka ea ’mokeng e hlophisitsoeng hantle eo ho eona ho neng ho behiloe melao e itseng e le ho qoba mathata a ka ’nang a hlaha. Seo se ile sa etsa hore e be monate haholo ’me e khatholle.”

[Litšoantšo]

Nicole

Andrew

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

● Ke bo-mang ba tla ba teng phathing, hona e tla ba khōlō hakae?

“Ke nahana hore u lokela ho mema batho bao u ba tsebang hantle ’me u se ke ua mema motho e mong le e mong kapa ua re bao u ba memang ba tle le metsoalle ea bona.”—Renee.

“Haeba u sa lekanye hantle lenane la batho bao u ba memang, phathi e ka tsoa taolong. U mema batho ba 20, ebe batho ba 20 ba mema ba bang ba 10, ebe ba 10 ba mema ba bang ba eketsehileng . . . Nkile ka bona seo se etsahala!”—Colette.

“Hangata phathi e khōlō e tsoa taolong habonolo. Ke nahana hore ke bohlale ho ba le sehlopha se senyenyane sa batho.”—Alexis.

“Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—LIPROVERBIA 13:20

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 26, 27]

● Ke’ng se ka ’nang sa etsahala moo?

“Haeba e le uena ea hlophisitseng phathi, ’me ho etsahala lintho tse mpe moo, ho senyeha lebitso la hao.”—Bridget.

“Haeba lintho li hlophisitsoe hantle, phathi e ka natefela batho bohle. Ke habohlokoa ho ba le ponelo-pele.”—Seth.

PALE EA SEBELE “Ke na le motsoalle e mong ea ileng a mpolella hore a ke ke a ’mema ’mokeng oa hae hobane oa tseba hore batsoali ba ka ba tla mo botsa lipotso tse kang, Ke bo-mang ba tla ba teng ’mokeng oo? le hore ’Moka o tla nka nako e kae? O re ha a rate ho phenngoa ka tsela eo. Leo ke letšoao la tlhokomeliso! Haeba o ikutloa a sa phutholohe ha a botsoa lipotso, ha ke nahane hore nka thabela ho ba ’mokeng oo a o hlophisitseng!”—Ellen.

“Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 BAKORINTHE 10:31

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 26, 27]

● U tla etsa’ng haeba u ikutloa u sa phutholoha ’mokeng?

“Ke na le leqheka leo ke le sebelisang. Ha ke ea ’mokeng, ke atisa ho founela batsoali ba ka e le hore ke ba bolelle hore na ke tla khutla ka nako mang. Ha ke ba founela baa mpotsa hore na lintho tsohle li tsamaea hantle. Haeba ke re che, ba sebelisa leqheka la ho ntšoasolla ka hore ba nkhopotse mesebetsi eo ke lokelang ho e etsa lapeng. Ha ke qeta ho bua fonong, ke bolella metsoalle ea ka hore batsoali ba ka ba batla hore ke fihle lapeng ka potlako kahoo ke lokela ho tsamaea.”—Therese.

PALE EA SEBELE “Ha ke ne ke le phathing e ’ngoe, ho ile ha fihla bashanyana ba bang ba babeli ba neng ba sa mengoa, ’me e mong oa bona o ne a tsejoa ka hore o sebelisa lithethefatsi. Ho ne ho le boima haholo ho etsa qeto, empa ka founela Ntate hore a tl’o ntata.”—Mary.

“Batho ba masene ba tla bona ha mathata a tla ’me ba a qobe, empa motho ea sa nahaneng o tla ikenya ho ’ona ’me a ikoahlaee hamorao.”—LIPROVERBIA 22:3, TODAY’S ENGLISH VERSION

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

● Ke mang ea tla beha lintho leihlo?

“Haeba batho ba baholo ba le teng e le ho etsa bonnete ba hore lintho li tsamaea hantle, ho ka etsahala hore ’moka oa boithabiso o atlehe.”—Mark.

“Ke ne ke hlajoa ke lihlong ha batsoali ba ka ba le teng ’mokeng. Empa hona joale, kea hlokomela hore ba ba teng ho tiisa hore lintho ha li tsoe taolong. Ha ho bolele hore u ke ke ua thabela ’moka ha batsoali ba hao ba le teng.”—Laura.

“E-bang le letsoalo le molemo.”—1 PETROSE 3:16

[Lebokose le leqepheng la 27]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Botsa batsoali ba hao hore na ba ne ba thabela ho ea ’mokeng ea mofuta ofe ha ba sa le lilemong tsa hao. Na ho na le ntho leha e le efe eo ba neng ba ka e etsa ka tsela e fapaneng liphathing tseo ba ileng ba li hlophisa kapa ba ea ho tsona?

NA U RERA ’MOKA OA BOITHABISO?

Buisana le batsoali ba hao ka oona ’me u nahanisise ka hore na . . . 

1. U tla mema bo-mang

2. U tla mema batho ba bakae

3. O tla tšoareloa hokae

4. Ke mang ea tla beha lintho leihlo

5. U rera ho etsa lintho life

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

UA MENGOA!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela