Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/11 leq. 28
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mopapa ha a sa Fana ka Litho
  • Na Batho ba ka Tela Bophelo e le Hore ba Fumane Chelete?
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?
    Tsoha!—1987
Tsoha!—2011
g 12/11 leq. 28

Tsa Mona le Mane

Tlhahlobo e entsoeng likonopong tsa mechine e ntšang chelete [ATM] ea setsing sa motse oa Engelane, e bontšitse hore li na le libaktheria tse kotsi tse tšoanang le tse fumanoang matloaneng a sechaba.—THE TELEGRAPH, BRITHANI.

“Bo-rasaense ba bang ba makatsoa haholo ke litšisinyeho tsa lefatše [tse kang tse bileng teng New Zealand selemong sena le Haiti selemong se fetileng] hobane li etsahala libakeng tseo ba sa hlokomelang hore lefatše le petsohile ho tsona. . . . Seo se entse hore batho ba botse potso e bontšang ho tšoenyeha ea hore: Ho ka ba le litšisinyeho tse kae tse khōlō libakeng tse sa belaelloeng hakaalo kapa tse sa tsejoeng, moo lefatše le petsohileng teng?”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.

“Baahi ba bane ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng  . . . ba na le leruo le lengata ho feta la linaha tse 57 tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng.”—FOREIGN POLICY, January/February 2011, U.S.A.

Bo-rakhoebo ba nang le likhoebo tse etsang karolo ea 90 lekholong tsa Poland, ba boletse hore ba ’nile ba utsoetsoa kapa ba qhekelloa ke basebeletsi ba bona lilemong tse peli tse fetileng.—GAZETA PRACA, POLAND.

Kereke e K’hatholike, Brazil, e se e lefisa banyaluoa liranta tse 2 000 ha ba fihlile ka mor’a nako lenyalong. Banyalani ba lokela ho ngola cheke pele ho lenyalo, ’me e khutlisetsoa ho bona hafeela ba fihlile ka nako.—G1, BRAZIL.

Mopapa ha a sa Fana ka Litho

Koranta ea Italy ea La Repubblica e re ha Joseph Ratzinger e sa le mok’hadinale oa Kereke ea Roma e K’hatholike, o ne a fana ka litho. Empa ho tloha ha a khethoa hore e be mopapa Benedict XVI, ha a sa fana ka litho. Hobane’ng? Moarekabishopo Zygmunt Zimowski, e leng setho sa bolaoli sa Vatican o re: “’Mele oohle oa Mopapa ke oa Kereke. Kahoo, ke ntho e utloahalang hore ha mopapa a hlokahala setopo sa hae se bolokoe se feletse, hobane ho ka ’na ha etsahala hore nakong e tlang se rapeloe.”

Na Batho ba ka Tela Bophelo e le Hore ba Fumane Chelete?

Na batho ba ka ikemisetsa ho tela bophelo ba bona ka selemo se le seng e le hore feela ba fumane li-euro tse milione? Phuputso e ’ngoe e entsoeng ke mokhatlo oa liphuputso oa Emnid lebitsong la Reader’s Digest Deutschland, e bontša hore monna a le mong ho ba bane le mosali a le mong ho ba tšeletseng ba Jeremane, ba ka etsa seo. Ha phuputso e etsoa ho bacha, ba bangata ba bona ba ne ba re ba ka etsa seo—karolo ea 29 lekholong ea ba lilemo li 14 ho ea ho tse 29 le karolo ea 25 lekholong ea batho ba lilemo li 30 ho ea ho tse 39, ba boletse hore ba ka tela bophelo ba bona. Leha ho le joalo, batho ba baholo bona ba nka hore bophelo ke ba bohlokoa. Ke ba etsang karolo ea 13 lekholong feela ba lilemo li 50 ho ea ho tse 59 le ba etsang karolo ea 11 lekholong, ba lilemo tse ka holimo ho 60 ba ikemiselitseng ho tela bophelo ba bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela