Ho Nyarela ka Litabeng
Litšelo tsa Mali—Na li Sireletsehile Lefung la AIDS?
“Ha ke lumele hore ho ameha ha rōna ka lefu la AIDS ho lokela ho kenella qetong ea rōna ea ho buuoa kapa lebakeng leha e le lefe la ho amohela mali,” ao ke mantsoe a ’muelli oa Litsi tsa Taolo ea Mafu Atlanta. Leha ho le joalo, mokuli ea lemo li 60 ea ileng a buuoa ’me a tšoaetsoa ke lefu la AIDS kamor’a ho amohela mali a fanoeng ao ho neng ho entsoe liteko tsa AIDS a ke ke a lumellana le hlaloso eo.
The New York Times e tlaleha hore mokuli o amohetse mali a ea faneng ka mali ana “kapele kamor’a ho kopana le mosodoma ’me o ne a se na likokoanyana tse neng Ii ka bonahala litekong tsa mali bakeng sa lefu la AIDS.” Leha ho le joalo, likhoeli tse tharo hamorao, monna eo a khutlela hape ho tla fana a mali. Khetlong leo “liteko tsa bontša hore mali a na le lefu la AIDS ’me ha a ka a amoheloa,” ho tlalehile Times.
Ka tšebeliso ea mekhoa e mecha ea ho hlahloba AIDS maling, bahlahlobi ba meriana ba ne ba kholisehile hore mali a sechaba a ke ke a silafatsoa. Empa leha ho le joalo, ho hlōleha ha liteko ho bontša mali a nang le likokoanyana tsa lefu empa li e-so ho hōle ka ho lekaneng ho bonahala ho bontša hore motho ea amohelang mali o kotsing ea sebele. Ho tloha ka 1977 ho tlalehiloe batho ba 21 000 ba tšoaelitsoeng ke AIDS United States, ’me karolo ea 2 lekholong ea bakuli bao ba fumane lefu litšelong tsa mali. Ba bolokang molao oa Molimo ba lokolohile liphellong tsa ho silafatsoa ke litšelo tsa mali. Lebaka? Hobane ba “tela . . . mali le tse fenethiloeng,” tse sa ntšuoang mali. Le hoja batho bao ba tela mali ka mabaka a bolumeli, ba thabela melemo e meng, hobane sehlopha se busang sa mehleng ea pele sa phutheho ea Bokreste se ile sa eketsa: “Haeba le ela hloko ho tela lintho tsena, le tla atleha. Phelang hantle!”—Liketso 15:28, 29, NW.
K’hatholike e Phahamisa Thuto ea ho Iphetola ha Lintho
Nakong ea seboka se akarelletsang se neng se tšoaretsoe Vatican ka ’Mesa 1986, Mopapa John Paul II o itse: “Ha e le mabapi le thuto ea tumelo, ha re na bothata ba ho hlalosa tšimoloho ea ’mele oa motho ka thuto ea ho iphetola ha lintho.” Hobane’ng ho se na bothata? Hobane ‘thuto e joalo ea tumelo’ e bontša hore, ntle ho ’mele, motho o na le moea o sa shoeng. Kereke e bolokile maikutlo a hore moea ona, e seng ’mele, o bōpiloe ka ho toba ke Molimo.
Leha ho le joalo, Genese 2:7 e bontša hore ha Molimo o etsa motho ka lerōle le ho bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, “motho ea e-ba moea o phelang.” Motho ha a ka a neoa moea empa ea e-ba moea, motho ea phelang. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 15:45.) Ho Ezekiele 18:4 rea bolelloa: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” Hona ho bontša hore moea ke motho ka sebele sa hae, e seng karolo e ’ngoe kantle ho ’mele e phelang kamor’a hore ’mele oa hae o shoe.
Ha taba e khuoa feela holimo, ho ka ’na ha bonahala ho se na bothata tabeng ea ho amohela tšimoloho ea ho iphetola ha ’mele oa motho. Empa ka ho etsa sena, Kereke e K’hatholike e latola tlaleho ea pōpo e ho Genese, tlaleho eo Jesu Kreste a ileng a e amohela e le ’nete. (Mattheu 19:4-6) Ke pono ea mang eo Mokreste a lokelang ho e amohela?
Ho Sekisetsa Hoo e Seng ha Mangolo
Ketelo ea Mopapa John Paul II synagogeng ea Roma ka la 13 ’Mesa, 1986, e hlalositsoe e le “ketsahalo ea bohlokoa historing” e entsoeng ka sepheo sa ‘ho qalisa nako e ncha.’ Lebaka? Hobane e ne e le khetlo la pele mopapa a etelang sebaka sa borapeli sa Bajode. Ho ea ka La Repubblica, koranta ea Roma, ka bohato boo Kereke e K’hatholike e leka ho “lokisa liphoso tsa nako e fetileng,” kahobane kereke ha e e-s’o “phelele litlamo tsa eona tsa lerato la Kreste ho baena ba eona ba Bajode.”
Ketelo ea mopapa e ne e le ka sepheo sa ho hatisa “lefa le tšoanang la moea” le kopaneloang ke Mak’hatholike le Bajode. Leha ho le joalo, seo John Paul a se hlalositseng e le “karohano ea motheo” pakeng tsa malumeli ana a mabeli se sa eme se le joalo, e leng, ’nete ea hore Bajode ha ba amohele Jesu e le Messia. Mopapa o lokisa bothata boo joang? Puong ea hae, o boletse hore ho bontšoe “hlompho litumelong tsa motho e mong le e mong” le hore ho hlokahala hore ho qojoe khatello leha e le efe ea ho qobella tumelo ea e mong ho e mong. Kamoo ho hlokometseng La Repubblica, lipolelo tse joalo li tiisa “ho tela ha mopapa boiteko leha e le bofe ba ho sokolla” Bajode.
Leha ho le joalo, moapostola Petrose o boleletse baprista ba Bajode le banna ba hōlileng Jerusalema hore “ha ho poloko ho e mong” ha e se Jesu Kreste feela. Ho feta moo, ha Petrose le Johanne ba ne ba laeloa ho khaotsa ho bolela ka lebitso la Jesu, ba araba: “Ha ho kamoo re ka lesang kateng, ho bolela tseo re li boneng le tseo re Ii utloileng.” (Liketso 4:8, 12, 18-20) Na balateli ba Kreste kajeno ha ba lokela ho etsa ho tšoanang?