Ho Bapala Eng Lehlabuleng Lee?
HO THOASA ha lehlabula ho bolela eng ho uena? Ha boemo ba leholimo bo futhumala, lehlabula le ka ’na la etsa hore u lakatse ho ea hahloa ke moea ka ntle—mohlomong u thabele ho ea lebōpong la leoatle kapa serapeng sa boikhathollo.
Leha ho le joalo, ba leng indastering ea lifilimi ba itšetlehile ka batho ba limilione hore ba qete lihora tse ngata tsa lehlabula ba le ka har’a mehaho ba shebeletse lifilimi. Bonyane ho ka ba le libaka tse ka bang 35 000 United States feela moo ho ka shebelloang lifilimi, ’me lilemong tsa morao tjena chelete ea thekiso ea litekete e ka etsang liphesente tse 40 naheng eo e fumanoe nakong ea lehlabula.a Heidi Parker oa makasine ea Movieline, o re: “Ho tšoana le seo Keresemese e se etsetsang mabenkele.”
Boemo bo ne bo se tjena pele. Nako ea hlabula e ne e etsa hore Indasteri ea lifilimi United States e hule ka thata, e qobella libaka tse ngata tsa lifilimi hore li fokotse linako tsa tsona kapa li hle li koale nakong eo. Empa lilemong tse mahareng tsa bo-1970, liholo tsa boithabiso tse nang le tsamaiso ea ho fehla moea o pholileng li ile tsa hohela batho ba limilione hore ba balehe mocheso. Likolo li ne li koetsoe ’me tsa etsa hore bana ba sekolo ba tle ka bongata, e leng seo baetsi ba lifilimi ba ileng ba se elelloa. Ho e-s’o ee le kae, ho ile ha tsoa filimi ea lehlabula e ratoang haholo. E ile ea fetola tsela eo lifilimi li etsoang ka eona le tsela eo li buelloang ka eona, joalokaha re tla bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a United States, nako ea lifilimi tsa hlabula e qala ka May ’me e tsoela pele ho fihlela ka September.