Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 maq. 22-25
  • Mehlala ea Katleho—Karolo ea Bobeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Katleho—Karolo ea Bobeli
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Mamela Temoso ho Ile ha Etsa Phapang
    Tsoha!—2006
  • Lerato le Leng Matla ho Feta Leholiotsoana!
    Tsoha!—2008
  • “Ke Bolokile Tumelo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Tsoha!—2009
g 10/09 maq. 22-25

Mehlala ea Katleho​—Karolo ea Bobeli

Joalokaha ho boletsoe ‘Mehlaleng ea Katleho—Karolo ea 1,’ melao-motheo ea Bibele e ka thusa malapa hore a tsitse linakong tsa mathata.a Jehova Molimo o tšepisa ba phelang ka melao ea hae, o re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8.

Ho sebetsana le mathata a lichelete. Hangata mathata a lichelete ke ’ona a qabanyang banyalani haholo. Empa melao-motheo ea Bibele e ka thusa malapa a nang le mathata a lichelete hore a be le pono e nepahetseng. Jesu o ile a re: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng. . . . Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”—Matheu 6:25, 32.

Leqepheng la 23, Issachar oa United States, o pheta kamoo eena le ba lelapa la hae ba ileng ba sebetsana le mathata a lichelete kateng ka mor’a hore ntlo ea bona e senngoe ke Leholiotsoana Katrina.

Ha setho sa lelapa se kula. Hoo e batlang e le batho bohle baa kula ka linako tse itseng. Hangata ba kula ka nakoana ebe baa hlaphoheloa. Empa ho thoe’ng haeba setho sa lelapa se tšoaroa ke boloetse bo sa foleng? Bibele e re Jehova a ka hlokomela ba liphateng tse chesang. (Pesaleme ea 41:1-3) Jehova a ka sebelisa lelapa joang hore a fane ka tlhokomelo e joalo?

Leqepheng la 24, monna e mong oa Japane ea bitsoang Hajime o pheta kamoo eena le barali ba hae ba ileng ba tšoarisana kateng e le hore ba ka hlokomela mosali oa hae Noriko, ka mor’a hore lingaka li fumane hore o tšoeroe ke boloetse bo bohloko.

Ha ngoana a e-shoa. Ho shoeloa ke ngoana ke e ’ngoe ea litlokotsi tse khōlō ka ho fetisisa tseo lelapa le ka tobanang le tsona. Jehova o tšepisa hore o tla hlakola meokho e bakoang ke bohloko ba ho shoeloa ke ngoana. (Tšenolo 21:1-4) Esita le hona joale o tšelisa ba shoetsoeng.—Pesaleme ea 147:3.

Leqepheng la 25, Fernando le Dilma ba United States, ba pheta kamoo Bibele e ileng ea ba matlafatsa kateng hore ba tobane le ho shoela ke moralinyana oa bona.

Bibele e fana ka tataiso e ka tšeptjoang malapeng a nang le mathata, joalokaha liphihlelo tse maqepheng a latelang li bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba leqephe la 14-17 makasineng ena.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ho Sebetsana le Mathata a Lichelete

Joalokaha ho boletse Issachar Nichols, oa United States

“Leholiotsoana Katrina le ile la senya ntlo ea rōna hoo ho ileng ha sala motheo oa konkreite feela. Ho ile ha feta khoeli le halofo, sekolo seo ke neng ke ruta ho sona se le ka metsing.”

LEHLABULENG la 2005, ’na le mosali oa ka, Michelle le moralinyana oa rōna Sydney, ea neng a le lilemo li peli, re ne re lula Koung ea St. Louis, Mississippi, U.S.A. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, ’na le Michelle re ne re ikemiselitse ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste ka hohle kamoo re neng re ka khona. Ke ne ke ruta batho lik’homphieutha ’me sekolo seo ke neng ke ruta ho sona, se ne se le motseng o haufi oa New Orleans, Louisiana. Kemiso ea ka e ne e mpha monyetla oa ho sebetsa matsatsi a mararo ka beke ’me ka nako e setseng ke ruta batho Bibele. Re ne re khotsofaletse kamoo lintho li tsamaeang kateng. Joale ha hlahella litaba tsa hore Leholiotsoana Katrina le ka ’na la hlasela sebakeng seo re lulang ho sona. Re ile ra lokisetsa ho tloha sebakeng seo hang-hang.

Ka mor’a hore sefefo seo se fete, re ile ra fumana hore ntlo ea rōna e neng e le Koung ea St. Louis e senyehile hammoho le sekolo seo ke neng ke ruta ho sona, se neng se le New Orleans. Chelete ea inshorense le ea ’muso e ile ea re thusa hore re fumane ntlo e ’ngoe, empa ho ne ho le boima hore ke be le mokhoa o tsitsitseng oa ho fumana chelete. Ho phaella moo, mosali oa ka o ile a kenoa ke vaerase e neng e le metsing a litšila. Tsamaiso ea hae ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e ile ea fokola ’me ka mor’a moo a kenoa ke vaerase ea West Nile ka mor’a hore a longoe ke monoang. Ho sa le joalo, litefello tsa inshorense le litšenyehelo tsa bophelo li ne li ntse li phahama.

E le ho ikamahanya le maemo a rōna a macha, re ile ra ithuta ho sebelisa chelete hantle, esita le ha re reka lintho tseo re li hlokang. Ke ile ka tlameha ho ithuta hore ke se ke ka khetha-khetha mosebetsi oo nka o etsang.

Kea lumela hore ho lahleheloa ke matlotlo ho ne ho se bonolo. Empa re ne re leboha hore ebe re ntse re phela. Ketsahalo eo e ile ea hatisa ’nete ea hore lintho tse bonahalang li na le molemo o fokolang. Ha e le hantle, e ile ea re hopotsa mantsoe a Jesu, ha a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

Re ile ra boela ra hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na re utloile bohloko hakae ka lebaka la ho lahleheloa ke thepa ea rōna, ho na le ba bangata ba lahlehetsoeng ho re feta—ba bang ba bile ba shoele. Leo ke lona lebaka le ileng la etsa hore hang ka mor’a koluoa eo, ke ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa liphallelo le oa ho tšelisa ba neng ba lahlehetsoe ke lintho tsa bona.

Nakong eo eohle ea tlokotsi, Pesaleme ea 102:17 e ’nile ea re tšelisa ka ho khetheha. E bolela hore Jehova Molimo “o tla retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a [ke] ke a nyelisa thapelo ea bona.” Re le lelapa re hlokometse kamoo a re tšehelitseng kateng!

[Lebokose le leqepheng la 23]

Ka mor’a hore Leholiotsoana Katrina le Leholiotsoana Rita a hlasele Kou-mosenekeng ea United States ka 2005, ka potlako Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hloma litsi tse 13 tsa liphallelo, litoro tse robong le litsi tse ’nè tsa polokelo ea mafura. Baithaopi ba ka bang 17 000 ba Lipaki ba tsoang United States le linaheng tse ling tse 13 ba ile ba phalla ho tla thusa. Ba ile ba lokisa matlo a likete.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Ha Setho sa Lelapa se Kula

Joalokaha ho boletse Hajime Ito, oa Japane

“Re ne re thabela ho pheha hammoho—ho fihlela Noriko a qala ho kula. Hona joale ha a sa khona ho noa kapa ho ja ka molomo esita le hona ho bua. O tsamaea ka setulo sa likooa ’me o hema ka mochine.”

KA May 2006, mosali oa ka, e leng Noriko, o ile a qala ho ba le bothata ba ho bua. Lehlabuleng leo, o ile a qala ho thatafalloa ke ho ja le ho noa. Ka September, lingaka li ile tsa fumana hore o na le amyotrophic lateral sclerosis (ALS)—e leng lefu le kekelang le amang lisele tsa methapo ea kutlo, bokong le lesapong la mokokotlo. Ka likhoeli tse ’nè feela, bophelo ba rōna bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Empa e ne e sa le qalo feela ea mathata a hae.

Ha nako e ntse e ea, leleme la Noriko le letsoho la hae le letona li ile tsa khaotsa ho sebetsa. O ile a buuoa mpeng e le hore a ka feptjoa ka lethopo, ka mor’a moo a buuoa molaleng e le ho etsa tselana ea moea ’me seo sa mo sitisa ho bua. E tlameha ebe seo se ile sa nyahamisa Noriko, kaha haesale e le motho ea mahlahahlaha. Re Lipaki Tsa Jehova, ’me Noriko le barali ba ka ba ne ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ea Bokreste. Hona joale Noriko o tlameha ho hema ka mochine ’me o qeta nako e ngata a le betheng.

Leha ho le joalo, sena ha se khine Noriko! Ka mohlala, o ba teng libokeng tsa Bokreste a lutse setulong sa likooa, a bile a kentse mochine oo a hemang ka oona. Ha a sa utloa hantle litsebeng ’me morali oa ka o mo ngolla lintlha ka mongolo o moholo ha liboka li ntse li tsoela pele e le hore a rue molemo. Le hoja Noriko a ile a tlameha ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng, o ntse a ngolla batho mangolo ka k’homphieutha ea rōna e nang le lisebelisoa tse khethehileng, a ba ruta molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.

Re sebelisana hammoho re le lelapa ho thusa Noriko. Barali ba ka ba babeli ba ile ba batla mosebetsi o mong e le hore ba khone ho thusa ka ho eketsehileng lapeng. Boraro ba rōna re etsa mesebetsi e mengata eo Noriko a neng a tloaetse ho e etsa letsatsi le letsatsi.

Ka linako tse ling hoseng ha ke sheba Noriko, o bonahala a khathetse. Ke ee ke re ka pelong, ‘Ekare nka mo bolella hore kajeno a ke a phomole ho se hokae.’ Empa Noriko o batla ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele. Ha ke qala ho mo lokisetsa k’homphieutha, mahlo a hae aa phatsima ke thabo! Ha a ngola, boemo ba hae bo ea ntlafala. Ke bone bohlokoa ba hore ‘kamehla motho a be le ho hongata hoo a ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakorinthe 15:58.

Phihlelo ea Jason Stuart ea nang le boloetse ba ALS, e boletsoeng Tsoheng! ea January 2006, e thusitse Noriko haholo hore a se ke a nyahama. Ha e le hantle, ha basebeletsi ba sepetlele ba ne ba makalitsoe ke kamoo Noriko a nang le tšepo kateng, o ile a ba bolella ka sehlooho seo ’me ra ba fa likopi tsa sona. Mosali oa ka o matlafalitsoe haholo ke ho ruta ba bang ka seo a se lumelang.

’Na le Noriko re na le lilemo tse 30 re nyalane, empa lilemong tse tharo tse fetileng, ke qalile ho ananela lintho tseo pele ke neng ke sa li nkele hloohong hakaalo ka eena. Ke thabile haholo hore ebe ke mosali oa ka!

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Ha Ngoana a E-shoa

Joalokaha ho boletse Fernando le Dilma Freitas, ba United States

“Bohloko ba ho shoeloa ke ngoana bo sithabetsa hoo ho leng thata ho bo hlalosa. Ha ho na bohloko bo fetang boo.”

MORALINYANA oa rōna eo re ileng ra mo reha Precious, o ile a hlokahala ka la 16 April, 2006. O ne a e-na le matsatsi a leshome feela. Hoo e ka bang likhoeli tse tharo re mo lebeletse, lingaka li ile tsa hlokomela hore lesea la rōna le e-song ho hlahe le na le bothata bo tebileng ba pelo. Ha nako ea ho pepa e ntse e atamela, ho ile ha hlaka hore le tla shoa nakoana ka mor’a hore le hlahe—le teng haeba le ne le tla hlaha le phela. Re ile ra thatafalloa haholo ho amohela sena. Re ne re e-na le bana ba bararo ba phetseng hantle. Re ne re sa lumele hore leseanyana la rōna le tla shoa.

Ka mor’a hore Precious a hlahe, ngaka e ’ngoe eo e leng khale e li bona ea setsebi sa maloetse a amanang le liphatsa tsa lefutso, e ile ea hlokomela hore Precious o na le boloetse bo sa tloaelehang bo bitsoang Trisomy 18, bo tšoarang hoo e ka bang ngoana a le mong ho ba 5 000. Ho ile ha hlaka hore ha a na ho phela nako e telele. Re ile ra ikutloa re tsielehile ka ho feletseng, kaha ho ne ho se letho leo re ka le etsang. Seo re neng re ka se etsa feela, ke ho ba le eena ka nako e khutšoanyane ea bophelo ba hae. Re ile ra etsa sona seo.

Re ananela matsatsi a leshome ao re a qetileng re e-na le Precious. Nakong eo, rōna le barali ba rōna ba bang ba bararo re ile ra ba le kamano e haufi le eena. Re ile ra mo nka, ra bua le eena, ra mo haka, ra mo aka le ho mo nka lifoto tse ngata ka hohle kamoo re ka khonang. Re ne re bile re bua ka hore na o tšoana le mang haholo ho rōna. Ngaka ela e ileng ea lemoha boloetse bo tšoereng Precious, e ne e re etela sepetlele letsatsi le leng le le leng. E ile ea lla le rōna ’me ea re bolella hore e masoabi. E ile ea ba ea toroea setšoantšo sa Precious ha e ntse e buisana le rōna e le hore e tle e mo hopole. E ile ea re fa kopi ea sona.

Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re lumela ka botlalo seo Bibele e se rutang, ha e re Molimo o tla etsa hore lefatše la rōna e be paradeise hape le hore o labalabela ho tsosa ba shoeleng—ho kopanyelletsa le masea a kang Precious. (Jobo 14:14, 15; Johanne 5:28, 29) Re lebeletse ka tjantjello letsatsi leo ka lona re tlang ho mo tšoara le ho mo haka hape. Nako le nako ha re utloa lentsoe “paradeise,” tšepo eo ea re nyakallisa! Hona joale, re tšelisoa ke ho tseba hore Precious o mohopolong oa Molimo ’me ha a sa utloa bohloko.—Moeklesia 9:5, 10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela