Na Ngoana oa Hao a ka Etsa Qeto e Bontšang Hore o Butsoitse?
1. Bacha ba Lipaki ba ’nile ba nka khato efe mabapi le tšebeliso ea mali? Fana ka mohlala.
1 Tabeng efe? Ea ho tšeloa mali. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se reng “Tsamaeang ka Mokhoa oo Jehova a le Rutang ka Oona,” Molula-Qhooeng oa June 15, 1991, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ’nile ba lokela ho ema ba tiile, e le ho bontša hore joaloka batsoali ba bona, le bona ka bobona ba nka ho mamela molao oa Molimo ka mali e le taba ea bohlokoa. Na ho ka hlokahala hore ngoana oa hao ea tlaase lilemong le eena a etse se tšoanang?
2. Lekhotla le leng le ile la sebelisa tekanyetso efe ho ngoana ea tlaase lilemong ea ileng a hana ho tšeloa mali, ’me batsoali ba Bakreste le bana ba bona ba tlaase lilemong ba ithuta’ng ho see?
2 Molao o Re’ng? United States, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Illinois ke lona le ileng la liha kahlolo tabeng ea hore ngoana ea butsoitseng empa a le tlaase lilemong o na le tokelo ea ho hana ho tšeloa mali. Ha lekhotla lena le hlahloba taba ea morali’abo rōna ea lilemo li 17, le ile la etsa qeto ena: “Haeba bopaki bo hlakile ’me bo kholisa ba hore ngoana ea tlaase lilemong o butsoitse ka ho lekaneng hore a utloisise liphello tsa liketso tsa hae, [le] hore a nahane joaloka motho e moholo, joale molao o amang ngoana ea butsoitseng empa a le tlaase lilemong o mo fa tokelo ea molao o sa ngoloang o thehiloeng moetlong oa hore a amohele kapa a hane phekolo.” Khopolo ea hore ngoana ea tlaase lilemong e ka ba ea butsoitseng ea tšehetsoa le Afrika Boroa. Kahoo, ha lingaka kapa ba boholong ba hlahloba hore na ngoana o butsoitse ka ho lekaneng hore a ka iketsetsa qeto, ba ka ’na ba mo botsa lipotso tse itseng ho utloa ha a tšetleha mabaka a hae a ho hana tšelo ea mali. Ho ka ’na ha hlokahala hore mocha eo a utloisise hantle hore na bokuli ba hae bo tebile hakae le hore na liphello tsa phekolo eo a e khethang e tla ba life ’me a bolele ka ho hlaka le ka tieo seo a se lumelang tabeng ea molao oa Molimo ka mali.
3. Batsoali ba lokela ho nahana ka lipotso life ka ho teba, hona hobane’ng?
3 Ngoana oa Hao o ne a Tla Re’ng? Na bana ba hao ba khona ho ikemela tabeng ee? Na ba lumela ka lipelo tsohle tsa bona hore ho ‘ila mali’ ke taelo ea Molimo? (Lik. 15:29; 21:25) Na ba ka sebelisa Mangolo ho hlalosa seo ba se lumelang? Na ba ka ba le sebete sa ho emela qeto ea bona e tiileng ka mali haeba lingaka li lumela hore bophelo ba bona bo kotsing, esita le haeba batsoali ba bona ba le sieo? Kaha “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang,” u ka thusa bana ba hao joang hore ba lule e le malala-a-laotsoe bakeng sa teko leha e le efe e sa lebelloang ea botšepehi ba bona?—Moek. 9:11; Baef. 6:4.
4, 5. (a) Batsoali ba na le boikarabelo bofe, ’me ba ka bo phetha joang? (b) Ho na le litokisetso life bakeng sa ho thusa batsoali?
4 Batsoali, le ka Etsa’ng? Le na le boikarabelo ba ho ruta bana ba lōna pono ea Molimo ka mali. (2 Tim. 3:14, 15) Tlhaloso e hlakileng e fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 268-72. Ithuteng eona ka hloko le malapa a lōna. Sebelisang sehlooho se reng “Haeba e Mong a Re—” leqepheng la 272-4, ’me le be le mananeo a ho itlhakisa le bana ba lōna e le ho ba thusa ho ba le phihlelo ea ho hlalosa seo ba se lumelang le lebaka la ho se lumela. (1 Pet. 3:15) Lingoliloeng tse ling tse ka re rutang ka mali ke bukana ea Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? le Molula-Qhooa oa June 15, 2004, leqepheng la 14-24. Ho ekelletsa moo, video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights le ea No Blood—Medicine Meets the Challenge, tseo hona joale li tsoang le ka DVD eo sehlooho sa eona se reng Transfusion Alternatives—Documentary Series, li fana ka boitsebiso bo kholisang ba hore ho phekoloa le ho buuoa ntle ho mali hoa utloahala ebile hoa atleha. Na lelapa la hao le kile la shebella le ho tšohla mananeo aa?
5 Thusa bana ba hao hore ba ‘ipakele e le bona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng’ tabeng ea mali. Joale ba ka etsa qeto e bontšang hore ba butsoitse, le eo Jehova a tla e hlohonolofatsa.—Bar. 12:2.