Bokamoso ba Lefatše bo Matleng a Mang?
MAKASINE ea National Geographic ea October 2007, e ile ea re: “Ho futhumala ha lefatše ke bothata bo boholo ka ho fetisisa boo re kileng ra tobana le bona.” Makasine eo e ile ea re e le hore re rarolle bothata boo ho hlokahala hore “re nke khato ka potlako re bile re sa qeaqee—’me re nke lintho ka ho teba, e leng seo batho ba se bontšitseng seoelo.”
Na batho ba tla bontša hore ba nka lintho ka ho teba? Ho na le lintho tse ngata tse ba sitisang: ho se tsotelle, meharo, ho hloka tsebo, ho batla ho ithuisa, ho loanela leruo linaheng tse futsanehileng le boikutlo boo ba bangata ba nang le bona ba hore lintho li ntse li lokile e le ha ba batla ho itsoella pele ba sebelisa lintho tse hlokang phepelo e ngata ea matla.
Moprofeta oa Molimo oa boholo-holo o hlalosa ka tsela e utloahalang hore na motho o na le matla a makae a ho rarolla mathata a boitšoaro, a sechaba le a puso. O ile a re ha a ngola: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Histori ea batho e tletseng litlokotsi e bontša hore mantsoe ao ke ’nete. Le hoja kajeno batho ba hatetse pele haholo saenseng le theknolojing, re ka ’na ra hlaheloa ke maemo a kotsi ho feta le ha e le neng pele. Kahoo ke’ng se ka etsang hore re kholisehe hore lintho li tla ntlafala nakong e tlang?
Ke ’nete hore ho fanoe ka litlhahiso tse ngata tsa kamoo ho ka rarolloang bothata ba tlelaemete kateng le mathata a mang a ka bakang likotsi, empa ha ho letho le lekaalo le entsoeng. Ka mohlala, lichaba li ile tsa etsa’ng ka 2007 ha likepe li lumelloa hore li fete ka lekhetlo la pele metsing a Northwest Passage e kopanyang leoatle la Atlantic le la Pacific? Sehlooho se ngotsoeng ke baphatlalatsi ba makasine ea New Scientist se re: “Li ile tsa mathela ho tseka sebaka se bulehileng e le hore li [khone] ho rafa oli e eketsehileng le khase.”
Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Bibele e ile ea bolela ka nepo esale pele hore batho ba ne ba tla fihla moo “ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ho hlakile hore lefatše le hloka moeta-pele ea bohlale le ea matla ea tla atleha ho finyella pakane eo le eo bafo ba hae ba tla ikokobelletsa eena. Na ho na le moeta-pele kapa rasaense ea ikemiselitseng le ea bohlale ea ka finyellang seo? Bibele e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.”—Pesaleme ea 146:3.
Bokamoso ba Lefatše—Bo Matleng a Motho ea Loketseng!
Ho na le Moeta-pele a le mong feela ea ka atlehang ho rarolla mathata a tjametseng lefatše. Bibele ile ea bolela esale pele se latelang ka eena: “Moea oa Jehova [Molimo] o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova . . . O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, . . . ’me a bolaee ea khopo ka moea oa molomo oa hae.”—Esaia 11:2-5.
Moeta-pele eo ke mang? Ke Jesu Kreste ea re teletseng bophelo ba hae ka lerato. (Johanne 3:16) Hona joale Jesu ke motho ea matla oa moea, ’me Molimo o mo file bolaoli le matla a hore a buse lefatše.—Daniele 7:13, 14; Tšenolo 11:15.
Jesu oa tšoaneleha hobane o boetse o tseba pōpo ea Molimo ka tsela e pharaletseng, o e tsebile le pele a tla lefatšeng. Ha e le hantle, Jesu e ne e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo, lilemong tse se nang palo tse fetileng ha Molimo a ne a bōpa bokahohle. (Liproverbia 8:22-31) Ak’u nahane ka sena: Jesu ea kentseng letsoho ha ho bōptjoa lefatše le lintho tsohle tse phelang, ke eena ea tla etella pele ho etsolla tšenyo eo batho ba e bakileng ka liketso tsa bona tse booatla.
Bafo ba Kreste e tla ba bo-mang? Ke batho ba bonolo le ba ikokobelitseng e le kannete ba tsebang Jehova Molimo oa ’nete ba bile ba mamela Jesu Kreste e le ’Musi. (Pesaleme ea 37:11, 29; 2 Bathesalonika 1:7, 8) Jesu o ile a re “ba tla rua lefatše,” le tla beng le fetotsoe paradeise.—Matheu 5:5; Esaia 11:6-9; Luka 23:43.
U ka etsa’ng e le hore le uena u be teng ha litšepiso tsee tsa Bibele li phethahala? Jesu o araba ka ho re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Ke ’nete hore e ka ’na eaba lefatše la rōna le maqakabetsing, empa ha ho pelaelo hore le tla tsoela pele e le lehae la batho. Ho e-na le hoo, ba tla ba maqakabetsing ke ba ntseng ba tsoela pele ho se hlomphe pōpo ea Molimo ba bile ba hana ho ikokobelletsa Jesu Kreste. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u amohele tsebo e lebisang bophelong bo sa feleng.
[Mantsoe a hlalosang lebokose mo leqepheng la 8]
SEO SAENSE E KE KENG EA SE FINYELLA
Le hoja batho ba tseba hantle likotsi tse bang teng, ba limilione ba itematsa kelellong le ’meleng ka hore ba sebelise lithethefatsi, ba noe ho tlōla le ho tsuba. Ha ba nke bophelo e le mpho e halalelang e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 36:9; 2 Bakorinthe 7:1) Ka masoabi, boikutlo bona ba ho se tšabe Molimo bo tlatselitse le mathateng a amang lefatše.
Joale ebe tharollo ke efe? Na saense kapa thuto ea lefatše e ka ba tharollo? Che. Kaha ha e le hantle bothata ke hore batho ha ba talime lefatše ka tsela eo Jehova a le talimang ka eona, tharollo ke hore ba ithute ho eketsehileng ka Molimo. Bibele e lumellana le sena. Kahoo, e tšepisa hore nako ea tla eo ka eona batho ‘ba ke keng ba ntša kotsi leha e le efe kapa ba baka tšenyo’ lefatšeng kaha le tla be le ‘tletse tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.’—Esaia 11:9.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 8, 9]
Pusong e lokileng ea Kreste ba lokileng ba tla kopanela ho etseng lefatše paradeise