Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 4/15 maq. 17-19
  • Melito oa Sarda—Na o ne a Sireletsa Linnete Tsa Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melito oa Sarda—Na o ne a Sireletsa Linnete Tsa Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ea Tlisitseng Leseli le Leholo’
  • O ile a Sebelisa Mangolo ho Sireletsa Bokreste
  • Ho Sireletsa Molemo oa Thekollo
  • Na Melito o ne a Anngoe ke Bokoenehi?
  • Sejo sa Morena sa Mantsiboea—Se Lokela ho Ketekoa Hangata Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • ‘Sena e Tla ba Sehopotso ho Lōna’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Tloha Seder ho ea Polokong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 4/15 maq. 17-19

Melito oa Sarda—Na o ne a Sireletsa Linnete Tsa Bibele?

SELEMO se seng le se seng Bakreste ba ’nete ba ikhopotsa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka letsatsi le tsamaisanang le la 14 Nisane almanakeng ea Seheberu. Ba mamela taelo ena ea Jesu e reng: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Ha e le hantle, e ne e le letsatsing leo ka selemo sa 33 C.E. ha Jesu a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae la sehlabelo ka mor’a hore a keteke Paseka. O ile a shoa pele letsatsi leo le fela.—Luka 22:19, 20; 1 Bakorinthe 11:23–28.

Lekholong la bobeli la lilemo C.E., ba bang ba ile ba qala ho fetola nako eo sehopotso seo se neng se tšoaroa ka eona le mokhoa oo se neng se tšoaroa ka oona. Empa Asia Minor teng ho ile ha tsoeloa pele ho sebelisoa letsatsi leo Jesu a neng a shoele ka lona. Leha ho le joalo, joalokaha buka e ’ngoe e bolela, “tloaelo e neng e le teng Roma le Alexandria e ne e le ho ikhopotsa tsoho [ea Jesu] ka Sontaha se latelang letsatsi leo a shoeleng ka lona,” ba e bitsa Paseka ea Tsoho. Sehlopha se neng se tsejoa e le sa Bo-Leshome-le-Metso-e-Mene se ile sa sireletsa taba ea hore lefu la Jesu Kreste le hopoloe ka la 14 Nisane. Melito oa Sarda o ne a lumellana le thuto ena. Melito e ne e le mang? O ile a sireletsa ’nete ee ea Bibele le linnete tse ling ka tsela efe?

‘Ea Tlisitseng Leseli le Leholo’

Ho ea ka Eusebius oa Cesarea, bukeng ea hae e bitsoang Ecclesiastical History, bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo, Polycrates oa Efese o ile a romela lengolo Roma a sireletsa taba ea hore ho ketekoe “Paseka ka la leshome le metso e mene ho ea ka Kosepele, ho se ke ha e-ba le ho kheloha, empa e ketekoe ho ea ka molao oa tumelo [ea Bokreste].” Ho ea ka lengolo lena, Melito—eo e neng e le Mobishopo oa Sarda, Lydia—e ne e le e mong oa ba tšehetsang hore Paseka e lokela ho ketekoa ka letsatsi la la 14 Nisane. Lengolo lena le bolela hore batho ba mehleng ea Melito ba ne ba mo nka e le ‘e mong oa ba ileng ba tlisa leseli le leholo ha a sa ntse a phela.’ Polycrates o ile a bolela hore Melito o ne a sa nyala le hore “o ne a amehile feela ka litaba tsa Moea o Halalelang ’me o patiloe Sarda moo a emetseng pitso ea ho ea leholimong ha a tsoha bafung.” E ka ’na eaba sena se bolela hore Melito e ne e le e mong oa ba neng ba lumela hore tsoho e ne e ke ke ea etsahala ho fihlela Kreste a khutla.—Tšenolo 20:1-6.

Kahoo, hoa bonahala hore e tlameha ebe Melito e ne e le motho ea sebete le ea nang le boikemisetso. Ha e le hantle, o ile a ngola buka e bitsoang Apology e neng e sireletsa Bakreste, e leng e ’ngoe ea libuka tsa pele-pele tse ileng tsa phatlalatsoa, a e ngolla Marcus Aurelius, eo e neng e le Moemphera oa Roma ho tloha ka 161 ho isa ka 180 C.E. Melito o ne a sa tšabe ho sireletsa Bokreste haesita le ho nyatsa banna ba khopo le ba meharo. Banna ba khopo le ba meharo joalo ba ne ba batla litaelo tse sa tšoaneng tsa moemphera hore ba lokafatse ho hlorisa Bakreste le ho ba ahlola ka leeme e le hore ba tsebe ho utsoa matlotlo a bona.

Ka sebete, Melito o ile a ngolla moemphera a re: “Re u kōpa ntho ena e le ’ngoe feela, ea hore ka bouena u hlahlobe batho bana bao ho thoeng ba baka ho se lumellane hona [e leng Bakreste], ’me u ahlole ka ho loka hore na ba lokeloa ke lefu le kotlo kapa hore na ba lokela ho sireletsoa le ho lokolloa. Empa haeba molao ona oo esita le lira tseo e leng maqaba li sa lokelang ho o beheloa o sa tsoe ho uena, re u kōpa ka tieo hore u se ke ua re hlokomoloha ha mokhopi ona o re hlasela.”

O ile a Sebelisa Mangolo ho Sireletsa Bokreste

Melito o ile a bontša thahasello e khōlō ea ho ithuta Mangolo a Halalelang. Ha re na lethathamo le feletseng la libuka tseo a li ngotseng, empa lihlooho tse ling tsa libuka tseo li bontša kamoo a neng a thahasella litaba tsa Bibele kateng. Libuka tse ling tseo a li ngotseng li akarelletsa tse latelang: On Christian Life and the Prophets, On the Faith of Man, On Creation, On Baptism and Truth and Faith and Christ’s Birth, On Hospitality, The Key le On the Devil and the Apocalypse of John.

Melito ka boeena o ile a etela linaheng tseo Bibele e buang ka tsona ho ea batlisisa hore na ha e le hantle Mangolo a Seheberu a makae ka palo. Mabapi le sena, o ile a ngola a re: “Ka lebaka leo, ha ke ne ke ile Bochabela ’me ke le moo lintho tsena li neng li rutoa teng le moo li neng li etsoa teng, le ka mor’a hore ke ithute ka ho nepahala libuka tsa Testamente ea Khale le hore ke ngole linnete tseo, ke ile ka u romella tsona.” Lethathamo lena la Melito la libuka tsa [Testamente ea Khale] ha le bue letho ka buka ea Nehemia le ea Esthere, empa ke lona lethathamo la khale ka ho fetisisa la libuka tse nkoang e le karolo ea Mangolo a halalelang a Seheberu tse ngotsoeng ke batho ba ipolelang hore ke Bakreste.

Patlisisong ena ea hae, Melito o ile a ngola letoto la litemana tse hlahang Mangolong a Seheberu tse nang le boprofeta bo buang ka Jesu. Buka eo ea Melito, eo sehlooho sa eona se reng Extracts, e bontša hore Jesu ke Mesia ea neng a emetsoe ka nako e telele le hore Molao oa Moshe le Baprofeta ba ile ba hla ba bua ka Kreste esale pele.

Ho Sireletsa Molemo oa Thekollo

Ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata ba lulang metseng ea bohlokoa ea Asia Minor. Bajuda ba Sarda, e leng moo Melito a neng a lula teng, ba ne ba keteka Paseka ea Seheberu ka la 14 Nisane. Melito o ile a ngola thero eo sehlooho sa eona se neng se re The Passover, e neng e bontša kamoo Paseka e neng e loketse kateng Molaong le e neng e sireletsa taba ea hore Bakreste ba ikhopotse Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka la 14 Nisane.

Ka mor’a hore Melito a hlalose Exoda khaolo ea 12 ’me a bontše hore Paseka e ne e tšoantšetsa sehlabelo sa Kreste, o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho sa utloahale hore Bakreste ba keteke Paseka. Lebaka e ne e le hore Molimo o ne a felisitse Molao oa Moshe. Eaba o bontša lebaka leo ka lona sehlabelo sa Kreste se hlokahalang: Molimo o ile a beha Adama paradeiseng e le hore a phele ka thabo. Empa motho oa pele ha aa ka a mamela taelo ea hore a se ke a ja litholoana tsa sefate sa ho tseba botle le bobe. Ka hona ho ile ha hlokahala hore ho be le thekollo.

Melito o ile a hlalosa hore Jesu o ne a rometsoe lefatšeng ’me a shoela thupeng e le hore batho ba bontšang tumelo ba ka rekolloa sebeng le lefung. Hoa thahasellisa hore ebe Melito o sebelisitse lentsoe la Segerike le bitsoang xylon, le bolelang “lehong,” ha a ne a ngola ka thupa eo Jesu a shoeletseng ho eona.—Liketso 5:30; 10:39; 13:29.

Melito o ne a tsejoa le libakeng tse ling ntle ho Asia Minor. Tertullian, Clement oa Alexandria le Origen ba ne ba tseba libuka tsa hae. Leha ho le joalo, rahistori ea bitsoang Raniero Cantalamessa o re: “Ho felloa ke botumo ha Melito, hoo butle-butle ho ileng ha etsa hore libuka tsa hae li nyamele, ho ile ha qaleha ha Bo-Leshome-le-Metso-e-Mene ba ne ba qala ho talingoa e le bakhelohi, e leng ho etsahetseng ka mor’a hore moetlo oa ho keteka Paseka ka Sontaha o hlōle.” Qetellong, libuka tsa Melito li ile tsa batla li nyamela ka ho feletseng.

Na Melito o ne a Anngoe ke Bokoenehi?

Ka mor’a lefu la baapostola, bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele bo ile ba qala ho kenella Bokresteng ba ’nete. (Liketso 20:29, 30) Ka ho hlakileng, seo se ile sa ama Melito. Ho bonahala mokhoa o rarahaneng oo a neng a ngola libuka tsa hae ka oona o bonahatsa mokhoa oo libuka tsa filosofi tsa Bagerike le tsa mehleng ea Roma li neng li ngoloa ka oona. Mohlomong ke lebaka leo ka lona Melito a neng a bitsa Bokreste “filosofi ea rōna.” Hape o ne a nka hore ho tsoakana ha Bokreste le ’Muso oa Roma “ke bopaki bo boholo . . . ba katleho.”

Ka sebele Melito ha aa ka a mamela keletso ena ea moapostola Pauluse: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” Ka hona, le hoja Melito a ile a sireletsa linnete tsa Bibele ka tsela e itseng, maemong a mangata o ile a li lahla.—Bakolose 2:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jesu o ile a theha Sehopotso sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka la 14 Nisane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela