Matla a Kokoanyana e Tsaratsang Lero
Na a Entsoe?
◼ Le hoja kokoanyana ena e bitsoang bombardier beetle e sa fete lisenthimithara tse peli ka bolelele, e tsebahala ka tsela e ikhethang eo e itšireletsang ka eona. Ha e hlaseloa, kokoanyana ena e tsaratsa lero le nkhang hampe le ho ntša moea o chesang ka morao, hore e leleke likho, linonyana esita le linqaqana.
Ak’u nahane: Kokoanyana ena e na le “litšoelesa tse peli tse bulehang setonong.” Tšoelesa ka ’ngoe e na le tanka ea motsoako o nang le asiti le hydrogen peroxide hammoho le e ’ngoe eo lik’hemik’hale li kopanngoang ka ho eona, e nang le lik’hemik’hale tse kopaneng le metsi. Kokoanyana ena e itšireletsa ka ho qhatsetsa motsoako o nang le asiti ka tankeng e nang le lik’hemik’hale tse ling e le hore metsoako ena e kopane. Ebe ho etsahala’ng? E tsaratsa sera ka lik’hemik’hale, metsi le moea—tseo mocheso oa tsona e ka bang likhato tse 100 tsa Celsius. Le hoja litanka tsena li sa fete milimithara ka bolelele, kokoanyana ena e ka fetola matla ao e tsaratsang lero lena le kotsi ka ’ona, tsela eo e le tsaratsang ka eona le motsoako oa lona.
Bafuputsi ba ’nile ba hlahlobisisa kokoanyana ena ho ithuta hore na ke joang ba ka qapang mekhoa ea ho nyanyatsa e molemo haholo le e sa silafatseng tikoloho. Ba fumane hore kokoanyana ena e sebelisa li-valve tse lumellang motsoako o nang le asiti hore e be oona feela o fetelang ka tankeng e ’ngoe, le hore e o bulela feela ha e le tlas’a khatello. Baenjiniere ba batla ho etsisa mokhoa ona o sebelisoang ke kokoanyana ena lienjeneng tsa likoloi le litima-mollong hammoho le linyanyatsing tse sebelisoang ke bakuli. Moprofesa Andy McIntosh oa Univesithi ea Leeds, Engelane, o re: “Ha ho motho ea kileng a hlahlobisisa kokoanyana ena a nahanne ka litaba tsa fisiks le tsa boenjiniere joaloka rōna—’me re ne re sa hlokomele hore na re tla ithuta lintho tse ngata hakaakang ho eona.”
U nahana’ng ka see? Na tsela e rarahaneng eo li-valve tsa kokoanyana ee li sebetsang ka eona le eo e ntšang mocheso le ho tsaratsa ka eona e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Oxford Scientific/photolibrary