Na re Hloka Mesia?
U KA botsa u botsitse, “Na re hloka Mesia?” Ka sebele e ka ba ho utloahalang ho botsa hore na ho na le seo Mesia a hlileng a ka u etsetsang sona.
Batho ba bang bao u hlomphang maikutlo a bona ba ka u tiisetsa hore karabo ea potso eo e hlakile ebile ha e na khang: Ehlile u hloka Mesia, feela joalokaha motho e mong le e mong a mo hloka. Setsebi se seng sa molao sa Mojuda sa lekholong la pele la lilemo se ile sa ngola tjena ka Mesia: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena.” Ka tsela eo, se ile sa hlakisa karolo ea bohlokoa eo Mesia a e phethang morerong oa ’Mōpi oa rōna oa ho hlohonolofatsa lichaba tsohle tsa lefatše. (2 Bakorinthe 1:20) Karolo eo Mesia a e phethang ke ea bohlokoa hoo boprofeta ba Bibele bo buang haholo ka ho fihla ha hae le ka bophelo ba hae. Bukeng e sebelisitsoeng ke batho ba limilione lilemong tse fetileng tse 70, Henry H. Halley o ile a bua a lomahantse meno a re: “Testamente ea Khale e ile ea ngolloa hore e tsose tjantjello ka Ho Tla ha [Mesia] le hore e lokisetse ho tla ha hae.” Empa na hoa hlokahala hore a tle? Ke hobane’ng ha u lokela ho ameha ka hona?
Ha e le hantle, lentsoe “Mesia” le bolela “Motlotsuoa” ’me le bolela ntho e le ’ngoe le lentsoe le tsejoang haholo la “Kreste.” Enoa eo Encyclopædia Britannica, Khatiso ea 1970, e mo bitsang “molopolli e moholo ka ho fetisisa,” o ile a tlameha ho tla ka lebaka la liketso tsa ho hloka tlhompho tsa batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva. Ba ile ba bōptjoa ba phethahetse, ka thabo ba tšepile hore ba tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng, empa tšepo eo e ile ea ba fella. Lengeloi le leng la lerabele, le ileng la tsejoa e le Satane Diabolose, le ile la bolela hore ’Mōpi oa bona o na le melao e thata haholo le hore ba tla tsoella hamolemo haeba ba ne ba ka iketsetsa liqeto ka hore na se setle le se sebe ke sefe.—Genese 3:1-5.
Eva o ile a thetsoa eaba o lumela leshano leo. Ho hlakile hore Adama o ile a nka hore bolekane ba mosali oa hae ke ba bohlokoa ho feta ho tšepahala ho Molimo, eaba o kopanela borabeleng boo bo neng bo susumelitsoe ke Diabolose. (Genese 3:6; 1 Timothea 2:14) Ka liketso tseo tsa bona, ha baa ka ba lahleheloa feela ke tšepo ea bophelo bo sa feleng tikolohong ea Paradeise, empa ba ile ba fetisetsa sebe le liphello tsa sona, e leng lefu, ho bana ba bona ba neng ba e-s’o hlahe.—Baroma 5:12.
Ntle ho tšenyo ea nako, ’Mōpi oa rōna, Jehova o ile a etsa qeto ea ho etsolla liphello tse mpe tsa letoto la liketsahalo tse qaliloeng ke borabele boo. O ne a tla etsa hore poelano e be teng ka seo hamorao e neng e tla ba molao-motheo Molaong oa Moshe—e leng hore ntho e tšoanang e lefuoe ka ntho e tšoanang. (Deuteronoma 19:21; 1 Johanne 3:8) Molao-motheo ona o ne o lokela ho phethahatsoa haeba ba bang ba bana ba malimabe ba Adama le Eva ba ne ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, joalokaha oo e ne e le morero oa ’Mōpi bakeng sa batho. Joale sena se re lebisa tabeng ea Mesia.
Ha Jehova Molimo a ne a ahlola Diabolose, o ile a bolela sena boprofeteng ba pele ba Bibele: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re, “pale ea litšepiso tsa bomesia e boleloang ka Mangolong, e qala ka polelo [ena].” Se seng sona se ile sa bolela hore Mesia ke eo Molimo “a tla etsolla ka eena koluoa ena eohle [ea sebe sa batho ba pele],” le eo ka eena a tla tlisetsa batho mahlohonolo.—Baheberu 2:14, 15.
Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua elelloa hore ho hang hona joale batho ha ba hlohonolofatsoe. Ho e-na le hoo, moloko oa batho o tetebetse ho hlokeng tšepo le tsielehong. Kahoo, The World Book Encyclopedia e bolela hore “Bajuda ba bangata ba sa lebeletse hore Mesia a tle,” le hore o “tla lokisa liphoso a be a hlōle lira tsa batho.” Empa Bibele eona e bolela hore Mesia o se a ile a tla. Na ho na le lebaka la ho lumela se boleloang ke Bibele? Potso ena e tla arabeloa sehloohong se latelang.