Meea ha ea ka ea Phela Lefatšeng le ho Shoella Teng
Meea e teng! Sebakeng se sa bonahaleng sa moea, ho na le meea e metle le e mebe. Na ke batho ba kileng ba phela lefatšeng le ho shoella teng?
Che, ha ho joalo. Ha motho a shoa, ha aa fetele lefatšeng la moea, joalokaha batho ba bangata ba nahana. Re tseba joang hore ho joalo? Hobane Bibele e rialo. Bibele ke buka ea ’nete e tsoang ho Molimo o le mong oa ’nete, oo lebitso la oona e leng Jehova. Jehova ke eena ea bōpileng batho; o tseba hantle hore na ho etsahala eng ka bona ha ba e-shoa.—Pesaleme ea 83:18; 2 Timothea 3:16.
Bibele e re Molimo o entse Adama, motho oa pele, “ka lerōle la lefatše.” (Genese 2:7) Molimo o ile oa ’meha Paradeiseng, tšimong ea Edene. Hoja Adama o ile a utloa molao oa Jehova, a ka be a sa ka a shoa; a ka be a ntse a phela lefatšeng kajeno. Empa ha Adama a tlōla molao oa Molimo ka boomo, Molimo o ile oa re ho eena: ‘U tla khutlela mobung, hobane u ntšitsoe ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.’—Genese 3:19.
See se bolela eng? Adama o ne a le hokae pele Jehova a ’mōpa ka lerōle? Ho ne ho se kae kapa kae moo a neng a le teng. E ne e se moea o e-s’o tsoaloe o leholimong. O ne a le sieo. Kahoo ha Jehova a ne a re Adama o tla ‘khutlela mobung,’ o ne a bolela hore Adama o tla shoa. Ha aa ka a fetela sebakeng sa moea. Ha Adama a e-shoa, o ile a boela a fetoha ea sa pheleng, o ile a ba sieo. Lefu ke ho ba sieo ha bophelo.
Empa ho thoe’ng ka ba bang ba shoeleng? Na le bona ha ba sa le eo? Bibele ea arabela:
“Tsohle [batho le liphoofolo] li ikela nģalong e le ’ngoe; tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.”—Moeklesia 3:20.
“Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5.
“Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse.”—Moeklesia 9:6.
“Nģalong ea bafu [lebitleng] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:10.
‘Motho o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi lona leo merero ea hae e felile.’—Pesaleme ea 146:4.
Na u fumana ho le thata ho kholoa mangolo aa? Haeba ho joalo, nahana ka sena: Malapeng a mangata, monna o fumana chelete ea ho phelisa lelapa la hae. Ha monna eo a e-shoa, hangata lelapa la hae le thulana le mathata. Ebile ka linako tse ling mosali le bana ha ba be le chelete e lekaneng ea ho reka lijo. Mohlomong lira tsa monna eo li tla ba hlekefetsa. Joale ak’u ipotse: ‘Haeba monna eo a phela lefatšeng la moea, ke hobane’ng ha a sa tsoele pele ho hlokomela lelapa la hae? Ke hobane’ng ha a sa sireletse lelapa la hae ho batho ba babe?’ Ke hobane mangolo a nepile. Monna eo ha a sa phela, ha aa khone ho etsa eng kapa eng.—Pesaleme ea 115:17.
Na see se bolela hore le ka mohla bafu ba ke ke ba phela hape? Che, ha ho joalo. Re tla bua ka tsoho hamorao. Empa sena se bolela hore bafu ha ba tsebe seo u se etsang. Ba ke ke ba u bona, ba u utloa, kapa ba bua le uena. Ha ho hlokahale hore u ba tšabe. Ba ke ke ba u thusa, ’me ba ke ke ba u ntša kotsi.—Moeklesia 9:4; Esaia 26:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Adama o ne a tsoa lerōleng, ’me o ile a khutlela lerōleng
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Ke ba phelang feela ba ka etsang lintho tsena
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Bafu ba ke ke ba thusa ba lapileng kapa ba sireletsa ba hlekefetsoang