Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 11/15 maq. 24-27
  • Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Oa ba Etsa e le e Motona le e Motšehali”
  • “Ka Setšoantšo sa Molimo”
  • Eva oa Sitoa
  • Adama o Mamela Lentsoe la Mosali oa Hae
  • Liphello Tsa Sebe
  • Thuto ho Rōna
  • Sebe sa Tšimolohong e ne e le Eng?
    Tsoha!—2006
  • Ke Hobane’ng re Tsofala Ebile re Shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Bophelo bo ne bo le Joang Paradeiseng?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 11/15 maq. 24-27

Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele

MOLIMO o ile a lekola polanete ena e bitsoang Lefatše. O ne a e lokisetsa hore batho ba lule ho eona. O ile a bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e molemo. Ha e le hantle, ha mosebetsi ona o phethiloe, o ile a bolela hore o “molemo haholo.” (Genese 1:12, 18, 21, 25, 31) Leha ho le joalo, pele a fihlela qeto eo ka ho feletseng, Molimo o ile a bua ka ntho e ’ngoe e neng e ‘se molemo.’ Ka sebele, lintho tsohle tseo Molimo a neng a li entse li ne li phethahetse. Ke feela hore o ne a e-s’o qete ho bōpa. Jehova a re: “Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši; ke tla mo etsetsa molekane [“mothusi,” NW] ea tšoanang le eena.”—Genese 2:18.

E ne e le morero oa Jehova hore batho ba phele ka ho sa feleng ba sa kule, ba thabile ba bile ba kena-kene lefatšeng la paradeise. Ntate oa batho bohle e ne e le Adama. Mosali oa hae, Eva, e ile ea e-ba “’m’a ba utloang bohle.” (Genese 3:20) Le hoja hona joale lefatše le tletse bana ba bona ba limilione tse likete, batho ha baa phethahala ho hang.

Pale ea Adama le Eva e tsebahala haholo. Empa e molemo hakae ho rōna? Re ka ithuta eng liphihlelong tsa banyalani baa ba pele?

“Oa ba Etsa e le e Motona le e Motšehali”

Ha Adama a ne a reha liphoofolo mabitso, o ile a bona hore li na le balekane le hore eena ha a na eena. Ka hona, ha a bona sebōpuoa se setle seo Jehova a neng a se entse ka khōpo ea hae, o ile a thaba. Ha Adama a hlokomela hore ka ho khetheha e ne e le karolo ea hae, o ile a re: “Enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka; o tla bitsoa mosali; hobane o ntšitsoe ho monna.”—Genese 2:18-23.

Monna o ne a hloka “mothusi.” Joale o ne a e-na le ea mo tšoanelang hantle. Eva o ne a tšoaneleha ka ho feletseng hore e be molekane oa Adama—ho hlokomeleng lehae la bona la serapa le liphoofolo, ho beng le bana le bolekaneng ba ’nete ba eo bohlale ba hae bo hlasimollang le ho tšehetsa.—Genese 1:26-30.

Jehova o ile a fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ka ho utloahalang banyalani bana ba neng ba ka e lakatsa. Molimo o ile a qalisa tokisetso ea lenyalo le ea lelapa eo batho ka kakaretso ba neng ba tla hlophisoa ka eona, ka hore a ise Eva ho monna oa hae ’me ka tsela eo a tiisa ka molao lenyalo la bona. Tlaleho ea Genese e re: “Monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” Ha Jehova a ne a hlohonolofatsa banyalani ba pele ’me a ba bolella hore ba ate, ho hlakile hore o ne a rerile hore ngoana e mong le e mong a hlahele lelapeng le mo hlokomelang, le nang le ntate le ’mè ba tla mo hlokomela.—Genese 1:28; 2:24.

“Ka Setšoantšo sa Molimo”

Adama e ne e le mora oa Molimo ea phethahetseng, ea entsoeng ka ‘setšoantšo sa [Hae] le ka ho tšoana [le eena].’ Empa kaha “Molimo ke Moea,” ba ne ba ke ke ba tšoana ka ’mele. (Genese 1:26; Johanne 4:24) Ba ne ba tšoana ka litšoaneleho tse ileng tsa etsa hore motho a phahamele liphoofolo. E, ho tloha qalong motho o ile a bōpelloa le litšoaneleho tsa lerato, bohlale, matla le toka. O ile a fuoa bolokolohi ba ho ikhethela le matla a ho ameha ka lintho tsa moea. Matla a boitšoaro a bōpeletsoeng ka ho eena, kapa letsoalo, a ile a mo nolofalletsa ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. Motho o ne a e-na le bohlale bo mo nolofalletsang ho thuisa ka hore na ke hobane’ng ha batho ba phela, ho tseba ’Mōpi oa hae le ho hlaolela setsoalle se haufi-ufi le Eena. Ha Adama a se a hlomeletsoe ka tsela eo, o ne a e-na le sohle seo a se hlokang hore a phethe karolo ea hae ea ho ba mohlokomeli oa mosebetsi oa matsoho a Molimo oa lefatšeng.

Eva oa Sitoa

Ha ho pelaelo hore Adama o ile a potlakela ho tsebisa Eva ka thibelo e le ’ngoe eo Jehova a neng a e entse: Ba ne ba ka ja litholoana tsa lifate tsohle tse lehaeng la bona la serapa ntle le tsa se le seng—sefate sa ho tseba botle le bobe. Ba ne ba sa lokela ho ja litholoana tsa sona. Haeba ba ne ba ka li ja, ba ne ba tla shoa letsatsing lona leo.—Genese 2:16, 17.

Kapele, ho ile ha hlaha tseko mabapi le tholoana e hanetsoeng. Eva o ile a atameloa ke noha, e neng e sebelisoa e le molomo oa moea o sa bonahaleng. Noha ena e ne e bonahala e hloka mano ha e botsa: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Eva a arabela ka ho re ba lumeletsoe ho ja litholoana tsa lifate tsohle ntle le tsa se le seng. Empa, noha e ile ea hanyetsa Molimo, ea re ho mosali: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” Mosali a qala ho bona sefate se thibetsoeng ka leihlo le lecha. “Sefate se monate ho jeoa . . . se khahlisa mahlo.” Ha a se a thetsitsoe ka hohle-hohle, Eva o ile a tlōla molao oa Molimo.—Genese 3:1-6; 1 Timothea 2:14.

Na sebe sa Eva se ne se ke ke sa qojoa? Le hanyenyane! Ipehe boemong ba hae. Noha e ile ea sotha ka ho feletseng seo Molimo le Adama ba neng ba se buile. U ne u tla ikutloa joang haeba motho eo u sa mo tsebeng a ne a qosa motho eo u mo ratang le eo u mo tšepang ka hore ha a tšepahale? Eva a ka be a ile a arabela ka tsela e fapaneng, e bontšang ho khoboheloa le ho halefa, esita le ho hana ho mamela. Etsoe, noha e ne e le mang hore e ka belaella ho loka ha Molimo le se builoeng ke monna oa hae? Ka lebaka la ho hlompha molao-motheo oa bohlooho, Eva a ka be a ile a batla keletso pele a etsa qeto leha e le efe. Re lokela ho etsa se tšoanang ha ho ka etsahala hore re fuoe boitsebiso bo khahlanong le litaelo tseo Molimo a re fileng tsona. Empa, Eva o ile a tšepa lipolelo tsa Moleki, a lakatsa hore ka boeena a etse qeto ka se setle le se sebe. Ha a ntse a nahanisisa haholoanyane ka taba ena, e ile ea ipiletsa haholoanyane ho eena. O ile a etsa phoso e kaakang ka ho lula a nahana ka takatso e fosahetseng, ho e-na le hore a e tlose kelellong kapa a buisane le hlooho ea lelapa ka litaba tsee!—1 Bakorinthe 11:3; Jakobo 1:14, 15.

Adama o Mamela Lentsoe la Mosali oa Hae

Kapele Eva o ile a phehella Adama hore a kopanele le eena sebeng. Re ka hlalosa ho lumela ha hae habonolo joang? (Genese 3:6, 17) Adama o ile a talimana le ntoa ea hore na o tšepahala ho mang. Na o ne a tla mamela ’Mōpi oa hae, ea neng a mo file ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le molekane ea ratoang, Eva? Na Adama o ne a tla batla tataiso ea Molimo mabapi le seo a neng a lokela ho se etsa nakong ee? Kapa monna o ne a tla ema le mosali oa hae? Adama o ne a tseba hantle hore seo mosali oa hae a neng a e-na le tšepo ea hore o tla se fumana ka ho ja tholoana e hanetsoeng e ne e le bohata. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Adama ha aa ka a thetsoa, empa mosali o ile a thetsoa ka ho phethahetseng ’me a ba tlōlong.” (1 Timothea 2:14) Ka hona, Adama o ile a khetha ka boomo ho hanyetsa Jehova. Ho bonahala hore tšabo ea hae ea ho arohana le mosali oa hae e ne e le khōloanyane ho feta tumelo ea hae matleng a Molimo a ho lokisa boemo.

Seo Adama a se entseng e ne e le ho ipolaea. E ne e boetse e le ho bolaea bana bohle bao Jehova ka mohau a mo lumeletseng ho ba ntat’a bona, kaha kaofela ha bona ba ne ba tsoaletsoe sebeng se isang lefung. (Baroma 5:12) Tahlehelo e tlisoang ke ho se mamele ho etsoang ka boithati e boima hakaakang!

Liphello Tsa Sebe

Phello e tlileng hang-hang ea sebe e bile lihlong. Ho e-na le hore banyalani bana ka thabo ba mathele ho ea bua le Jehova, ba ile ba ipata. (Genese 3:8) Setsoalle sa bona le Molimo se ne se senyehile. Ha ba botsoa ka seo ba se entseng, ha baa ka ba se soabela, le hoja ka bobeli ba ne ba hlokometse hore ba tlōtse molao oa Molimo. Ka ho ja tholoana e hanetsoeng, ba ile ba furalla molemo oa Molimo.

Ka lebaka leo, Molimo o ile a bontša hore ho beleha bana ho ne ho tla ba bohloko haholo. Eva o ne a tla lakatsa monna oa hae, ’me monna oa hae o ne a tla mo hatella. Kahoo, boiteko ba hae ba ho iphamolela ho ipusa bo ile ba fella ka ntho e fapaneng ka ho feletseng. Joale Adama o ne a tla ja ka thata se behoang ke mobu. Ho e-na le ho khora a sa sebetsa ka thata Edene, o ne a tla fumana lintho tse hlokahalang ka thata ho fihlela a khutlela lerōleng leo a neng a entsoe ka lona.—Genese 3:16-19.

Qetellong, Adama le Eva ba ile ba lelekoa serapeng sa Edene. Ho latela Gordon Wenham oa setsebi, Jehova o ile a re: “Motho o se a tšoana le rōna ka ho tseba botle le bobe, joale, e le hore a se ke a nanabetsa letsoho ’me a kha litholoana le sefateng sa bophelo ’me a li ja eaba o phela ka ho sa feleng . . . ” “Polelo ena e fella moeeng,” ’me re lokela ho qetela mohopolo oa Molimo—mohlomong ka ho re: “E-re ke mo leleke serapeng.” Ka tloaelo, mongoli oa Bibele o tlaleha mohopolo oa Molimo o feletseng. Empa Wenham o tsoela pele, o re, “ho siuoa ha sephetho [mona] ho bontša hore na Molimo o ile a nka bohato kapele hakae. O ne a e-s’o qete ho bua ha ba lelekeloa ka ntle ho serapa sena.” (Genese 3:22, 23) Ha seo se etsahetse, ho bonahala hore puisano pakeng tsa Jehova le banyalani bana ba pele e ile ea khaotsa.

Adama le Eva ha baa ka ba shoa nameng letsatsing leo la lihora tse 24. Leha ho le joalo, ba ile ba shoa ka kutloisiso ea moea. Ba arohile ka ho feletseng Mohloling oa bophelo, ba ile ba qala ho ba le bofokoli bo isang lefung. Ak’u nahane hore na ho ile ha e-ba joang ha ba talimana le lefu ka lekhetlo la pele ha mora oa bona oa bobeli, Abele, a ne a bolaoa ke letsibolo la bona, Kaine!—Genese 4:1-16.

Ka mor’a moo, ho tsejoa ho seng hokae ka banyalani ba pele. Mora oa bona oa boraro, Setha, o hlahile ha Adama a le lilemo li 130. Adama o ile a shoa lilemo tse 800 hamorao, a le lilemo li 930, ka mor’a ho ba le “bara le barali.”—Genese 4:25; 5:3-5.

Thuto ho Rōna

Ntle le ho senola sesosa sa ho mpefala ha boemo ba mokhatlo oa batho kajeno, tlaleho ea banyalani ba pele e re ruta thuto ea motheo. Ho bonahalang e le ho ipusa ntle ho Jehova Molimo ke booatla bo feletseng. Ba bohlale e le kannete ba lumela ho Jehova le Lentsoe la hae, eseng tsebong eo ba inahanang hore ba na le eona. Ke Jehova ea etsang qeto ka se setle le se sebe, ’me ha e le hantle, ho mo mamela ke ho etsa se nepahetseng. Ho etsa phoso ke ho tlōla melao ea hae le ho hlokomoloha melao-motheo ea hae.

Molimo o ile a rera ho fana ka sohle seo batho ba ka se lakatsang ’me o sa ntse a rerile ho fana ka sona—bophelo bo sa feleng, bolokolohi, khotsofalo, thabo, bophelo bo botle, khotso, nala le ho sibolla lintho tse ncha. Leha ho le joalo, hore re thabele lintho tsena kaofela ho hlokahala hore re hlokomele hore re itšetlehile ka ho feletseng ka Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.—Moeklesia 3:10-13; Esaia 55:6-13.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Adama le Eva—Na ke Batho ba Tšōmong Feela Tjee?

Tumelo ea hore paradeise ea pele e ile ea lahleha ka lebaka la sebe e ne e atile har’a Bababylona ba boholo-holo, Baassyria, Baegepeta le ba bang. Litlaleho tse ngata li ne li tšoana ha li bua ka sefate sa bophelo seo litholoana tsa sona li neng li tla fana ka bophelo bo sa feleng ho ba li jang. Ka hona, moloko oa batho oa hopola hore ho na le ntho e ’ngoe e bohloko e ileng ea etsahala Edene.

Kajeno, ba bangata ba hana tlaleho ea Bibele ea Adama le Eva ’me ba re ke tšōmo feela tjee. Empa bo-rasaense ba bangata ba lumela hore moloko oa batho ke lelapa le le leng le tsoang ho motho a le mong. Baruti ba thuto ea bolumeli ba bangata ba bona ho le thata ho hana hore liphello tsa sebe sa pele se entsoeng ke moholo-holo a le mong li ile tsa fetisetsoa molokong oa batho. Tumelo ea hore batho ha ba tsoe mohloling o le mong e ne e tla ba tlama ho bolela hore sebe sa pele se entsoe ke baholo-holo ba ’maloa. Ka lehlakoreng le leng, sena se ne se tla ba qobella ho hana hore Kreste, “Adama oa ho qetela,” o lopolotse moloko oa batho. Empa Jesu le barutuoa ba hae ha baa ka ba talimana le bothata bo joalo. Ba ne ba lumela hore tlaleho ea Genese ke ’nete.—1 Bakorinthe 15:22, 45; Genese 1:27; 2:24; Matheu 19:4, 5; Baroma 5:12-19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela