Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
“Hopolang mosali oa Lota.”—LUKA 17:32, “TLP.”
1. Ke mohlala ofe oa histori oa topollo ea bomolimo oo thuto ea rōna kajeno e o totobatsang, ’me o ka re tsoela molemo joang?
HOBA a bolele ka topollo e tsotehang eo Jehova a ileng a e etsa molemong oa Noe le lelapa la hae, moapostola Petrose o ile a bua ka mohlala o mong oa histori. O ile a hlokomelisa ka ho pholosoa ha Lota ea lokileng ha Sodoma le Gomorrha li ripitloa hore e be molora, joalokaha re bala ho 2 Petrose 2:6-8. Lintlha tseo li bolokiloe molemong oa rōna. (Ba-Roma 15:4) Ho tebisa ha rōna pelong se ileng sa etsahala mabapi le topollo eo ho ka thusa ho re beha mocheng oa ho pholosoa ho kena lefatšeng le lecha la Molimo.
Kamoo re Arabelang ka Teng Tseleng ea Lefatše ea Bophelo
2. Ke boitšoaro bofe bo neng bo le teng Sodoma le Gomorrha bo ileng ba isa ho timetsoeng ha tsona ke Molimo?
2 Ke hobane’ng ha metse eo le baahi ba eona e ile ea timetsoa? Moapostola Petrose o bolela ka ho kenella “boitšoarong bo hlephileng.” (2 Petrose 2:7, NW) Joalokaha ho bontšitsoe ke ho sebelisoa ha lentsoe la Segerike leo polelo eo e fetoletsoeng ho tsoa ho lona, batho ba Sodoma le Gomorrha ba ne ba kenelletse bobeng ka mokhoa o neng o bontša ho hloka tlhompho ho se nang lihlong, esita le ho nyelisa molao le taolo. Juda 7 (NW) e re ba ne ‘ba etsa bohlola bo fetelletseng ’me ba batla nama bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho.’ Ho fetella ha boitšoaro ba bona ho ile ha bonahala ha banna ba Sodoma, “bana le ba holileng, batho kaofela-fela,” ba pota-pota ntlo ea Lota ’me ba laela hore a nehelane ka baeti ba hae bakeng sa hore banna ba Sodoma ba khotsofatse litakatso tsa bona tse silafetseng. ’Me ba ile ba tjolietsa Lota ka linyeliso kahobane a ne a hanyetsa litaelo tsa bona tse nyelisehang.—Genese 13:13; 19:4, 5, 9.
3. (a) Ho ile ha tla joang hore Lota le lelapa la hae ba e’o phela tikolohong e silafetseng joaloka Sodoma? (b) Karabelo ea Lota e ile ea e-ba efe boitšoarong bo hlephileng ba batho ba Sodoma?
3 Qalong Lota o ne a ile a fallela sebakeng se pel’a Sodoma ka baka la matla a sona a ho fana ka katleho linthong tse bonahalang. Ka mor’a nako, o ile a lula motseng oo ka booona. (Genese 13:8-12; 14:12; 19:1) Empa o ne a sa lumellane le mekhoa e litšila ea batho ba motse oo, ’me batho bao ba ne ba sa mo talime e le e mong oa bona, ka ho hlakileng lebaka e ne e le hore Lota le lelapa la hae ba ne ba sa kenelle bophelong ba bona ba sechaba. Joalokaha 2 Petrose 2:7, 8 e bolela: ‘Lota o ne a hlora hampe ka baka la ketso tse lihlong tsa batho bao ba manyala—hobane monna eo ea lokileng, moeeng oa hae o lokileng, o na a ntse a hloreha ka tsatsi le leng le le leng, ha a na a ahile le bona, ka baka la mesebetsi e mebe ea bona, eo a neng a e bona le eo a neng a e utloa.’ Maemo ao a ile a bakela Lota teko e boima hobane, joaloka monna ea lokileng, o ne a nyonya boitšoaro bo joalo.
4. (a) Ke ka litsela life maemo kajeno a tšoanang le a neng a le Sodoma ea boholo-holo? (b) Haeba re tšoana le Lota ea lokileng, re arabela joang maemong a silafetseng a teng kajeno?
4 Mehleng ea rōna ka ho tšoanang, boemo ba boitšoaro mokhatlong oa batho bo hlephile haholo. Linaheng tse ngata, ba ntseng ba eketseha ka palo ba kenella likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo kapa ka ntle ho lona. Esita le bacha ba bangata sekolong ba kenelletse ka ho teba tseleng ena ea bophelo, ba bile ba soma ba sa ikopanyeng le bona. Basodoma ba itsebahatsa pepenene ’me ba tsamaea ba entse mekoloko literateng tsa metse e meholo ba batla ho amoheloa. Baruti ba kenelletse boithabisong bo fetelletseng. Ka molao, hase likereke tse ngata tse khethang basodoma ba tsejoang le lihlola bakeng sa bosebeletsi. Leha ho le joalo, bonneteng, joalokaha litlaleho tsa litaba ka makhetlo-khetlo li bontšitse, ho hang ha ho thata ho fumana basodoma, lihlola, le bafebi har’a baruti. Ha e le hantle, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ’nile ba isoa metseng e meng kapa ba ba ba qobelloa ho itokolla mosebetsing ka baka la liketso tse hlabisang lihlong tsa botona le botšehali. Batho ba ratang ho loka ha ba lumellane le bokhopo bo joalo; ba “nyonya se khopo.” (Ba-Roma 12:9, NW) Ba soaba haholo-holo ha boitšoaro ba batho ba ipolelang e le ba sebeletsang Molimo bo tlisetsa lebitso la oona thohako ’me bo etsa hore batho ba hlokang tsebo ba furalle bolumeli bohle ka ho teneha.—Ba-Roma 2:24.
5. Ke potso efe eo ho timetsa ha Jehova Sodoma le Gomorrha ho re arabellang eona?
5 Selemo le selemo boemo bo ntse bo mpefala. Na see se tla fela? E, se tla fela! Seo Jehova a ileng a se etsa Sodoma le Gomorrha tsa boholo-holo se bontša ka ho hlaka hore, ka nako ea hae e khethiloeng, o tla phethahatsa kahlolo. O tla timetsa ba khopo ka ho felletseng, empa o tla lopolla bahlanka ba oona ba tšepahalang.
Ke Mang Kapa ke Eng e Tlang Pele Bophelong?
6. (a) Ho na le thuto efe e nakong tlalehong e mabapi le bahlankana ba neng ba tlil’o nyala barali ba Lota? (b) Boikutlo ba balekane ba bona ba ka moso bo ile ba leka barali ba Lota joang?
6 Ke feela ba bonahatsang boinehelo ba ’nete ba bomolimo ba tla hauheloa. Ntlheng ena, nahana ka seo mangeloi a Jehova a ileng a se bolella Lota pele Sodoma le Gomorrha li timetsoa. “Ke bafe bao u sa nang le bona mona? Bakhoenyana, kapa bara, kapa barali, leha e le mang le mang eo u nang le eena motseng, u ba ntše motseng; hobane rōna re ea senya motse ona.” Kahoo Lota o ile a buisana le bahlankana ba neng ba tla nyala barali ba hae. O ile a ba phehella ka makhetlo-khetlo: “Tsohang, le tsoe nģalong ena, hobane Jehova o ea timeletsa motse!” Kamano ea bona le lelapa la Lota e ile ea ba fa monyetla o khethehileng oa topollo, empa ho ne ho hlokahala hore bona ka bobona ba nke khato. Ba ne ba lokela ho fana ka bopaki bo bonahalang ba ho utloa Jehova. Ho e-na le hoo, mahlong a bona “ha e-ba joale ka hojane [Lota] oa soasoa.” (Genese 19:12-14) U ka inahanela hore na barali ba Lota ba ile ba ikutloa joang ha ba tseba se etsahetseng. Ho ile ha beha botšepehi ba bona ho Molimo tekong.
7, 8. (a) Ha mangeloi a phehella Lota hore a nke lelapa la hae ’me ba balehe, o ile a arabela joang, hona ke hobane’ng ha see se ne se se bohlale? (b) Hore ba lopolloe, ke eng e neng e hlokahala ho Lota le lelapa la hae?
7 Ka meso hoseng ho latelang, mangeloi a ile a potlakisa Lota. A ile a re: “Tsoha, u nke mosali oa hao, le barali ba hao ba babeli ba leng mona, e se re mohlomong ua timela tšenyong ea motse ona.” Empa ‘a ’na a lika-lika.’ (Genese 19:15, 16) Hobane’ng? O ne a tšoeroe ke eng? Na e be ke lithahasello tsa lintho tse bonahalang tseo a neng a e-na le tsona moo Sodoma—eona ntho e neng e ile ea mo hohela hore a tle sebakeng seo ho tloha qalong? Haeba a ne a ka khomarela lintho tsena, o ne a tla timetsoa hammoho le Sodoma.
8 Ka baka la qenehelo, mangeloi a ile a hula litho tsa lelapa la hae ka matsoho ’me a li ntša ka potlako motseng oo. Ha ba le ka thōko ho oona, lengeloi la Jehova la laela: “Baleha, u boloke bophelo ba hao; u se ke ua hetla kamorao, u se ke ua ema lehoatateng lohle; balehela thabeng, e se re mohlomong ua timeletsoa.” Lota o ile a ’na a tsila-tsila. Qetellong, hoba ho lumellanoe hore a ka ea sebakeng se seng thōko hakaalo, eena le lelapa la hae ba baleha. (Genese 19:17-22) Ho ne ho ke ke ha hlola ho sa ba le tieho; ho ne ho hlokahala kutlo.
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho ba ’moho le monna oa hae feela ho ne ho sa lekana ho mosali oa Lota ho tiisa hore o tla pholoha? (b) Ha mosali oa Lota a bolaoa, ke teko efe e eketsehileng e ileng ea tlela Lota le barali ba hae?
9 Leha ho le joalo, topollo e ne e e-s’o fele ha ba tloha Sodoma. Genese 19:23-25 ea re bolella: “Letsatsi le ne le chabela lefatše, ha Lota a kena Tsoare. Eaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomorrha sebabole le mollo o tsoang ho Jehova maholimong. A timeletsa metse eo, le lehoatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse melisoang ke mobu.” Empa mosali oa Lota o ne a le hokae?
10 O ne a ile a baleha hammoho le monna oa hae. Leha ho le joalo, na o ne a lumellana ka botlalo le seo monna a se etsang? Ha ho letho le bontšang hore ka tsela leha e le efe o ne a amohela boitšoaro bo bobe ba Sodoma. Empa na lerato la hae ho Molimo le ne le le matla ho feta ho khomarela ha hae lehae la hae le lintho tse bonahalang tseo a neng a e-na le tsona moo? (Bapisa le Luka 17:31, 32.) Tlas’a khatello, se ka pelong ea hae se ile sa bonahala. Ka ho hlakileng ba ne ba se ba le haufi le Tsoare, mohlomong ba le mothating oa ho kena motseng, ha ka ho hloka kutlo a hetla ’me a sheba morao. ’Me joalokaha tlaleho ea Bibele e bolela, “a fetoha seemahale sa letsoai.” (Genese 19:26) Joale Lota le barali ba hae ba ne ba talimane le teko e ’ngoe ea botšepehi. Na ho khomarela ha Lota mosali oa hae ea shoeleng kapa maikutlo a banana bao ka ’m’a bona ea shoeleng a ne a le matla ho feta lerato la bona ho Jehova, ea neng a tlisitse tlokotsi ee? Na ba ne ba tla tsoela pele ho utloa Molimo esita le hoja e mong ea haufi haholo le bona a ipakile a sa tšepahale ho oona? Ka tšepo e felletseng ho Jehova, ha baa ka ba sheba morao.
11. Ke eng eo re ithutileng eona moo ka topollo eo Jehova a fanang ka eona?
11 E, Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong. O tseba ho lopolla malapa kaofela a kopaneng borapeling bo hloekileng; o boetse o tseba ho lopolla batho ka bomong. Ha ba mo rata kannete, o bontša ho nahanela ho hoholo ha a sebelisana le bona. “Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pesaleme ea 103:13, 14) Empa topollo ea hae e tla feela ho bao e leng batho ba boinehelo ba bomolimo, bao boinehelo ba bona e leng ba ’nete, le bao kutlo ea bona e leng pontšo ea botšepehi.
Litokisetso Tse Lerato Bakeng sa Topollo e Kholoanyane
12. Ke litokisetso life tse lerato tseo Jehova a neng a tla li etsa pele a tlisa topollo eo re e lebelletseng ka cheseho hakana?
12 Ka seo a ileng a se tlisa mehleng ea Noe le Lota, Jehova ha aa ka a felisa bohle ba khopo ka ho sa feleng. Joalokaha temana e bolela, hoo ho ile ha mpa ha beha mohlala oa lintho tse tlang. Pele lintho tseo li ka fihla, Jehova o ne a hopotse ho hongata haholo hoo a neng a rerile ho ho etsa molemong oa batho ba mo ratang. O ne a tla rōmela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, lefatšeng. Mona, Jesu o ne a tla tlosa thohako lebitsong la Molimo ka ho bontša mofuta oa boinehelo boo Adama joaloka motho ea phethahetseng a neng a lokela a bile a ka khona ho ba le bona ho Molimo; empa Jesu o ne a tla ho etsa tlas’a maemo a thata ho feta moo hōle. Jesu o ne a tla tela bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le sehlabelo hore bana ba Adama ba lumelang ba ka fumana seo Adama a se lahlileng. Joale, “mohlatsoana” oa batho ba tšepahalang o ne o tla khethoa ke Molimo ho kopanela le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo, ’me “bongata bo boholo ba batho” bo ne bo tla bokelloa ho tsoa lichabeng tsohle ho bōpa motheo oa mokhatlo o mocha oa batho. (Luka 12:32; Tšenolo 7:9) Ha seo se phethiloe, Molimo o ne o tla etsa topollo e hlollang e neng e tšoantšetsoa ke liketsahalo tse amanang le Moroallo le timetso ea Sodoma le Gomorrha.
Lebaka Leo ka Lona ho Potlakileng ho Nka Khato ea Makhaola-khang Hona Joale
13, 14. Re ka ithuta eng ’neteng ea hore Petrose o sebelisitse timetso ea batho ba se nang bomolimo ba mehleng ea Lota le ea Noe e le mehlala?
13 Liithuti tsa Lentsoe la Molimo lia tseba hore liketsahalong tse ngata Jehova o ’nile a etsa liketso tsa topollo bakeng sa bahlanka ba hae. Leha ho le joalo, maemong a mangata Bibele ha e re, ‘Joalokaha ho bile nakong eo, kahoo ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.’ Ke hobane’ng ha moapostola Petrose, a bululetsoe ke moea o halalelang, a ile a qolla mehlala e ’meli feela? Ke eng ho neng ho fapane mabapi le se ileng sa etsahala mehleng ea Lota le Noe?
14 Pontšo e tobileng e fumanoa ho Juda 7, moo re balang hore “Sodoma le Gomorrha, le metse e ka mathōko a teng, . . . e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” E, timetso ea baetsalibe ba fetelletseng ba metse eo e bile ea ka ho sa feleng, joalokaha timetso ea ba khopo bofelong ba tsamaiso e teng ea lintho e tla ba ea ka ho sa feleng. (Mattheu 25:46, NW) Moroallo oa mehleng ea Noe o boleloa ka ho tšoanang boitsebisong bo tšohlang likahlolo tsa ka ho sa feleng. (2 Petrose 2:4, 5, 9-12; 3:5-7) Kahoo ka timetso ea batho ba se nang bomolimo mehleng ea Lota le Noe, Jehova o ile a bontša hore o tla lopolla bahlanka ba hae ka ho timetsa ka ho sa feleng ba etsang ho sa lokang.—2 Ba-Thessalonika 1:6-10.
15. (a) Ho fanoa ka temoso efe e potlakileng ho ba kenellang mekhoeng ea bokhopo? (b) Ke hobane’ng ha toka e tla phethahatsoa holim’a bohle ba qophellang ho etsa ho sa lokang?
15 Timetso ea ba khopo ha e thabise Jehova, leha e le hona hore e thabisa bahlanka ba hae. Ka Lipaki tsa hae, Jehova o phehella batho: “Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng”? (Ezekiele 33:11) Leha ho le joalo, ha batho ba sa bontše takatso ea ho utloa boipiletso bona bo lerato empa ba qophella tseleng ea bona ea boikhabi ea bophelo, tlhompho ea Jehova bakeng sa lebitso la hae le halalelang ka bolona le lerato la hae ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ba hlokofatsoang ke tšoaro e mpe matsohong a batho ba se nang bomolimo li hloka hore a phethahatse toka.
16. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore topollo e boletsoeng esale pele e haufi haholo? (b) E tla ba topollo ho eng le topollo ea ho kena ho eng?
16 Nako ea Molimo ea ho tlisa topollo e haufi haholo! Boikutlo le liketsahalo tseo Jesu a li boletseng esale pele e le pontšo ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho li bonahala ka ho hlaka. Litšobotsi tsa pontšo eo li qalile ho hlaha ka lekhetlo la pele lilemong tse ka holimo ho 75 tse fetileng, ’me Jesu o ile a bolela hore “moloko ona” o ne o ke ke oa feta pele phethahatso ea Molimo ea kahlolo holim’a lefatše le se nang bomolimo e etsahala. Ha Jehova a etsa qeto ea hore molaetsa oa ’Muso o boletsoe ho fihlela bohōleng bo lekaneng lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale bofelo ba lefatše lena le khopo bo tla tla, ’me topollo ea batho ba boinehelo ba bomolimo e tla tla hammoho le bona. (Mattheu 24:3-34; Luka 21:28-33) Topollo ho eng? Litekong tseo ba ’nileng ba lokela ho feta tlas’a tsona matsohong a ba khopo, le maemong ao letsatsi le letsatsi e ’nileng ea e-ba mohloli oa mahlomola ho bona joaloka batho ba ratang ho loka. Hape e tla ba topollo ea ho kena lefatšeng le lecha leo ho lona ho kula le lefu e tla ba lintho tsa nako e fetileng.
Thuso ea Bomolimo ka Sepheo sa Topollo
17. (a) Ke potso efe e tebileng eo re lokelang ho ipotsa eona? (b) Ke joang re ka fanang ka bopaki ba hore, joaloka Noe, re susumetsoa ke ho “tšaba Molimo”?
17 Potso eo ho hlokahalang hore re nahanisise ka eona re le batho ka bomong ke ena, ‘Na ’na ke itokiselitse khato eo ea Molimo?’ Haeba re itšepile borōna kapa kutloisiso ea rōna ea se lokileng, ha re e-s’o itokise. Empa haeba, joaloka Noe, re susumetsoa ke ho “tšaba Molimo,” joale re tla be re arabela ka tumelo tsamaisong eo Jehova a re fang eona, ’me sena se tla lebisa topollong ea rōna.—Ba-Heberu 11:7.
18. Ke hobane’ng ha ho ithuta tlhompho ea ’nete bakeng sa taolo ea puso ea Molimo e le karolo ea bohlokoa ea ho itokisetsa ha rōna topollo ea ho kena lefatšeng le lecha?
18 Ha e hlalosa hantle ba thabelang tšireletso eo Jehova a fanang ka eona esita le hona joale, Pesaleme ea 91:1, 2 e re: “Ea lutseng sephiring sa Mookameli ea phahameng, o phomola moriting oa Ea matla ’ohle. Ke re ho Jehova: U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang!” Sena ke sehlopha sa batho ba lebetsoeng ke Molimo joaloka malinyane tlas’a mapheo a matla a nonyana eo e leng ’m’a ’ona. Tšepo ea bona e felletseng e ho Jehova. Ba amohela hore ke eena Ea Holimo-limo, ea Matla ’Ohle. Ka baka leo, ba hlonepha taolo ea puso ea Molimo ’me ba ikokobeletsa eona, ho sa tsotellehe hore na e hlaha ho batsoali kapa ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Na hoo ke ’nete ka rōna re le batho ka bomong? Joaloka Noe, na re ithuta ho etsa ‘kahohle kamoo Jehova a re laelang’ le ho etsa lintho ka tsela ea hae? (Genese 6:22) Haeba ho joalo, re arabela tokisetsong eo Jehova a re fang eona bakeng sa topollo ea ho kena lefatšeng la hae le lecha.
19. (a) Lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso ke eng, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re li ele hloko? (Liproverbia 4:23) (b) Re ka rua molemo joang mohlaleng oa Lota mabapi le karabelo ea rōna likekong tsa lefatše?
19 Tokisetso eo e boetse e akarelletsa ho ela hloko lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. “Jehova ke mohlahlobi oa lipelo.” (Liproverbia 17:3, NW) O re thusa ho hlokomela hore hase seo re bonahalang re le sona ka ntle se tsotellehang empa, ho fapana le hoo, ke motho ea ka hare, pelo. Le hoja re sa kenelle pefong kapa boitšoarong bo bobe joaloka lefatše le re potolohileng, ho hlokahala hore re itebele khahlanong le ho ekoa kapa ho thabisoa ke lintho tsena. Joaloka Lota, re lokela ho ikutloa re hlomoha ka baka la hona ho ba teng ha liketso tse se nang molao joalo. Ba hloileng ho hobe ba ke ke ba batla litsela tsa ho kenella ho hona; leha ho le joalo, batho ba sa ho hloeang ba ka ’na ba qoba ho kenella ho hona ka bobona empa ka likelellong ba lakatsa eka ba ka be ba kopanela. “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe!”—Pesaleme ea 97:10.
20. (a) Bibele e re lemosa ka litsela life khahlanong le tsela ea bophelo ea lerato la lintho tse bonahalang? (b) Re ka bolela joang haeba lithuto tsa bohlokoa tsa Bibele tabeng ea lerato la lintho tse bonahalang li kene ka ho teba lipelong tsa rōna?
20 Ka lerato Jehova ha a re rute feela ho qoba boitšoaro bo bobe empa hape o re ruta ho qoba tsela ea bophelo ea lerato la lintho tse bonahalang. Lentsoe la hae lea eletsa: ‘Khotsofallang lijo le liaparo.’ (1 Timothea 6:8, TLP) Noe le bara ba hae ba ile ba lokela ho siea mahae a bona ha ba kena ka arekeng. Ka ho tšoanang, Lota le lelapa la hae ba ile ba lokela ho lahla lehae la bona le maruo e le hore ba ka pholosa bophelo ba bona. Ke hokae moo re tsepamisitseng lerato la rōna teng? “Hopolang mosali oa Lota.” (Luka 17:32, TLP) Jesu o ile a phehella: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Mattheu 6:33) Na re etsa seo? Haeba re tataisoa ke litekanyetso tse lokileng tsa Jehova, ’me haeba ho bolela ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae ke ntho ea pele eo re amehileng ka eona bophelong ba rōna, joale, ka sebele re arabela ho lokiseng ha hae batho bakeng sa topollo ea ho kena lefatšeng la hae le lecha.
21. Ke hobane’ng ha ka nepo re ka lebella hore tšepiso ea Jehova ea topollo e tla phethahatsoa haufinyane?
21 Ho batho ba boinehelo ba bomolimo ba neng ba tla bona ha pontšo ea ho ba teng ha hae matleng a ’Muso e phethahala, Jesu o itse: “Emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Na u bone pontšo eo ha e phutholoha ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe ea eona? Joale kholiseha hore phethahatso ea tšepiso ea Jehova ea topollo e haufi haholo! Kholiseha ka botlalo hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Petrose 2:9, NW.
U Ithutile Eng?
◻ Joaloka Lota, re lokela ho arabela joang tseleng ea lefatše ea bophelo?
◻ Ke liteko life tseo Lota le lelapa la hae ba ileng ba thulana le tsona esita le ha ba se ba ntse ba baleha Sodoma?
◻ Ke joang mehlala e sebelisitsoeng ke Petrose e hatellang kamoo ho potlakileng ka teng ho nka khato e tiileng ka lehlakoreng la Jehova hona joale?
◻ Ho lokiseng batho ha hae bakeng sa topollo, ke lithuto life tsa bohlokoa tseo Jehova a li rutang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batho ba Molimo ba lebetsoe ke oona joaloka malinyane a nonyana tlas’a mapheo a matla a ’m’a ’ona