Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/15 maq. 4-7
  • Ha Sebe se se se le Sieo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Sebe se se se le Sieo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho o Bōpiloe a se na Sebe
  • Qaleho ea Sebe
  • Letsoalo Lea ‘Qosa’ Kapa Lea ‘Emela’
  • Re Tla Lokoloha Sebeng Joang?
  • Seo Thekollo ea Kreste e ka re Etsetsang Sona
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lefatše le se Nang Sebe—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
    Atamela ho Jehova
  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/15 maq. 4-7

Ha Sebe se se se le Sieo

“NA RE tsoalloa sebeng?” Potso eo e ile ea tsietsa seithuti se nang le mangolo a univesithi sa United States hang ka mor’a hore se qale ho ithuta Bibele. Kaha se ne se hōletse Bohindung, khopolo ea hore sebe se futsitsoe e ne e le ncha ho sona. Leha ho le joalo, se ile sa nahana hore haeba kannete sebe se futsitsoe, e ne e tla ba ho se nang thuso ho latola kapa ho iphapanyetsa ’nete ea hore se teng. Motho a ka fumana karabo ea potso ee joang?

Haeba sebe se futsitsoe, e tlameha ebe ho na le moo se simolohileng teng. Na motho oa pele o bōpiloe a le khopo, kahoo a fetisetsa litšobotsi tsa bokhopo ho bana ba hae? Kapa na bofokoli bo ile ba hlaha hamorao? Hantle-ntle sebe se qalile neng? Ka lehlakoreng le leng, haeba sebe ke taba e sa tebang, ke bobe feela bo teng kapa matla, na re tla ke re be le tšepo ea ho lokoloha ho sona?

Ho latela tumelo ea Mahindu, mahlomola le bobe li tsamaisana le pōpo. Setsebi se seng sa Mohindu se boletse hore: “Mahlomola [kapa bobe], a mpa a tloha feela sebakeng se seng ho ea ho se seng joaloka ramatike e sa foleng, empa a ke ke a felisoa ka ho feletseng.” Ka sebele, bobe e ’nile ea e-ba karolo ea lefatše la moloko oa batho tlalehong eohle ea histori. Haeba bo bile teng pele motho a ngola histori, likarabo tse ka tšeptjoang li lokela ho hlaha mohloling o phahameng ho feta motho. Likarabo li lokela ho hlaha ho Molimo.—Pesaleme ea 36:9.

Motho o Bōpiloe a se na Sebe

Rafilosofi oa Mohindu, Nikhilananda, oa lumela hore litlhaloso tsa pōpo ea motho tse fanoeng ho li-Veda ke tsa tšoantšetso. Ka ho tšoanang, malumeli a mangata a ka Bochabela a fana feela ka litšōmo mabapi le pōpo. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang le a tšehelitsoeng ke saense a ho lumela tlaleho ea Bibele ea ho bōptjoa ha motho oa pele.a Khaolo e qalang feela ea eona e re: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.”—Genese 1:27.

Ho bōptjoa ka “setšoantšo sa Molimo” ho bolela eng? Ho mpa ho bolela sena: Motho o entsoe ka ho tšoana le Molimo, a e-na le litšoaneleho tsa bomolimo—joaloka toka, bohlale le lerato—tse mo khethollang ho liphoofolo. (Bapisa le Bakolose 3:9, 10.) Litšoaneleho tsena li ile tsa mo fa matla a ho khetha ho etsa botle kapa bobe, tsa mo etsa motho ea nang le boikhethelo. Motho oa pele o ne a se na sebe, ho ne ho se bobe kapa mahlomola bophelong ba hae ha a bōptjoa.

Jehova Molimo o ile a fa motho, e leng Adama, taelo ena: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Ha ba ne ba ka khetha ho mamela, Adama le mosali oa hae, Eva, ba ne ba ka rorisa le ho hlompha ’Mōpi oa bona ’me ba lula ba se na sebe. Ka lehlakoreng le leng, ho se mamele ha bona ho ne ho tla bontša hore ba hlōlehile ho phela tumellanong le litekanyetso tse phethahetseng tsa Molimo ’me ho ne ho tla ba etsa ba sa phethahalang—ba nang le sebe.

Adama le Eva ha baa bōptjoa e le melimo. Leha ho le joalo, ba ne ba e-na le litšoaneleho tsa bomolimo ka tekanyo e itseng ’me ba e-na le matla a ho etsa liqeto tsa boitšoaro. E le pōpo ea Molimo, ba ne ba se na sebe, kapa ba ne ba phethahetse. (Genese 1:31; Deuteronoma 32:4) Ho bōptjoa ha bona ha hoa ka ha senya kutloano e neng e rena lipakeng tsa Molimo le bokahohle ka lilemo-lemo ho fihlela ha ba bōptjoa. Joale, sebe se qalile joang?

Qaleho ea Sebe

Sebe se qalile sebakeng sa moea. Pele Molimo a bōpa lefatše le batho, o ne a se a bōpile libōpuoa tse bohlale tsa moea—mangeloi. (Jobo 1:6; 2:1; 38:4-7; Bakolose 1:15-17) Le leng la mangeloi ana le ile la ikhopola ka botle ba lona le bohlale ba lona. (Bapisa le Ezekiele 28:13-15.) Kaha Molimo o ne a laetse Adama le Eva hore ba etse bana, lengeloi lena le ile la bona hore e se khale lefatše le tla be le tletse batho ba lokileng, kaofela ba rapela Molimo. (Genese 1:27, 28) Sebōpuoa sena sa moea se ile sa lakatsa hore ba rapele sona. (Matheu 4:9, 10) Ho lula se ntse se nahanisisa ka takatso ena ho ile ha se lebisa tseleng e fosahetseng.—Jakobo 1:14, 15.

Le bua le Eva ka noha, lengeloi leo la lerabele le ile la mo bolella hore Molimo o mo thibela ho ba le tsebo eo a lokelang ho ba le eona ka hore a re a se ke a ja tholoana ea sefate sa ho tseba botle le bobe. (Genese 3:1-5) Polelo eo e ne e le leshano le tletseng lehloeo—ketso ea sebe. Ka ho bua leshano lena, lengeloi leo le ile la iphetola moetsalibe. Ka lebaka leo, le ile la bitsoa Diabolose, moetselletsi, le Satane, mohanyetsi oa Molimo.—Tšenolo 12:9.

Khang e susumetsang ea Satane e bile le phello e bohloko ho Eva. A tšepa mantsoe a Moleki, o ile a itumella ho khelosoa le ho ja e ’ngoe ea litholoana tsa sefate se hanetsoeng. Adama, monna oa hae, o ile a kopanela le eena ho jeng tholoana, ka mokhoa oo, ka ho etsa joalo ba fetoha baetsalibe ka bobeli. (Genese 3:6; 1 Timothea 2:14) Ho hlakile hore ka ho khetha ho se mamele Molimo, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba fosa pakane ea phetheho ’me ba iketsa baetsalibe.

Ho thoe’ng ka bana ba Adama le Eva? Bibele ea hlalosa: “Ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Molao oa lefutso o ne o se o ntse o sebetsa. Adama o ne a ke ke a fetisetsa ho bana ba hae seo a se nang sona. (Jobo 14:4) Ba lahlile phetheho, banyalani ba pele e ne e le baetsalibe ha bana ba bona ba pele ba emoloa. Ka lebaka leo, kaofela ha rōna—ha ho mokhelo—re futsitse sebe. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 3:23) Joale ha ho seo sebe se se hlahisitseng haese bobe le mahlomola. Ho feta moo, rea tsofala le ho shoa ka lebaka la sona, “etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu.”—Baroma 6:23.

Letsoalo Lea ‘Qosa’ Kapa Lea ‘Emela’

Nahana hape hore na sebe se ile sa ba le phello efe boitšoarong ba banyalani ba pele. Ba ile ba apesa likarolo tse itseng tsa ’mele ea bona ’me ba leka ho ipatela Molimo. (Genese 3:7, 8) Ka hona, sebe se ile sa etsa hore ba ikutloe ba le molato, ba tšoenyehile ’me ba le lihlong. Kajeno batho ba tloaelane haholo le maikutlo ana.

Ke mang ea e-song ho ka a kukuneloa ke hore ebe ha aa ka a bontša mohau ho motho ea hlokang kapa a soabisoa ke hore ebe o buile mantsoe ao a neng a sa tlameha ho a bua? (Jakobo 4:17) Ke hobane’ng ha re e-na le maikutlo a tšoenyang joalo? Moapostola Pauluse o hlalosa hore ‘molao o ngotsoe lipelong tsa rōna.’ Ntle le haeba re chele letsoalo, tlōlo leha e le efe ea molao oo e etsa hore re ikutloe re tšoenyehile. Ke kahoo ho boleloang hore letsoalo lea re ‘qosa’ kapa lea re ‘emela.’ (Baroma 2:15; 1 Timothea 4:2; Tite 1:15) Ebang rea elelloa kapa che, re ikutloa re le molato, re e-na le sebe!

Pauluse o ne a hlile a elelloa litšekamelo tsa hae tsa boetsalibe. O ile a lumela: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” Kahoo, Pauluse oa botsa: “Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?”—Baroma 7:21-24.

Re Tla Lokoloha Sebeng Joang?

Setsebi se seng se re: “Neanong ea Mahindu, ha motho a lokolohile ke ha a se a sa tsoaloe hangata le ho shoa hangata.” Ka ho tšoanang, Bobuddha bo bolela hore tharollo ke Nirvana—e leng boemo ba ho lebala lintho tse etsahalang bophelong ka ho feletseng. Bo sa batle ho utloisisa khopolo ea hore sebe se futsitsoe, Bohindu bo tšepisa feela ho se hlole re e-ba teng.

Ka lehlakoreng le leng, mokhoa oa ho lokoloha oo Bibele e fanang ka oona ke o tla fella ka ho tlosoa ho feletseng ha boetsalibe. Ka mor’a hore moapostola Pauluse a botse hore na a ka pholoha joang sebeng, o ile a arabela: “A ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Baroma 7:25) E, pholoho e hlaha ho Molimo ka Jesu Kreste.

Ho latela Kosepele ea Matheu, “Mora oa motho,” Jesu Kreste, o ile a tla ho tla “fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Timothea 2:6, Pauluse o ngotse hore Jesu o ile “a fana ka eena ka boeena e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle.” Lentsoe lena “thekollo,” le bolela ho lefa moputso o lefuoang bakeng sa ho lopolla batšoaruoa. Taba ea hore ebe moputso ona ke thekollo e lekanang e hatisa matla a oona a ho leka-lekanya litekanyetso tsa molao tsa toka. Empa ke joang lefu la motho a le mong le ka talingoang e le “thekollo e lekanang bakeng sa bohle”?

Adama o ile a rekisa moloko oohle oa batho, ho kopanyelletsa le rōna, sebeng le lefung. Tefo, kapa tahlehelo eo a ileng a e lefa ke bophelo ba hae bo phethahetseng. E le hore ho ka koaheloa sena, ho ne ho lokela hore ho lefshoe thekollo e lekanang—bophelo bo bong bo phethahetseng ba motho. (Exoda 21:23; Deuteronoma 19:21; Baroma 5:18, 19) Kaha motho ea sa phethahalang o ne a ke ke a fana ka thekollo ena, bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngoa, Molimo o ile a bula tsela ea ho tsoa mahlomoleng ana. (Pesaleme ea 49:6, 7) O ile a tlosa bophelo bo phethahetseng ba Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae leholimong ’me a bo kenya pōpelong ea moroetsana ea lefatšeng, a etsa hore a tsoaloe e le motho ea phethahetseng.—Luka 1:30-38; Johanne 3:16-18.

E le hore a finyelle mosebetsi oa ho lopolla moloko oa batho, Jesu o ile a tlameha ho boloka botšepehi nakong eohle ea ha a ne a le lefatšeng. Sena o ile a se etsa. Joale o ile a shoa lefu la sehlabelo. Ka tsela ena, Jesu o ile a tiisa hore matla a bophelo bo phethahetseng ba motho—bophelo ba hae—a ne a tla fumaneha bakeng sa ho lefa thekollo ea ho lopolla moloko oa batho.—2 Bakorinthe 5:14; 1 Petrose 1:18, 19.

Seo Thekollo ea Kreste e ka re Etsetsang Sona

Sehlabelo sa Jesu sa thekollo se ka re ruisa molemo le hona joale. Ka ho lumela ho sona, re ka thabela boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo ’me re ka ba tlas’a tlhokomelo e lerato le e mosa ea Jehova. (Liketso 10:43; Baroma 3:21-24) Ho e-na le hore re sithabetsoe ke ho ikutloa re le molato ka libe tseo e ka ’nang eaba re li entse, re ka kōpa tšoarelo ka bolokolohi ho Molimo motheong oa thekollo ena.—Esaia 1:18; Baefese 1:7; 1 Johanne 2:1, 2.

Matsatsing a larileng ka pele, thekollo ena e tla phekola ka ho feletseng ho kula ha moloko oa batho ho bakiloeng ke sebe. Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa “nōka ea metsi a bophelo” e e-tsoa teroneng ea Molimo. Mabōpong a nōka eo ho na le lifate tsa litholoana tse ngata tse nang le makhasi “a ho phekola lichaba.” (Tšenolo 22:1, 2) Ka tšoantšetso, mona Bibele e bua ka tokisetso e hlollang ea ’Mōpi ea ho lokolla moloko oa batho sebeng le lefung ka ho sa feleng motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo.

Lipono tsa boprofeta tsa buka ea Tšenolo li tla tloha li phethahatsoa. (Tšenolo 22:6, 7) Joale, bohle ba lipelo li lokileng ba tla phethahala, ba ‘lokolloe bokhobeng ba ho bola.’ (Baroma 8:20, 21) Na see ha sea lokela ho re susumelletsa ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova Molimo le Mora oa hae ea tšepahalang, Jesu Kreste, eo e bileng thekollo?—Johanne 17:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Adama o tliselitse moloko oa batho sebe le lefu

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Sehlabelo sa Jesu sa thekollo se lokolla sebeng le lefung

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela