Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 12/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jakobo o Fuoa Lefa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jakobo le Esau ba Bopa Khotso
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Mafahla a Neng a Fapane
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 12/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho araba lipotso tse latelang:

• Ke hobane’ng ha “Testamente ea Khale” e le ea bohlokoa ba nako e telele?

Mongoli oa eona hase molimo ea sehlōhō empa ke Jehova, Molimo ea lerato. Jesu le balateli ba hae ba ile ba ’na ba lebisa batho Mangolong a Seheberu. Mangolo ana a na le keletso e molemo bophelong ba letsatsi le letsatsi ’me a fana ka tšepo bakeng sa nako e tlang.—9/1, leqepheng la 4-7.

• Ho finyeletsoe eng ka ho tlohela hore nako e fete ho tloha ha Adama le Eva ba etsa sebe?

Ho pholletsa le lilemo tsena tse likete, ho pakiloe hore Satane o leshano—Adama le Eva le bana ba bona ba limilione ba shoele. Ho feta ha nako ho bontšitse hore batho ba ke ke ba atleha ha ba itokolotse ho Molimo le hore ha ba na matla a ho tsamaisa mehato ea bona.—9/15, leqepheng la 6-7.

• Ke hobane’ng ha Jakobo a sa ka a nyatsuoa ka lebaka la ho iketsa eka ke Esau?

Ka molao Jakobo o ne a lokela ho hlohonolofatsoa ke ntate oa hae, kaha o ile a reka tokelo ea tsoalo ho Esau. Ha Isaka a hlokomela hore o hlohonolofalitse Jakobo, ha aa ka a batla ho fetola seo a neng a se entse. ’Me ho hlakile hore Molimo, ea ka beng a ile a kenella ka tsela e itseng, o ne a batla hore Jakobo a hlohonolofatsoe.—10/1, leqepheng la 31.

• Taba ea hore re na le letsoalo e bontša joang hore motho ha aa ba teng ka ho iphetola ha lintho?

Merabeng le litsong tsohle, batho ba ’nile ba ikemisetsa ho thusa ba bang, esita le haeba ba ka tsoa kotsi. Ho ne ho ke ke ha lebelloa hore batho ba itelle ho thusa ba bang ka ho rata haeba batho e ne e le liphoofolo feela tjee tse ichebileng botsona.—10/15, leqepheng la 20.

• Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Molimo o ikokobelitse, ’me o bonahatsa tšobotsi ee ka tsela efe?

E le ’Musi le ’Mōpi, Molimo ha a na mefokolo joaloka rōna. Empa ho ea ka 2 Samuele 22:36, Molimo o ikokobelitse hobane o ameha ka batho ba tlaase ba lekang ho mo khahlisa ’me oa ba hauhela. Ka puo ea tšoantšetso ho ka thoe Molimo o inamela tlaase e le hore ka mosa a ka sebelisana le batho ba mo tšabang.—11/1, leqepheng la 4-5.

• Mangeta a boholo-holo a tiisa tlaleho ea Bibele joang?

Sebakeng sa Samaria baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mangeta a nang le mabitso a meloko e supileng a tlalehiloeng ho Joshua 17:1-6. Mangeta a Arade a tiisa boitsebiso bo mabapi le malapa a baprista ’me bo akarelletsa bo mabapi le lebitso la Molimo. Mangeta a Lakishe a hlalosa boemo ba lipolitiki le moferefere o neng o le teng Juda pele Bababylona ba hlasela.—11/15, leqepheng la 12-14.

• Ke’ng se lebisang qetong ea hore Luka o ngotse buka ea Liketso?

Kosepele ea Luka le buka ea Liketso Tsa Baapostola li ngoletsoe Theofilase, e leng se bontšang hore ka bobeli li ngotsoe ke Luka. Mantsoe a kang “re,” “ea rōna,” le “rōna” a bontša hore Luka o ile a phetha karolo e itseng liketsehalong tse boletsoeng bukeng eo. (Liketso 16:8-15)—11/15, leqepheng la 18.

• Mokreste o lokela ho ba le pono efe ka ho tsoma le ho tšoasa litlhapi?

Ho tloha mehleng ea Noe, Molimo o ile a lumella batho hore ba bolaee liphoofolo le ho li ja. Empa taelo ea hore ba li ntše mali e ne e hatisa taba ea hore bophelo ba liphoofolo bo ne bo lokela ho hlomphuoa kaha bo tsoa ho Molimo. Bakreste ha baa lokela ho bolaea liphoofolo ka morero oa ho ithabisa kapa bakeng sa monyaka feela. Ke habohlokoa hore Bakreste ba mamele melao ea Cesare ’me ba nahanele matsoalo a ba bang. (Baroma 14:13)—12/1, leqepheng la 31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela