Makaraite le ho Batla ’Nete ha ’Ona
“BATLISISANG ka [Mangolong] ka ho feletseng ’me le se ke la itšetleha ka mohopolo oa ka.” Mantsoe ao a ile a buuoa ke moeta-pele oa Makaraite oa lekholong la borobeli la lilemo la Mehla e Tloaelehileng. Makaraite e ne e le bo-mang? Na ho na le letho la bohlokoa leo re ka ithutang lona mohlaleng oa ’ona? Ho araba lipotso tsena, re tlameha ho khutlela morao historing phehisanong e bileng teng ka nako e telele e ileng ea lebisa mokhatloaneng oa Makaraite.
Phehisano e Ile ea Qaleha Joang?
Makholong a qetellang a lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng, filosofi e ncha e ile ea hōla har’a Bojode. E ne e le khopolo ea hore Molimo o ile a fana ka Melao e ’meli Thabeng ea Sinai, o mong e le o ngotsoeng ’me o mong e le molao oa neheletsano ea molomo.a Lekholong la pele la lilemo Mehleng e Tloaelehileng, ho ne ho e-na le khanyetsano e khōlō lipakeng tsa ba khomaretseng thuto ena le ba e hanang. Bafarisi ba ne ba e tšehetsa, ha Basadusi le Baessene ba ne ba le har’a ba e hanyetsang.
Bohareng ba tsekisano ena, Jesu oa Nazaretha o ile a hlaha e le Messia ea tšepisitsoeng. (Daniele 9:24, 25; Mattheu 2:1-6, 22, 23) Jesu o ile a tobana le lihlopha tseo tse loantšanang tsa Bajode kaofela ha tsona. Ha a behelana mabaka le tsona o ile a nyatsa taba ea ho etsa lentsoe la Molimo le se nang motheo ka lineano tsa bona. (Mattheu 15:3-9) Jesu o ile a boela a ruta linnete tsa moea ka tsela eo e leng Messia feela ea neng a ka etsa ka eona. (Johanne 7:45, 46) Ho feta moo, ke balateli ba ’nete ba Jesu feela ba ileng ba paka hore ba fumana tšehetso ea Molimo. Ba ile ba tsejoa e le Bakreste.—Liketso 11:26.
Ha tempele ea Jerusalema e ne e senngoa ka 70 C.E., Bafarisi e bile bona feela sehlotšoana sa bolumeli se ileng sa pholoha ka ntle le ho senngoa. Joale ba se ba se na boprista, mahlabelo, le tempele, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode ea Bafarisi e ne e ka iqapela lintho tse emang sebakeng sa tsena tsohle, ka ho lumella hore neano le litlhaloso li nkele Molao o ngotsoeng sebaka. Sena se ile sa bula monyako oa hore “libuka tse halalelang” tse ncha li ngoloe. Pele ho ile ha hlaha Mishnah, ka lihlomathiso tsa eona tsa molao oa neheletsano ea molomo. Hamorao, lipokello tse ling tsa libuka li ile tsa phaelloa ’me tsa bitsoa Talmud. Ka nako e tšoanang, Bakreste ba koenehileng ba ile ba qala ho kheloha lithutong tsa Jesu. Mahlakore ka bobeli a ile a hlahisa litsamaiso tse matla tsa bolumeli—puso ea bo-rabbi ka lehlakoreng le leng le puso ea kereke ka ho le leng.
Ka lebaka la likhohlano tsa Bajode le Roma ea bohetene ’me hamorao le Roma ea “Bokreste,” setsi sa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode se ile sa qetella se isitsoe Babylona. Ke hona teng moo libuka tsa Talmud li ileng tsa hlophisoa ka ho feletseng. Le hoja bo-rabbi ba ile ba bolela hore Talmud e senola thato ea Molimo ka ho feletseng haholoanyane, Bajode ba bangata ba ile ba utloa tšusumetso e eketsehang ea puso ea bo-rabbi ’me ba hloloheloa lentsoe la Molimo le ileng la fetisetsoa ho bona ka Moshe le baprofeta.
Halofong ea karolo e qetellang ea lekholo la borobeli la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, Bajode ba neng ba le Babylona ba neng ba hanyetsa puso le tumelo ea bo-rabbi molaong oa bona oa neheletsano ea molomo ba ile ba arabela hantle ho moeta-pele ea rutehileng Anan ben David. O ile a phatlalatsa tokelo ea Mojode e mong le e mong ea ho ithuta Mangolo a Seheberu ka tsela e sa lekanyetsoang kaha e le ’ona feela mohloli oa bolumeli ba ’nete, ho sa natsoe botoloki ba bo-rabbi kapa Talmud. Anan o ile a ruta: “Batlisisang ka har’a Torah [molao oa Molimo o ngotsoeng] ka ho feletseng ’me le se ke la itšetleha ka mohopolo oa ka.” Ka lebaka lena la khatiso e khōlō tšebelisong ea Mangolo, balateli ba Anan ba ile ba tsejoa e le Qa·ra·ʼimʹ, e leng lebitso la Seheberu le bolelang “babali.”
Khohlano ea Makaraite le Bo-Rabbi
Ke mehlala efe e meng ea lithuto tsa Makaraite tse ileng tsa baka tšabo sehlopheng sa bo-rabbi? Bo-rabbi ba ne ba thibela hore ho se ke ha jeoa nama le lebese hammoho. Ba ne ba bolela hore sena ke tlhaloso ea molao oa neheletsano ea molomo ea Exoda 23:19, e reng: “U se ke ua apeha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.” Ka lehlakoreng le leng, Makaraite a ile a ruta hore temana ena e ne e bolela sona seo e se buang—ho ne ho lokela ho ba joalo ka ha e bolela hantle. Ba ile ba pheha khang ka hore lithibelo tsa bo-rabbi e ne e le boiqapelo ba batho.
Ho latela tlhaloso ea bona ea Deuteronoma 6:8, 9, bo-rabbi ba ne ba nka hore banna ba Bajode ba lokela ho rapela ba roetse lifilaktera, ’me mezuzah o ne o lokela ho manehoa koseneng e ’ngoe le e ’ngoe.b Makaraite a ne a nka litemana tsena e le tse nang le moelelo oa tšoantšetso feela, ’me ka hona a qhelela thōko melao e joalo ea bo-rabbi.
Litabeng tse ling Makaraite a ne a le thata ho feta bo-rabbi hōle. Ka mohlala, nahana ka pono ea bona ka Exoda 35:3, e reng: “Le se ke la besa mollo matlung ’ohle a lōna ka tsatsi la Sabatha.” Makaraite a ne a thibela hore ho se ke ha tloheloa lebone kapa khanya e ntse e khantšitse esita leha e ba le ile la khantšoa pele ho Sabatha.
Haholo-holo ka mor’a lefu la Anan, hangata baeta-pele ba Makaraite ba ne ba sa lumellane mabapi le likhato le sebōpeho sa lithibelo tse itseng, ’me hase kamehla molaetsa oa bona o neng o hlakile. Makaraite a ile a haelloa ke bonngoe hobane ha aa ka a amohela motho ea itseng joaloka moeta-pele oa ’ona empa a toboketsa haholo tabeng ea ho ipalla ha motho ka mong le ho iketsetsa tlhaloso ea se boleloang ke Mangolo, e leng se neng se hanyetsana le mokhoa oa puso ea bo-rabbi. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena, mokhatloana oa Makaraite e ile ea e-ba o ratoang le oo tšusumetso ea oona e fetelang ka ’nģane ho sechaba sa Bajode ba Babylona ’me ea hasana ho pholletsa le Bochabela bo Hare. Ho bile ha hlongoa setsi se seholo sa Makaraite Jerusalema.
Lekholong la borobong le la leshome la Mehla e Tloaelehileng, litsebi tsa Makaraite li ile tsa ipabola boithutong bo nchafalitsoeng ba puo ea Seheberu ’me tsa latsoa nako ea thabo e khōlō. Ba ile ba talima Mangolo a ngotsoeng a Seheberu e le a halalelang, e seng lineano tse fanoeng ka molomo. Makaraite a mang e ile ea e-ba bakopitsi ba hlokolosi ba Mangolo a Seheberu. Ha e le hantle, e bile thahasello ea Makaraite e ileng ea khothaletsa thuto ea bo-Masorete ea Mangolo har’a Bajode bohle, le ho tiisa hore kajeno ho ba le taba e ngotsoeng ea Bibele e sireletsehileng ka nepo haholoanyane.
Nakong ena ea khōlo e potlakileng, Makaraite a tlas’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode a ile a kopanela mosebetsing o pepenene oa boromuoa har’a Bajode ba bang. Sena se ile sa hlahisa tšokelo e totobetseng ho Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode ea bo-rabbi.
Bo-rabbi ba Ile ba Arabela Joang?
Boiphetetso ba bo-rabbi tlhaselong eo e bile ntoa e bohale ea mantsoe, e tsamaisang le ho tenyetseha ho mano thutong ea bona ka sepheo sa ho finyella pakaneng ea bona. Nakong ea lekholo la lilemo le latelang tlhaselo ea Anan, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode ea bo-rabbi e ile ea sebelisa mekhoa e ’maloa ea Makaraite. Bo-rabbi e ile ea e-ba ba nang le tsebo haholoanyane mabapi le ho qotsa Mangolo, ba akareletsa tsela le mokhoa oa Makaraite tabeng ea ho bua ka tsela e atlehileng.
Moeta-pele ea tsebahalang oa tlhaselo ena ea mantsoe khahlanong le Makaraite e ne e le Saʽadia ben Joseph, eo e bileng hlooho ea sechaba sa Bajode Babylona karolong ea pele ea lekholo la leshome la lilemo la Mehla e Tloaelehileng. Buka e ka sehloohong ea Saʽadia, The Book of Beliefs and Opinions, e ile ea fetoleloa ka Senyesemane ke Samuel Rosenblatt, ea ileng a re selelekeleng sa eona: “Esita le hoja . . . e ne e le molaoli holim’a Talmud mehleng ea hae, [Saʽadia] ha ho bapisoa o ile a sebelisa hanyenyane mohloli ona oa neano ea Bajode, kamoo ho bonahalang kateng e le ka lebaka la takatso ea hae ea ho hlōla Makaraite a neng a lumela hore Molao o Ngotsoeng ke oona feela o tlamang.”
Ka ho latela mehatong ea Saʽadia, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode e ile ea qetella e fumane taolo le tšusumetso e khōloanyane. E finyeletse sena ka ho ikamahanya le molao o ngotsoeng ho isa bohōleng ba ho amoha Makaraite bopaki bo matla ba likhang tsa ’ona. Thakhisa ea ho qetela e ile ea otlelloa ke Moses Maimonides, setsebi se tsebahalang sa Talmud sa lekholo la bo12 la lilemo. Ka ho se loantše lithuto tseo a sa li lumeleng tsa Makaraite ao a neng a lula Egepeta le ’ona, hammoho le tsela ea hae ea botsebi ea ho kholisa, o ile a hapa tlhompho ea bona ’me a fokolisa boeta-pele ba bona.
Mokhatloana oa Makaraite o Lahleheloa ke Tšusumetso
O se o haelloa ke bonngoe ’me o se na mokhoa o hlophisitsoeng hantle oa ho hanyetsa, mokhatloana oa Makaraite o ile oa lahleheloa ke tšusumetso le balateli. Qetellong, Makaraite a ile a lokisa lipono tsa ’ona le melao-motheo. Mohlophisi mokhatloaneng oa Makaraite, Leon Nemoy, oa ngola: “Le hoja ka molomo feela Talmud e ile ea lula e thibetsoe, boitsebiso bo bongata ba Talmud bo ne bo kopantsoe le tšebeliso ea molao le moetlo oa Makaraite ka sekhukhu.” Ka sebele, Makaraite a ile a lahleheloa ke sepheo sa ’ona sa pele ’me a nka Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode ea bo-rabbi.
Ho sa ntse ho e-na le Makaraite a ka bang 25 000 Iseraele. A likete tse seng kae a ka fumanoa lichabeng tse ling, haholo-holo Russia le United States. Leha ho le joalo, kaha a na le lineano tsa ’ona tse fanoeng ka molomo a fapane ho Makaraite a pele.
Ke’ng seo re ka ithutang sona historing ea Makaraite? Hore ke phoso e tebileng ho ‘fetola lentsoe la Molimo lefeela ka neano.’ (Mattheu 15:6) Ho lokoloha lineanong tse boima tsa batho ho hlokahala tsebo e nepahetseng ea Mangolo. (Johanne 8:31, 32; 2 Timothea 3:16, 17) E, ba batlang ho tseba le ho etsa thato ea Molimo ha ba itšetlehe ka lineano tsa batho. Ho e-na le hoo, ba batlisisa ka botšepehi ka Bibeleng ’me ba sebelisa taeo e molemo ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso ea se bitsoang molao oa neheletsano ea molomo, bona maqephe a 8-11 a bukana e lekanang le makasine Will There Ever Be a World Without War?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
b Lifilaktera ke mekotlana e ’meli e sekoere ea letlalo e tšelang maqetšoana a nang le lirapa tse itseng tsa Mangolo. Ka tloaelo mekotlana ena e ne e roaloa letsohong le letšehali le hloohong letsatsing la beke la lithapelo tsa hoseng. Mezuzah ke meqolo e menyenyane ea letlalo e ngotsoeng Deuteronoma 6:4-9 le 11:13-21, e tšeloang ka har’a selatana se khomarelitsoeng koseneng.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Sehlopha sa Makaraite
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book The Jewish Encyclopedia, 1910