Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/15 maq. 26-29
  • Toka e Phahamisa Sechaba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Toka e Phahamisa Sechaba
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Iseraele oa Moea
  • Lefatše le Bona Phapang
  • Lebaka Leo ba Bang ba Khaoloang ka Lōna
  • Ho Tšehetsa ho Loka ha Jehova
  • Thabela ho Loka ha Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Phehella ho Loka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Khaoloa ke Tokisetso e Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/15 maq. 26-29

Toka e Phahamisa Sechaba

KA MOR’A matsatsi a pula, ke ho thabisang hakaakang ho tsoha ’me u bone letsatsi le chabile ho se maru! Lefatše le kolobisitsoe, ’me joale limela li ka hōla ka boiketlo. Ka lekhetlo le leng Jehova Molimo o ile a sebelisa setšoantšo se joalo ho bontša mahlohonolo a puso e lokileng. O ile a re ho Morena Davida: “Ea busang batho ka ho loka, ea renang ka ho tšaba Molimo, o joalo ka leseli la meso, ha tsatsi le chaba, ha meso e se na maru; pula ha e tsoa na, mahlaseli a lona a melisa joang lefatšeng.”—2 Samuele 23:3, 4.

Mantsoe a Molimo a ipakile ho ba ’nete nakong ea puso e lokileng ea Morena Salomone, mor’a Davida. Bibele ea tlaleha: “Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feie ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:25.

Iseraele ea boholo-holo e ne e le sechaba se khethiloeng sa Molimo. O ile a ba fa melao ea hae ’me a ba bolella hore haeba ba mamela, lentsoe la hae o tla ba “phahamisa ho feta lichaba tsohle tsa lefatše.” (Deuteronoma 28:1) E ne e se ka lebaka la ho loka ha Iseraele ba ileng ba phahamisoa empa e bile ka ho loka ha Jehova. Litaelo tseo Molimo a ileng a ba fa tsona li ne li phahametse hōle melao ea lichaba tse neng li ba potolohile. E le batho, ba ne ba sa phethahala joalo feela ka lichaba tseo tse ling kaofela. Kahoo, Molao oa Jehova o phahameng le ho o khomarela haufi-ufi e bile oona mohloli o ileng oa ba phahamisetsa ka holim’a lichaba tse ling. Ha ba ne ba mamela melao ea Jehova, ba ne ba thabela mohau le tlhohonolofatso tsa hae. Morena Salomone o ile a hlokomela sena nakong ea puso ea hae. O ne a ka re ha a fana ka temoso: “Ho loka ho holisa sechaba; empa bokhopo bo se apesa ka nyeliso.”—Liproverbia 14:34.

Ka masoabi, sechaba sa Iseraele se ile sa theoleloa boemong bo tlaase, ka lebaka la liketso tsa ho se mamele tse etsoang khafetsa. Ba ile ba fetoha sechaba se nyelisehang. Sena qetellong sa lebisa ho lahleheloeng ka ho feletseng ke mohau oa ho ba sechaba se secha sa moea.—Mattheu 21:43.

Iseraele oa Moea

Sebokeng sa sehlopha se busang sa Bakreste Jerusalema, Jakobo eo e leng Mojode ka tsoalo, o ile a bua a le tlas’a pululelo kamoo Molimo “o qalileng ho etela lichaba kateng, hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.” (Liketso 15:14) Moapostola Pauluse o bitsitse sechaba sena se secha sa Bakreste “Iseraele oa Molimo.” (Ba-Galata 6:16) Mabapi le morero oa ho bitsoa ha bona, Petrose o ile a ngola: “Empa ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9) E le batho ba khethiloeng ba Molimo, ba ne ba lokela ho khanya joaloka maseli lefatšeng. Ho loka ha Jehova ho ne ho tla ba beha phahameng.—Ba-Filippi 2:15.

Ho khethoa hona ha Baiseraele ba moea ho ka bapisoa le ho rafshoa ha taemane. Ha minerale e nang le taemane e ngata e nyolleloa ka holimo, e ka ’na ea hlahisa karata e le ’ngoe (limiligrama tse 200) litoneng tse ling le tse ling tse tharo tsa mobu. Mokhoa o mong o kileng oa sebelisoa ho tšeka taemane e ne e le ho tsoaka minerale e rafuoeng le metsi ebe motsoako o mathisoa holima litafole tse nang le mafura. Taemane ha e kopane le metsi, e ne e itšoarella ka mafura ha likaroloana tse sa hlokeheng li feta le metsi. Boemong bona litaemane li sa le mahoashe. Leha ho le joalo, ha e sehoa ’me e bentšoa e hlahisa mahlaseli ka mahlakore ’ohle.

Joaloka litaemane tse sa kopaneng le metsi, tseo e seng karolo ea lintho tse li potolohileng, batho ba Jehova ba arotsoe lefatšeng. (Johanne 17:16) Qalong ha ba huleloa leseling, e ka ’na eaba ba ne ba haelloa ke khanya. Empa Lentsoe la Jehova le moea oa hae li hlahisitse ka hare ho bona botho bo bocha, ’me ba khanya joaloka maseli lefatšeng lena. Ke ka lebaka la ho loka ha Jehova ba behiloeng phahameng ’me ba bonahatsang leseli le khanyang la ’nete ea ’Muso ka mahlakoreng ’ohle, e seng ka lebaka la ho loka ha bona.

Leha ho le joalo, qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. bokoenehi bo ile ba kenella ka phuthehong ’me ba susumetsa ba bangata. Bao ba ipitsang Bakreste ba ile ba kopa-kopana le lichaba tsa lefatše hoo ba neng ba ke ke ba khetholleha ho lefatše le ba potolohileng.

Kajeno masala a tšepahalang a Iseraele oa moea a khutliselitsoe mohaung oa Jehova. Ba ikarotse lefatšeng ’me ba itlhoekisitse “litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Ba hloekisitsoe ’me ba lokile pel’a Jehova, ba itšoarella ka ho loka ha hae. Sena se ba nyolletse boemong bo phahameng ho feta ba lichaba tse ling tsa lefatše. Ka cheseho ea bona boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso, letšoele le leholo la batho ba lichaba tsohle le huletsoe ho Jehova ’me le fetohile karolo ea batho ba hae.—Tšenolo 7:9, 10.

Lefatše le Bona Phapang

Ka linako tse ling, balaoli ba lefatše ba rorisa boitšoaro ba bahlanka ba Molimo. Nakong e fetileng, ofisiri e khōlō ea tšireletso ea Pretoria Show Grounds, Afrika Boroa, e ile ea fana ka tlhaloso mabapi le boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova, tsa merabe e sa tšoaneng, tse neng li sebelisa sebaka seo bakeng sa likopano tsa bona tsa selemo le selemo. Har’a tse ling, e ile ea ngola: “E mong le e mong o bontša tlhompho le ho nahanela ba bang, ke batho ba buisanang hantle, boitšoaro bo bontšitsoeng matsatsi a seng makae a fetileng—bo tiisa bohlokoa ba litho tsa mokhatlo oa lōna, ’me bohle ba phela hammoho joaloka lelapa le le leng le thabileng.”

Batho ba Jehova ba ka tlatsetsa ho lokeng ha sechaba sa hae e seng feela linakong tsa likopano tse khōlō empa hape le bophelong ba bona ba botho. Ka mohlala, lekala la Afrika Boroa la Mokhatlo oa Watch Tower le ile la fumana lengolo le tsoang ho mosali e mong Johannesburg, le re: “Bekeng e fetileng ke ile ka khanna koloi mokotlana oa ka o ntse o le ka holim’a koloi. O ile oa oela tseleng Jan Smuts Avenue, ’me mokotlana hammoho le tsohle tse ka har’a oona li ile tsa tholoa ke setho sa phutheho ea lōna, Mr. R—, ea ileng a mphounela ’me a ntholisa oona. . . . Ke ananela haholo botšepehi bona boo mehleng ena bo fetohileng tšobotsi e fumanehang seoelo ’me ke babatsa phutheho ea lōna bakeng sa ho ba le melao-motheo eo litho tsa lōna li e khomarelang.”

E, ka ho khomarela melao-motheo e lokileng ea Jehova, batho ba hae ba hlahella e le ba fapaneng lefatšeng. Ka hobane bana ba bonahatsa ho loka ha Jehova, batho ba pelo li tšepahalang ba huleloa phuthehong ea Bokreste. Ke ha tlhaho ho khahloa ke ntho e hloekileng le e se nang litšila. Ka mohlala, moeti e mong o kile a chakela sebokeng sa Lipaki tsa Jehova Zurich, Switzerland, ’me a bolela hore o batla ho ba setho sa phutheho. O ile a hlalosa hore khaitseli ea hae o ile a khaoloa ka lebaka la boitšoaro bo bobe ’me a eketsa ka hore o batla ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng o “sa mamelleng boitšoaro bo bobe.” Esita le New Catholic Encyclopedia ea lumela hore Lipaki tsa Jehova li tsejoa e le “se seng sa lihlopha tse itšoereng hantle ka ho fetisisa lefatšeng.”

Le hoja ho loka ho phahamisa lebitso le letle, sebe se ka tlisa nyeliso ho lona, haholo-holo haeba phoso e tebileng e ka tsebahala bathong. Ka linako tse ling phutheho ea Bokreste e tlameha ho jara sekhobo se tlisoang ho eona ke ha litho ka bomong li etsa libe tse tebileng. Ka ho utloahalang, litho tse tšepahalang tsa phutheho li ka sireletsa botumo bo botle ba phutheho ka ho bontša hore mofosi o ile a khalemeloa ka tsela e mosa, ke hore, tumellanong le melao-motheo ea Mangolo. Haeba setho se seng se etsa sebe ’me se sa bake, se tla ntšoa ka hare ho phutheho—se khaoloe.—1 Ba-Korinthe 5:9-13.

Lebaka Leo ba Bang ba Khaoloang ka Lōna

Le hoja ho khaoloa ba ka bang likete phuthehong ea Bokreste selemo le selemo, bao ke karolo e fokolang feela lekholong ea Lipaki tse ka bang limilione tse hlano lefatšeng. Ke hobane’ng ha ho ka nkuoa bohato bo tebileng hakaalo ka mang le mang ka phuthehong ea Bokreste? Sebōpeho sa phoso ke ntlha e ’ngoe e rerang taba. Empa ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ke hore na mofosi o baketse phoso e tebileng eo a e entseng e le kannete kapa che. Haeba ka sebele a e soabetse ho tloha pelong, a retelehetse ho Jehova ka thapelo e tlohang botebong ba pelo, a kōpa tšoarelo bakeng sa sebe sa hae ho Eena, ’me a batlile thuso ea banna ba ikarabellang ka phuthehong, mohlomong a ka thusoa ho boela a fumana mohau oa Molimo ’me a sala e ntse e le karolo ea phutheho.—Liproverbia 28:13; Jakobo 5:14, 15.

Ha ngoana ea nang le kamano e ntle, e mofuthu le ntate oa hae a etsa ho hong ho soabisang ntate oa hae, bobeli ba lokela ho potlakela ho tsosolosa kamano eo ea bohlokoa. Ka ho tšoanang, ha re nehela bophelo ba rōna ho Jehova, re kena kamanong ea bohlokoa ka ho fetisisa le eena. Kahoo, ha re etsa ho hong ho mo soabisang, re lokela ho nka khato e potlakileng ea ho batla ho boela re tsosolosa kamano eo le Ntate oa rōna oa Leholimo.

Ka thabo, ba bang ba neng ba khaotsoe ba ile ba nka ka ho teba setšoantšo sa mora ea lehlasoa. Jehova mono o tšoantšoa le Ntate ea lerato ea ikemiselitseng ho amohela moetsalibe ea bakileng haeba motho ea joalo a sokoloha ’me a batla tšoarelo ea Molimo. (Luka 15:11-24) Pako ea sebele e tsoang pelong le ho furalla se sebe e ’nile ea e-ba eona tsela ea ho khutlela mohaung oa Jehova le phuthehong ea Bokreste. Bafosi ba bang ba bakileng ba ileng ba sithabetsoa ke melato ea bona ba ile ba susumelletseha ho baka ’me ba nka mehato ea ho khutlela tikolohong e lerato ea phutheho ea Bokreste. Kahoo ba ananela mantsoe a Jehova ho Esaia 57:15.

E le ho sitisa batho ka bomong ho khutlela tlhokomelong e lerato ea Jehova, Satane o rata ho etsa eka ha ho sa na tšoarelo bakeng sa libe tse entsoeng. Empa sehlabelo sa thekollo sa Kreste Jesu se lekane ho koahela libe tsa mang le mang ea bakang—e, esita “le tsa lefatše lohle” le futsitseng boetsalibe. (1 Johanne 2:1, 2) Sebe se sa koaheloeng ke thekollo ke sebe khahlanong le moea o halalelang oa Molimo, ho tšoanang le ho fetohela ka boomo tšebetso ea moea oa Molimo, joaloka sebe se tebileng sa Judase Iskariota le bangoli le Bafarisi ba bangata.—Mattheu 12:24, 31, 32; 23:13, 33; Johanne 17:12.

Ho Tšehetsa ho Loka ha Jehova

Ho tloha ha masala a Baiseraele ba moea a tsosolosetsoa mohaung oa Jehova ka 1919, a ile a phahamela lefatše le ba potolohileng ka ho ntseng ho eketseha. Sena hase ka lebaka la molemo o itseng ka lehlakoreng la bona empa e le ka lebaka la ho lumela ho ikokobeletsa melao ea Jehova le litekanyetso tsa hae. Ka lebaka leo, limilione tsa “linku tse ling” tsa Kreste li ’nile tsa huleloa botsoalleng le Iseraele oa moea e le metsoalle e tšepahalang. (Johanne 10:16) Batho bana ba tlisa khanya le tlhompho ho Jehova lefatšeng lena le suthetseng hōle le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. Ho joalokaha makasine e ’ngoe ea Afrika Boroa Personality, e kile ea hlokomela: “Ho bonahala Lipaki tsa Jehova li tletse ka litšobotsi tsohle tse ntle ’me li lokolohile ho tsohle tse mpe.”

E le ho boloka boemo bona bo phahameng lefatšeng le se nang bomolimo, setho se seng le se seng sa phutheho ea Bokreste ho hlokahala se phele bophelo bo hloekileng bo lokileng ka pel’a Jehova. Ka Bibeleng, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo o tšoantšoa ka lintho tse hloekileng. O bonoa e le mosali e motle ea apereng letsatsi ’me khoeli e le tlas’a maoto a hae. (Tšenolo 12:1) Jerusalema e Mocha o hlalosoa e le motse o halalelang, o motle ponahalong. (Tšenolo 21:2) Litho tse tšepahalang tsa monyaluoa oa Kreste li filoe “lene e ntle, e khanyang, e hloekileng.” (Tšenolo 19:8) Ba bongata bo boholo ba bonoa ba “apere liaparo tse telele tse tšoeu.” (Tšenolo 7:9) Batho ba sekametseng ho lokeng ba huleloa mokhatlong o hlophisitsoeng o hloekileng. Ka ho fapaneng, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane ha oa hloeka. Tsamaiso ea hae ea bolumeli e tšoantšoa le seotsoa, ’me ba kantle ho motse o halalelang ba hlalosoa e le ba litšila, ba sa hloekang.—Tšenolo 17:1; 22:15.

Bophelo bo sa feleng bo tšepisitsoe ba lokileng. Batho ba kopaneng ’moho ba tšehetsang ho loka ha Jehova ba na le tebello ea ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena e khopo. Tšepiso ea Molimo ho Liproverbia 1:33 ke hore: “Ha e le ea nkutloang, eena o tla ikahela ka khotso, a se na ho tšoha kotsi.”

E tla ba ho thabisang hakaakang ha Salomone e Moholoanyane, Kreste Jesu, a busa holim’a lefatše le lecha ka ho loka, ka tšabo ea Jehova! (2 Petrose 3:13) Ho tla tšoana le khanya ea hoseng ha letsatsi le chaba, hoseng ho se nang maru. Baahi bohle ba lefatše ba tla phela tšireletsehong, joalokaha eka e mong le e mong o lutse tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feiga. Mokhatlo oa batho ba lokileng o tla ntlafatsa lefatše ’me o ahe sebakeng se loketseng bokahohleng bohle thorisong e sa feleng ea Molimo oa rōna Jehova.—Mikea 4:3, 4; bona hape Esaia 65:17-19, 25.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela