Ho Batla ha Rōna Bophelo bo Boleletsana
“Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso. O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa, o baleha joaloka moriti ’me ha a tsoele pele a le teng.”—Jobo 14:1, 2, NW.
ESITA le kajeno ke ba seng bakae ba ka hanyetsang polelo ena e mabapi le bokhutšoanyane ba bophelo, le hoja e ngotsoe lilemong tse fetileng tse ka bang 3 500. Kamehla batho ba ’nile ba fumana ho sa khotsofatse ho latsoa bophelo bo mahlahahlaha ka nako e khutšoanyane ebe ba se ba tsofala ’me ba e-shoa. Ka lebaka leo, mekhoa ea ho lelefatsa bophelo e ’nile ea eketseha ho theosa le histori.
Mehleng ea Jobo Baegepeta ba ne ba e-ja makoalata a liphoofolo ha ba leka ntle ho katleho ho boela bocheng. E ’ngoe ea lipakane tse ka sehloohong tsa mekhoa ea ho lelefatsa bophelo tsa mehleng e bohareng e ne e le ho etsa selelefatsa-bophelo se neng se ka lebisa bophelong bo boleletsana. Litsebi tse ngata tsa mekhoa ea ho lelefatsa bophelo li ne li lumela hore khauta ea maiketsetso e ne e ka lebisa bophelong ba ho se shoe le hore ho jella lipoleiting tsa khauta ho ne ho ka lelefatsa bophelo. Batao ba Machaena ba boholo-holo ba ne ba nahana hore ba ka fetola metsoako ea lintho tseo ’mele o entsoeng ka tsona ka ho sebelisa mekhoa e kang boikoetliso ba ho nahanisisa, ho phefumoloha le ho itima lijo ’me kahoo ba finyelle boemo ba ho se shoe.
Juan Ponce de León mohloeli oa naha oa Lesepanishe o tsebahala ka ho batlisisa seliba sa bocha a sa kholoe. Bukeng ea hae ea Hermippus Redivivus, ngaka ea lekholong la bo18 la lilemo e ile ea buella hore baroetsana ba sa ntseng ba le bacha ba lule ka kamoreng e nyenyane nakong ea selemo ebe phefumoloho ea bona e bokelloa ka libotlolong ’me e sebelisoe e le moriana o lelefatsang bophelo. Ha ho potang hore ha ho le o mong oa mekhoa ena o ileng oa atleha.
Kajeno, lilemo tse ka bang 3 500 ka mor’a hore Moshe a ngole polelo ea Jobo, motho o tsamaile khoeling, a qapa likoloi le lik’homphieutha, a ba a hlahloba athomo le sele. Empa, ho sa tsotellehe tsoelo-pele eo ea theknoloji, re sa ntse re ‘phela hakhutšoanyane ’me re khotše likhathatso.’ Ke ’nete hore linaheng tse tsoetseng pele nako eo motho a lebeletsoeng ho phela ka eona e eketsehile haholo ho theosa le lekholo la lilemo le fetileng. Empa ho bile joalo haholo-holo ka lebaka la tlhokomelo ea bophelo bo botle, mehato e atlehang haholoanyane ea bohloeki le phepo e molemonyana. Ka mohlala, ho tloha bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo ho ea qalong ea bo-1990, nako eo motho a lebeletsoeng ho phela ka eona Sweden e ile ea phahama ho tloha lilemong tse 40 ho ea ho tse 75 ho banna le ho tloha lilemong tse 44 ho ea ho tse 80 ho basali. Empa na see se bolela hore tabatabelo ea motho ea ho phela haleletsana e kholisitsoe?
Che, hobane le hoja linaheng tse ling batho ba eketsehileng ba phela ho fihlela ba tsofala, mantsoe ao Moshe a a ngotseng nakong e telele e fetileng a sa ntse a sebetsa: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli . . . , hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.” (Pesaleme ea 90:10) Na re tla bona phetoho haufinyane? Na motho o tla khona ho phela haleletsana? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tse kang tseo.