Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 30
  • Batho Bao re ba Ratang ba Tla Tsosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho Bao re ba Ratang ba Tla Tsosoa
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Bafu ba Tla Tsoha
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ntho Feela e ka Felisang Lefu!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tšepo e Tiileng
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 30
Khaolo ea 30. Lelapa le amohela moshanyana nakong ea tsoho ea bafu.

KHAOLO EA 30

Batho Bao re ba Ratang ba Tla Tsosoa

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Lefu le utloisa bohloko ebile le baka mathata. Ke kahoo Bibele e reng lefu ke sera. (1 Bakorinthe 15:26) Khaolong ea 27 u ile oa ithuta hore Jehova o tla felisa sera seo. Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba seng ba hlokahetse? Khaolong ena u tla ithuta ka tšepiso e ’ngoe ea Jehova e thabisang ea hore o tl’o tsosa batho ba libilione hore ba tl’o phela ka ho sa feleng. Na seo se ka etsahala? Na ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong kapa lefatšeng?

1. Ke eng eo Jehova a batlang ho e etsa ka batho bao re ba ratang ba seng ba hlokahetse?

Jehova o batla ho tsosa bafu. Monna e mong ea neng a e-na le tumelo e leng Jobo, o ne a kholisehile hore ha a ka shoa Molimo a ke ke a mo lebala. O ile a re ho Molimo: “U tla hooa ’me ke tla u araba [ke le lebitleng].”—Bala Jobo 14:13-15.

2. Re tseba joang hore bafu ba tla tsosoa?

Ha Jesu a le lefatšeng, Molimo o ile a mo fa matla a ho tsosa bafu. Jesu o ile a tsosa ngoanana ea lilemo li 12 a ba a tsosa le mora oa mohlolohali. (Mareka 5:41, 42; Luka 7:12-15) Hamorao Lazaro motsoalle oa Jesu o ile a shoa. Le hoja e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a shoele a bile a patiloe, Jesu o ile a mo tsosa. Ka mor’a hore Jesu a rapele Molimo o ile a hoeletsa a shebile lebitleng a re: “Lazaro, tsoa!” Ka mor’a moo, “monna ea neng a shoele a tsoa” a phela. (Johanne 11:43, 44) E tlameha ebe lelapa labo Lazaro le metsoalle ea hae ba ne ba thabile haholo.

3. Ho na le tšepo efe ka batho bao u ba ratang ba seng ba hlokahetse?

Bibele ea re tšepisa e re: “Ho tla ba le tsoho.” (Liketso 24:15) Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa ha a ne a le lefatšeng, ba ne ba sa ea leholimong. (Johanne 3:13) Ba ne ba thabetse ho tla phela hape mona lefatšeng. Ka ho tšoanang, haufinyane Jesu o tla tsosa batho ba libilione hore ba tl’o phela ka ho sa feleng paradeiseng, mona lefatšeng. O ile a re “bohle ba mabitleng a khopotso” ba tla tsosoa. Molimo o tla tsosa batho ba mohopolong oa hae, esita le bao ho se nang motho ea hopolang hore ba kile ba phela.—Johanne 5:28, 29.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Fumana bopaki ka Bibeleng bo bontšang hore bafu ba tl’o tsosoa. Ithute hore na tsoho ea bafu e ka u tšelisa ea ba ea u fa tšepo joang.

Jesu o tsosa Lazaro bafung ha batho ba bang ba ntse ba shebeletse ba maketse.

4. Jesu o ile a bontša hore a ka khona ho tsosa bafu

Ithute hore na Jesu o ile a etsetsa motsoalle oa hae Lazaro eng. Bala Johanne 11:14, 38-44 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Re tseba joang hore Lazaro o ne a hlile a shoele? (Sheba temana ea 39.)

  • Haeba Lazaro a ne a ile leholimong, na u nahana hore Jesu o ne a tla mo khutlisa hore a tl’o phela lefatšeng?

Bapala VIDEO.

VIDEO: Jesu o Tsosa Lazaro Bafung (1:16)

5. Batho ba bangata ba tla tsosoa

Bala Pesaleme ea 37:29 ebe le buisana ka potso ena:

  • Batho ba libilione ba tla tsosoa ba tl’o phela hokae?

Jesu o tla tsosa batho ba bangata ho akarelletsa le ba neng ba sa rapele Jehova. Bala Liketso 24:15 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke mang eo u ka thabelang ho mo bona a tsositsoe?

Ntate o tsosa mora oa hae borokong ’me o mo tsosa hantle.

Nahana ka sena: Jesu a ka tsosa motho habonolo feela joalokaha ntate a ka tsosa ngoana oa hae ea robetseng

6. Tsoho ea bafu e ka u tšelisa le ho u fa tšepo

Tlaleho ea Bibele ea morali oa Jairuse e tšelisitse batho ba bangata ba hlokahalletsoeng le ho ba khothatsa. Bala pale ena ho Luka 8:40-42, 49-56.

Pele Jesu a tsosa morali oa Jairuse o ile a re ho ntate oa hae: “U se ke oa tšaba, u mpe u bontše tumelo.” (Sheba temana ea 50.) Tšepo ea hore bafu ba tla tsosoa e ka u thusa joang . . .

  • ha u hlokahalloa ke motho eo u mo ratang?

  • ha bophelo ba hao bo le kotsing?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso ena.

VIDEO: Tšepo eo re Nang le Eona ka Tsoho e Etsa Hore re be Sebete Joang? (3:21)

Litšoantšo: Lintho tse hlahang videong ea ‘Tšepo eo re Nang le Eona ka Tsoho e Etsa Hore re be Sebete Joang?’ 1. Morali’abo rona o khothatsa Veronica libokeng letsatsi ka mor’a hore Phelicity a hlokahale. 2. Veronica le morali oa hae ba khothatsa ’mè e mong ba sebelisa Bibele.
  • Tšepo ea hore bafu ba tla tsosoa e ile ea tšelisa le ho khothatsa batsoali ba Phelicity joang?

BATHO BA BANG BA RE: “Ho thata ho lumela hore kannete batho ba hlokahetseng ba tla tsosoa.”

  • Uena u nahana joang?

  • U ka sebelisa lengolo lefe ho bontša motho hore bafu ba tl’o tsosoa?

KAKARETSO

Bibele e re tšepisa hore batho ba libilione ba hlokahetseng ba tl’o tsosoa. Jehova o batla hore ba tl’o phela hape ’me o file Jesu matla a ho ba tsosa.

Re Ithutile’ng?

  • Jehova le Jesu ba ikutloa joang ka ho tsosa bafu?

  • Na batho ba libilione ba tl’o tsosoa ba tla phela leholimong kapa lefatšeng? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

  • Ke eng e u kholisang hore batho bao u ba ratang ba seng ba hlokahetse ba tla tsosoa?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bala ka lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang ha u hlokahalletsoe.

“U ka Thusoa Ke’ng ha U Siame?” (Tsoha! No. 3 2018)

Na kannete Bibele e ka thusa motho ea hlokahalletsoeng?

U ka Tšelisoa Ke’ng ha Motho eo U mo Ratang a Hlokahala? (5:06)

Bana ba ka thusoa ke eng ha ba hlokahalletsoe ke motho eo ba mo ratang?

Thekollo (2:07)

Na ho na le batho ba tla tsosetsoa ho ea leholimong? Ke bo-mang ba ke keng ba tsosoa?

“Tsoho ea Bafu Ke’ng?” (Sehlooho se websaeteng)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela