Bophelo bo Bocha Bakeng sa Baholo-holo ba Rōna
NA LENTSOE la Molimo, Bibele, le ruta hore e mong le e mong o tlameha ho fetela bophelong bo tsoelang pele sebakeng sa moea ha a e-shoa? Che, ha le etse joalo. Bibele e fana ka tšepo e tsotehang ea bophelo ka mor’a lefu, empa eseng ka tsela eo ba bangata ba nahanang hore ea etsa.
Nahana ka seo Bibele e se buang ka moholo-holo oa rōna oa pele, Adama. Jehova o ile a mo etsa “ka lerōle la lefatše.” (Genese 2:7) Adama o ne a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ka thabo lefatšeng. (Genese 2:16, 17) Leha ho le joalo, o ile a fetohela ’Mōpi oa hae ea lerato, ’me phello ea e-ba lefu.
Adama o ile a ea hokae ha a e-shoa? Molimo o ile a re ho eena: “U [tla] be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.
Adama o ne a le hokae pele Jehova a mo bōpa ka lerōle? Ha ho moo a neng a le teng. O ne a le sieo. Kahoo ha Jehova a ne a re Adama o ne a tla “khutlela lerōleng,” o ne a mpa a bolela feela hore Adama o ne a tla boela a hloka bophelo, joaloka lerōle. Adama ha a ka a ‘falla’ hore e il’o ba eena mothehi oa lefatše la meea ea baholo-holo. Leha e le hore o ile a fetela thabong e fetisisang ea bophelo ba leholimo kapa hona hore o ile a ea bohlokong bo sa feleng sebakeng sa tlhokofatso. Phetoho eo a ileng a e etsa feela e ne e le ho tloha bophelong ho isa boemong ba ho se phele, ho tloha boemong ba ho ba teng ho ea ho ba ho se be teng.
Ho thoe’ng ka moloko oohle oa batho? Na le litloholo tsa Adama li khaotsa ho ba teng ha li e-shoa? Bibele ea arabela: “Tsohle [batho hammoho le liphoofolo] li ikela nģalong e le ’ngoe tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.”—Moeklesia 3:19, 20.
Boemo ba Bafu
E, bafu ha ba phele, ba sitoa ho utloa, ho bona, ho bua, kapa ho nahana. Ka mohlala, Bibele e re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse.” Hape Bibele ea bolela: “Nģalong ea bafu [lebitleng] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 6, 10.
Ka hona, ho ea ka Lentsoe la Molimo, ha batho ba ntse ba phela, ba lemoha lefu. Leha ho le joalo, ha lefu le hlaha, ha ho sa le letho leo ba le lemohang. Ha ba eme ka thōko ho litopo tsa bona, ebe ba shebella se etsoang ho tsona. Boemong ba ho se be teng ha ho monyaka kapa bohloko, ha ho thabo kapa ho sareloa. Ba shoeleng ha ba lemohe ho feta ha nako. Boemo ba bona ke ba ho se ikutloe ho tebileng ho feta boroko leha e le bofe.
Jobo, mohlanka oa Molimo oa linakong tsa boholo-holo o ne a tseba hore batho ha ba tsoele pele ba phela ka mor’a lefu. Hape o ne a utloisisa hore kantle le hore Molimo a kenelle, ho ne ho ke ke ha e-ba le tšepo ea ho khutlela bophelong hape. Jobo o ile a re: “Motho ha a e-shoa, o felile matla; ere ha ea shoang a neela moea, eba o kae na? O ee a robale, ’me ha a sa tsoha.” (Jobo 14:10, 12) Ka sebele, Jobo o ne a sa lebella hore ha a e-shoa o ne a tla kopana le baholo-holo ba hae lefatšeng la meea.
Tšepo ea Tsoho
Kaha ba phelang ba khaotsa ho ba teng ha ba e-shoa, Jobo o ile a phahamisa potso ea bohlokoa ha a ne a re: “Haeba motho ea phelang hantle a ka shoa na a ka phela hape?” Ka boeena Jobo o ile a fana ka karabo ena: “Ke tla mamella ka matsatsi ’ohle a tšebeletso e ntlamileng [nako ea ho ba ka lebitleng]‚ ho fihlela ke lopoloha. [Jehova] u tla bitsa, ’me ’na ke tla u araba. Hobane u tla ba le taba-tabelo mosebetsing oa liatla tsa hao.”—Jobo 14:14, 15, NW.
Ka mantsoe a mang, le hoja Jobo a ne a tla fetela boemong ba ho se be teng, Molimo o ne a ke ke a mo lebala. Jobo o ne a e-na le tumelo ea hore nako e tla tla eo Jehova Molimo a neng a tla mo “bitsa” hore a khutlele bophelong hape ka tsoho.
Jesu Kreste, Mor’a Molimo o ile a bontša hore tšepo ea Jobo tsohong e ne e le e utloahalang. Jesu o ile a paka hore bafu ba ka tsosoa. Joang? Ka ho ba tsosa! O ne a le sieo bakeng sa ho tsosa Jobo, empa ha a ne a le lefatšeng Jesu o ile a tsosa mora oa mohlolohali oa motse oa Naine. Hape Jesu o ile a tsosetsa bophelong morali ea lilemo li 12 oa monna ea bitsoang Jairuse. Hape o ile a tsosa motsoalle oa hae Lasaro, ea neng a se a e-na le matsatsi a mane a shoele.—Luka 7:11-15; 8:41, 42, 49-56; Johanne 11:38-44.
Ho phaella ho etseng mehlolo ena Jesu o ile a bua ka tsoho e khōlō ea nakong e tlang. O ile a re: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ona.” (Johanne 5:28, 29) Hamorao, moapostola Pauluse, eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho tsosa mohlankana, le eena o ile a bolela tumelo tsohong ea nako e tlang. O ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 20:7-12; 24:15.
Litšupiso tsena tsa Mangolo mabapi le tsoho ea nakong e tlang ha li mabapi le bophelo bo tsoelang pele sebakeng sa moea. Li supa nakong ea ha bafu ba limilione ba tla khutlela bophelong ba ’mele oa nama hona mona lefatšeng. Bana ba tsositsoeng e ke ke ea e-ba batho ba sa hopoleng bophelo ba bona ba nako e fetileng lefatšeng. Ba ke ke ba tsoaloa e le masea hape. Ho e-na le hoo e tla ’ne e be batho ba tšoanang le kamoo ba neng ba le kateng ha ba e-shoa, ba nang le mehopolo le botho bo ntseng bo tšoana. Ba tla ’ne ba itsebe le ho tsejoa ke ba bang. E tla ba thabo e kaakang ha batho bana ba boela ba kopana le metsoalle ea bona le ba malapa a bona! ’Me e tla ba ho thabisang hakaakang ho kopana le baholo-holo ba rōna!
Ho Tsosetsoa Bophelong ba Leholimo
Na Jesu ha a ka a re ba bang ba tla ea leholimong? E, ho joalo. Bosiung ba pele a bolaoa, o ile a re: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate . . . ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.” (Johanne 14:2, 3) Jesu o ne a bua le baapostola ba hae ba tšepahalang, empa mantsoe a hae ha a bolele hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong.
Jesu o ile a bontša hore ba tsosetsoang bophelong ba leholimo ba tlameha ho finyella litlhokahalo tse itseng eseng feela ho iphelela bophelo bo khabane. Tlhokahalo e ’ngoe ke ho ba le tsebo e nepahetseng ea Jehova le merero ea hae. (Johanne 17:3) Litlhokahalo tse ling ke ho bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste le ho mamela Molimo. (Johanne 3:16; 1 Johanne 5:3) Ho phaella moo, tlhokahalo e ’ngoe ke ho ‘tsoaloa la bobeli’ joaloka Mokreste ea kolobelitsoeng ea tsoetsoeng ka moea o halalelang oa Molimo. (Johanne 1:12, 13; 3:3-6) Tlhokahalo e ’ngoe e phaellang bakeng sa bophelo ba leholimo ke ho tiisetsa joalokaha Jesu a entse, ho paka botšepehi ho Molimo esita le ho isa lefung.—Luka 22:29; Tšenolo 2:10.
Ho na le lebaka bakeng sa litlhokahalo tse phahameng joalo. Ba tsosetsoang leholimong ba na le mosebetsi oa bohlokoa oo ba lokelang ho o etsa. Jehova o ne a tseba hore mebuso ea batho ha ho mohla e tla tsamaisa litaba tsa lefatše ka katleho. Kahoo o ile a lokisetsa puso ea leholimo, kapa ’Muso, o neng o tla busa holim’a lefatše. (Mattheu 6:9, 10) Jesu e ne e tla ba Morena oa ’Muso oo. (Daniele 7:13, 14) Ba bang ba khethiloeng lefatšeng le ba tsoselitsoeng leholimong ba ne ba tla busa le eena. Bibele e ile ea bolela esale pele hore bana ba tsositsoeng e ne e tla ba “marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba [ne ba tla] busa holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:10.
Na palo e khōlō ea batho e ne e tla finyella litlhokahalo tsa ho tsosetsoa leholimong? Che. Tlas’a mabaka ao ba sa ikarabelleng ho ’ona, boholo ba ba robetseng lefung ha ba tšoanelehe. Ba bangata ba bile le monyetla o fokolang kapa ha baa ka ba e-ba le oona mabapi le ho ithuta ka Jehova le merero ea hae. Ba ile ba phela le ho shoa ka ntle ho tsebo leha e le efe ea Jesu Kreste kapa ea ’Muso oa Molimo.
Jesu o ile a bitsa ba neng ba tla ea leholimong “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Hamorao ho ile ha senoloa hore palo ea “ba lopolotsoeng lefatšeng” ho ea busa le Kreste leholimong e ne e tla ba 144 000. (Tšenolo 14:1-3; 20:6) Le hoja 144 000 e le palo e khōlō ka ho lekaneng bakeng sa ho tlatsa “meaho e mengata” eo Jesu a neng a bua ka eona, e nyenyane ha e bapisoa le batho ba limilione tse likete bao e leng litloholo tsa Adama.—Johanne 14:2.
Liketsahalo Tsa Pele ho Tsoho ea Lefatšeng
A re hlahlobeng seo re seng re buile ka sona ho tla fihla mona. Ho ea ka Bibele, ba shoeleng ha ba phele lefung ho fihlela ba tsosoa ke Jehova Molimo. Ba bang ba tsosetsoa bophelong ba leholimo, moo ba tlang ho busa le Jesu Kreste pusong ea ’Muso. Boholo ba batho bo tla tsosetsoa lefatšeng, e le hore e ka ba bafo ba ’Muso oo.
Ka tekanyo e itseng ka tsoho ea lefatšeng, Jehova o tla phethahatsa morero oa hae ka lefatše. Jehova o le bōpetse hore “le ahuoe.” (Esaia 45:18) Le ne le lokela hore e be lehae la kamehla la moloko oa batho. Kahoo, mopesaleme o ile a bina: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.
Pele batho ba qala ho tsohela bophelong lefatšeng, liphetoho tse khōlō li tlameha ho etsahala. Mohlomong u tla lumela hore e ne e se morero oa Molimo hore lefatše le tlale lintoa, tšilafalo, tlōlo ea molao, le pefo. Mathata ana a bakoa ke batho ba sa hlompheng Molimo le melao ea hae e lokileng. Ka hona, ’Muso oa Molimo o tla “senya ba senyang lefatše”—e le mohato o moholo bakeng sa ho etsa thato ea hae lefatšeng. (Tšenolo 11:18) ’Muso o tla felisa batho bohle ba khopo, o siee ba lokileng hore ba phele lefatšeng ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:9, 29.
Paradeise Lefatšeng
Ba tsosetsoang lefatšeng le hloekileng e tla ba ba nang le botho bo bonolo, batho ba tsotellang le ba etsang se nepahetseng. (Bapisa le Mattheu 5:5.) Tlas’a bolisa bo lerato ba ’Muso oa Molimo, ba tla phela bophelo bo thabileng ba sireletsehile. Bibele e fana ka ponelo-pele ena e tsotehang ea maemo a tlang ho ata ka nako eo: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
E, lefatše le tla fetoha paradeise. (Luka 23:43) Nahana ka se tlang ho boleloa ke hoo! Lipetlele le mahae a maqheku li tla felloa ke mosebetsi. Paradeiseng, bao hona joale ba utloisoang bohloko ke liphello tsa botsofali ba tla ba matla le ho ba le bophelo bo botle ba ’mele hape. (Jobo 33:25; Esaia 35:5, 6) Ha ho sa tla ba le libaka tsa polokelo ea litopo, litša tsa mabitla, le majoe a mabitla. Ka ’Muso oa hae, Jehova o tla “felisa lefu ka ho sa eeng kae.” (Esaia 25:8) Ka sebele mahlohonolo a joalo a ka bolela bophelo bo bocha ho rōna le ho baholo-holo ba rōna.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ba tsositsoeng lefatšeng e tla ba bafo ba ’Muso