Tataiso e Phahametseng Bohlale ba Tlhaho
“Haeba boitšoaro ba motho ka mong ke feela taba ea boikhethelo, ha ho melao-motheo e lateloang ea se nepahetseng le se fosahetseng, joale ha ho potang hore mebuso e ne e tla lokela ho etsa melao hore e koale sekheo seo sa ho hloka boitšoaro.”—DR. DANIEL CALLAHAN.
HA E le hantle, seo Callahan a amehileng ka sona ke ’nete, kaha ho hloka boitšoaro ho ntseng ho ja setsi likarolong tse ngata tsa lefatše ho qobeletse mebuso hore e etse melao e mengata e le hore e fokotse bokebekoa. Sebokeng sa Bo-’mè ba Nigeria, se neng se tšoaroa ka lekhetlo la pele, mopresidente oa Nigeria o ile a bontša kamoo a amehileng kateng ka bokamoso ba naha eo. O ne a sa bue ka lipolotiki kapa bofutsana, empa o ne a bua ka “bothata bo tebileng haholo”—“ho senyeha ho akaretsang ha . . . melao ea motheo ea boitšoaro ka malapeng, mosebetsing, motseng le sechabeng ka kakaretso.”
Brithani, phuputso e entsoeng ho bo-’mè ba 1 736 e bontšitse hore “tokisetso e tloaelehileng ea lelapa e maqakabetsing ka lebaka la ho hlepha ha boitšoaro ka potlako le ho eketseha ha malapa a batsoali ba se nang balekane.” Chaena le teng boitšoaro bo theoha ka sekhahla se tšabehang. Makasine ea Time e tlalehile hore batho ba moo ba kopanela liphate ba sa le banyenyane haholo ’me ba bile ba li kopanela le batho ba bangata ho feta leha e le neng pele. Mosali e mong e mocha oa Lechaena ea ileng a ithorisa ka hore o kopanetse liphate le batho ba fetang 100, o ile a re: “Ke bophelo ba ka, nka etsa ntho leha e le efe eo ke e ratang ka bona.”
Ho hlepha ha boitšoaro ho amme esita le babusi. Javed Akbar o itse koranteng ea Canada ea Toronto Star: “Batho ha ba sa nka baeta-pele ba bona e le mehlala e metle tabeng ea boitšoaro.” O ile a bolela hore bo-ralipolotiki, baokameli ba likhoebo tse khōlō esita le baeta-pele ba bolumeli ba “bonahala ba haelloa ke mekhoa e nepahetseng ea boitšoaro.”
Ke Hobane’ng ha Boitšoaro bo Ntse bo Hlepha?
Ho na le mabaka a mangata a etsang hore boitšoaro bo hlephe hakana. Le leng ke boikutlo bo atileng ba ho ba khahlanong le melao-motheo e tloaelehileng ea boitšoaro. Ka mohlala, phuputso e entsoeng ka Boroa ho United States e senotse hore boholo ba liithuti tsa kolecheng tse arabetseng phuputsong eo li ne li nka hore “taba ea se nepahetseng le se fosahetseng e ea ka maikutlo a motho.”
Mongoli oa lipolotiki, Zbigniew Brzezinski, o ile a bua ka lebaka le leng. O ile a ngola hore batho ba kajeno “ba amehile haholo ka ho khotsofatsa litakatso tsa bona hang-hang, ’me boitšoaro ba batho ka bomong le ba batho ka kakaretso bo susumetsoa haholo ke ho lelekisa menyaka bophelong.” Ho ikhethela tsela eo motho a itšoarang ka eona, meharo le ho ikhotsofatsa e ka ’na eaba li khahla ba bang ka tsela e itseng, empa na li fana ka thabo ea sebele, khotsofalo le likamano tse ntle le ba bang?
Jesu o itse: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Na batho ba thabile haholoanyane ebile ba sireletsehile haholoanyane ka lebaka la boitšoaro bo hlephileng? Nahana ka liphello tse ling tsa hona: ho se tšepane ho jeleng setsi, ho se sireletsehe, ho senyeha ha likamano tsa batho, bana ba hōlang ba se na ntate kapa ’mè, mafu a seoa a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ima ho sa reroang, ho lemalla lithethefatsi le pefo. Ho hlakile hore maemo ana ha a bontše hore batho ba khotsofetse ebile ba atlehile empa a bontša mahlomola le ho hlōleha bophelong.—Bagalata 6:7, 8.
Ka mor’a hore Jeremia, eo e neng e le moprofeta oa Molimo, a bone mathata a tšoanang le ana mehleng ea hae, o ile a bua mantsoe ana a bululetsoeng: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Molimo o ne a sa re bōpela hore re itaole le ho ikhethela hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Ntho e ka ’nang ea bonahala e le molemo ho rōna e ka ’na eaba ha e le hantle e kotsi. Ho Liproverbia 14:12, Bibele e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.”
Sera se ka Hare ho Rōna!
Lebaka le leng le etsang hore re hloke tataiso litabeng tsa boitšoaro ke lefe? Ke hobane lipelo tsa rōna li ka re thetsa. Ho Jeremia 17:9, Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?” Haeba u ne u tseba motho ea itseng ea bolotsana le ea tsitlellang seo a se batlang, na u ne u tla mo tšepa? Le hanyenyane! Empa e mong le e mong oa rōna o na le pelo e ka bontšang litšobotsi tseo. Ka hona, Molimo o re fa temoso ena e tobileng le e lerato: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello, empa ea tsamaeang ka bohlale ke eena ea tla phonyoha.”—Liproverbia 28:26.
Seo re lokelang ho se etsa ke sena: Ho e-na le ho tšepa matla a rōna a kelello a sa phethahalang, re lokela ho tsamaea ka bohlale bo tsoang ho Molimo, ka tsela eo, re qobe maraba a mangata. Ho feta moo, bohlale boo ba bohlokoa boa fumaneha ho bohle ba bo batlang ka tieo. “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.”—Jakobo 1:5.
Tšepa Molimo “ka Pelo ea Hao Eohle”
Ha Bibele e hlalosa ’Mōpi oa rōna, e re: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Jehova o tšoana le lefika le leholohali. A ka tšeptjoa bakeng sa tataiso e nepahetseng ea boitšoaro le ea moea ho sa tsotellehe hore na ke liphetoho life tse re hlahelang. Liproverbia 3:5, 6 e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”
Ka sebele, ke mang ea ka re tataisang hantle ho feta ’Mōpi oa rōna, eena ea balang “moriri oa lihlooho” tsa rōna? (Matheu 10:30) Ho feta moo, o ipakile e le motsoalle oa ’nete, ea re ratang hoo a re bolellang ’nete ka linako tsohle—esita le haeba ho le boima hore re amohele ’nete eo.—Pesaleme ea 141:5; Liproverbia 27:6.
Hape hlokomela hore Jehova ha a re qobelle hore re latele tataiso ea hae. Ho e-na le hoo, o ipiletsa ho rōna ka lerato. “’Na, Jehova, . . .ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:17, 18) Na ha u ikutloe u atamela haufi le Molimo ea joalo? Ho feta moo, o entse hore re fumane bohlale ba hae habonolo ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele e Halalelang, e leng buka eo batho ba bangata lefatšeng ba nang le eona ho feta buka leha e le efe e ’ngoe!—2 Timothea 3:16.
Lumella Lentsoe la Molimo Hore le Bonese Tsela
Mabapi le Mangolo a Halalelang, mopesaleme o ngotse: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Lebone le maotong a rōna le senola likotsi tse ka re hlahelang re sa lebella, athe leseli le tseleng ea rōna le bonesa tsela hōjana. Ka mantsoe a mang, Lentsoe la Molimo le ka re tataisa ntle ho kotsi bophelong ba rōna ka ho re thusa hore re etse liqeto tse bohlale, tse nepahetseng litabeng tsohle—tse re amang hona joale le tse ka ’nang tsa re ama bokamosong.
Ka mohlala, nahana ka Thuto ea Thabeng. Puong eo e khutšoanyane e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7, Jesu Kreste o buile ka thabo, lerato, lehloeo, mohau, boitšoaro, thapelo, ho lelekisa maruo le ka litaba tse ling tse ngata tseo e leng tsa bohlokoa kajeno ho tšoana le mehleng eo. Mantsoe a hae e ne e le a bontšang temoho hoo ‘bongata bo ileng ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.’ (Matheu 7:28) Ka kōpo, ak’u iphe nako e seng kae hore u ipalle thuto eo. Ho ka etsahala hore le uena u khahloe ke eona.
“Le ’ne le Kōpe” Thuso ea Molimo
Ke ’nete hore ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo ha ho bonolo kamehla. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore boiteko boo re bo etsang ba ho hanela sebe bo tšoana le ntoa. (Baroma 7:21-24) Leha ho le joalo, ntoa eo e ka hlōloa ka thuso ea Molimo. Jesu o itse: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana . . . Etsoe e mong le e mong ea kōpang oa amohela, ’me e mong le e mong ea batlang oa fumana.” (Luka 11:9, 10) Ruri Jehova a ke ke a furalla motho leha e le ofe eo ka tieo a lekang ho tsamaea tseleng e patisaneng e lebisang bophelong bo sa feleng.—Matheu 7:13, 14.
Nahana ka mohlala oa Frank, eo e neng e le lekhoba la koae ha a ne a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a hore a bale 2 Bakorinthe 7:1 ’me a be a etse qeto e nepahetseng ea hore mokhoa oo e ne e le “litšila . . . tsa nama” mahlong a Molimo, Frank o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho tsuba. Empa ho ne ho se bonolo ho phela tumellanong le qeto eo ea hae. Ka lekhetlo le leng o bile a iphumana a khasa a phopholetsa litompi tsa sakerete hore a li tsube!
Boitšoaro bona bo hlokisang motho seriti bo ile ba hatisa kelellong ea Frank hore na e ne e se e le lekhoba le lekaakang la koae. (Baroma 6:16) Ka hona, o ile a rapella thuso ka tieo, a sebelisa ka hohle monyetla oa botsoalle bo hloekileng boo a bo fumanang ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova, ’me a hlōla mokhoa oo o mobe.—Baheberu 10:24, 25.
Khotsofatsa Seo U se Hlokang Moeeng
Boemo bona boo Frank a bileng ho bona ke mohlala o le mong feela oa e mengata e bontšang hore Bibele e fana ka tataiso e phahameng ea boitšoaro le ea moea, hammoho le ho susumelletsa batho hore ba latele tataiso eo. Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Matheu 4:4.
Ha re nka linnete tsa bohlokoa tsa Molimo ka ho teba, re rua molemo ka litsela tsohle—kelellong, maikutlong, moeeng le nameng. Pesaleme ea 19:7, 8 e re: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. . . . Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye [ke tšepo le ke ho hlakeloa ke morero oa Molimo].”
Ka Lentsoe la hae, Jehova o re thusa haholo hore re be le tataiso e nepahetseng ea boitšoaro le ho phela ka tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka e khonang hona joale. O boetse o re beha leseling ka bokamoso. (Esaia 42:9) Joalokaha sehlooho se latelang se bontša, bohle ba latelang tataiso ea Molimo ba letetsoe ke bokamoso bo thabisang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Se U Tataisang Boitšoarong
Batho ba na le mpho ea bohlokoa—e leng letsoalo. Ka lebaka leo, batho ba lichaba tsohle le ba merabe eohle, ba phetseng lilemong tse sa tšoaneng, ba ’nile ba e-ba le melao ea boitšoaro e tšoanang. (Baroma 2:14, 15) Leha ho le joalo, letsoalo le ke ke la fana ka tataiso e nepahetseng kamehla; le ka ’na la susumetsoa ke litumelo tsa bolumeli ba bohata, lifilosofi tsa batho, leeme hammoho le litakatso tse fosahetseng. (Jeremia 17:9; Bakolose 2:8) Ka hona, feela joalokaha mokhanni oa sefofane a ka ’na a tlameha ho netefatsa nako le nako hore lisebelisoa tsa hae tse mo tataisang li nepahetse, le rōna re lokela ho hlahloba se re tataisang boitšoarong le moeeng ho latela melao e lokileng ea “Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng,” Jehova Molimo, ’me ha ho hlokahala, re etse liphetoho. (Esaia 33:22) Ho fapana le melao ea batho ea boitšoaro, e ka ’nang ea fetoha ha meloko e ntse e latellana, melao ea Molimo e phethahetseng e lula e le teng ka ho sa feleng. O re: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.”—Malakia 3:6.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Tataiso ea ho Fumana Katleho le Thabo
HO FUMANA THABO
“Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—MATHEU 5:3.
“Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—LIKETSO 20:35.
“Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”—LUKA 11:28.
HO ETSA HORE U TŠEPTJOE
“E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.”—BAEFESE 4:25.
“Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa.”—BAEFESE 4:28.
“Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”—BAHEBERU 13:4.
HO LOANELA HO BA LE LIKAMANO TSE NTLE LE BA BANG
“Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—MATHEU 7:12.
“[Monna] a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; . . . mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—BAEFESE 5:33.
“Tsoelang pele le . . . tšoarelana ka bolokolohi.”—BAKOLOSE 3:13.
HO QOBA LIPHAPANG LE HO LI RAROLLA
“Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.”—BAROMA 12:17.
“Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Ha le boloke tlaleho ea bobe.”—1 BAKORINTHE 13:4, 5.
“Letsatsi le se ke la le likella le halefile.”—BAEFESE 4:26.