Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 leq. 3
  • U “Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U “Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”!
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo u ka bolokang motlakase, mafura le lintho tse ling
    Tsoha!—2017
  • Litekanyetso Tsa Liolimpiki li Maqakabetsing
    Tsoha!—2000
  • Re “Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Pōpo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 leq. 3

U “Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”!

HA U nahana ka lintho tse hlollang tseo liphoofolo tse sa tšoaneng li khonang ho li etsa, na ka linako tse ling u ee u lakatse eka u ka be u khona ho li etsisa? Mohlomong u lakatsa eka u ka be u tseba ho fofela holimo joaloka nonyana e bitsoang albatross, ho sesa joaloka tlhapi e bitsoang dolphin, ho bona joaloka ntsu kapa ho matha joaloka chita.

Ha ho pelaelo hore liphoofolo li khona ho etsa lintho tse hlollang. Empa le rōna re khona ho etsa lintho tse hlollang! Ka sebele ho ka boleloa hore ’mele oa motho o joaloka mochine o sebetsang hantle. Bonneteng, re ipabola ho feta mechine. Re khona ho qapa, re batla ho tseba, re na le matla a ho nahana ’me re bohlale—e leng litšobotsi tse re susumelletsang hore re qape mechine e re thusang ho etsa hoo e batlang e le ntho leha e le efe eo re e nahanang. Re ka fofa, esita le ka lebelo le fetang la molumo; ra tšela maoatle a maholo, ebang re tsamaea ka holim’a metsi kapa ka tlas’a oona; ra bona lintho tse sepakapakeng tse hōle hoo khanya e ka nkang lilemo tse libilione tse 14 hore e fihle ho tsona; ra shebisisa sele ea ntho e phelang; ra qapa mechine, mekhoa ea phekolo esita le mekhoa ea theknoloji e re thusang ho fumana hore na motho o tšoeroe ke lefu lefe re be re le alafe.

Esita le kantle ho lintho tse boletsoeng ka holimo, motho ea phetseng hantle ’me a koetlisitsoe hantle o khona ho etsa lintho tse tsotehang. Ka mohlala, Lipapaling Tsa Liolimpiki ho na le litsebi tsa boikoetliso, batho ba tsubellang ka metsing, ba thelelisang leqhoeng kapa lehloeng esita le ba bang ba etsang lintho tse thata ka tsela e bonolo, e bontšang botsebi le boqapi le bokhabane, hoo bashebelli ba ikutloang ba hloletsoe.

Na u ananela limpho tse ikhethang tseo uena u le motho u nang le tsona? Ho ka etsahala hore ha u sebapali sa Liolimpiki, empa u na le limpho tse ngata tseo u lokelang ho leboha hore ebe u na le tsona. Mongoli oa Bibele oa mehleng ea boholo-holo o ile a leboha Molimo ka ho bina a re: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”a (Pesaleme ea 139:14) Ho ka ba molemo hore u nahane ka polelo eo ha u ntse u ithuta lihlooho tse latelang. Li tla tšohla lintlha tse ling tse qaqileng tse hlollang ka ’mele oa motho, hammoho le litšobotsi tse ling tsa bohlokoa haholo tse etsang hore batho e be ba khethehileng e le kannete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Babali ba thahasellang litaba tse buang ka pōpo ha e bapisoa le khopolo ea hore lintho li iphetotse ba ka thabela ho bala bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Motho a ka fumana libukana tsena ho Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa habo kapa ho bahatisi ba makasine ena.

[Lebokose le leqepheng la 3]

’MELE EA RŌNA E ENTSOE KA TSELA E BABALLANG MATLA

Ha re sebelise matla a mangata ha re eme re otlolohile, hobane mesifa ha e sebetse haholo ho tšehetsa ’mele ea rōna ha re eme. Bonneteng, ho latela John R. Skoyles ea fuputsang litaba tsa thuto ea methapo, ‘matla ao re a sebelisang ha re eme a feta ao re a sebelisang ha re robetse ka liphesente tse 7 feela.’ O phaella ka hore matla ao ntja e a sebelisang ha e eme (ka maoto ’ohle a eona) a feta ao e a sebelisang ha e robetse ka liphesente tse ka bang 70.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela