Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/15 maq. 4-8
  • Lebaka leo Bibele e Leng Mpho ea Molimo e Bululetsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka leo Bibele e Leng Mpho ea Molimo e Bululetsoeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele le Saense
  • E Tšepahala Litabeng tsa Histori
  • Bopaki bo Boholo ka ho Fetisisa
  • Buka e Senolang Tsebo ea Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Boprofeta bo Ileng ba Phethahala
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Na U ka Tšepa Litšepiso Tsa Molimo?
    Tsoha!—1995
  • Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tsa Bibele li Tšepahala Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/15 maq. 4-8

Lebaka leo Bibele e Leng Mpho ea Molimo e Bululetsoeng

BIBELE e bolela hore “Molimo ke lerato” ’me e bolela hore o bohlale ebile o matla. (1 Johanne 4:8, BPN; Jobo 12:13; Esaia 40:26) E re bolella hore “litsela tsohle tsa hae li na le tōka.” (Deuteronoma 32:4, BPN) Ho ea ka Bibele, Molimo o boetse o bonahatsa litšoaneleho tse kang mohau le kutloelo-bohloko.—Exoda 34:6; Ba-Roma 9:15.

Kaha Bibele e bolela hore Jehova Molimo o na le litšoaneleho tse joalo, sena se etsa hore e hulele batho ba ntseng ba phopholetsa ho eena. Buka ena e bua ka pōpo, tšimoloho ea sebe le lefu, le mokhoa oa ho boelana le Molimo. E fana ka tšepo e thabisang ea Paradeise e tsosolositsoeng lefatšeng. Empa sena sohle se molemo hafeela ho ka netefatsoa hore Bibele ke mpho e bululetsoeng e tsoang ho Molimo.

Bibele le Saense

Ka mehla Bibele e ’nile ea feta ka katleho ho ba e hlahlobisisang ka morero oa ho fumana liphoso. Ka mohlala, ha e baloa ka mohopolo o bulehileng, ho fumanoa hore e lumellana le saense ea ’nete. Ho hlakile hore, Bibele e ile ea lokisetsoa ho ba motataisi oa moea, eseng buka ea saense. Empa ha re ke re boneng hore na Bibele e lumellana le linnete tsa saense.

Bolepi ba Linaleli: Lilemo tse ka bang 2 700 tse fetileng—nako e telele pele batho ka kakaretso ba tseba hore lefatše le selika-likoe—moprofeta Esaia o ile a ngola: “Ho na le Ea lulang holim’a selika-likoe sa lefatše.” (Esaia 40:22, NW) Lentsoe la Seheberu chugh le fetoletsoeng mona e le “selika-likoe,” le ka boetse la fetoleloa e le “ntho e chitja.” (A Concordance of the Hebrew and Chaldee Scriptures, ea B. Davidson) Joale, hape, “selika-likoe” sa lefatše se bonahala ka ho hlakileng sepaka-pakeng ’me ka linako tse ling nakong ea ha motho a nkile leeto la sefofane se tsamaelang holimo. Tabeng eona ena, Jobo 26:7, (BPN) e bolela hore Molimo o “leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.” Sena ke ’nete kaha ba bolepi ba linaleli baa tseba hore lefatše ha lea tšehetsoa ke letho.

Bophelo ba Liphoofolo: Ho ea ka Bibele, “moutla . . . oa busolosa.” (Levitike 11:6) François Bourlière (The Natural History of Mammals, 1964, leqephe 41) e re: “Tloaelo ea ‘ho busolosa,’ kapa ho fetisa lijo habeli ka maleng ho fapana le ho li fetisa hanngoe feela, ho bonahala e le ntho e tloaelehileng ho moutla le pela. Hangata meutla ea lapeng ea ja ’me e koenya e sa hlafune lijo tseo e li busolosang bosiu, tse bang teng hoseng ho lekana le halofo ea tse ka maleng. Lipela tse hlaha li busolosa habeli ka letsatsi, ’me ho tlalehoa hore ho joalo le ka moutla oa Europe.” Tabeng ena, buka Mammals of the World (ea E. P. Walker, 1964, Moqolo II, leqephe 647) e re: “Mohlomong sena se tšoana le ‘ho busolosa’ ha liphoofolo.”

Kaheho ea ’Mele (anatomy): Ka nepo Bibele e re ‘likarolo tsohle’ tsa moloho oa motho li “ngoliloe.” (Pesaleme ea 139:13-16, NW) Boko, pelo, matšoafo, mahlo—likarolo tsena le tse ling tsohle tsa ’mele li ‘ngoliloe’ liphatseng tsa lefutso tsa lehe le emolisitsoeng ka pōpelong ea ’mè. Liphatsa tsena tsa lefutso li na le nako e behiloeng ea ho hlaha ha e ’ngoe le e ’ngoe ea likarolo tsena ka tatellano e loketseng. ’Me ak’u nahane feela! ’Nete ena e buang ka kaheho ea ’mele oa motho e ile ea tlalehoa ka Bibeleng lilemong tse ka bang 3 000 pele bo-rasaense ba sibolla tšebetso ea liphatsa tsa lefutso.

Meriana: Bukeng ea hae The Physician Examines the Bible, C. Raimer Smith o ngotse: “Ho ’makatsa haholo hore ebe Bibele e nepile hakana tabeng ea meriana. . . . Moo ho buuoang ka phekolo e kang ea mathopa, maqeba, joalo-joalo, e nepahetse esita le ho ea ka litekanyetso tsa mehla ea kajeno. . . . Batho ba bangata ba ntse ba lumela litumela-khoela tse ngata tse kang, hore ha motho a kenya peō ea buckeye ka pokothong a ke ke a tšoaroa ke ramatiki; hore ho tšoara senqanqana ho tla baka lihlōba; hore ho itlama ka lesela le lefubelu molaleng ho tla folisa ’metso o bohloko; hore ho roala mokotla o monyenyane o tšetseng asafetida ho tla u sireletsa mafung; hore nako eohle ha ngoana a kula ke hobane a na le manyooa; joalo-joalo, empa lipolelo tse joalo ha li eo ka Bibeleng. Ho ’na sena sea babatseha ’me ke bopaki bo bong ba hore Bibele e tsoa ho Molimo.”

Thuto ea ho Epolloa ha Lintho tsa Khale: Marena a mehleng ea Bibele, metse, le lichaba li ’nile tsa hlahella ka ho sibolloa ha matlapa a letsopa, mesebetsi ea letsopa, mengolo, le lintho tse joalo. Ka mohlala, batho ba kang Bahethe ba boleloang ka Mangolong ba hlile ba ba teng. (Exoda 3:8) Bukeng ea hae The Bible Comes Alive, Sir Charles Marston o itse: “Bao ba entseng hore batho ka kakaretso ba se lumele Bibeleng, ’me ba nyenyefatsa matla a eona, le bona ka ho tšoanang ba nyenyefalitsoe ke bopaki bo sibollotsoeng, ’me matla a bona a felisitsoe. Kharafu e sebelisoang ke baepolli ba lintho tsa khale e isa ho hlahlobisisa ho sa lokang ha Bibele ka morero oa ho fumana liphoso hōle le lebala la linnete tse belaelloang ’me e ho beha boemong ba ntho eo e seng ea sebele.”

Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e tšehelitse Bibele ka litsela tse ngata. Ka mohlala, litšibollo li tiisitse hore ho na le libaka le mabitso a fumanoang ho Genese khaolo 10. Baepolli ba sibollotse motse oa Bakalde oa Ure, e leng setsi sa khoebo le bolumeli seo Abrahama a tsoaletsoeng ho sona. (Genese 11:27-31) Ka holimo ho seliba sa Gihone karolong e ka boroa bo ka bochabela ho Jerusalema, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana motse oa Bajebuse o ileng oa haptjoa ke Morena Davida. (2 Samuele 5:4-10) Mongolo oa Siloe o ngotsoeng qetellong ea kotopo ea Morena Ezekiase, o ile oa sibolloa ka 1880. (2 Marena 20:20) Ho haptjoa ha Babylona ke Cyruse e Moholo ka 539 B.C.E. ho boleloa Tlalehong ea Naboniduse, e epollotsoeng lekholong la bo19 la lilemo C.E. Makolopetso a bukeng ea Esthere a tiisitsoe ke mengolo e tsoang Persepolis le ho sibolloa ha ntlo ea borena ea Morena Xerxes (Ahasueruse) Shushane, kapa Susa, pakeng tsa 1880 le 1890 C.E. Mongolo o fumanoeng ka 1961 lithakong tsa holo ea Roma Cesarea o netefatsa hore ’musisi oa Moroma Ponse Pilato, ea ileng a nehelana ka Jesu hore a khokhotheloe o kile a ba teng.—Mattheu 27:11-26.

Thuto ea Limela: Batho ba bang ba etsa qeto e fosahetseng ea hore Bibele ha ea nepahala kaha Jesu Kreste a buile ka “peō ea mosetareda” e le e “nyenyane ho feta lipeō tsohle tse lefatšeng.” (Mareka 4:30-32) Mohlomong Jesu o ne a bolela peō ea semela sa mosetareta o motšo (Brassica nigra kapa Sinapis nigra), eo bolelele ba eona e leng feela limilimithara tse 1 ho ea ho 1,6. Le hoja ho e-na le peō tse nyenyane ho feta eo, tse kang peō e phofshoana ea orchid, Jesu o ne a sa bue le batho ba lemang li-orchid. Bajode bao ba Galilea ba ne ba tseba hore peōng tse sa tšoaneng tse neng li jaloa ke balemi ba sebaka seo, e nyenyane ka ho fetisisa e ne e le ea mosetareta. Jesu o ne a bua ka ’Muso e seng ka thuto ea limela.

Thuto ea Mafika: Mabapi le tlaleho ea Bibele ea pōpo, seithuti sa mafika se hlomphuoang haholo Wallace Pratt se itse: “Haeba joaloka seithuti sa mafika ho ne ho ka thoe ke hlalose ka bokhutšoaane likhopolo tsa rōna tsa kajeno mabapi le tšimoloho ea lefatše le ho ba teng ha batho ba iphelelang bophelo bo bonolo, ba bolisa, ba kang merabe e neng e ngoletsoe Buka ea Genese, nke ke ka etsa ho molemo ho feta ho latela haufi-ufi se ngotsoeng khaolong ea pele ea Genese.” Pratt o ile a hlokomela hore tatellano ea liketsahalo tse ho Genese—tšimoloho ea maoatle, ho ba teng ha naha e omileng, le ho ba teng ha libōpuoa tse phelang metsing, linonyana, le liphoofolo tse anyesang—ke eona tatellano ea likarolo tsa bohlokoa nakong ea histori ea thuto ea mafika.

E Tšepahala Litabeng tsa Histori

Bukeng ea hae A Lawyer Examines the Bible, ’muelli oa molao Irwin H. Linton o itse: “Le hoja libuka, lipale le bopaki ba bohata li le seli ho beha liketsahalo tse phetoang sebakeng se hōle le nakong e sa feleng, ka hona li tlōla melao ea pele eo rōna babuelli ba molao re ithutileng eona ha re buella nyeoe ka lekhotleng, hore ‘se boleloang se tlameha se be le nako le sebaka,’ se tlalehoang Bibeleng se re fa letsatsi le sebaka seo lintho tseo ho buuoang ka tsona li etsahetseng ho tsona ka ho nepahala ho phethahetseng.”

E le ho netefatsa ntlha ena, Linton o qotsa Luka 3:1, 2. Mona mongoli oa Kosepele o bua ka balaoli ba supileng ho bontša nako eo Jesu Kreste a qalileng tšebeletso ea Hae ka eona. Hlokomela makolopetso ao Luka a faneng ka ’ona mantsoeng ana: “Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare, ha Ponse Pilato e le ’musisi oa Judea, Heroda eena e le moteterareke oa Galilea, Filippi, ngoan’abo, e le moteterareke oa Iturea le oa naha ea Trakonita, Lysaniase e le moteterareke oa Abilene; ha Anna le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentsoe la Molimo la tla ho Johanne, mora oa Zakaria feelleng.”

Bibele e tletse ka makolopetso a tšoanang le ao. Ho feta moo, likarolo tse joalo tsa eona joaloka Likosepele li ile tsa ngoloa nakong ea ha mokhoa oa bophelo oa Bajode, Bagerike, le Baroma o tsoetse pele. E ne e le nako eo ho neng ho atile babuelli ba molao, bangoli, ba hlokometseng litaba tsa tsamaiso, le batho ba joaloka bao. Kahoo, ruri haeba makolopetso a fumanoang Likosepeleng le likarolong tse ling tsa Bibele e se ’nete, a ka be a pepesitsoe hore ke bohata. Empa bo-rahistori ba lefatše ba netefalitse lintlha tse kang ho ba teng ha Jesu Kreste. Ka mohlala, mabapi le Jesu le balateli ba Hae rahistori oa Moroma Tacitus o ngotse: “Christus, eo lebitso [Bakreste] le simolohileng ho eena, o ile a fuoa kotlo e fetelletseng ke e mong oa baemeli ba rōna, Pontius Pilatuse nakong ea puso ea Tibere.” (Annals, Buka XV, 44) Ho nepahala ha Bibele historing ho re thusa ho paka hore ke mpho ea Molimo ho batho.

Bopaki bo Boholo ka ho Fetisisa

Le hoja thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale, bolepi ba linaleli, histori, le mafapha a mang a tsebo a tšehetsa Bibele, ho ba le tumelo ho eona ha hoa itšetleha bopaking bo joalo. Har’a bopaki bo bongata ba hore Bibele ke mpho ea Molimo ho rōna, ha ho bopaki bo boholo ho feta ho phethahala ha boprofeta ba eona.

Jehova Molimo ke Mohloli oa boprofeta ba ’nete. Ka moprofeta oa hae Esaia, o itse: “Bonang—taba tsa pele li hlahile; joale ke le bolella tse ncha, ke le tsebisa tsona, li e-so ho hlahe.” (Esaia 42:9) Ho feta moo, Bibele e bolela hore bangoli ba eona ba ne ba bululetsoe ke Molimo ka moea oa oona o halalelang, kapa matla a sebetsang. Ka mohlala, moapostola oa Mokreste Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16, NW) Moapostola Petrose o ngotse: “Ha ho boprofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho. Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.” (2 Petrose 1:20, 21) Kahoo a re hlahlobeng boprofeta ba Bibele.

Har’a boprofeta bo makholo bo ka Bibeleng ho na le bo buang ka motse-moholo oa Assyria, Ninive, “motse oa mali” o ileng oa kenya tšabo Bochabela bohle bo Bohareng ba boholo-holo ka nako e fetang makholo a 15 a lilemo. (Nahume 3:1) Leha ho le joalo, sehlohlolong sa matla a Ninive, Bibele e ile ea bolela esale pele: “[Molimo] a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se joale ka lefeella! Mehlape e tla botha teng, e leng lihlopha tsa liphoofolo tsa mefuta-futa. Le eona mohololi le hlong li tla robala holim’a lihloho tsa litšiea tsa teng; ho utloahala nonyana e letsang mololi sefenstereng; monyako ke liqubu tsa ntho tse helehileng, hobane Jehova o beile mamati a likedare pontšeng.” (Sofonia 2:13, 14) Kajeno, baeti ba bona feela hore tutulu e tšoaea sebaka seo e seng e le lesupi seo pele e neng e le Ninive ea boholo-holo. Ho feta moo, mehlape ea linku e fula teng, joalokaha ho ile ha boleloa esale pele.

Ponong, moprofeta oa Molimo, Daniele o ile a bona pheleu e linaka li peli le phooko e nang le lenaka pakeng tsa mahlo. Phooko e ile ea thula pheleu, ea roba linaka tsa eona tse peli. Ka mor’a moo, lenaka le leholo la phooko le ile la robeha, eaba ho mela linaka tse ’ne sebakeng sa lona. (Daniele 8:1-8) Lengeloi Gabriele le ile la hlalosa: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.” (Daniele 8:20-22) Joalokaha histori e pakile, pheleu e linaka li peli—’Muso oa Medo-Persia—o ile oa ketoloa ke “morena oa Ba-Gerike.” Phooko eo ea tšoantšetso e ne e-na le “lenaka le lelelele” e leng Alexander e Moholo. Ka mor’a lefu la hae, balaoli ba bane ba ile ba nkela ‘lenaka leo le lelelele’ sebaka ka ho inkela matla a “mebuso e mene.”

Boprofeta bo bongata Mangolong a Seheberu (“Testamente ea Khale”) bo ’nile ba phethahala mabapi le Jesu Kreste. Bo bong ba boprofeta bona bo ile ba sebetsa ho eena ka bangoli ba bululetsoeng ke Molimo ba Mangolo a Segerike a Bakreste (“Testamente e Ncha”). Ka mohlala, mongoli oa Kosepele Mattheu o ile a bua ka ho phethahala ha boprofeta ba Mangolo ka tsoalo ea Jesu ke moroetsana, hore O tla ba le ea tlang pele ho eena, le hore O tla kena Jerusalema a kaletse petsana ea esele. (Bapisa le Mattheu 1:18-23; 3:1-3; 21:1-9 le Esaia 7:14; 40:3; Zakaria 9:9.) Boprofeta bo joalo bo ileng ba phethahala bo thusa ho tiisa hore ka sebele Bibele ke mpho e bululetsoeng e tsoang ho Molimo.

Ho phethahala ha kajeno ha boprofeta ba Bibele ho paka hore re phela “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5) Lintoa, tlala, mafu, le litšisinyeho tsa lefatše tseo ho e-s’o be le tse tšoanang le tsona ke karolo ea “pontšo” ea “ho ba teng” ha Jesu matleng a ’Muso. Pontšo ena e boetse e kopanyelletsa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho limillione tse ’nè, tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso o hlonngoeng. (Mattheu 24:3-14, NW; Luka 21:10, 11) Boprofeta ba Bibele boo hona joale bo phethahalang bo boetse bo re tiisetsa hore puso ea Molimo ea leholimo tlas’a Jesu Kreste haufinyane e tla tlisa lefatše le lecha la thabo ea ka ho sa feleng bakeng sa batho ba utloang.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-5.

Chate ena e nang le sehlooho “Boprofeta ba Bibele bo Phethahetseng” e fana ka bo ’maloa feela ba boprofeta bo makholo ba Bibele bo neng bo ka thathamisoa. Phethahalo ea bo bong ba bona e bonahetse Mangolong ka booona, empa haholo-holo boprofeta ba bohlokoa ke bo phethahalang kajeno.

Ho ka etsahala hore, u ka bona liketsahalo tsa lefatše ka bophara tse boletsoeng esale pele ka Bibeleng. Empa ke hobane’ng ha u sa batlisise ho ea pele? Ka thabo Lipaki tsa Jehova li tla fana ka makolopetso ao u a batlang. ’Me e se e ka lenyora la hao le tiileng bakeng sa ho tseba Ea Phahameng le merero ea hae le ka u kholisa hore ruri Bibele ke mpho e bululetsoeng e tsoang ho Molimo.

[Chate e leqepheng la 7]

BOPROFETA BA BIBELE BO PHETHAHETSENG

BOPROFETA PHETHAHALO

Genese 49:10 Juda o ile a etsoa leloko la borena la

Iseraele (1 Likronike 5:2; Ba-Heberu 7:14)

Sofonia 2:13, 14 Ninive e ile ea etsoa lesupi ka hoo e ka

bang ka 632 B.C.E.

Jeremia 25:1-11; Tlhōlo ea Jerusalema e baka hore e etsoe

Esaia 39:6 lesupi ka lilemo tse 70

(2 Likronike 36:17-21; Jeremia 39:1-9)

Esaia 13:1, 17-22; Cyruse o hapa Babylona; Bajode ba khutlela

44:24-28; naheng ea habo bona (2 Likronike 36:20-23;

45:1, 2 Esdrase 1:1-4; 2:1)

Daniele 8:3-8, 20-22 ’Muso oa Medo-Persia o lihuoa ke Alexander

e Moholo ’me ’Muso oa Magerike oa aroloa

Esaia 7:14; Mikea 5:2 Jesu o tsoaloa ke moroetsana Bethlehema

(Mattheu 1:18-23; 2:1-6)

Daniele 9:24-26 Ho tlotsoa ha Jesu e le Messia (29 C.E.)

(Luka 3:1-3, 21-23)

Esaia 9:1, 2 Tšebeletso ea Jesu e fanang ka leseli e

qala Galelia (Mattheu 4:12-23)

Esaia 53:4, 5, 12 Lefu la Kreste e le sehlabelo sa thekollo

(Mattheu 20:28; 27:50)

Pesaleme ea 22:18 Ho aroloa ha liaparo tsa Jesu ka lotho

(Johanne 19:23, 24)

Pesaleme ea 16:10; Ho tsoha ha Kreste bafung letsatsing la

Mattheu 12:40 boraro (Mareka 16:1-6;

1 Ba-Korinthe 15:3-8)

Luka 19:41-44; Baroma ba timetsa Jerusalema (70 C.E.)

21:20-24

Luka 21:10, 11; Lintoa tseo ho seng tse kileng tsa tšoana

Mattheu 24:3-13; le tsona, tlala, litšisinyeho tsa lefatše,

2 Timothea 3:1-5 mafu, ho hloka molao, joalo-joalo, tse

tšoaeang ‘mehla ea qetello’

Mattheu 24:14; Phatlalatso e etsoang ke Lipaki tsa Jehova

Esaia 43:10; lefatšeng ka bophara hore ’Muso oa Molimo

Pesaleme ea 2:1-9 o hlonngoe le hore haufinyane o tla hlōla

bahanyetsi bohle

Mattheu 24:21-34; Lelapa la machaba la Lipaki tsa Jehova le

Tšenolo 7:9-17 rapelang Molimo le le itokisetsang ho

pholoha ‘mahlomola a maholo’

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Ntoa, tlala, mafu, le litšisinyeho tsa lefatše li baka tšenyo e matla kajeno, empa lefatše le lecha la khotso le thabo le haufi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela