Pono e Leka-lekaneng ka Tokoloho ea ho ba le Lekunutu
HO NA le mabaka a mangata le a fapaneng ao ka oona batho ba batlang ho ba le tokoloho ea lekunutu. Bacha ba ka ’na ba rata ho ba le lekunutu ho tiisa boitaolo ba bona. Ba bang ba batla hore lichelete tsa bona li se ke tsa tsejoa ka baka la litšebelisano tsa bolotsana. Batho bao ho ileng ha etsoa liteko tsa AIDS ho bona hangata ba amehile ka hore liphello tsa liteko tseo li bolokoe e le lekunutu. ’Me ba bangata ba batla tikoloho e thōtseng, le e ka thoko eo ba ka thuisang ho eona.
Nako eo ho Hlokahalang ho ba le Lekunutu
Batho ba leng mathateng ba nka metsotso ea ho ba mong e le ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ho ea ka tlhaloso ea Yoko, mosali e mocha oa Tokyo, Japane, linako tse joalo tsa lekunutu, li mo thusa ho mamella maemo a joalo. Ka mohlala, ka letsatsi le leng, ha morekisi oa nama a tlisa odoro ea hae, ea amoheloa ke matsal’ae ’me a lahlela khoho eohle ka moqomong oa lithole, hore feela a soabise Yoko. Yoko o re, ho talimana le liketsahalo tse joalo letsatsi le letsatsi, ho etsa hore nako eo motho a e sebelisang a le lekunutung e be ea bohlokoa ka ho fetisisa.
Ho thuisa litaba lekunutung ho ka thusa motho ho etsa qeto e nepahetseng. Ka bohlale Bibele ea eletsa: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe. ’Me le thuise sena lipelong, ha le le liphateng, ’me le thōle.” (Pesaleme ea 4:4, NW) Mopesaleme oa Bibele o tsoela pele hore, “Ruri, bosiu liphio tsa ka li ea nkeletsa.” (Pesaleme ea 16:7, NW) “Liphio,” tsa hae, kapa maikutlo a hae a ka hare-hare, li ile tsa mo eletsa ha a ntse a thuisa ka liketsahalo tsa letsatsi.
Jesu Kreste, moqali oa Bokreste, o ile a talima ho ba lekunutung e le habohlokoa ka ho fetisisa. Hoba a utloe litaba tsa hore motsoal’ae Johanne Mokolobetsi o khaotsoe hlooho, “a tloha moo ka sekepana, a ikela thoko, felleng.” (Mattheu 14:13) Hape, bosiu pele ho lefu la hae, o ile a ipha nako ea hore a be mong ho rapela. (Mattheu 26:36-47) Pejana, o ile a ruta barutuoa ba hae ka taba ena: “Ha u rapela, kena phaposing ea hao, ’me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring.”—Mattheu 6:6.
Teka-tekano ea Hlokahala
Leha ho le joalo, joaloka ha re hloka tokoloho ea ho ba le lekunutu hakaana, ho e fetelletsa ho ka lebisa mathateng. The Encyclopedia Americana, e re, “ho ba le tokoloho e ngata kapa e fokolang haholo ea ho ba le lekunutu ho ka fetisa botsitso ’me ha hlahisa kotsi e khōlō bophelong.” Sena se ka etsahala joang?
Canada, lerako la limithara tse 0,6 le neng le lika-likelitse ntlo le ile la nkeloa sebaka ke la limithara tse 1,8 ho fana ka sebaka se eketsehileng sa ho sireletsa tokoloho ea lekunutu. Liphello? Ho bontšana kameho e mofuthu ea boahisani ha fela. Ketsahalong e ’ngoe e fetelletseng haholo, lelapa le ile la fallela felleng hore le tlohe har’a batho. Banyalani ba etsa hore bana ba bona ba ithute ba le hae. Empa, ka masoabi, banyalani bana ba ile ba arohana ’me bana ba bona ba utloa bohloko, kaha ba ne ba sa tsebe tsela ea ho iphelisa.
Ho khetha ho ikarola ho ba bang ha ho bohlale. Motho ke motho ka batho ba bang. Kaofela ha rōna re hloka matla le thuso tseo re ka li fumanang ho ba bang. Maele a Bibele a re: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a inotši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”—Liproverbia 18:1.
Jesu o ile a fana ka mohlala oa teka-tekano tabeng ena. Kamor’a nako e boima haholo, Jesu o ile a hlokomela hore barutuoa ba hae ba hloka ho ba boinotšing, ka baka leo a re: “Tlong kathōko feelleng, le phomole hanyenyane.” Leha ho le joalo, bongata ba tsamaela pele ’me bo ne bo ba emetse ha ba fihla. Jesu o ile a itšoara joang? “A ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa; ’me a qala ho ba ruta taba tse ngata.” E, Jesu o ile a nahana pele ka ho thusa batho.—Mareka 6:31-34.
Bohlokoa ba ho Hlonepha Tokoloho ea ba Bang ea ho ba le Lekunutu
Leha ho le joalo, ho ameha ka batho, ho lokela ho bolokoa har’a meeli e itseng. Maqhubu a manyenyane lebōpong aa khatholla, empa maqhubu a matla a ka ba kotsi. Ho lokile ho bontša kameho ka ba bang, empa ho kenya nko ea hao litabeng tsa batho ba bang ho ka khaola maqhaama a kamano ea khotso. Ka bohlale Bibele ea eletsa: “U se ke ua itloaetsa haholo lapeng la oa heno, e se re mohlomong a tenoa ke uena, a ba a u hloea.”—Liproverbia 25:17.
Ketelo ea botsoalle hang kamor’a nako e itseng e ka ba joalo ka maqhubu a khathollang, empa ho e fetelletsa ho ka etsa hore ba bang ba hahe lerako le tla thibela maikutlo a tsukutlang a liketelo tse sa feleng. Lehoatateng lefeela la ho sollaka ka maeto a se nang morero, ho jaleha lipeō tsa ho seba le litaba tsa bo-bare. Haeba u lebelletse hore ba bang ba hlonephe lekunutu la hao, le uena u lokela ho hlonepha la ba bang ka ho qoba seo ho ka talingoang e le lipotso tsa botho tse hlabisang lihlong le ho seba.
Bibele ea lemosa: “Ho se ke ha e-ba e mong har’a lōna ea utloisoang bohloko hobane e le . . . ea ikenyang tabeng tsa ba bang.” (1 Pet. 4:15) Mokreste ea rutehileng ha a ne a bua ka ba neng ba ikenya litabeng tsa ba bang lekholong la pele la lilemo, o ngotse: “Ba fetoha ba botsoa, ba lemalla ho chakela matlung; ’me ha ba botsoa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya litabeng tsee e seng tsa bona, ba bolela tse sa tšoanelang.”—1 Timothea 5:13.
Litebello tsa ho ba le Lekunutu ke Life?
Seroki sa Lenyesemane Robert Browning o ngotse: “Ho ba lekunutung ke sekhutloana sa ka se lefifi. Ke batla ho lebaloa esita le ke Molimo.” Leha ho le joalo, ho ke ke ha khoneha ho ba lekunutung ka ho feletseng. Linaheng tsa bochabela, ho na le maele a boholo-holo a reng: “Leholimo lea tseba, lefatše lea tseba, le ’na kea tseba, le uena ua tseba.” Moapostola Pauluse o ngotse: “Tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heberu4:13.
Ho e-na le ho batla ho lebaloa ke Molimo, re ka thaba hakaakang hore ’Mōpi oa rōna o lerato oa re rata! Kaha ke Mohloli oa bophelo ba rōna, ho lebaloa ke eena ho ka lebisa ho lahleheloeng ke bophelo ka bobona. (Pesaleme ea 36:9; 73:27, 28) Leha ho le joalo, khahleho ea Jehova ho rōna ha e hatelle; ha a shebe mohato o mong le o mong oo re o nkang ka morero oa ho batla phoso. Lentsoe la hae le re: “Ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna. Joaloka Ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 103:10, 13.
Ho monate hakaakang ha lelapa le metsoalle, le hoja ba re nea tekanyo e itseng ea ho ba lekunutung, ba boetse ba bontša kameho e lerato ho rōna! Ka sebele, ho thabela ho ba lekunutung ka tsela e leka-lekaneng ke ntho e lakatsehang.
Tlas’a ’Muso oo Molimo o o tšepisang, Jesu Kreste e le Morena, batho bohle ba tla tsotellana. (Daniele 2:44; Tšenolo 21:4) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, batho ba tla hlokomela litlhoko tsa ba bang tsa ho ba lekunutung linakong tsa ho ithuta, ho thuisa, le ho rapela. Seo moprofeta Mikea a ileng a se profeta se tla phethahatsoa ka botlalo: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mikea 4:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
‘Ho se be le ea utloisoang bohloko hobane a ikenya litabeng tsa ba bang’
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Nako ea ho thabela ho ba lekunutung ka tsela e leka-lekaneng e haufi