Na Molimo ke oa Sebele ho Uena?
HA U thulana le mathata a tepeletsang, na u atamela Molimo ka thapelo ntle ho tikatiko? Haeba ho joalo, na u ikutloa u bua le motho oa sebele?
Ha a bua ka Ntate oa hae oa leholimo, Jesu Kreste o itse: “Ea nthomileng ke oa sebele.” (Johanne 7:28) E, Jehova Molimo ke oa sebele, ’me ho mo rapela ho tšoana le ho retelehela ho motsoalle ea haufi-ufi eo e leng motho joaloka uena bakeng sa thuso kapa keletso. Leha ho le joalo, hore lithapelo tsa rōna li utluoe ke Molimo, li lokela ho finyella tlhokahalo eo Mangolo a e batlang bakeng sa thapelo e amohelehang. Ka mohlala, ka boikokobetso, re lokela ho atamela “Moutloi oa thapelo” ka Mora oa hae, Jesu Kreste.—Pesaleme ea 65:2, NW; 138:6; Johanne 14:6.
Ba bang ba ka ’na ba nahana hore kaha Molimo ha a bonahale, ha a na maikutlo. Ho bona, Molimo a ka ’na a bonahala a le thōko. Esita le Bakreste ba bang ba ithutileng ka litšoaneleho tse babatsehang tsa Molimo, ka linako tse ling ba ka ’na ba fumana ho le thata ho utloisisa hore na ke oa sebele hakae. Na u kile ua ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, ke eng e ka u thusang hore Jehova Molimo ebe oa sebele ho uena?
Ithute Mangolo
Na u ithuta Mangolo a Halalelang kamehla? Haeba u ithuta Bibele ka mehla ’me e le ka boikitlaetso bo matla, Jehova Molimo e tla ba oa sebele haholoanyane ho uena. Kahoo, tumelo ea hao e tla matlafala, ha e le hantle, e tla u nolofalletsa ho “bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:6, 27) Ka lehlakoreng le leng, ho bala Bibele seoelo kapa ka ho bala u ntse u khaotsa ho ka ’na ha se be le tšusumetso e khōlō tumelong ea hao.
Ho etsa mohlala: Nahana ngaka ea hao e u laetse hore u itlotse ka moriana o itseng habeli ka letsatsi bakeng sa ho felisa lekhopo le hanang ho fela. Na lekhopo la hao le ne le ka fela haeba u ne u tlotsa moriana hanngoe kapa habeli ka khoeli? Ha ho bonahale joalo. Ka tsela e tšoanang, mopesaleme o re fa “pheko” bakeng sa ho phela hantle moeeng. Bala Lentsoe la Molimo “ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu.” (Pesaleme ea 1:1, 2, NW) Hore re rue molemo o eketsehileng, re lokela ho sebelisa “pheko [eo]”—e leng ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng ka thuso ea lingoliloeng tsa Bokreste.—Joshua 1:8.
Na u ka rata ho etsa hore linako tsa hao tsa ho ithuta e be tse u matlafatsang tumelo? Tlhahiso e ’ngoe ke ena: Ka mor’a ho bala khaolo ho New World Translation of the Holy Scriptures kapa Bibeleng e ’ngoe e nang le litšupiso tse bontšang moo boitsebiso bo tsoang teng, khetha temana e thahasellisang ’me u shebe mangolo a bontšitsoeng. Sena se tla etsa hore thuto ea hao e be e u ruisang molemo, ’me ntle ho pelaelo, u tla khahloa ke ho lumellana ha litaba tse ka hare ho Bibele. Ka lehlakoreng le leng, sena se tla etsa hore Moqapi oa eona, Jehova Molimo, e be oa sebele haholoanyane ho uena.
Ho sebelisa litšupiso tse bontšang moo boitsebiso bo tsoang teng ho ka boela ha u tloaelanya le boprofeta ba Bibele le phethahatso ea bona. Mohlomong u se u ntse u tloaelane le boprofeta bo boholo ba Bibele, bo kang bo amanang le ho timetsoa ha Jerusalema ke Bababylona. Leha ho le joalo, Bibele e fupere letoto la boprofeta bo lumellanang hammoho le phethahatso ea bona. Bo bong ba bona ha bo tsebahale haholo.
Ka mohlala, bala boprofeta bo mabapi le kahlolo ea ho tsosolosa Jeriko ’me u nahane ka phethahatso ea bona. Joshua 6:26 e re: ‘Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakoe pel’a Jehova motho ea tla tsosa le ho haha motse ona oa Jeriko; o tla o thea ka ho senyeheloa ke mor’a hae oa letsibolo, o tla tiisa likhoro tsa oona ka ho senyeheloa ke mor’a hae oa ho fela.’ Bo ile ba phethahala lilemo tse 500 hamorao, hoba ho 1 Marena 16:34 rea bala: ‘Mehleng ea Morena Akabe, Hiele oa Bethele a haha Jeriko, a o thea ka ho senyeheloa ke Abirame, mor’a hae e moholo, a tiisa likhoro tsa oona ka ho senyeheloa ke Segube, mor’a hae e monyenyane, ha e-ba joalo ka ha Jehova a na a boletse ka Joshua, mor’a Nune.’a Ke Molimo oa ’nete feela ea neng a ka bululela boprofeta bo joalo a ba a bona hore boa phethahala.
Ha u ntse u bala Bibele, u ka ’na ua labalabela ho tseba ntlha e itseng. Ka mohlala, u ka ’na ua ipotsa hore na ho fetile lilemo tse kae lipakeng tsa ha ho ne ho etsoa boprofeta le ha bo ne bo phethahala. Ho e-na le hore feela u botse motho e mong, ke hobane’ng ha u sa etse boiteko ba ho iphumanela boitsebiso boo ka bouena? U sebelisa lichate le lithuso tse ling tsa ho ithuta Bibele, khothalla ho batlisisa likarabo joalokaha u ne u tla etsa boiteko ba ho bala ’mapa o bontšang moo letlotlo le leng teng. (Liproverbia 2:4, 5) Ho fumana likarabo ho tla ba le phello e matla tumelong ea hao ’me ho tla etsa hore Jehova Molimo e be oa sebele haholoanyane ho uena.
Rapela Kamehla le ka Tieo
U se ke ua hlokomoloha bohlokoa ba thapelo le tumelo. Barutuoa ba Jesu ba ile ba etsa kōpo ena e tobileng: “Re fe tumelo e eketsehileng.” (Luka 17:5) Haeba Jehova ha a e-s’o bonahale e le oa sebele ho uena, ke hobane’ng ha u sa mo rapele hore u hloka tumelo e eketsehileng? Kōpa Ntate oa hao oa leholimo ka tieo hore a u thuse hore a iketse oa sebele ho uena.
Haeba ho e-na le bothata bo u imelang kelellong, iphe nako e hlokahalang ea ho itlhalosa ho Ntate oa hao oa leholimo ho tsoa botebong ba pelo. Ha Jesu a ne a le haufi le ho shoa, o ile a rapela ka matla haholo. Le hoja a ile a nyatsa mokhoa oa bolumeli oa ho etsa lithapelo tse telele bakeng sa ho bonoa ke batho, o ile a qeta bosiu bohle a rapela lekunutung pele a khetha baapostola ba hae ba 12. (Mareka 12:38-40; Luka 6:12-16) Re ka boetse ra ithuta ho itseng ho Anna, eo e bileng ’mè oa moprofeta Samuele. A labalabela ho ba le ngoana e motona, “o ile a rapela ka matla pel’a Jehova.”—1 Samuele 1:12, NW.
Thuto ea sehlooho ho see sohle ke efe? Haeba u tšepa hore lithapelo tsa hao li tla arabeloa, u lokela ho rapela ka khothalo, ka tieo, u sa phetse—’me ho hlakile hore e tlameha ebe tumellanong le thato ea Molimo. (Luka 22:44; Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:17; 1 Johanne 5:13-15) Ho etsa sena ho tla thusa ho etsa hore Molimo e be oa sebele ho uena.
Talima Pōpo
Botho ba motšoantši bo ka senoloa ke lintho tseo a li tšoantšitseng. Ka tsela e tšoanang, ‘litšobotsi tse sa bonahaleng’ tsa Jehova, Moqapi le Mōpi oa bokahohle, li bonoa ka ho hlaka pōpong. (Baroma 1:20) Ha re talima ka hloko mesebetsi e entsoeng ke Jehova, re ba le kutloisiso e molemo ea botho ba hae, ’me kahoo, e ba oa sebele haholoanyane ho rōna.
Haeba u hlahlobela haufi lintho tse bōpiloeng ke Molimo, u ka ’na ua khahloa haholo ke litšoaneleho tsa hae tsa sebele. Ka mohlala, boitsebiso bo mabapi le bokhoni ba ho tsamaea ha linonyana bo ka ’na ba hōlisa kananelo ea hao ka bohlale ba Jehova. Ha u bala ka bokahohle, u ka ’na ua ithuta hore sehlopha sa linaleli sa Milky Way, se bophara ba hoo e ka bang litekanyo tse 100 000 tsa lebelo leo khanya e mathang ka lona ka selemo, e mpa feela e le se seng sa lihlopha tse limilione tse likete tsa linaleli tse sepakapakeng. Na seo ha se u tiisetse hore bohlale ba ’Mōpi ke ba sebele?
Ruri bohlale ba Jehova ke ba sebele! Empa seo se bolela’ng ho uena? Ha e le hantle, a ke ke a qakoa ke mathata ao leha e le ofe oa rōna a a lebisang ho eena ka thapelo. E, esita le tsebo e fokolang feela ka pōpo e ka etsa hore Jehova e be oa sebele haholoanyane ho uena.
Tsamaea le Jehova
Na uena ka bouena u ka ba le phihlelo ea hore Jehova ke oa sebele hakae? E, haeba u tšoana le mopatriareka Noe. Kamehla o ne a mamela Jehova hoo ho bileng ha thoe: ‘Noe o ne a tsamaea le Molimo.’ (Genese 6:9) Noe o ne a phela joalokaha eka Jehova o tsamaea le eena lehlakoreng la hae. Molimo e ka ba oa sebele joalo ho uena.
Haeba u tsamaea le Molimo, u tšepa litšepiso tsa Mangolo ’me u etsa lintho tumellanong le tsona. Ka mohlala, u lumela mantsoe a Jesu: “Le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae [Molimo], ’me lintho tsena tse ling tsohle [litlhoko tsa nama] le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:25-33) Ke ’nete hore hase kamehla Jehova a ka fanang ka seo u se hlokang ka tsela eo u lebeletseng ka eona. Leha ho le joalo, ha u rapela ’me u bona thuso ea Molimo, e tla ba oa sebele joaloka motho leha e le ofe ea tsamaeang le uena lehlakoreng la hao.
Kamano e haufi joalo le Jehova ea hōla ha motho a phehella ho tsamaea le Molimo. Nahana ka Manuela, Paki e buang Sepanishe e mameletseng liteko tse ngata. O re: “Neng le neng ha ke khathatseha kapa ke hloka ho itseng, ke ’nile ka sebelisa molao-motheo o fumanoang ho Liproverbia 18:10. Ke mathela ho Jehova bakeng sa thuso. Kamehla e ’nile ea e-ba ‘qhobosheane’ ea ka.” Manuela a ka bolela sena ka mor’a lilemo tse 36 a itšetlehile ka Jehova le ho tšehetsoa ke eena.
Na ke hona u qalang ho etsa Jehova tšepo ea hao? U se ke ua nyahama haeba kamano ea hao le eena ha e e-so be eo u e batlang. Letsatsi le leng le le leng u phele joaloka motho ea tsamaeang le Molimo. Ha u ntse u etsa hore bophelo ba hao e be ba botšepehi, u tla thabela ho ba le kamano e haufi le Jehova.—Pesaleme ea 25:14; Liproverbia 3:26, 32.
Tsela e ’ngoe ea ho tsamaea le Molimo ke ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea hae. Ha u kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, u mosebetsi-’moho le Jehova. (1 Bakorinthe 3:9) Ho lemoha sena ho thusa ho etsa hore Molimo e be oa sebele haholo ho uena.
Mopesaleme oa phehella: “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.” (Pesaleme ea 37:5) U se ke ua hlōleha ho lahlela mojaro leha e le ofe kapa matšoenyeho ao u nang le ’ona ho Molimo. Kamehla talima eena bakeng sa thuso le tataiso. Haeba u itšetleha ho Jehova Molimo ka thapelo ’me kamehla u mo tšepa ka ho feletseng, u tla ikutloa u sireletsehile hobane ua tseba hore a ke ke a hlōleha ho nka khato molemong oa hao. Na u ea kholisehileng ha u atamela Jehova ka lintho tseo u amehileng ka tsona? U tla kholiseha—haeba Molimo ke oa sebele ho uena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le mohlala o mong, bala ka se ileng sa boleloa esale pele ka ho silafatsoa ha aletare ea Jeroboame ho 1 Marena 13:1-3. Joale hlokomela ho phethahala ha sona ho tlalehiloeng ho 2 Marena 23:16-18.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Etsa hore linako tsa hao tsa ho ithuta ebe tse matlafatsang tumelo
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Iphe nako ea ho rapela ka tieo kamehla
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bona kamoo litšoaneleho tsa Molimo li bonahatsoang kateng pōpong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
Hummingbird: U.S. Fish and Wildlife Service, Washington, D.C./Dean Biggins; stars: Photo: Copyright IAC/RGO 1991, Dr. D. Malin et al, Isaac Newton Telescope, Roque de los Muchachos Observatory, La Palma, Canary Islands