Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na Jehova le Jesu ke bona ba boleloang ho Liproverbia 30:4, e botsang: “Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mor’a hae?”
Temana ena e totobatsa kamoo motho a fokolang kateng ha a bapisoa le Ea Holimo-limo. Lipotso tsa eona tseo ho sa lebelloang hore li arabjoe li ne li ka ’na tsa botsoa ka motho leha e le ofe, empa lipotso tsena li lokela ho lebisa motho ea nahanang ho ’Mōpi.
Mongoli Agure o ile a botsa: “Ke mang ea nyolohetseng leholimong, a ba a theoha a e-tsoa teng? Ke mang ea fuparetseng moea letsohong la hae? Ea bokeletseng maoatle kobong ea hae ke ha e le mang? Ke mang ea tiisitseng lipheletso tsa lefatše? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mor’a hae, ha u fela u tseba.”—Liproverbia 30:1, 4.
Ha ho motho ea sa phethahalang ea kileng a ‘nyolohela leholimong ’me a khutla a tseba tsohle; leha e le hore ho na le motho ea nang le matla a ho laola moea, maoatle, kapa matla a laolang pōpeho ea mobu lefatšeng. Kahoo, ha e le hantle, Agure o ile a botsa: ‘Na u tseba lebitso kapa leloko la lelapa la motho leha e le ofe ea entseng lintho tsena?’ Re tlameha ho araba ka hore che.—Bapisa Jobo 38:1–42:3; Esaia 40:12-14; Jeremia 23:18, NW; 1 Ba-Korinthe 2:16.
Ka hona, re lokela ho sheba kantle ho tikoloho ea batho ho fumana ea nang le matla a phahametseng a motho ho laola lihloliloeng. Leha ho le joalo, ha rea seheloa moeli oa ho ithuta ka eena ka ho hlokomela seo a se finyelletseng. (Ba-Roma 1:20) Hona ke kahobane, o ile a theoha ka boitsebiso bo mo hlalosang le ba litšebelisano tsa hae le batho. O fane ka boitsebiso bo tobileng. Ka mohlala, o entse sena ha a ne a ‘theoha’ ho ea fana ka Molao ho Moshe Thabeng ea Sinai. (Exoda 19:20; Ba-Heberu 2:2) O ile a boela a thusa bahlanka ba hae ho ananela lebitso la hae le nang le moelelo, Jehova. (Exoda 3:13, 14; 6:3) Hamorao, o ile a khetholla Mora oa hae, ea ileng a reoa Jesu le ea ileng a theoha leholimong ka mokhoa oa sebele ka boitsebiso bo eketsehileng ka ’Mōpi.—Johanne 1:1-3, 14, 18.
Hona ho lokela ho re thusa kaofela ho fihlela liqeto tse itseng: Joaloka Agure, re ke ke ra fumana bohlale ba ’nete ka matla a rōna. (Liproverbia 30:2, 3, NW) ’Me re ke ke ra bolela motho leha e le ofe ea nang le matla a kaholimo ho a botho kapa tsebo. Kahoo, re lokela hore ka boikokobetso re talime ho ea ka fanang ka bohlale boo re bo hlokang. Enoa ke Ea Halalelang Haholo, eo lebitso la hae re ka le tsebang le eo Mora oa hae a ileng a shoa e le hore re ka lopolloa le ho fumana bophelo bo sa feleng.—Mattheu 20:28.