Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 4/1 maq. 28-31
  • E-ba ea Thabileng le ea Hlophisehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba ea Thabileng le ea Hlophisehileng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlophiseha le ho Thaba
  • U se Itšoare ka Sehlōhō
  • Ntja e Phelang Kapa Tau e Shoeleng?
  • Itšoare ka Tsela e Tla U Putsa
  • Sebetsa ka Tsela e Putsang le ba Bang
  • Tlhokomelo Bakeng sa Motho ka Mong
  • Lulang Haufi le Mohlape
  • Bahlanka ba Molimo—Batho ba Hlophisehileng le ba Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Alosa Mohlape oa Molimo ka Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 4/1 maq. 28-31

E-ba ea Thabileng le ea Hlophisehileng

HO HLOPHISEHA ho re lumella ho etsa lintho hantle. Ho etsa lintho ka katleho ho re thusa ho sebelisa nako le mehloli e meng hamolemohali. (Ba-Galata 6:16; Ba-Filippi 3:16; 1 Timothea 3:2) Empa ho na le ho hongata bophelong ho feta ho hlophiseha le ho etsa lintho ka katleho. Mopesaleme ea bululetsoeng o ngotse: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!” (Pesaleme ea 144:15, NW) Phephetso ke ho thaba hammoho le ho hlophiseha ho sohle seo re se etsang.

Ho Hlophiseha le ho Thaba

Jehova Molimo ke mohlala o moholo ka ho fetisisa oa tlhophiso e ntle. Pōpo ea hae eohle, ho tloha liseleng tsa mofuta o le mong ho ea libōpuoeng tse phelang tse rarahaneng, ho tloha liathomong tse nyenyane ho ea lihlopheng tsa linaleli tse khōlō, li bontša tlhophiso le ho nepahala. Melao ea hae ea bokahohle e re lumella ho rera bophelo ba rōna ka kholiseho. Rea tseba hore letsatsi le tla chaba hoseng ho hong le ho hong le hore selemo se tla latela mariha.—Genese 8:22; Esaia 40:26.

Empa Jehova hase feela Molimo oa tlhophiso. Hape ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11, NW; 1 Ba-Korinthe 14:33) Thabo ea hae e bonahala pōpong ea hae. Ho bapala ha malinyane a likatse, ho likela ha letsatsi ho hotle, lijo tse hlabosang, ’mino o susumetsang, mosebetsi o hlasimollang, le lintho tse ling tse ngata tseo a li rerileng bakeng sa hore re thabele bophelo. Melao ea hae hase lithibelo tse tenang empa e sireletsa thabo ea rōna.

Jesu Kreste o etsisa Ntate oa hae. Ke ea “thabileng le ea nang le Matla a ho Laola” ’me o itšoara feela joaloka Ntat’ae. (1 Timothea 6:15, NW; Johanne 5:19) Ha a ne a sebetsa le Ntate oa hae mosebetsing oa ho bōpa, e ne e se feela “motlatsi” ea etsang lintho ka katleho. O ne a thabile ho seo a neng a se etsa. O ne a ‘nyakaletse pel’a sefahleho sa [Jehova] ka mehla, o ne a thabela lefatše la ho aha ha batho, a thabela le bana ba batho.’—Liproverbia 8:30, 31.

Re batla ho bonahatsa mosa o tšoanang, thabo, le ho nyakalla ho batho linthong tsohle tseo re li etsang. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hahamalleng ho etseng lintho ka katleho, re ka lebala hore “ho tsamaea ka tlhophiso . . . ka moea [oa Molimo]” ho akareletsa ho hlahisa litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22-25, NW) Kahoo re etsa hantle ho botsa, Re ka hlophiseha le ho thaba joang mosebetsing oa rōna le ho tsamaiseng mosebetsi oa ba bang?

U se Itšoare ka Sehlōhō

Nahana ka keletso e molemo e tlalehiloeng ho Liproverbia 11:17 (NW). Pele mongoli ea bululetsoeng o re bolella hore “monna ea lerato le mosa o sebetsana le sephefumolohi sa hae ka tsela e putsang.” A ntano bontša phapang ka ho re: “Empa motho ea sehlōhō o lahla nama ea hae.” New International Version e e beha ka tsela ena: “Motho ea mosa o ithuisa molemo, empa motho ea sehlōhō o ipiletsa kotsi.”

Re ka itšoara joang ka sehlōhō re sa hlokomela? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba le boikemisetso bo botle empa re sa hlophiseha ho hang. Ka liphello life? Setsebi se seng se re: “Ho lebala, boitsebiso bo sa behoang sebakeng se nepahetseng, taelo e sa utloisisoang hantle, puisano ea thelefono e sa tlalehoang hantle—tsena ke lintho tse nyenyane haholo tsa ho hlōleha, tšoele e jang seaparo sa ho etsa lintho ka katleho ’me e senya boikemisetso bo molemohali.”—Teach Yourself Personal Efficiency.

Sena se lumellana le mongoli ea bululetsoeng ea itseng: “Ea tšoarang mosebetsi oa hae ka monyebe, ke ngoan’abo lehlasoa.” (Liproverbia 18:9) E, batho ba sa hlophisehang le ba sa etseng lintho ka katleho ba baka tlokotsi le tšenyo ho bona hammoho le ho ba bang. Ka lebaka la sena, hangata ba bang baa ba qoba. Ka lebaka la ho ba monyebe, ba itlisetsa ho lahloa.

Ntja e Phelang Kapa Tau e Shoeleng?

Empa hape re ka itšoara ka sehlōhō ka ho beha litekanyetso tse phahameng ho tlōlisa. Mongoli ea boletsoeng ka holimo mabapi le ho etsa lintho ka katleho, o re re ka phehella “tekanyetso ea phetheho e ke keng ea finyelloa ka ho feletseng.” O re phello ke “hore qetellong re itlisetsa masisa-pelo le ho felloa ke tšepo.” Motho ea behang litekanyetso tse phahameng ho tlōlisa a ka ’na a hlophiseha le ho etsa lintho ka katleho, empa le ka mohla a ke ke a thaba ka ’nete. Qetellong o oeloa ke masisa-pelo.

Haeba re sekamela ho beng batho ba behang litekanyetso tse phahameng ho tlōlisa, ke hantle ho hopola molao-motheo o reng “ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng.” (Moeklesia 9:4) Re ka ’na ra se ipolaee ka sebele ka ho hahamalla phetheho e sa utloahaleng, empa re ka intša kotsi e tebileng ka mokhathala. Setsebi se seng se re hona ho akareletsa “mokhathala oa ’mele, maikutlo, moea, kelello, le botho ba ka hare.” (Job Stress and Burnout) Ruri ho ikhathatsa ka ho hahamalla lipakane tse ke keng tsa finyelloa ke ho itšoara ka sehlōhō ’me ho tla re amoha thabo.

Itšoare ka Tsela e Tla U Putsa

Hopola: “Motho ea lerato le mosa o sebetsana le sephefumolohi sa hae ka tsela e putsang.” (Liproverbia 11:17, NW) Re itšoara ka tsela e putsang ha re beha lipakane tsa sebele le tse utloahalang, re hopola hore Molimo ea thabileng, Jehova, o tseba mefokolo ea rōna. (Pesaleme ea 103:8-14) Re ka thaba haeba re elelloa mefokolo eo ’me joale re ‘etsa ka hohle’ ho seo re ka khonang ho se etsa, ho phethahatsa litlamo tsa rōna hantle.—Ba-Heberu 4:11, NW; 2 Timothea 2:15; 2 Peter 1:10.

Ka ho hlakileng, ka mehla ho na le kotsi ea ho oela lehlakoreng le leng la ho feteletsa lintho—ho ikhauhela haholo. U se lebale karabo ea Jesu tlhahisong ea moapostola Petrose, “Morena, u ikutloele bohloko,” ha e le hantle, ketso e tiileng e ne e hlokahala. Ho nahana ha Petrose ho ne ho le kotsi hoo Jesu a ileng a re: “Tloha ho ’na, Satane, u khopiso ho ’na, hobane ha u utloe tsa Molimo, u utloa tsa batho feela.” (Mattheu 16:22, 23) Ho sebetsana le sephefumolohi sa rōna ka tsela e putsang ha ho lumelle boikutlo ba ho se tsotelle, ba ho ithabisa ho tlōla. Hoo hape ho ka re amoha thabo eohle ea rōna. Kahlolo e molemo, eseng cheseho e feteletseng, ke seo re se hlokang.—Ba-Filippi 4:5, NW.

Sebetsa ka Tsela e Putsang le ba Bang

Bangoli le Bafarisi ba mehla ea Jesu mohlomong ba ne ba nahana hore ba etsa lintho ka katleho e khōlō le ka tlhophiso. A Dictionary of the Bible e re ka tsela ea bona ea borapeli: “Molao o mong le o mong oa Bibele o ne o pota-potiloe ke litaelo tsa molao tse ngata tse se nang bohlokoa ba letho. Ho ne ho se sebaka sa maemo a fetohang; ho mamela Molao ka ho feletseng likarolong tsa ’ona ho ne ho hlokoa ka ho sa fetoheng ho Mojuda e mong le e mong . . . Lintlha tse qaqileng tsa molao li ile tsa eketsoa ho fihlela bolumeli e e-ba khoebo, ’me bophelo e e-ba mojaro o ke keng oa mamelloa. Batho ba ile ba fetoha ba itšoarang joaloka mechine. Lentsoe la letsoalo le ile la hatelloa; matla a phelang a lentsoe la Molimo a ile a etsoa lefeela ’me a pupetsoa tlas’a melao e mengata e sa feleng.”

Ha ho makatse hore Jesu Kreste o ile a ba ahlola bakeng sa sena. O ile a re: “Ba bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho li sisinya le ka monoana.” (Mattheu 23:4) Baholo ba nang le lerato ba qoba ho imetsa mohlape ka melao e mengata e seng bohlokoa le litaelo tsa molao. Ba sebetsa ka ho putsang le mohlape oa Molimo ka ho latela mohlala o mosa o khathollang oa Kreste Jesu.—Mattheu 11:28-30; Ba-Filippi 2:1-5.

Esita leha boikarabelo ba mokhatlo o hlophisitsoeng bo eketseha, baholo ba tsotellang ba ke ke ba lebala ’nete ea hore ba sebetsana le batho—batho bao Molimo a ba ratang. (1 Petrose 5:2, 3, 7; 1 Johanne 4:8-10) Ba ke ke ba nahana haholo ka litaba tse amang tlhophiso kapa litšebetso tse ling hoo ba lebalang mosebetsi oa bona o ka sehloohong joaloka balisa, bahlokomeli, le basireletsi ba mohlape.—Liproverbia 3:3; 19:22; 21:21; Esaia 32:1, 2; Jeremia 23:3, 4.

Ka mohlala, ho ameha haholo ka likemiso le manane, ho ka ’na ha sitisa ho ameha ka batho. Nahana ka mokhanni oa bese ea nahanang hore mosebetsi oa hae o ka sehloohong ke ho tšoarella ka katleho kemisong ea hae ho sa tsotellehe se etsahalang. O amehile haholo ka takatso ea ho qala tsela ea hae ka nako le ho fihla qetellong ka nako e behiloeng. Ka bomalimabe, ponong ea hae, batho ba palamang bese ke tšitiso. Ba etsa butle ebile ha baa hlophiseha ’me ka mehla ba fihla moo ho emeloang bese ha a se a itokisetsa ho khanna bese. Ho e-na le ho hopola hore morero ’ohle oa mosebetsi oa hae ke ho sebeletsa litlhoko tsa bapalami ba hae, o ba bona e le tšitiso ho etseng lintho ka katleho ebe oa ba qoba.

Tlhokomelo Bakeng sa Motho ka Mong

Hangata ho hahamalla ho etsa lintho ka katleho e se nang kutloelo-bohloko ho ee ho bontše ho hlokomoloha litlhoko tsa batho ka bomong. Batho ba fokolang, ba sa etseng lintho ka katleho ba ka talingoa e le tšitiso. Ha sena se etsahala, liphello tse mpe li ka latela. Ka mohlala, seterekeng sa toropo ea boholo-holo sa Bagerike sa Sparta, bana ba fokolang le ba kulang ba ne ba tlohelloa feela hore ba shoe. Lebaka e le hore bana bao e ne e ke ke ea e-ba masole a matla, a etsang lintho ka katleho ho sireletsa naha e matla, e atlehang. Rafilosofi Bertrand Russell o re: “Ha ngoana a ne a tsoaloa, ntate o ne a mo tlisa pel’a baholo ba lelapa la hae ho mo hlahloba: haeba a phetse hantle, o ne a fuoa ntate hore a mo hōlise; haeba a fokola, o ne a lahleloa mokoting oa metsi o tebileng.”—History of Western Philosophy.

Ho se fetohe le ho ba thata, eseng thabo, ho ne ho tšoaea naha e sehlōhō e joalo. (Bapisa le Moeklesia 8:9.) Ha ho pelaelo hore balaoli ba Sparta ba ne ba ikutloa hore ho etsa lintho ka katleho ho ne ho lokafatsa liketso tsa bona, empa boitšoaro ba bona bo ne bo hloka kutloelo-bohloko kapa mosa. Tsela ea bona e ne e se tsela ea Molimo. (Pesaleme ea 41:1; Liproverbia 14:21) Ho fapana le hoo, balebeli phuthehong ea Bokreste ba hopola hore linku tsohle tsa Molimo ke tsa bohlokoa mahlong a hae, ’me ba sebetsana ka tsela e putsang le e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. Ha ba hlokomele feela tse 99 tse phetseng hantle empa hape le e le ’ngoe e fokolang kapa e tepeletseng maikutlo.—Mattheu 18:12-14; Liketso 20:28; 1 Ba-Thessalonika 5:14, 15; 1 Petrose 5:7.

Lulang Haufi le Mohlape

Baholo ba lula haufi le mohlape o tlas’a tlhokomelo ea bona. Leha ho le joalo, lipatlisiso tsa kajeno tsa mekhoa ea khoebo li ka ’na tsa hlahisa hore bakeng sa ho etsa lintho ka katleho e phahameng motsamaisi kapa molebeli o lokela ho ba haufi haholo le bao a ba okamelang. Mohlahlobi e mong o hlalosa liphello tse fapaneng tsa ofisiri ea sesole sa moeeng ha e ne e le haufi kapa e le hōle le ba ka tlaase ho eona: “Ha e ne e le haufi le liofisiri tsa [eona], li ne li bonahala li ikutloa li sireletsehile ’me li sa tšoenyehe haholo ka ho etsa lintho ka katleho ha lihlopha tsa tsona. Hang ha e tloha ’me e hlokomela boemo ba eona bo phahameng, balaoli ba eona ba tlaasana ba ile ba qala ho tšoenyeha ka hore na ho na le ntho e senyehileng . . . ’me ba lebisa matšoenyeho a bona ho beheng tlhokomelo e eketsehileng mosebetsing oa bona. ’Me phello e bile hore ho be le keketseho e hlokomelehang ho etseng lintho ka katleho kampong ea sesole.”—Understanding Organizations.

Leha ho le joalo, phutheho ea Bokreste hase mokhatlo o hlophisitsoeng oa sesole. Baholo ba Bakreste ba laolang mosebetsi oa ba bang ba etsisa Jesu Kreste. Ka mehla o ne a le haufi le barutuoa ba hae. (Mattheu 12:49, 50; Johanne 13:34, 35) O ne a sa sebelise boikutlo ba bona ba ho tšoenyeha e le hore ba etse lintho ka katleho e khōlō. O ile a haha likamano tse matla tsa ho tšepana pakeng tsa hae le balateli ba hae. Likamano tse haufi tsa lerato le mosa li ne li tšoaea barutuoa ba hae. (1 Ba-Thessalonika 2:7, 8) Ha katamelano e joalo e le teng, mohlape o thabileng, o susumetsoang ka ho feletseng ke lerato la Molimo, o tla arabela hantle tataisong ntle le tšusumetso ’me o tla etsa ka hohle tšebeletsong ea boithatelo ho eena.—Bapisa le Exoda 35:21.

Mangolo a mangata a bontša litšoaneleho tsa Bakreste tse kang thabo le lerato bakeng sa baena bohle. (Mattheu 5:3-12; 1 Ba-Korinthe 13:1-13) Ha ho bapisoa ke a ’maloa a bontšang tlhoko ea ho etsa lintho ka katleho. E, tlhophiso e ntle e-ea hlokahala. Ka mehla batho ba Molimo ba bile le tlhophiso. Empa ka mohlala, nahana hore na ke makhetlo a mangata hakae bangoli ba lipesaleme ba hlalosang bahlanka ba Molimo e le ba thabileng. Pesaleme ea 119, e buang ho hongata ka melao ea Jehova, likhopotso, le litaelo tsa molao, e qala ka hore: “Ho thaba bao tsela ea bona e se nang molato, ba tsamaeang molaong oa Jehova. Ho thaba ba bolokang likhopotso tsa hae; ka pelo eohle ba tsoela pele ho ’matla.” (Pesaleme ea 119:1, 2, NW) Na u ka hlōla phephetso ea ho hlophiseha le ho thaba?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

“Armillary sphere”—mochine oa khale o tšoantšetsang liphikoloho tsa leholimo

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Joaloka Molisa ea lerato, Jehova ke Molimo eseng feela oa tlhophiseho empa le ea thabileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela