Bahlanka ba Molimo—Batho ba Hlophisehileng le ba Thabileng
“Ho thabile batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—PESALEME EA 144:15, NW.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a na le tokelo ea ho behela bahlanka ba hae litekanyetso? (b) Litšobotsi tse peli tsa Jehova tseo ka ho khetheha re lokelang ho batla ho li etsisa ke life?
JEHOVA ke ’Musi oa Bokahohle, Molimo ea matla ’ohle, ’Mōpi. (Genese 1:1; Pesaleme ea 100:3) A le boemong boo, o na le tokelo ea ho behela bahlanka ba hae litekanyetso tsa boitšoaro, hobane o tseba se molemohali bakeng sa bona. (Pesaleme ea 143:8) ’Me ke ’Mehi-mohlala ea ka Sehloohong eo ho hlokahalang hore ba etsise litšoaneleho tsa hae. Moapostola e mong o ile a ngola: “Le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang.”—Ba-Efese 5:1.
2 Tšobotsi ea Molimo eo ho hlokahalang hore re e etsise e amana le tlhophiso. “Hase Molimo oa mofere-fere.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Ha re hlahloba ka hloko seo Molimo a se bōpileng, re susumeletseha ho etsa qeto ea hore ke Motho ea Phahameng ea hlophisehileng ka ho fetisisa bokahohleng. Leha ho le joalo, tšobotsi e ’ngoe ea Molimo eo a batlang ha bahlanka ba hae ba e etsisa ke thabo eo a nang le eona, hobane ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11, NW) Kahoo, matla a hae a ho hlophisa a tsitsisoa ke thabo. Ha ho phahamisoe tšobotsi e ’ngoe e le hore e ’ngoe e be tlaase.
3. Maholimo a aparetsoeng ke linaleli a bontša matla a Molimo a ho hlophisa joang?
3 Lintho tsohle tseo Jehova a li entseng, ho tloha ho e khōlōhali ho ea ho e nyenyane ka ho fetisisa, li fana ka bopaki ba hore ke Molimo oa tlhophiso. Ka mohlala, nahana ka bokahohle bo bonahalang. Bo na le libilione tsa linaleli. Empa tsena ha lia qhalakana feela ka tsela e sa hlophisehang. Setsebi sa linaleli George Greenstein o hlokomela hore ho na le “paterone tlhophisong ea linaleli.” Li hlophisitsoe ka lihlopha tse bitsoang li-galaxy, tse ling li na le linaleli tse likete tsa limilione. ’Me ho hakanngoa hore ho na le likete tsa limilione tsa li-galaxy! Li-galaxy tsena le tsona li hlophisitsoe, bongata ba tsona (ho tloha ho likete tse seng kae ho ea ho tse ngata) li behiloe hammoho ka sehlopha sa li-galaxy. ’Me lihlopha tsena tsa li-galaxy ho nahanoa hore li hlophisitsoe ka lihlopha tse khōloanyane tse bitsoang li-supercluster.—Pesaleme ea 19:1; Esaia 40:25, 26.
4, 5. Fana ka mehlala ea tlhophiso har’a lintho tse phelang lefatšeng.
4 Tlhophiso ena e babatsehang ea pōpo ea Molimo e bonoa hohle, eseng maholimong a bonahalang feela empa le lefatšeng, ka limiriade tsa eona tsa lintho tse phelang. Mabapi le sena sohle, Paul Davies, moprofesa oa physics, o ile a ngola hore “tlhophiso e phahameng le e rarahaneng ea lefatše la sebele” e etsa hore batho ba shebeletseng ba “tlaloe ke tšabo e nang le tlhompho.”—Pesaleme ea 104:24.
5 Nahana ka mehlala e seng mekae ea ‘tlhophiso e rarahaneng’ e fumanoang linthong tse phelang. Ngaka e sebetsang methapo ea kutlo Joseph Evans ha a bua ka boko ba motho le mothapo oa lesapo la mokokotlo o itse: “’Nete ea taolo e khōlō e batla e phahametse mohopolo.” Setsebi sa saense e sebetsanang le bacteria H. J. Shaughnessy ha a bua ka lisele tse phelang tse nyenyane hoo li ke keng tsa bonoa ntle ho tšebeliso ea mochine o hōlisang ponahalo ea lintho o itse: “Taolo ena e rarahaneng le e ntle ea lefatše la lintho tse phelang tse nyenyane hoo li ke keng tsa bonoa ntle ho tšebeliso ea mochine o hōlisang ponahalo ea lintho e hahiloe ka mokhoa o babatsehang hoo e bonahalang e le karolo ea tsamaiso e khethehileng ea bomolimo.” ’Me setsebi sa baeloji e sebetsanang le limolek’hule Michael Denton ha a bua ka tšebetso ea liphatsa tsa lefutso (DNA) ka har’a sele o re: “E sebetsa hantle hoo boitsebiso bohle . . . bo hlokahalang ho hlalosa ka ho hlaka moetso oa mefuta eohle ea lintho tse phelang tse kileng tsa phela polaneteng ena . . . bo neng bo ka bolokoa ka har’a khaba ea tee ’me ha ’na ha sala sebaka bakeng sa boitsebiso bohle bo leng libukeng tsohle tse kileng tsa ngoloa.”—Bona Pesaleme ea 139:16.
6, 7. Ke tlhophiso efe e bontšoang har’a libōpuoa tsa moea, ’me li bontša kananelo bakeng sa Moetsi oa tsona joang?
6 Jehova ha a hlophise pōpo ea hae e bonahalang feela empa o boetse o hlophisa libōpuoa tsa hae tsa moea leholimong. Daniele 7:10 e re bolella hore mangeloi a ka bang ‘likete tsa likete . . . a ne a eme pel’a Jehova.’ Libōpuoa tsa moea tse matla tse limilione li lekholo li sebeletsa, se seng le se seng se abetsoe mosebetsi oa sona o loketseng! Hoa hlolla ho nahana ka tsebo eo e tlamehang ebe ea ameha bakeng sa ho hlophisa palo e khōlō hakaalo. Ka ho loketseng, Bibele e re: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae! Bokang Jehova, lōna makhotla a hae kaofela [a mangeloi], lōna bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratoang ke eena!”—Pesaleme ea 103:20, 21; Tšenolo 5:11.
7 Mesebetsi ea ’Mōpi e hlophisehile hantle ebile e sebetsa hantle hakaakang! Ha ho makatse hore ebe libōpuoa tse matla tsa moea tse sebakeng sa maholimo li bua ka tsela e susumetsang tšabo le e ikokobelitseng li re: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”—Tšenolo 4:11.
8. Ke mehlala efe e bontšang hore Jehova o hlophisa bahlanka ba hae lefatšeng?
8 Jehova o boetse o hlophisa bahlanka ba hae lefatšeng. Ha a ne a tlisa Moroallo oa mehleng ea Noe ka 2370 B.C.E., Noe le ba bang ba supileng ba ile ba pholoha Moroallo e le mokhatlo o hlophisitsoeng oa lelapa. Phallong ea 1513 B.C.E., Jehova o ile a ntša batho ba hae ba limilione li ngata botlamuoeng Egepeta ’me a ba neha melao e qaqileng bakeng sa ho hlophisa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi le borapeli. ’Me hamorao, Naheng e Tšepisitsoeng, har’a bona ba mashome a likete ba ile ba hlophisetsoa tšebeletso e khethehileng tempeleng. (1 Likronike 23:4, 5) Lekholong la pele la lilemo, liphutheho tsa Bokreste li ne li hlophisitsoe tlas’a tataiso ea bomolimo: “E sa le eena ea beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti, ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa.”—Ba-Efese 4:11, 12.
Bahlanka ba Kajeno le Bona ba Hlophisehile
9, 10. Jehova o hlophisitse batho ba hae joang mehleng ea rōna?
9 Ka ho tšoanang, Jehova o hlophisitse bahlanka ba hae ba kajeno e le hore ba ka etsa mosebetsi oa hae ka katleho bakeng sa mehla ea rōna—ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae pele a felisa tsamaiso ena ea lintho ea kajeno e khopo. (Mattheu 24:14, NW) Nahana ka se akareletsoang mosebetsing ona oa lefatše lohle le hore na tlhophiso e molemo ke ea bohlokoa hakae. Banna, basali, le bana ba limilione ba koetlisetsoa ho ruta ba bang linnete tsa Bibele. Bakeng sa koetliso ena, ho hatisoa Libibele le likhatiso tsa Bibele tse ngata. Ka sebele, hona joale ho hatisoa likopi tse fetang limilione tse 16 ka lipuo tse 118 tsa tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa, le tsa Tsoha! tse ka bang limilione tse 13 ka lipuo tse 73. Hoo e ka bang litokollo tsohle li hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse sa tšoaneng e le hore hoo e ka bang bahlanka bohle ba Jehova ba ka fumana boitsebiso bo tšoanang ka nako e le ’ngoe.
10 Ho phaella moo, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 73 000 lefatšeng lohle li hlophiselitsoe ho kopana kamehla bakeng sa thuto ea Bibele. (Ba-Heberu 10:24, 25) Ho boetse ho na le lipokano tse likete-kete tse khōloanyane—likopano tsa potoloho le likopano tsa setereke—selemo le selemo. Ho na le lenaneo le leholo lefatšeng lohle la kaho ea mehaho e mecha kapa e ntlafalitsoeng ea Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano, mahae a Bethele, le mehaho bakeng sa ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele. Ho na le likolo bakeng sa koetliso e tsoetseng pele ea matichere a Bibele, tse kang Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa baromuoa le Sekolo sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho, se tšoaroang linaheng tse sa tšoaneng ho pota lefatše.
11. Ho ithuta tlhophiso e molemo hona joale ho tla tlisa melemo efe ea nakong e tlang?
11 Jehova o hlophisitse batho ba hae ba lefatšeng hantle hakaakang bakeng sa ho ‘phethisisa tšebeletso ea bona,’ ka thuso ea mangeloi a hae a sebeletsang! (2 Timothea 4:5; Ba-Heberu 1:13, 14; Tšenolo 14:6) Ka ho ruta bahlanka ba hae litseleng tsa tlhophiso e molemo hona joale, Molimo o phetha ho hong hape. Bahlanka ba hae e ba ba itokisitseng hantle e le hore ha ba pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, ba tla be ba se ba hlophisehile bakeng sa ho qalisa bophelo lefatšeng le lecha. Joale, ka tsela e hlophisehileng ka tlas’a tataiso ea Jehova, ba tla qala ho haha Paradeise ea lefatše lohle. Hape ba tla be ba itokisitse hantle bakeng sa ho ruta lintho tse qaqileng tseo Molimo a li hlokang bakeng sa bophelo ho batho ba likete tsa limilione ba tla beng ba tsositsoe bafung.—Esaia 11:9; 54:13; Liketso 24:15; Tšenolo 20:12, 13.
Ba Hlophisehile Empa ba Thabile
12, 13. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova o batla hore batho ba hae ba thabe?
12 Le hoja Jehova e le mosebetsi ea hlollang ebile e le mohlophisi ea babatsehang, hase ea sa utloeleng bohloko, ea sa tenyetseheng, kapa ea batlang hore lintho li etsoe ka tloaelo feela. Ho e-na le hoo, ke Motho ea Phahameng ea mofuthu haholo, ea thabileng ea amehileng ka thabo ea rōna. Joalokaha 1 Petrose 5:7 e bolela “oa le hlokomela.” Re ka bona tlhokomelo le takatso ea hae ea hore bahlanka ba hae ba thabele seo a se etselitseng batho. Ka mohlala, ha Molimo a bōpa monna le mosali ba phethahetseng, o ile a ba beha paradeiseng ea thabo. (Genese 1:26-31; 2:8, 9) O ile a ba fa lintho tsohle tseo ba neng ba li hloka bakeng sa ho etsa hore ba thabe haholo. Empa ba ile ba lahleheloa ke sena sohle ka lebaka la borabele. Ka lebaka la sebe sa bona re ile ra futsa ho se phethahale le lefu.—Ba-Roma 3:23; 5:12.
13 Le hoja hona joale re sa phethahala, rōna batho re sa ntse re ka fumana thabo ho seo Molimo a se entseng. Ho na le lintho tse ngata tse re thabisang—lithaba tse khōlō haholo; matša a matle, linōka, maoatle le mabōpo a leoatle; lipalesa tse mebala e metle, tse nkhang hamonate le limela tse ling tsa mefuta-futa; matletse-tletse a lijo tse hlabosang; ho likela ha letsatsi ho hlollang hoo re sa khathaleng ke ho ho boha; maholimo a aparetsoeng ke linaleli ao re thabelang ho a boha bosiu; pōpo ea liphoofolo ka mefuta-futa le tse nyenyane tse khahlehang ka lipapali tsa tsona tse hapang tlhokomelo; ’mino o susumetsang; mosebetsi o thahasellisang le o molemo; metsoalle e molemo. Ho hlakile hore Ea hlophisitseng lintho tse joalo ke motho ea thabileng ea thabelang ho etsa hore ba bang ba thabe.
14. Jehova o batla ho tsitsa hofe ho rōna ha re mo etsisa?
14 Kahoo, ho khona ho hlophisa feela hase seo Jehova a se batlang. O boetse o batla hore bahlanka ba hae ba thabe, joalokaha a thabile. Ha a batle hore ba senye thabo ea bona e le hore ba ka hlophisa lintho ka tsela e bonahatsang cheseho e feteletseng. Bahlanka ba Molimo ba tlameha ho tsitsisa tsebo ea ho hlophisa ka thabo, joalokaha a etsa, hobane moo moea oa hae o halalelang o matla o leng teng, thabo e teng. Ka sebele, Ba-Galata 5:22 e bontša hore tholoana ea bobeli ea moea o halalelang oa Molimo e sebetsang ho batho ba hae ke “thabo.”
Lerato le Fehla Thabo
15. Ke hobane’ng ha lerato le le bohlokoa hakaale thabong ea rōna?
15 Ho thahasellisa haholo ho hlokomela hore Bibele e re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, 16, NW) Le ka mohla ha e re: “Molimo ke tlhophiso.” Lerato ke tšoaneleho ea Molimo e ka sehloohong, ’me e tlameha ho etsisoa ke bahlanka ba hae. Ke ka lebaka leo tholoana ea pele ea moea oa Molimo e thathamisitsoeng ho Ba-Galata 5:22 e leng “lerato,” ’me le lateloa ke “thabo.” Lerato le fehla thabo. Ha re etsisa lerato la Jehova litšebelisanong tsa rōna le ba bang, thabo ea latela, hobane batho ba lerato ke batho ba thabileng.
16. Jesu o bontšitse bohlokoa ba lerato joang?
16 Bohlokoa ba ho etsisa lerato la bomolimo bo totobalitsoe lithutong tsa Jesu. O itse: “Ke bolela litaba tseo, joalo ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28) Ka ho khethehileng, Jesu o ne a rutiloe eng eo hamorao a ileng a e ruta ba bang? E ne e le hore melao e ’meli e meholo ke ho rata Molimo le ho rata moahisani. (Mattheu 22:36-39) Jesu o ile a beha mohlala oa lerato le joalo. O ile a re: “Ke rata Ntate,” a paka sena ka ho etsa thato ea Molimo ho isa lefung. ’Me o ile a bontša hore o rata batho ka ho ba shoela. Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Efese: ‘Kreste o re ratile, ’me o ineetse bakeng sa rōna.’ (Johanne 14:31; Ba-Efese 5:2) Kahoo, Jesu o boleletse balateli ba hae: “Molao oa ka ke hoba le ratane, joalo ka ha ke le ratile.”—Johanne 15:12, 13.
17. Pauluse o bontšitse joang hore ho rata ba bang ke habohlokoa?
17 Pauluse o ile a bontša hore na lerato lena la bomolimo ke la bohlokoa hakae ha a re: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke joalo ka koporo e llang, leha e le simbala e molumo o moholo. ’Me leha nka ba le neo ea boporofeta, kapa leha nka tseba liphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo eohle, ka ba ka falatsa le lithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho. ’Me leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho. . . . Tse tharo tsena lia sala: tumelo le tebello, le lerato; empa e kholo ho tsona ke lerato.”—1 Ba-Korinthe 13:1-3, 13.
18. Re ka lebella eng ho Jehova e eketsang thabo ea rōna?
18 Ha re etsisa lerato la Jehova, re ka kholiseha ka lerato la hae ho rōna, esita leha re etsa liphoso, hobane ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” (Exoda 34:6) Haeba re baka ka tieo ha re etsa liphoso, Molimo ha a boloke tlaleho ea tsona empa ka lerato oa re tšoarela. (Pesaleme ea 103:1-3) E, “Morena [Jehova, NW] o tletse mohau le lereko.” (Jakobo 5:11) Ho tseba sena ho tlatsetsa thabong ea rōna.
Thabo e Lekanyelitsoeng Hona Joale
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha ho ke ke ha etsahala hore motho a thabe ka ho feletseng hona joale? (b) Bibele e bontša joang hore re ka ba le thabo e lekanyelitsoeng mehleng ee?
19 Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore motho a thabe kajeno, kaha re phela mehleng ea qetello ea lefatše lena le laoloang ke Satane le tletseng tlōlo ea molao, pefo, boitšoaro bo bobe, moo re tobanang le ho kula le lefu? Ka sebele, hona joale re ke ke ra lebella ho ba le tekanyo ea thabo e tlang ho ba teng lefatšeng le lecha la Molimo, e kang eo Lentsoe la hae le e bolelang esale pele: “Ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa.”—Esaia 65:17, 18.
20 Seo bahlanka ba Molimo ba ka bang le sona hona joale ke thabo e lekanyelitsoeng hobane ba tseba thato ea hae ’me ba na le tsebo e nepahetseng ea litlhohonolofatso tse babatsehang tse tla tla haufinyane lefatšeng la hae le lecha la paradeise. (Johanne 17:3; Tšenolo 21:4) Ke ka lebaka leo Bibele e ka reng: “Jehova oa makhotla, ho lehlohonolo [thabile, NW] motho ea u tšepang,” “ho lehlohonolo [thabile, NW] motho ka mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae,” “ho lehlohonolo [thabile, NW] ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.” (Pesaleme ea 84:12; 128:1; Mattheu 5:5) Kahoo, ho sa tsotellehe maemo a thata a hona joale ao re lokelang ho loana le ’ona, re ka ba le tekanyo e khōlo ea thabo. Esita le ha lintho tse bohloko li re etsahalla, ha re hlomohe joalokaha ba sa tsebeng Jehova le ba se nang tšepo ea bophelo bo sa feleng ba etsa.—1 Ba-Thessalonika 4:13.
21. Ke hobane’ng ha ho fana ka nako, matla, le matlotlo ho tlatsetsa thabong ea bahlanka ba Jehova?
21 Thabo e boetse e tlela bahlanka ba Jehova hobane ba sebelisa nako, matla, le matlotlo bakeng sa ho ruta ba bang linnete tsa Bibele, haholo-holo batho ba “feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle” a etsoang lefatšeng la Satane. (Ezekiele 9:4) Bibele e re: “Ho lehlohonolo [thabile, NW] ea hlokomelang ea lesitsi! Ka letsatsi le lebe, Jehova o tla mo loela. Jehova o tla mo sireletsa, a mo phelise; e tla ba motho ea lehlohonolo [thabileng, NW] lefatšeng.” (Pesaleme ea 41:1, 2) Joalokaha Jesu a boletse, “ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta ho fuoeng.”—Liketso 20:35, NW.
22. (a) Mabapi le thabo, bapisa bahlanka ba Molimo le ba sa mo sebeletseng. (b) Ke ka lebaka lefe le khethehileng re lokelang ho lebella ho thaba?
22 Kahoo le hoja bahlanka ba Molimo ba ke ke ba lebella thabo e feletseng nakong ena, ba ka fumana thabo e sa thabeloeng ke ba sa sebeletseng Molimo. Jehova o re: “Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina, ka baka la thabo ea lipelo tsa bona, empa lōna le tla llisoa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moea o soabileng.” (Esaia 65:14) Hape, ba sebeletsang Molimo ba na le lebaka le khethehileng bakeng sa ho thaba hona joale—ba na le moea oa hae o halalelang oo “Molimo o o neileng ba o utloang.” (Liketso 5:32) ’Me hopola, moo moea oa Molimo o leng teng, thabo e teng.—Ba-Galata 5:22.
23. Re tla tšohla eng sehloohong sa rōna se latelang?
23 Mokhatlong oa bahlanka ba Molimo kajeno, karolo ea bohlokoa e phethoa ke “banna ba hōlileng,” baholo, ba etellang pele ka liphuthehong, ba tlatsetsang thabong ea batho ba Jehova. (Tite 1:5, NW) Bana ba lokela ho talima boikarabelo ba bona le kamano ea bona le baena ba bona le bo-khaitseli moeeng joang? Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla taba ena.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Pōpo e paka joang hore Jehova o hlophisehile?
◻ Jehova o hlophisitse bahlanka ba hae joang nakong e fetileng le hona joale?
◻ Jehova o batla ho tsitsa hofe ho rōna?
◻ Lerato ke la bohlokoa hakae thabong ea rōna?
◻ Re ka lebella thabo ea mofuta ofe mehleng ea rōna?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Top: Courtesy of ROE/Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin