Ho Ratana ha ba Qala ho Bonana—Le ho Ratana ka ho sa Feleng ka Mor’a Moo!
DR. CECILIA McCARTON oa Koleche ea Bongaka ea Albert Einstein e New York oa hlokomela: “Haeba u ka shebella masea ka mor’a hore a hlahe, a na le temoho e phethahetseng ’me a lemoha tikoloho ea oona. Liketso tsa oona li bontša hore a tseba bo-’m’a oona. A sheba moo melumo e hlahang teng. ’Me a tsepamisa mahlo a oona lifahlehong tsa bo-’m’a oona.” ’Mè o ba le kamano ea mahlo le lesea la hae. Ba ratana ha ba qala ho bonana—bobeli ba bona!
Nako ena e tlamahanyang ’mè le lesea e hlaha ka tsela ea tlhaho haeba pelehi e le ea tlhaho, e etsahetseng ntle ho tšebeliso ea lithethefatsi tse thethefatsang kelello ea ’mè le ea lesea. Ho lla ha lona ho etsa hore lebese la ’mè le eketsehe. Ha letlalo la lesea le thetsa la ’mè hoo ho hlahisa lero le fokotsang mali a tsoang ho ’mè ka mor’a pelehi. Lesea le hlaha kelello ea lona e se e e-na le lenaneo le etsang hore tlamahano ea lona le ’mè e tiee—ho lla, ho anya, ho etsa molumo o kang oa ho khakhatsa, ho bososela le ho raha-raha ho bontšang thabo hoo le ho etsang ka morero oa ho mema tlhokomelo ea ’mè. Ka ho khethehileng, tlamahano ea lona le ’mè e le nolofalletsa ho hlaolela lerato le ho ithuta ho tsotella ba bang le ho hōlisa tšepo ea lona. Kapele ntate e ba oa bohlokoa joaloka karolo ea tlamahano ena. Kamano ea hae le lesea hase e haufi-ufi joaloka ea ’mè empa e eketsa tšobotsi e ’ngoe: o le otla-otla ka mokhoa oa papali, oa le tsikinyetsa, o le bapalisa joalokaha eka oa le loantša, ’me lesea le arabela ka ho keketeha le ho qhoma-qhoma.
Dr. Richard Restak o tlaleha hore ho sika le ho atametsa lesea le sa tsoa belehoa haufi le uena ho tšoana le sejo se matlafatsang. O re: “Ho pholla lesea hoa hlokahala bakeng sa khōlo e tloaelehileng ea lona joalokaha lijo le moea o hloekileng li hlokahala. ’Mè o otlollela lesea la hae matsoho, o le atametsa haufi le eena, ’me mehato e mengata ea tšebetso ea kelello le ea ’mele e qala ho lumellana.” Ha sena se etsahala esita le boko ba sebele bo ba le “kaheho e fapaneng bakeng sa ho tseba botho ba ’mè ka litšobotsi tsa hae tsa sefahleho.”
Ela Hloko Hore ho se ke ha Hlaha Karohano
Ba bang ba bontšitse hore haeba tlamahano ena e pakeng tsa ’mè le lesea e sa be teng nakong ea pelehi, ho na le tlokotsi e larileng kapele. Ha ho joalo. Ka tlhokomelo e lerato ea ’mè ho na le linako tse ngata tsa katamelano e haufi e sireletsang tlamahano ena libekeng tse latelang. Leha ho le joalo, haeba lesea le sa fumane katamelano e joalo ka nako e telele, seo se ka isa liphellong tse bohloko. Dr. Restak o re bolella hore: “Le hoja kaofela re hlokana nakong eohle ea bophelo ba rōna, ho hlokana hoo ho matla haholo selemong sa pele sa bophelo ba rōna. Tima lesea khanya, monyetla oa ho talima sefahleho sa motho, thabo ea ho nkoa, ho sikoa, ho buisoa ka tsela e bonolo, ho fuoa tlhokomelo e khethehileng, ho pholloa—’me lesea ha le mamelle ho tingoa lintho tse joalo.”
Masea a llisoa ke lintho tse ngata. Hangata a batla tlhokomelo. Haeba ho lla ha ’ona ho sa hlokomeloe ka mor’a nako e itseng, a ka ’na a thōla. A ba le boikutlo ba hore mohlokomeli oa ’ona ha a a tsotelle. A qalella ho lla hape. Haeba a ntse a sa hlokomeloe, a ikutloa a hlokomolohiloe, a sa sireletseha. A leka ho lla ka matla a eketsehileng. Haeba sena se tsoela pele ka nako e telele le haeba se pheta-phetoa hangata, lesea le ba le boikutlo ba hore le lahliloe. Le qala ho utloa bohloko, esita le ho halefa, ’me qetellong lea tela. Karohano e ba teng. Ka baka la ho se fumane lerato, ha le ithute ho rata. Letsoalo la lona ha le ntlafale. Ha ho na motho eo le mo tšepang, ha ho na motho eo le mo tsotellang. Le fetoha ngoana ea likhathatso, ’me maemong a fetelletseng le fetoha setloko-tsebe se se nang letsoalo la ho tlōla molao.
Lerato le bang teng ka ho bonana ka lekhetlo la pele ha se qetello ea taba. Le lokela ho tsoela pele ka ho sa feleng ka mor’a moo. Eseng feela ka lipolelo empa esita le ka liketso. “Re se ke ra rata ka lipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka ’nete.” (1 Johanne 3:18) Kopa lesea khafetsa ’me u le ake. Lilemong tse qalang, pele e ba morao haholo, koetlisa lesea ’me u le rute litekanyetso tsa ’nete ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Joale bana ba hao ba tla tšoana le Timothea: “Ho tloha boseeeng u tsebile mangolo a halalelang, a khonang ho u hlalefisa.” (2 Timothea 3:15, NW) E-ba le bona ka nako e itseng letsatsi le leng le le leng, ho pholletsa le lilemo tsa bongoana le tsa boroetsana kapa bohlankana. “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:6, 7.
‘Re ka ’na ra Lla, Empa Seo se Tla re Tsoela Molemo o Moholo’
Taeo ha e thabise batho ba bangata. Leha ho le joalo, ha e fanoa ka tsela e nepahetseng, ke karolo ea bohlokoa ea lerato la botsoali. Ngoanana e mong e monyenyane o ile a hlokomela sena. O ile a etsetsa ’mè oa hae karete, e ngotsoeng “Ho ’Mè, Ho Mosali ea Khabane e Motle.” E ne e khabisitsoe ka setšoantšo sa letsatsi le ’mala oa khauta, sa linonyana tse fofang, le lipalesa tse khubelu tse entsoeng ka lipensele tse mebala-bala. Karete ena e ne e baleha tjena: “Re u etselitse sena hobane re u rata kaofela ha rōna. Re rata ho bontša kananelo ea rōna ka karete ena. Ha re fumane lintlha tse tlaase u tekena tlaleho ea mosebetsi oa rōna oa sekolo e le bopaki ba hore u o bone. Ha re itšoara hampe ua re shapa. Re ka ’na ra lla, empa rea tseba hore hoo ho tla re tsoela molemo o moholo. . . . Sohle seo ke batlang ho se bua ke hore ke u rata haholo. Kea leboha ka sohle seo u nketsetsang sona. Ka lerato le likako. [Motekeno] Michele.”
Michele o lumellana le Liproverbia 13:24: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” Ho sebelisa thupa, e emelang taeo, ho ka ’na ha akarelletsa ho otla ka letsoho, empa hangata ha ho akarelletse seo. Bana ba sa tšoaneng, liphoso tse sa tšoaneng, li batla taeo e sa tšoaneng. Khalemelo e fanoang ka mosa e ka ’na ea lekana; manganga a ka ’na a hloka hore ho sebelisoe moriana o matla haholoanyane: “Motho ea kelello o utloa khalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuoa halekholo.” (Liproverbia 17:10) Hape mantsoe a sebetsang ke ana: “Mofo [kapa ngoana] ha a bakisoe ka lipolelo; hobane, leha a ka utloisisa, a ke ke a hlokomela.”—Liproverbia 29:19.
Ka Bibeleng lentsoe “taeo” le bolela ho eletsa, ho koetlisa, ho khalemela—le akarelletsa le ho otla ka letsoho haeba ho hlokahala bakeng sa ho fetola boitšoaro bo itseng. Ba-Heberu 12:11 e bontša morero oa eona ha e re: “Empa taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang ka teng; ea mo llisa; empa hamorao, ba rutoang ke eona e ba kotulisa khotsong litholoana tsa ho loka.” Batsoali ha baa lokela ho halefa ka ho fetelletseng ha ba laea bana ba bona: “Bo-ntat’a bana, se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.” (Ba-Kolosse 3:21) Ha baa lokela ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe: “Thupa le khalemelo li fa motho bohlale; empa mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Moea oa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe o re, ‘Etsa ntho eo u e ratang; u se ke ua ntšoenya.’ Taeo e re, ‘Etsa se nepahetseng; kea u tsotella.’
U.S.News & World Report, ea August 7, 1989, ka nepo e itse: “Batsoali ba sa otleng bana ka bohale, empa ba beha meeli e tiileng ba bile ba e khomarela, ba na le monyetla o moholo oa ho hlahisa bana ba tla atleha bophelong le ba sebelisanang hamolemo le ba bang.” Sehlooho sena se ile sa qetella ka hore: “Mohlomong sehlooho se memang tlhokomelo ka ho fetisisa se tlang ho hlaha boitsebisong bohle ba saense ke se bontšang hore ho rala motheo oa lerato le ho tšepana le litekanyetso tse amohelehang ka har’a lelapa le leng le le leng ke sona seo e leng sa bohlokoa, eseng tsebo ea makolopetso a rarahaneng. Morero oa ’nete oa taeo, . . . hase ho otla bana ba sa laoleheng empa ke ho ba ruta le ho ba tataisa le ho ba thusa ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro likelellong tsa bona.”
Ba Utloa Seo U se Buang, ba Etsa Seo U se Etsang
Kenyelletso ea sehlooho se buang ka taeo ho The Atlantic Monthly e ne e re: “Ngoana a ka lebelloa hore a itšoare hantle hafeela batsoali ba hae ba phela ka litekanyetso tseo ba mo rutang tsona.” Sehlooho sena se ile sa tsoela pele ho bontša bohlokoa ba litekanyetso tsa boitšoaro tse teng ka ho ngoana: “Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba neng ba itšoere hantle e ne e le bao batsoali ba bona ka bobona ba nang le boikarabelo, ba lokileng, ba bileng ba itšoereng hantle—ba neng ba phela tumellanong le litekanyetso tseo ba neng ba li ruta le ho khothalletsa bana ba bona hore ba li latele. Ha bacha ba molemo ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ne ba kopanngoa le bacha ba likhathatso, e le karolo ea phuputso, boitšoaro ba bona ha boa ka ba ameha ka ho sa feleng. Ba ne ba bolokile litekanyetso tsa batsoali ba bona ka hloko.” Ho bile joalokaha maele a re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
Batsoali ba ileng ba leka ho kenya litekanyetso tsa ’nete ka ho bana ba bona, empa tseo bona ka bobona ba neng ba sa li latele, ha baa ka ba atleha. Bana ba bona “ha baa ka ba khona ho boloka litekanyetso tseo.” Phuputso ena e ile ea paka hore “se ileng sa etsa phapang e ne e le hore na bophelo ba batsoali bo ipapisitse haufinyane hakae le litekanyetso tseo ba neng ba leka ho li ruta bana ba bona.”
Ho joalokaha mongoli James Baldwin a ile a re: “Ha ho mohla bana ba kileng ba ba le tšekamelo e ntle ea ho mamela batho ba baholo, empa ha ho mohla ba kileng ba hlōleha ho ba etsisa.” Haeba u rata bana ba hao ’me u rata ho ba ruta litekanyetso tsa ’nete, sebelisa mokhoa o molemo ka ho fetisisa: U behe mohlala oa seo u ba rutang sona. U se ke ua tšoana le bangoli le Bafarisi bao Jesu a ileng a ba nyatsa ka hore ke baikaketsi: “Ka baka leo, le boloke, ’me le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka liketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.” (Mattheu 23:3) Kapa ua tšoana le batho bao moapostola Pauluse a ileng a ba botsa ka tsela e qosang: “Empa uena ea rutang ba bang, hle uena ha u ithute! Uena ea bolelang hore ho se ke ha utsuoa, ua utsoa!”—Ba-Roma 2:21.
Kajeno batho ba bangata ba hana Bibele ba re e siiloe ke nako ebile tataiso ea eona ha e sebetse. Jesu o hanyetsa maikutlo ao ka mantsoe ana: “Empa bohlale bo ipaketsoe ke bana ba jona bohle.” (Luka 7:35) Litlaleho tse latelang tse tsoang malapeng a phelang linaheng tse ngata li paka hore mantsoe a hae ke ’nete.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Tlamahano e haufi-ufi ea ’mè le lesea e le thusa hore le hōle boikutlong
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Nako eo ntate a e qetang a e-na le lesea le eona ke ea bohlokoa