Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 8/8 maq. 13-15
  • Nka Khetha Baesekopo e Loketseng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Khetha Baesekopo e Loketseng Joang?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litekanyetso—Na ke Tataiso e sa Foseng?
  • Ho Hlahloba Filimi
  • Ho Tsoa Kapa ho e Koala
  • Ho Boloka Letsoalo le Letle
  • U Tla Shebella Lifilimi Life?
    Tsoha!—2005
  • Na Hoa Tsotelleha Hore ke Shebella Libaesekopo Life?
    Tsoha!—1990
  • Ho Etsa Filimi ka se Ngotsoeng
    Tsoha!—2005
  • Nka Khetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 8/8 maq. 13-15

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Khetha Baesekopo e Loketseng Joang?

NALELI ea libaesekopo ea selemong se fetileng e ile ea qotsoa e re: “Batho . . . ba mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke se ke sa ee libaesekopong. Ho na le libaesekopo tse ngata haholo tse nyonyehang.” O ile a khetha ho tlohela ho ea baesekopong ka ho felletseng e le mohloli oa boithabiso.

Ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Denise o nahana ka ho tšoanang, empa o fana ka tlhahiso e fapaneng. Oa hlalosa: “Hangata ha ho seo motho a ka se shebellang, hobane boholo ke pefo. Kahoo ke hlokolosi haholo ka seo ke se shebellang.”

Ha ho pelaelo hore nako le nako u thabela baesekopo. Kahoo ke ho utloahalang ha u sa rate ho shebella baesekopo ka linako tsohle e le mokhoa oa boikhathollo. Empa joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng—ho sheba maqephe a phatlalatsang boithabiso likoranteng ho tla netefatsa sena—ho na le lifilimi tse ’maloa tse etsoang kajeno tse loketseng mocha oa Mokreste hore a ka li shebella.a Ena hase taba e lokelang ho nkoa habobebe, hobane libaesekopo tseo u li shebellang li bontša lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa. Li bolela ho hongata ka mofuta oa botsoalle boo u bo thabelang, puo eo u e mamelang, le boitšoaro ba botona le botšehali boo u bo tšehetsang.

Bibele e re phehella ‘ho hloea bobe!’ (Pesaleme ea 97:10) Na ka sebele u ka etsa joalo haeba ka mehla u batla metsoako e itseng ea litšila tsa bosatane, sehlōhō sa ka boomo, le pefo, kapa litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali? Le hanyenyane. Mocha eo ka sebele a nkang melao-motheo ea Molimo e le ea bohlokoa o tla latela keletso ea Bibele ho Ba-Filippi 4:8: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.” Bonneteng sena ha se bolele hore ha ua lokela ho shebella libaesekopo tsohle, empa se bolela hore u tlameha ho hloaea seo u se shebellang. U ka etsa sena joang?

Litekanyetso—Na ke Tataiso e sa Foseng?

United States, libaesekopo li lekanyetsoa ka litekanyetso tse beiloeng ke Mokhatlo oa Libaesekopo oa Amerika. Ho na le tlhaku e tšoaeang haeba filimi e nkoa e loketse hore sechaba se ka e shebella, le hore na ho hlokahala tataiso ea motsoali kapa na e lokela hore e shebelloe ke batho ba baholo feela. Kamoo e buellang botona le botšehali le pefo, joala le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, puo e lihlong le tse ling, hangata ke motheo o e lekanyetsang.

Le hoja ho lumeloa hore litekanyetso tse joalo hangata ha li tšepahale ebile ha lia tsitsa, li neha moshebelli bonyane leselinyana la filimi le hore na e loketse ho shebelloa kapa che. Haeba tsamaiso e tšoanang e le teng naheng ea heno, ntle ho pelaelo u tla e fumana e le molemo. Ka ho tšoanang batsoali ba hao ba tla sebelisa litekanyetso ha ba fana ka tataiso mabapi le lifilimi tseo u ka li shebellang.

Leha ho le joalo, litekanyetso li ka thetsa. Hopola: Ba lekanyetsang lifilimi mohlomong ha ba tšehetse lintho tsa bohlokoa tse theiloeng Bibeleng. Ka lebaka la lintho tsa bohlokoa tse ntseng li hlepha boitšoarong tsa lefatše, lifilimi tse ngata tse neng li nkoa li nyarosa lilemong tse ’maloa tse fetileng joale lia amoheleha ho batho ka kakaretso.

DeMarlo e mocha o fumane sena e le ’nete ha a ne a il’o shebella filimi eo a neng a nahana hore ke e nang le tekanyetso e amohelehang. Ho ile ha bonahala e tletse “mahlapa le pefo.” Kahoo le hoja litekanyetso tsa liphatlalatso li ka ba molemo, ha hoa lokela hore e be tsona feela motheo oa ho etsa qeto ea se ka shebelloang. Bibele ea hlokomelisa: “E mong le e mong ea se nang phihlelo o lumela lentsoe le leng le le leng, empa ea bohlale o hlokomela mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15, NW.

Ho Hlahloba Filimi

Ke mehato efe eo u ka e sebelisang? Lithlahlobo tsa libaesekopo le liphatlalatso li ka u neha likahare tse itseng ka baesekopo. Empa ho sa boetse ho hlokahala tlhokomelo. Tlhahlobo ea baesekopo e bontša feela khopolo ea motho e mong. Ka boomo phatlalatso e ka pata ’nete ea hore baesekopo e na le lipono tse mpe.

Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Connie o re: “Ke fumane hore hangata ho tseba hore na batšoantši ba ka sehloohong ke bo-mang baesekopong ho u neha leseli la seo baesekopo e tlang ho se bontša.” Metsoalle ea Bakreste e sebelisang litekanyetso tsa bohlokoa tse theiloeng Bibeleng joaloka uena e ka tseba haeba filimi eo e amoheleha. Molebeli oa sethala kapa morekisi oa litekete a ka fana ka boitsebiso bo tšepahalang. Leha ho le joalo, ka tloaelo batho ba na le tšekamelo ea ho u bolella ka seo ba se thabetseng ka baesekopo. Ke hobane’ng ha u sa botse hore na ke eng se sebe ka eona? Toba taba. Botsisisa haeba ho na le lipono tsa pefo e nang le tšollo ea mali, likamano tsa botona le botšehali, kapa bodemona.

Batsoali ba hao e ka ba mohloli o motle oa keletso. Vanessa e mocha oa bolela: “Ke batla keletso ea batsoali ba ka. Haeba ba nahana hore e ntoketse, ke ea ho e shebella.”

Tataiso e tšoanang e tla sebetsa ha ho hiroa litheipi tsa video. Ho phaella moo, hlahlobisisa lebokose le kentseng theipi kapa sekoahelo. Na ho na le ntho leha e le efe kapa litšoantšo kapa mantsoe e fanang ka maikutlo a hore filimi ha e amohelehe? E khutlise! Hape ho ka ba molemo ho buisana le morekisi e mong ea seng a bone filimi eo. Liproverbia 14:16 e re: “Motho ea bohlale o hlokolosi ’me o furalla bobe; leoatla ha le lemohe ’me le oela le sa hlokomele.”—The New English Bible.

Ho Tsoa Kapa ho e Koala

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u se u hirile theipi ea video ’me u fumana hore likahare tsa eona lia belaetsa? Tharollo e bonolo: E koale! Mohlomong sena ha se bonolo. U ka iphumana u amehile maikutlong ke se etsahalang kapa libapali. U ka ’na oa chesehela ho bona phello ea baesekopo. Empa ho hlakile hore ho furalla bobe ke ntho e bohlale.—Bapisa Mattheu 5:29, 30.

Boemo e ka ba bo amang haholo haeba u le baesekopong le metsoalle ea hao ’me baesekopo e ba e nyarosang. Mocha ea bitsoang Joseph o ile a tobana le boemo bo tšoanang. Liphatlalatso tsa baesekopo ea morao li ile tsa e khetholla e le e “tlamehang ho bonoa.” Leha ho le joalo, Joseph oa hopola: “Metsotsong e mehlano ea pele ho ne ho na le lipono tse tharo tsa pefo le tsa batho ba hlobotseng.” Ka boikokobetso Joseph o ile a tsebisa metsoalle ea hae maikutlo a hae ’me a tsoa. Na o ile a fumana sena se soabisa? Joseph o re: “Che, le hanyenyane. Ke ile ka nahana pele ka Jehova esita le ho mo khahlisa.”

Ka ho utloahalang, khatello ea metsoalle mabapi le ho nka boemo bo joalo e ka ba matla haholo. Khatello e ka boela ea hlaha ho bacha ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste, empa matsoalo a bacha ba joalo a chesitsoe ke ho shebella lifilimi tse ngata tse belaetsang. (1 Timothea 4:2) Ba ka u beha molato ka hore u motho ea sa leka-lekanang kapa ea iketsang ea lokileng haholo. Empa ho e-na le ho inehela khatellong ea metsoalle, ‘e-ba le letsoalo le letle.’ (1 Petrose 3:16) Ntho ea bohlokoa hase seo metsoalle ea hao e se nahanang ka uena empa ke seo Jehova a se nahanang ka uena! ’Me haeba metsoalle ea hao e u loantšetsa ho latela letsoalo la hao, ke nako ea hore u fumane metsoalle e mecha. (Liproverbia 13:20) Ke uena mohlokomeli oa ho qetela oa mahlo a hao, litsebe, le pelo ea tšoantšetso.—Bapisa le Jobo 12:11; 31:1; Liproverbia 4:23.

Ho Boloka Letsoalo le Letle

Georgia e mocha o ne a na le tloaelo ea ho thoba ho ea libaesekopong tse neng li thibetsoe bacha ba lilemo tsa hae. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, o ile a qala ho lakatsa ho ba le kamano e ntle le Molimo. O ile a khaotsa ho shebella libaesekopo tse belaetsang ’me o ile a fumana lintho tse ling tse thabisang tseo a ileng a li etsa le metsoalle ea hae ea Bakreste. Georgia o re: “Ha ke sa na ntho e khathatsang letsoalo la ka. Hona joale ke robala ka bolokolohi hobane ke na le boikutlo bo hloekileng e le ka ’nete ka hare ho ’na.”

Na u batla ho ba ea hloekileng mahlong a Ea hlahlobang lipelo, Jehova Molimo? (Liproverbia 17:3) Joale hlokomela seo u se kenyang pelong ea hao. Qoba ho ipepesetsa pefo ka ho sa hlokahaleng, tšebeliso e mpe ea likamano tsa botona le botšehali, kapa puo e litšila; lintho tsena li ka foufalletsa kelello ea hao lintho tse lokileng le ho senya pelo ea hao. E-ba joaloka mopesaleme ea ileng a rapela: “Faposa mahlo a ka, a se ke a bona [lintho] tsa mafeela.”—Pesaleme ea 119:37, TLP.

Ka hoba hlokolosi le ho hloaea, u ke ke oa itšireletsa feela litšusumetsong tse kotsi, empa u ka thabela “boikutlo bo hloekileng” boo Georgia e mocha a buileng ka bona. Ha ho liphello tse khethehileng tsa libaesekopo tse ka lekanngoang le boikutlo boo bo hloekileng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Na Hoa Tsotelleha Hore ke Shebella Libaesekopo Life?”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Libaesekopo tse ngata tse neng li nkoa li nyarosa lilemong tse ’maloa tse fetileng joale lia amoheleha

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Batsoali ba hao ba ka tseba haeba baesekopo e phatlalalitsoeng e belaetsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela