Bacha Baa Botsa . . .
Nka Tobana ka Katleho Joang le ho Kula Hakaale?
JASON o ne a le lilemo li 18 feela, empa ho ne ho se ho bonahala eka a ke ke a finyella lipakane tsohle tsa hae bophelong. O ne a tšepile hore o tla sebetsa e le mosebeletsi oa Mokreste ka nako e tletseng, empa joale o ile a hlokomela hore o na le Crohn’s disease—boloetse bo bohloko le bo fokolisang ba mala. Leha ho le joalo, kajeno Jason o tobana ka katleho le boemo ba hae.
Mohlomong le uena u tobane le ho kula ho tebileng. Tokollong e fetileng, Tsoha! e tšohlile liphephetso tseo bacha ba tšoanang le uena ba tobanang le tsona.a Joale a re ke re boneng kamoo u ka tobanang le boemo hao ka katleho kateng.
Boikutlo bo Nepahetseng ba Kelello
Ho tobana ka katleho le ho kula leha e le hofe ho akarelletsa boikutlo bo nepahetseng ba kelello. Bibele e re: “Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsosoa ke mang?” (Liproverbia 18:14) Menahano le maikutlo tse tepeletseng, le ho hloka tšepo li thatafatsa ho fola le ho feta. Jason o ile a fumana hore sena ke ’nete.
Qalong, Jason o ile a tlameha ho loantša maikutlo a fosahetseng, a kang a ho halefa, a neng a mo sithabetsa. Ke’ng se ileng sa mo thusa? Oa hlalosa: “Lihlooho tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse buang ka ho tepella maikutlo, ka sebele li ile tsa nthusa ho boloka boikutlo bo nepahetseng. Hona joale ke leka ho tobana le letsatsi le le leng ka nako.”b
Carmen ea lilemo li 17 le eena o ile a ithuta ho sheba lintho ka lehlakoreng le letle. Le hoja a e-na le lefu la sickle-cell anemia, o nahana ka litlhohonolofatso tseo a nang le tsona. O re: “Ke nahana ka ba bang ba kulang ho mpheta le ba sitoang ho etsa lintho tseo ke khonang ho li etsa. ’Me ke ikutloa ke le motlotlo ebile ha ke ikutloele bohloko hakaalo.”
Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang.” Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho tšeha ha hoa lokela ha ho talimanoe le ho kula ho tebileng. Empa mesoaso e botsoalle le ho ba har’a metsoalle e ratehang li khatholla kelello ’me li eketsa tabatabelo ea hao ea ho phela. Ha e le hantle, thabo ke tšobotsi ea bomolimo, ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo. (Bagalata 5:22) Moea oo o ka u thusa hore u ikutloe u thabile le hoja u loana le ho kula ho itseng.—Pesaleme ea 41:3.
Ho Fumana Ngaka e Utloisisang
Ho ba le ngaka e utloisisang bacha ke thuso e khōlō. Hangata litlhoko tsa mocha tsa kelello le tsa maikutlo li fapane le tsa motho e moholo. Ashley o ne a le lilemo li leshome feela ha a ne a tlameha ho kena sepetlele ho ea phekoloa hlahala e kotsi bokong. Ngaka ea Ashley e ile ea mo tšoara ka kutloelo-bohloko le ho bua ka tsela eo a neng a ka e utloisisa. E ile ea mo bolella kamoo ho kula ha eona bongoaneng ho ileng ha e susumelletsa hore e be ngaka kateng. Ka bonolo empa e le ka tsela e hlakileng e ile ea mo hlalosetsa phekolo eo e rerileng ho e sebelisa, kahoo o ne a tseba seo a lokelang ho se lebella.
Uena le batsoali ba hao le tla leka ho batla basebetsi ba bongaka ba le hlomphang le ba utloisisang litlhoko tsa lōna. Haeba ka lebaka le itseng u ikutloa u hlile u sa phutholoha ka tlhokomelo eo u e fumanang, lokoloha ho bolella batsoali ba hao se u tšoenyang.
Loanela Bophelo ba Hao!
Ke habohlokoa hape hore u loantše bokuli ba hao ka litsela tsohle tse khonehang. Ka mohlala, ithute ho hongata ka hohle kamoo u ka khonang ka boemo ba hao. Maele a Bibele aa hlokomela: “Ea bohlale o na le matla.” (Liproverbia 24:5) Tsebo e tlosa tšabo ea lintho tse sa tsejoeng.
Ho feta moo, mocha ea leseling a ka khona ho kenya letsoho haholoanyane phekolong ea hae ’me a ba le tšebelisano-’moho e molemonyana mabapi le eona. Ka mohlala, a ka ’na a ithuta hore ha aa lokela ho khaotsa ho noa litlhare tse laetsoeng ke ngaka kantle le khothalletso ea ngaka. Carmen, ea boletsoeng pejana, o ile a bala libuka tse buang ka lefu la sickle-cell anemia, hammoho le batsoali ba hae. Seo ba ileng ba ithuta sona se ile sa ba thusa ho fumana phekolo ea meriana e neng e ka thusa Carmen ka ho fetisisa.
Botsa ngaka ea hao lipotso tse tobileng—haeba ho hlokahala ka makhetlo a fetang le le leng—haeba ho e-na le lintlha tse sa u hlakeleng. Ho e-na le ho bua seo u nahanang hore ngaka e batla ho se utloa, hlalosa ka botšepehi seo u se nahanang le seo u se utloang. Ho joalokaha Bibele e bolela, “moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.”—Liproverbia 15:22.
Ka nako e ’ngoe Ashley o ne a bonahala a entse bokuli ba hae pinyane. O ne a bua ka bona ho ’mè oa hae feela. Mosebeletsi ea bohlale oa sechaba o ile a mo botsa sephiring: “Na ebe mohlomong u nahana hore ha u bolelloe ntho e ’ngoe le e ’ngoe?” Ashley o ile a lumela hore ho joalo. Kahoo mosali eo o ile a bontša Ashley litlaleho tsa hae tsa ngakeng ’me a mo hlalosetsa tsona. O ile a boela a kōpa lingaka ho qeta nako e eketsehileng li bua le Ashley ka ho toba, ho e-na le ho bua ka eena ho batsoali ba hae feela. Ka ho qetella a itlhalositse, Ashley o ile a khona ho fumana thuso eo a neng a e hloka.
Tšehetso ea ba Haufi le Uena
Ha setho leha e le sefe sa lelapa se kula haholo, ena e ba taba e tšoenyang lelapa, e hlokang boiteko bo momahaneng. Lelapa labo Ashley le phutheho ea Bokreste li ile tsa ikopanya ho mo tšehetsa. Nako le nako phutheho e ne e hopotsoa hore o kene sepetlele. Litho tsa phutheho li ne li mo etela nako le nako, ’me li thusa lelapa ka mosebetsi oa ntlo le ka ho lokisa lijo ho fihlela lelapa le khutletse kemisong e tloaelehileng. Bana ka phuthehong ba ne ba chakela Ashley ha a le sepetlele ho ea mo lota nakong eo a neng a sa kule haholo. Sena se ne se se molemong oa Ashley feela empa le molemong oa metsoalle ea hae e menyenyane.
Leha ho le joalo, pele ba bang ba ka u thusa ba lokela ho tseba hore u hloka thuso ea bona. Carmen o tšepetse ho batsoali ba hae le baholo ba phutheho bakeng sa tšehetso maikutlong le moeeng. O boetse o tšepetse ho ba kenang sekolo le eena bao a kopanelang le bona litumelong tsa Bokreste bakeng sa tšehetso. Carmen o re: “Ba lula ba ntlhokometse, ’me ke ikutloa ke hlokomelehile.”
Mohlomong sekolo seo u kenang ho sona se ka khona ho u fa likeletso bakeng sa ho fumana thuso ea bongaka le ea lichelete ’me mohlomong se ka ba sa fana ka tšehetso e itseng ea botho. Ka mohlala, tichere ea Ashley e ile ea khothalletsa ba sehlopheng le eena ho ngolla Ashley le ho mo chakela. Haeba matichere a hao a sa utloisise mathata ao u tobanang le ’ona, ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ba hao ba buisane ka tlhompho le ba boholong sekolong ka boemo ba hao.
Sebelisa Kelello le ’Mele ka Bohlale
Ha u hlile u kula, u ka ’na ua se ke ua khona ho etsa letho haese ho sebelisa matla ao u nang le ’ona bakeng sa ho fola. Haeba u sa na le matlanyana, ho na le lintho tse ngata tse molemo tseo u ka li etsang. Mongoli Jill Krementz o ile a hlalosa seo a ileng a se hlokomela ha a ntse a etsa lipatlisiso ka buka ea hae e reng How It Feels to Fight for Your Life: “Ke ile ka hlomoha pelo ke ho qeta lilemo tse peli ke ntse ke tsamaea liphasejeng tsa sepetlele ’me ke bona bana ba bangata joalo ba tonetse li-TV mahlo. Re lokela ho khothalletsa bana bana ho bala ka ho eketsehileng. Bethe ea sepetlele ke sebaka se loketseng haholo bakeng sa ho koetlisa boko ba motho.”
Ebang u lapeng kapa u sepetlele, ho koetlisa matla a hao a kelello hangata ho ka u thusa hore u ikutloe hamolemonyana. Na u kile ua leka ho ngola mangolo kapa lithoko? Ho etsa litšoantšo kapa ho li penta? Ho ka ba joang ho ithuta ho bapala seletsa sa ’mino haeba boemo ba hao bo u lumella? Esita leha bophelo bo fokola, ho na le menyetla e mengata. Ka sebele, ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke ho hlaolela tloaelo ea ho rapela Molimo le ho bala Lentsoe la hae, Bibele.—Pesaleme ea 63:6.
Haeba boemo ba hao bo u lumella, mosebetsi o loketseng oa matsoho le oona o ka u thusa hore u ikutloe hamolemonyana. Ke ka lebaka lena hangata libaka tsa phekolo li bang le mananeo a phekolo a koetliso ea ’mele bakeng sa bakuli ba bacha lilemong. Maemong a mangata boikoetliso bo loketseng hase feela hore bo potlakisa ho fola ’meleng empa hape bo u tsosa molota.
U se ke ua Tela!
Ha a ne a tobane le mahlomola a maholo, Jesu o ile a rapela Molimo, a beha tšepo ea hae ho Eena, ’me a tsepamisa mohopolo bokamosong ba hae bo thabisang ho e-na le ho o tsepamisa linthong tse bohloko. (Baheberu 12:2) O ile a ithuta ka liphihlelo tsa hae tse bohloko. (Baheberu 4:15, 16; 5:7-9) O ile a amohela thuso le khothatso. (Luka 22:43) O ile a beha mohopolo boiketlong ba ba bang ho e-na le ho o beha mahlomoleng a hae.—Luka 23:39-43; Johanne 19:26, 27.
Le hoja mohlomong u kula haholo, le uena u ka ’na ua sebeletsa u le khothatso ho ba bang. Bakeng sa tlaleho ea sekolo, ausi oa Ashley, Abigail, o ile a ngola: “Motho ea nkhahlang ka ho fetisisa ke moen’a ka. Le hoja a tlameha ho ea sepetlele le ho feptjoa ka methapo le ho hlajoa ka linalete, o khutla a ntse a bososela!”c
Jason ha aa ka a tela lipakane tsa hae, o ile a mpa a li fetola ka tsela e itseng. Hona joale pakane ea hae ke ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso oa Molimo. Joaloka boemong ba Jason, mohlomong u ka ’na ua se ke ua khona ho etsa lintho tsohle tseo u li lakatsang. Ntho ea bohlokoa ke ho ithuta ho phela tumellanong le mefokolo ea hao, le teng u se ke ua iqenehela ho tlōla tekano kapa hona ho se itlhokomele. Tšepela ho Jehova bakeng sa ho u fa bohlale le matla a ho etsa se molemo ka ho fetisisa seo u ka se khonang. (2 Bakorinthe 4:16; Jakobo 1:5) ’Me hopola hore nako ea tla eo ka eona lefatše lena e tlang ho ba paradeise, eo ho eona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) E, ka letsatsi le leng u tla boela u phele hantle!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bona Molula-Qhooa oa October 1, 1991, leqepheng la 15; March 1, 1990, leqepheng la 3-9; le Tsoha! ea November 8, 1987, leqepheng la 17-30; Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 8, 1987, leqepheng la 12-16.
c Bona le Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., leqepheng la 116-27.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ausi oa Ashley, Abigail, o khahloa ke sebete sa moen’ae