Sechaba se Bolokang Botšepehi
“Bulang menyako, hore sechaba se lokileng, se bolokang botšepehi [boitšoaro bo tšepahalang, NW], se tle se kene.”—ESAIA 26:2.
1. Ke hobane’ng ha polelo ea Esaia ka “sechaba se lokileng” e ka ’na ea makatsa?
KAJENO, ho na le lichaba tsa mefuta eohle. Tse ling ke tsa lipuso tsa sechaba ka sechaba, tse ling ke tsa lipuso tsa khatello. Tse ling li ruile, tse ling li futsanehile. Ho na le ntho e le ’ngoe eo li tšoanang ka eona: Kaofela ke karolo ea lefatše leo Satane e leng molimo oa lona. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka lebaka lena, mantsoe a Esaia a ka ’na a makatsa ba bang ha a re: “Bulang menyako, hore sechaba se lokileng, se bolokang botšepehi [boitšoaro bo tšepahalang, NW], se tle se kene.” (Esaia 26:2) Sechaba se lokileng? E, ho na le sechaba se lokileng, hobane boprofeta bo bontša hore se teng mehleng ea rōna. Sechaba see se sa tloaelehang se ka khetholloa joang?
2. “Sechaba se lokileng” ke sefe? Re tseba joang?
2 Phetolelong ea New World Translation ea Esaia 26:2, ho boleloa hore ke sechaba se “bolokang boitšoaro bo tšepahalang.” Ho King James Version (mongolong o ka thōko ho leqephe) temana ena e fetoletsoe ka tsela e latelang, “sechaba se lokileng se bolokang linnete.” Litlhaloso tsena li loketse ka bobeli. Ha e le hantle, sechaba se lokileng se hlokomeleha habonolo hobane ke sona sechaba feela lefatšeng se leng tlas’a taolo ea Kreste Morena, kahoo hase karolo ea lefatše la Satane. (Johanne 17:16) Kahoo, litho tsa sona li tsebahala ka ‘ho boloka boitšoaro ba tsona bo le botle har’a lichaba.’ Li latela mokhoa oa bophelo o tlotlisang Molimo. (1 Petrose 2:12, NW) Ho feta moo, kae le kae moo li leng teng lefatšeng, ke karolo ea “Kereke ea Molimo o phelang, tšiea le motheo oa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Kaha li tšehetsa ’nete, li hana lifilosofi tsa bohetene tse rutoang ke Bokreste-’mōtoana, ’me li buella ‘lebese le sa tsoakoang leo e leng la lentsoe’—Lentsoe la Molimo, Bibele. (1 Petrose 2:2, NW) Ho feta moo, ka cheseho li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho “babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.” (Ba-Kolosse 1:23) Na ho ka ba le pelaelo leha e le efe ea hore sechaba sena se entsoe ka masala a “Iseraele oa Molimo,” ao e leng phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng? Ho hang ha e-eo!—Ba-Galata 6:16.
Sechaba Sea Tsoaloa
3. Hlalosa hore na “sechaba se lokileng” se ile sa tsoaloa joang.
3 “Sechaba se lokileng” se tsoetsoe neng? Qaleho ea sona e ile ea profetoa bukeng ea Esaia. Ho Esaia 66:7, 8, rea bala: “A [Sione] e-so ho utloe bohloko, o setse a belehile; a e-so ho be matsoalo, o setse a hlahisitse mora. . . . Sione [o] tsoala bana ba hae kapele a sa qala ho utloa bohloko.” Ka mokhoa o sa tloaelehang ka ho fetisisa, Sione, e leng mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo, o ne a tla tsoala “mora” pele a utloa bohloko ba mahlaba a pelehi. Ka 1914 ’Muso oa Bomessia o ile oa tsoaloa maholimong. (Tšenolo 12:5) Ka mor’a moo ntoa ea pele ea lefatše e ile ea aparela lichaba tse eketsehileng le ho feta, ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba utloa bohloko bo matla ba matšoenyeho le tlhoriso. Qetellong, ka selemo sa 1919, sechaba sa moea, e leng “mora,” se ile sa tsoaloa lefatšeng. Kahoo Sione ‘e ile ea tsoala bana ba eona’—litho tse tlotsitsoeng tsa “sechaba se lokileng” se secha—’me bana ba ne ba hlophisitsoe bakeng sa mosebetsi oa bopaki o hōlang o sa khaotse.—Mattheu 24:3, 7, 8, 14; 1 Petrose 2:9.
4. Ke hobane’ng ha sechaba se lokileng sa Molimo se ile sa tlameha ho loanela ho boloka botšepehi?
4 Ho tloha qalong ea sona, sechaba sena se ’nile sa thulana le liteko tse tebileng tsa botšepehi ba sona. Hobane’ng? Ha ’Muso oa leholimo o tsoaloa, Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekoa leholimong ba lahleloa lefatšeng. Lentsoe le leholo le ile la phatlalatsa: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona; hobane monģosi oa banab’abo rōna, ea neng a ba nģosa pel’a sefahleho sa Molimo motšehare le bosiu, o lihetsoe. Ba mo hlōtse ka mali a Konyana, le ka lentsoe la bopaki ba bona; ’me ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.” Satane o ile a halefa haholo ka lebaka la maemo ana a fetohileng ‘’me a tloha ho ea loantša masala a leloko la [mosali], e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.’ Ha ba ne ba talimane le litlhaselo tse mabifi tsa Satane, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba ema ba tiile. Ho tla fihlela kajeno, litho tse chesehang tsa sechaba se lokileng sa Molimo li sebelisa tumelo maling a Jesu a rekollang ’me li tsoela pele ho fa Jehova karabo ea ho arabela mosomi e moholo ka hore li boloke botšepehi “le ho isa lefung.”—Tšenolo 12:1, 5, 9-12, 17; Liproverbia 27:11.
5. Ke boikutlo bofe bo botle ba Lipaki tsa kajeno bo li thusitseng ho boloka botšepehi?
5 Ka 1919, ha ho qaleha lipaki tsa kajeno tsa ’Muso oa Molimo, Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, li ne li fokola ka palo empa li le matla tumelong. Li ile tsa fetoha litho tsa motheo tsa ‘motse o matla, o nang le lerako la tširelo.’ Tšepo ea tsona e ne e le ho “Jehova, Jehova, [eo e leng] lefika la ka mehla eohle.” (Esaia 26:1, 3, 4) Joaloka Moshe oa boholo-holo, li ile tsa phatlalatsa: “Ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Molimo oa rōna! Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.”—Deuteronoma 32:3, 4.
6. Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka tsela efe mehleng ee ea qetello?
6 Ho tloha ka nako eo, menyako ea tokisetso ea ’Muso oa Molimo e lutse e ahlame ha masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 e ne e le ’ona a neng a bokelloa pele le hona joale ha bongata bo boholo ba “linku tse ling” bo kopanela ho boleloeng ha merero ea ’Muso oa Jehova. (Johanne 10:16) Kahoo, ho ka phatlalatsoa ka thabo: ‘U atisitse sechaba, Jehova, u atisitse sechaba, u itlotlisitse, u suthisitse meeli eohle ea naha.’ (Esaia 26:15) Ha re hlahloba tšimo ea lefatše kajeno, re bona kamoo mantsoe ao e leng ’nete kateng! Ka matla a moea o halalelang, bopaki bo pakelang ’Muso o tlang oa Kreste bo fanoe “ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Tekanyetso ea khōlo eo e ka lekanyetsoa ka Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1994 ea Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle, e hlahang maqepheng a 12 ho ea ho 15.
Tlhōrō e Ncha ea Bahoeletsi
7, 8. (a) Ho na le bopaki bofe ba hore batho ba Molimo ba ‘lelefalitse lithapo tsa tente ea bona’? (b) Ha u sheba Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1994, ke likarolo life tseo u li bonang tse ‘suthisang meeli ea tsona’ ka ho totobetseng?
7 Nahana ka lintlha tse ling tse khōlō tsa tlaleho ena. Tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso tšimong e ile ea fihla ho 4 914 094! Ke ho hlollang hakaakang ho hlokomela hore ho bokelloa ha ‘bongata bo boholo ba batho, . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, bo emeng pel’a terone le pel’a konyana, bo apere liaparo tse telele tse tšoeu’ ha ho khaotse! E, bana le bona ba ipakile e le baboloki ba botšepehi. “Ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana,” ba nkoa e le ba lokileng ka lebaka la ho sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo.—Tšenolo 7:9, 14.
8 Haholo-holo ho tloha ka 1919, ho tsoile taelo ena e eang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova: “U atolose setša sa tente ea hao, u menolle masela a boaho ba hao, u se ke ua hana, u lelefatse lithapo tsa [tente ea] hao, u tiise lithakhisa tsa hao.” (Esaia 54:2, bapisa le NW.) Ho arabela sena, mosebetsi oa boboleli o tsoela pele ka matla a feletseng ha esita le Yukon e aparetsoeng ke leqhoa, e leng moeling oa Alaska, moo ka nako e ’ngoe sehlopha sa bo-pula-maliboho ba bo-petsoa-majoeng se qetang libeke se mameletse mohatsela oo ka linako tse ling o ka theohelang tekanyong ea likhato tse 45 kapa tse 50 Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo. Lilemong tsa morao tjena batho ba bangata ba phuthehela ka potlako e eketsehang sechabeng sa Jehova se bolokang botšepehi. Menyako e ahlame haholoanyane bakeng sa ho amohela bana ba tsoang linaheng tsa Asia tse kantle ho Bokreste-’mōtoana, ba tsoang liqhobosheaneng tsa nako e fetileng tsa Bokomonisi, ba tsoang linaheng tse ngata tsa Afrika, le ba tsoang moo Bok’hatholike bo nang le tšusumetso teng, moo e kang Italy, Spain, Portugal, le Amerika Boroa. Batho ba lelekiloeng hahabo bona ba butse tšimo e ’ngoe. Ka mohlala, Engelane Lipaki li hlokomela litlhoko tsa lihlopha tsa merabe e buang lipuo lisele tse 13.
“Le Etse Hoo”
9. (a) Palo ea ba bileng teng Sehopotsong ka 1994 e supa eng? (b) Linaha tse ling tse nang le palo e phahameng ka ho sa tloaelehang ea ba bileng teng Sehopotsong ke life?
9 Ntlha e ’ngoe e khōlō ea tlaleho ea selemo le selemo ke ba bang teng Sehopotsong. Nakoana pele a e-shoa, Jesu o ile a qalisa ho ketekoa ha Sehopotso sa lefu la hae eaba o re ho balateli ba hae: “Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona.” (1 Ba-Korinthe 11:24) E bile ho hlollang ka 1994 ho bona ba 12 288 917—ba bangata ho feta palo ea bahoeletsi ba mafolo-folo e kopotsoe habeli—ba phutheha hammoho ho mamela taelo eo, e le ba jang ba bile ba e-noa kapa e le bashebelli. Linaheng tse ling tekanyetso ea ba bileng teng Sehopotsong e bile ea phahamela ea bahoeletsi haholo. Bahoeletsi ba 4 049 ba Estonia, Latvia, le Lithuania ba ile ba thabela ho ba le ba 12 876 Sehopotsong, palo ea bahoeletsi e kopotsoe ka makhetlo a fetang a mararo. ’Me Benin, ba bileng teng Sehopotsong ba 16 786 ba ne ba emela hoo e ka bang palo ea bahoeletsi e kopotsoe hahlano. Phuthehong e ’ngoe ea bahoeletsi ba ka bang 45 ho bile teng ba 831!
10. (a) Palo e phahameng ea ba bileng teng Sehopotsong e beha boikarabelo bofe holim’a rōna? (b) Hlalosa se ka etsahalang ha e mong ea bileng teng Sehopotsong a fumana thuso e eketsehileng.
10 Lipaki tsa Jehova li thabela hore ebe batho ba bangata hakaalo ba thahasellang ba ile ba kopanela le tsona ketsahalong eo e atlehang. Joale li batla ho thusa bana hore ba tsoele pele ba utloisisa ’nete le ho e rata ka ho eketsehileng. Ba bang ba ka ’na ba arabela joaloka Alla oa Russia. Alla o ne a ithuta le khaitseli oa pula-maliboho e khethehileng empa a tsoela pele ka mokhoa o fokolang, ka hona thuto e ile ea khaotsoa. Leha ho le joalo, Alla o ile a amohela memo ea ho ba teng Sehopotsong. Seboka seo, seo e leng sa bohlokoa haholo, se bile le phello e tebileng ho eena. Ha a fihla lapeng, o ile a lahla litšoantšo tsohle tsa hae ’me a rapella thuso ho Jehova. Matsatsi a mabeli hamorao khaitseli eo oa pula-maliboho o ile a etela Alla ho bona hore na o ile a thabela lintlha life Sehopotsong. Puisano e atlehileng e ile ea tsoela pele. Thuto ea Alla e ile ea tsosolosoa. Kapele o ne a kopanela mosebetsing oa bopaki. Phihlelo ena e bontša bohlokoa ba maeto a ho latella ba bang teng Sehopotsong. Ba bangata mohlomong ba tla arabela joalokaha ho ile ha etsa Alla.
“Re se ke ra Ngala Liphutheho tsa Rōna”
11-13. (a) Ke eng seo e leng karolo ea boitšoaro bo tšepahalang ba sechaba se lokileng? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba be teng libokeng?
11 Sehopotso ke seboka sa bohlokoahali almanakeng ea Lipaki tsa Jehova, empa ho hang hase sona feela. Beke ka ’ngoe Lipaki tsa Jehova li bokana hammoho hobane li utloa mantsoe ana a moapostola Pauluse: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang kateng; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Li kopanela le sechaba se lokileng sa Jehova se khetholloang ka boitšoaro ba sona bo tšepahalang. Boitšoaro bo tšepahalang bo akarelletsa ho ba teng libokeng ka botšepehi.
12 Sena se utloisisoa hantle motheong oa bopaki bo fumanehang Philippines, moo karolelano ea ba bang teng libokeng ka Sontaha naheng eo kaofela e etsang karolo ea 125 lekholong ea palo ea bahoeletsi. Se boetse se utloisisoa hantle ke sehlopha se seng sa Lipaki le batho ba thahasellang ba Argentina. Ba lula hoo e ka bang lik’hilomithara tse 20 ho tloha Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, molebeli oa potoloho o tlaleha hore ntle le maemong a ho kula, ha ho le ea mong oa bona ea keng a fose liboka. Ba tsamaea lihora tse ’nè ka kariki kapa ba palame lipere, ’me mariha ba nka leeto la ho boela hae har’a lefifi la bosiu.
13 Ha bofelo ba tsamaiso ena bo ntse bo atamela haholo, bophelo bo thatafala haholoanyane, mathata aa hōla, le ho ba teng libokeng kamehla e ka ’na ea e-ba phephetso e khōloanyane. Empa tlas’a maemo a joalo, ho feta neng kapa neng, seo re se hlokang haholoanyane ke lijo tsa moea le bolekane bo mofuthu bo ka fumanoang feela libokeng tse joalo.
“U Phehelle”
14. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li e-na le boikutlo ba hore tšebeletso ea tsona e potlakile, ’me see se bontšoa ke liphello life?
14 Ngoahola, Kereke e K’hatholike ea Italy e ile ea bua ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova e le “ho etsa basokolohi ka mabifi.” Leha ho le joalo, ka sebele ha ho letho le mabifi ka se etsoang ke Lipaki. Ho e-na le hoo, tšebeletso ea tsona ke pontšo ea lerato le tebileng ho baahisani ba tsona. Hape ke bopaki ba hore li utloa mantsoe a Pauluse a reng: “U bolele lentsoe, u phehelle [ka ho potlakileng, NW] nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe.” (2 Timothea 4:2) Boikutlo ba ho potlaka bo susumelletsa Lipaki tsa Jehova hore e be tse chesehang tšebeletsong ea tsona, joalokaha bo bonoa ka ho sebetsa ha tsona kakaretso ea lihora tse 1 096 065 354 ka 1994 li bolela, li etsa maeto a ho boela, le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele tsa beke le beke tse 4 701 357 ho baahisani ba tsona. Tse ngata li ile tsa khona ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho, e leng se bontšang hore moea oa bopula-maliboho oa phela ’me oa hōla. Sena se pakoa ke kakaretso ea bo-pula-maliboho ba 636 202 lefatšeng lohle.
15, 16. (a) Ba baholo le ba banyenyane ba bontšitse moea oa bopula-maliboho joang? (b) Ha u sheba linaha ka bomong Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso sa 1994, ke hokae moo u bonang manane a hlahelletseng a bo-pula-maliboho?
15 Bacha ba bangata ba teng har’a bo-pula-maliboho bao. United States ba bang hona joale ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla ba le sekolong se phahameng, tšimo ea bona e ka sehloohong e le liithuti-’moho le bona. Bacha bana ba fumane hore ho bula maliboho ke tsela e molemohali ea ho itšireletsa lithethefatsing, boitšoarong bo bobe, le pefong tse jeleng setsi likolong tse ngata naheng eo. Bacha ba bang ba bangata ba ipehetse pakane ea ho ba bo-pula-maliboho ha ba qeta sekolong. Irina, oa Ukraine, e bile pula-maliboho ea thusang ka nako eohle ha a ntse a le sekolong se phahameng hore a itokisetse bopula-maliboho ha a qeta sekolong. Hoba a qete sekolong, lelapa labo le ile la lumela hore le tla mo tšehetsa licheleteng e le hore a ka le emela mosebetsing oa bopula-maliboho ba kamehla. Litabeng tsa moruo, lintho lia nyolosetsa Ukraine. Empa Irina o re: “Kea tseba hore ke etsa mosebetsi o bolelang bophelo eseng feela bakeng sa ka empa hape le bakeng sa bao ke leng ’moleli har’a bona.” Ruri ke thabo ho bona bacha ba bangata hakana kajeno ba nahanang joaloka Irina. Ebe ho ka ba le tsela efe e molemo haholoanyane ho feta ee hore ba ‘hopole ’Mōpi oa bona matsatsing a bocha ba bona’?—Moeklesia 12:1.
16 Lenane le leholo la bo-pula-maliboho ke la ba seng ba hōlile. E mong o tlaleha hore nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ntate oa hae le khaitseli ea hae ba ile ba bolaoa ha ba loana ntoeng, ’me ’mè oa hae le ngoan’abo oa mosetsana ba ile ba thunngoa sebakeng seo ho lulang mafutsana ho sona. Hamorao o ile a shoeloa ke mora oa hae. Hona joale, lilemong tsa ha a fokola ’meleng le kelellong a se a bile a kula, ka phuthehong ea Bokreste Jehova o mo file lelapa le leholoanyane ho feta le mo lahlehetseng. ’Me o thabisoa ke ho thusa ba bang e le pula-maliboho oa kamehla.
17, 18. Ke joang e mong le e mong oa rōna, ebang ke pula-maliboho kapa che, a ka bontšang moea oa bopula-maliboho?
17 Ho hlakile hore hase e mong le e mong eo e ka bang pula-maliboho. Jehova o thabela ho amohela karolo ea rōna ea leshome e feletseng, eo e leng se molemohali seo re ka fanang ka sona, ho sa tsotellehe hore na sena e ka ba eng boemong ba rōna bo khethehileng. (Malakia 3:10) Ka sebele, bohle re ka hlaolela moea oa bo-pula-maliboho bana ba chesehang eaba re etsa eng kapa eng eo maemo a rōna a e lumellang ho ntšetsa pele ho boleloa ha litaba tse molemo.
18 Ka mohlala, Australia, la 16 April le ile la behelloa ka thōko e le letsatsi le khethehileng bakeng sa bopaki ba seterateng. Le ile la tšehetsoa hantle ke bahoeletsi le bo-pula-maliboho ka ho tšoana, joalokaha ho ile ha totobala ka tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 58 780 khoeling eo. Ho feta moo, ho ile ha abjoa limakasine tse 90 000 ho feta ngoahola ka khoeli e tšoanang. Ka letsatsi leo le khethehileng, khaitseli e mong o ile a tsamaisetsa monna e mong limakasine, ’me ha a ntse a ngola lebitso la hae le aterese hore a latelle thahasello eo, o ile a fumana hore baa amana! Ho ile ha etsahala hore ebe ke bo-motsoala ba neng ba sa ka ba bonana ka lilemo tse 30. Seo ka sebele se ile sa tsoala maeto a ho boela a thabisang haholo!
Boloka Botšepehi ho Isa Qetellong
19. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore sechaba se lokileng sa Jehova se boloke botšepehi ho isa qetellong?
19 Ho potlakile hore batho bohle ba sechabeng se lokileng sa Molimo ba boloke botšepehi ha lefatše la Satane le le litleneng tsa lefu. Haufinyane, sechaba se halalelang sa Jehova se tla utloa pitso: “E-ea sechaba sa ka, kena kamoreng ea hao, u koale monyako ka mora’ hao! U ipate ho se hokae, ho fihlela khalefo e feta.” Lefatše lena le nang le molato oa mali ha ho pelaelo hore le tla oeloa ke kahlolo ea bomolimo. “Hobane bona, Jehova o se a ea tloha nģalong ea hae ho putsa ba ahileng lefatšeng ka ho lekaneng le bokhopo ba bona; lefatše le tla senola mali a momiloeng ke lona, ’me ha le sa tla pata ba bolailoeng ho lona.” (Esaia 26:20, 21) E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ema a tiile e le Mokreste ea bolokang botšepehi ea kopanelang le sechaba se lokileng sa Jehova. Joale re tla thabela ho fumana bophelo bo sa feleng karolong ea lefatšeng kapa ea leholimong ea ’Muso oa Kreste.
Na Ua Hopola?
◻ “Sechaba se lokileng” se tsoetsoe neng?
◻ Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore batho ba Molimo ba be le mamello mehleng ee ea qetello?
◻ Ke eng e bontšoang ke palo e khōlō ea bahoeletsi le lihora tse sebetsoang tšebeletsong tse bonoang Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso sa 1994?
◻ Ke hobane’ng ha ho ba teng libokeng e le habohlokoa hakana ha lefatše lena le atamela bofelo ba lona?
◻ Ke hobane’ng ha bohle ba kopanelang le sechaba se lokileng sa Molimo ba tlameha ho boloka botšepehi?
[Chate e leqepheng la 12-15]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1994 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ba bolokang botšepehi sechabeng se lokileng sa Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng ba phethahetse