Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 2/15 maq. 22-25
  • Na ho Hlomoha ho na le Molemo oa Letho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Hlomoha ho na le Molemo oa Letho?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloka Tšepo
  • Mokhoa oa ho Leta ka Sebete
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Lillo Tsa Jeremia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Bibele ea 25—Lillo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • ‘Moea oa Hao o Tla . . . Nkinamela’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Ke Kentse Mantsoe a ka Molomong oa Hao”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 2/15 maq. 22-25

Na ho Hlomoha ho na le Molemo oa Letho?

BATHO ba bangata baa hlonama ha ba tobane le mahlomola a fetisisang. Ba bang ha ba feta liphihlelong tse tšoanang kapa mohlomong tse mpenyana ho feta moo ba fetoha ba qenehelang le ba utloelang batho ba bang bohloko haholoanyane. Ka ho tšoanang, ho na le ba latolang hore Molimo o teng ha ba le mathateng ka nako e telele, ha ba bang bona ba feta liteko tse matla ba e-na le tumelo e sa thekeseleng ho ea Matla ’Ohle. Ke hobane’ng ha ho le tjee?

Hangata batho baa hlonama ’me ba felloa ke tumelo hobane ba inka e le ba bohlokoa haholo ’me ba sitoa ho hlokomela hore ke batho ba baetsalibe ba phelang lefatšeng le hlokomolohang molao oa Molimo. Ka phoso ba jarisa ea Matla ’Ohle molato ka lebaka la lintho tse mpe tse etsoang ke batho. Ka baka leo, ha ho letho le molemo leo ba ithutang lona ka mathata ’me, hoba ba lopolohe, ba ka ’na ba bontša botho bo sa rateheng haholoanyane ho feta pele.

Hore hona ho se ke ha re etsahalla, re lokela ho tiisa hore re rua molemo ka eng kapa eng e ka re hlahelang. Hona ho hloka ho ba le pono e nepahetseng ka mahlomola a batho. Buka ea Bibele ea Lillo tsa Jeremia e thusa haholo ho bea taba ena ponong e nepahetseng.

Boloka Tšepo

Buka ena ka boeona e na le lithothokiso tse hlano tseo e leng sello kapa koli’a-malla ea tšenyo e sisimosang e ileng ea oela Jerusalema matsohong a Bababilona. Thothokisong ea boraro, moprofeta Jeremia, a susumetsoa ke moea oa Molimo, o tšollela boikutlo ba hae bo matla a bo fetola ba sechaba kaofela joalokaha eka ke ba motho a le mong. (Lillo tsa Jeremia 3:1) Le hoja Jeremia a ne a hlomohile le sechaba sohle, phihlelo ha ea ka ea mo hlonamisa. Ka tšepo o ile a lebella nako ea ha mohau oa Molimo o ne o tla boetse o e-ba le batho ba oona ’me a amohela se neng se tla tlela sechaba e le phethahatso e nepahetseng ea kahlolo ea Molimo.

Tšepo ea ho lopolloa ka nako e tlang e ile ea lota Jeremia. Rea bala: “Ke ntse ke ikhopotsa, ’me moea oa ka o hlomohile ka ho ’na. Ke tsona tseo ke ntseng ke li losa pelong ea ka; ka baka leo ke tla ’ne ke tšepe.” (Lillo tsa Jeremia 3:20, 21) Kelellong ea hae Jeremia o ne a sa belaele hore Jehova o tla qetella a talimile batho ba Hae ba bakileng ka mohau. Ke ’nete hore ba ne ba theoletsoe boemong bo tlaase-tlaase ka ho hlōloa ka ho feletseng. Empa Jehova kamoo ho neng ho le ka teng, o ne a tla inama a le boemong ba hae bo phahameng ba leholimo, a ba nyolle boemong ba bona bo theohileng. Ka khopolo ena, Jeremia o ne a ka tšelisa pelo ea hae ’me a leta ka sebete ho fihlela ha Jehova a nka bohato molemong oa sechaba sa Hae se bakileng.

Kahoo, ha re feta phihlelong e tepeletsang, ha rea lokela ho tela. Re lokela ho hopola ’nete ea hore liteko li na le qalo le qetello. Ha ho mohla ea Holimo-limo a tla lumella hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba hlomohe ka ho sa feleng le bao e seng batho ba hae ba ineetseng. Ke ka lebaka leo re lokelang ho leta ka mamello ho fihlela Jehova a tlisa topollo e itseng.

’Nete ea hore motho o ntse a phela e lokela ho mo nea lebaka la tšepo. Morao mehleng ea Jeremia, motse oa Jerusalema le naha ea Juda li ne li entsoe lesupi ’me Baiseraele ba bangata ba timetse. Ho ntse ho le joalo, ho na le ba ileng ba pholoha. Hona ha fana ka tiiso ea mohau o tsoelang pele oa Molimo ho batho ba oona. Rea bala: “Ke mehauhelo ea Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau oa hae ha o fele; e ’ne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botšepehi ba hae bo boholo. Kabelo ea ka ke Jehova, ho rialo moea oa ka; ka baka leo ke tla mo tšepa.”—Lillo tsa Jeremia 3:22-24.

Hoja e se be ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, kameho ea oona e nang le qenehelo bakeng sa batho ba oona, ho ka be ho sa ka ha e-ba le baphonyohi har’a Baiseraele. Empa Jehova Molimo o fetse a bontša mohau. Ka hona lipontšo tsa hae tsa mohau li ne li tla tsoela pele ho phallela ho sechaba sa hae, li nchafatsoa hoseng ho hong le ho hong. ’Nete ea hore botšepehi ba Jehova bo bongata e ile ea tiisa hore ho ka itšetlehuoa ka mohau oa hae. E ne e tla ba oa ka mehla, ho se mohla o fokolang kapa o sa hlahiseng litholoana. Kaha ea Holimo-limo o lutse e le kabelo, kapa lefa la sechaba sa hae, ho ne ho e-na le lebaka le letle la hore ba tsoelepele ba emetse hore ho etsolloe maemo a lekang ao a ileng a lumella hore ba kene ho oona ka lebaka la ho se tšepahale ha bona.

Mokhoa oa ho Leta ka Sebete

Ho leta ho joalo ho lokela ho khetholloa ka eng? Buka ea Lillo tsa Jeremia ea arabela: “Jehova o molemo ho ea mo tšepang, ho moea o ’matlang. Ho molemo ho motho ho lebella le ho lulela pholoso ea Jehova ka sebete. Ho molemo ho motho ha a jara joko bocheng ba hae. A ke a itulele a ’notši, a ikhutsetse mohla Molimo o mo laeang; a ke a bee molomo oa hae lerōleng ka ho re: Mohlomong tšepo e teng! a ke a hlahise lerama la hae ho ea mo jabelang, le ho khora likhobo.”—Lillo tsa Jeremia 3:25-30.

Hlokomela hore nakong e joalo ea ho hlorisoa, motho o lokela hore a ’ne a talime ho Molimo ka tšepo bakeng sa topollo le ho atamela haufi-ufi le oona. Motho o lokela ho batla ho ba ea mamellang, a leta a khutsitse kapa a sa belaele ho fihlela ea Matla ’Ohle a tlisa topollo kapa poloko. Ho molemo ka ho fetisisa hore motho a ithute joalo hore a jare joko ea mahlomola bocheng. Hobane’ng? Hobane ho mo nolofaletsa haholoanyane hore a fete har’a phihlelo e joalo hamorao bophelong a sa felloe ke tšepo. A tseba hore o fetile mathateng a maholo pejana, o na le motheo oa tšepo oa hore o tla khona ho etsa joalo hape.

Joale, ha motho a jarisitsoe joko ea tlhoriso, ha aa lokela ho raba-raba a belaela. Che, o lokela ho lula a le mong, joalokaha ho etsa motho ea llang, ’me a khutse. O lokela ho oa ka sefahleho, molomo oa hae o thetsitse lerōleng. Hona ho bolela hore o lokela hore ka boikokobetso a ipee tlas’a liteko tseo Molimo o lumelletseng hore a li jare, ’me o lokela ho lebella ka tšepo topollo e tlang. Ha aa lokela ho futuhela bahlorisi ba hae empa ka sebete a mamelle ho otloa le ho hlapaoloa. Hona ho re hopotsa tsela eo Jesu Kreste a ileng a itšoara ka eona. Tlaleho ea Bibele e tlaleha hore: “Enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka.”—1 Petrose 2:23.

Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa e ka hopoloang mahlomoleng ke hore Molimo ha o ananele lintho tsa lehloeo tseo batho ba ka ’nang ba li etsa. Leha ho le joalo, ea Holimo-limo, ka morero o motle, o lumella hore lintho tse itseng li etsahale. Hona ho hlalositsoe ka makhethe ka mantsoe a latelang a tsoang bukeng ea Lillo tsa Jeremia: “Morena a ke ke a lahla ka ho sa feleng. Leha a hlomolisa, le hona o utloela motho bohloko ka bongata ba mehauhelo ea hae. Hobane pelo ea hae ha e rate ho utloisa bohloko le ho hlomolisa bana ba batho. Ha ba hata ba holehiloeng bohle ba lefatše ka maoto a bona, ha ba sekamisa ho loka ha motho, pontšeng ho Mookameli ea phahameng, ha ba khohlisa motho nyeoeng ea hae, Morena na ha a bone na?”—Lillo tsa Jeremia 3:31-36.

Tabeng ea Baiseraele ba sa tšepahaleng, Jehova Molimo o ile a ba lumella hore ba fete phihlelong e sisimosang matsohong a Bababilona. A ba lahla hoo a ileng a lumella hore ba isoe botlamuoeng. Leha ho le joalo, hona ho ne ho etsoa ka morero o motle oa ho hlahisa masala a bakileng har’a baphonyohi le bana ba bona. Masala ana ke oona ao Jehova a neng a tla a hauhela. Ea Matla ’Ohle o ne a sa khahlisoe ke ho otla Baiseraele. E ne e se takatso ea pelo ea hae ho ba hlomolisa le ho ba otla ka ho ba neela matsohong a lira tsa bona. Jehova o ne a sa ananele tšoaro e bohloko eo lira li ileng tsa e etsetsa sechaba sa hae. O ne a sa talime ka kananelo batho ba hatellang batšoaruoa ba ntoa, ba neng ba hanela motho litokelo tseo a li filoeng ke Molimo, le ba neng ba hana ho ahlola linyeoe ka toka.

Ka hona, ha re hlomohile ka lebaka la batho ha rea lokela ho bea Molimo molato bakeng sa liphoso tse etsoang ke batho. Ea Holimo-limo ha a ananele khatello ea bona le pefo. Qetellong ba tla lokela ho ikarabella bakeng sa liketso tsa bona tse fosahetseng.

Joale, hape, batho ba ka ’na ba itlisetsa mahlomola. Baiseraele ba se nang tumelo ba ile ba furalla Jehova Molimo, ba hana tlhokomelo ea hae e sireletsang. Ka hona, ka nepo, a ba tlohella ho lira tsa bona. Ka hona ba ne ba se na lebaka la ho belaela mabapi le se ba oetseng. Hona ho hatisoa ka potso ena: “Na motho ea phelang a ka itšena na? Motho a mpe a ipelaetse ka sebe sa hae!” (Lillo tsa Jeremia 3:39) Ho e-na le ho belaela, Baiseraele ba ka be ba ile ba khutlela ka pako ho Jehova, ba mo kōpa mohau. Rea bala: “Re batlisiseng metsamao ea rōna, re e nahane, re khutlele ho Jehova! A re emisetseng lipelo tsa rōna le matsoho a rōna ho Molimo, maholimong! Re sitiloe, ra ba ra ikhantša.”—Lillo tsa Jeremia 3:40-42.

E, e ne e se nako ea ho korotla le ho belaela. E ne e le nako ea ho hlahlobisisa litsela tsa bona, tsela eo ba phelang ka eona kapa eo ba itšoereng ka eona, ’me ba nahane hore na phello e bile efe. Ho e-na le ho tsoela pele ka litsela tsa bona hore ba intše kotsi, ba lokela ho khutlela ho Jehova ’me ba lumellane le litaelo tsa hae. Lipontšo tsa ka ntle tsa pako le ho phahamisa matsoho feela thapelong li ne li sa lekana. Ho ne ho hlokahala ho bakela litlōlo ho tloha botebong ba pelo.

Kahoo, ha re le mahlomoleng, re lokela ho talima tsela eo re phelang ka eona. Na re itliselitse khathatso ka ho hlokomoloha molao oa Molimo? Haeba ho joalo, ha re na lebaka la ho jarisa ea Holimo-limo molato. Ho e-na le hoo, re lokela ho bontša hore re ruile molemo ka khalemelo e bohloko ka ho furalla tsela e fosahetseng ’me ka pako re retelehele ho Molimo. Haeba re ile ra leka ho phela bophelo bo khabane ’me leha ho le joalo re feta har’a mahloriso, ha rea lokela ho lebala hore seo batho ba khopo ba ka ’nang ba re etsa sona hase seo Molimo o se ananelang. Ho sa le joalo, re lokela hore ka boikokobetso re ikokobetse litekong tsa rōna, re lete ka sebete re sa belaele ho fihlela Jehova Molimo a re lopolla. Haeba re sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo ha re talimane le mahlomola, re tla rua molemo. Re tla ithuta ho ba le mamello, sebete le ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova. Ha ho mohla re tla etsisa litsela tsa lehloeo tsa batho ba bahatelli, empa re tla tsoela pele ho ba mosa le ho qenehela batho ba bang.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jeremia, ea qapileng Lillo tsa Jeremia, o ne a ka ngola ho tsoa phihlelong ka mahlomola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela