Khaolo ea Bohlano
Tumelo ea Bona e Ile ea Pholoha Liteko Tse Matla
1. Ba bangata ba ikutloa joang ka boinehelo ho Molimo le ho naha ea habo bona?
NA BOINEHELO ba hao bo lokela ho tobisoa ho Molimo kapa ho naha eo u phelang ho eona? Ba bangata ba ne ba tla araba ka ho re, ‘Ke isa tlotla ho Molimo le ho naha. Ke rapela Molimo ho latela litaelo tsa bolumeli ba ka; ka nako e tšoanang, ke itlametse ho tšepahala ho naha ea heso.’
2. Morena oa Babylona e ne e le motho ea hlahelletseng oa bolumeli le oa lipolotiki joang?
2 Kajeno phapang e ka ’na ea bonahala e sa hlaka pakeng tsa boinehelo ba bolumeli le ho rata naha, empa Babylona ea boholo-holo teng e ne e le sieo ho hang. Ka sebele, mesebetsi ea sechaba le e halalelang e ne e lohellane hoo ka linako tse ling ho neng ho le thata ho e khetholla. Moprofesa Charles F. Pfeiffer o ngola sena: “Babylona ea boholo-holo, morena o ne a sebeletsa e le Moprista ea Phahameng le ’musi oa sechaba. O ne a etsa mahlabelo a bile a etsa liqeto ka bophelo ba bolumeli ba bafo ba hae.”
3. Ke eng e bontšang hore Nebukadnezare e ne e le motho ea nkang bolumeli ka ho teba?
3 Nahana ka Morena Nebukadnezare. Lebitso la hae ka bolona le bolela “Nebo, Sireletsa Mojalefa!” Nebo e ne e le molimo oa Babylona oa bohlale le oa temo. Nebukadnezare e ne e le motho ea ratang bolumeli haholo. Joalokaha ho boletsoe pejana, o ile a haha le ho khabisa litempele tsa melimo e mengata ea Babylona ’me o ne a inehetse ka ho khetheha ho Marduk, eo a neng a mo tlotla ha a hlōla lintoa.a Ho boetse ho bonahala hore Nebukadnezare o ne a itšetlehile haholo ka bonohe bakeng sa ho rala merero ea hae ea ntoa.—Ezekiele 21:18-23.
4. Hlalosa moea oa bolumeli oa Babylona.
4 Ka sebele moea oa bolumeli o ne o busa Babylona eohle. Motse ona o ne o ikhantša ka litempele tse fetang 50 tseo ho neng ho rapeloa melimo le melimotsana e fapa-fapaneng ho tsona, ho akarelletsa boraro-bo-bong ba Anu (molimo oa sepakapaka), Enlil (molimo oa lefatše, moea le sefefo) le Ea (molimo ea okametseng metsi). Melimo e meng ea boraro-bo-bong e ne e le Sin (molimo oa khoeli), Shamash (molimo oa letsatsi) le Ishtar (molimo oa matla a ho tsoala). Boselamose, boloi le bolepi ba linaleli li ne li phetha karolo e hlahelletseng borapeling ba Babylona.
5. Tikoloho ea bolumeli ea Babylona e ile ea hlahisa phephetso efe bakeng sa baholehuoa ba Bajuda?
5 Ho phela har’a batho ba rapelang melimo e mengata e ne e le phephetso e khōlō ho baholehuoa ba Bajuda. Makholo a lilemo pele ho moo, Moshe o ne a ile a lemosa Baiseraele hore ho ne ho tla ba le liphello tse bohloko haeba ba ne ba ka khetha ho fetohela Monehi-molao e Moholo ka ho Fetisisa. Moshe o ile a re ho bona: “Jehova o tla u tsamaisa hammoho le morena oa hao eo u mo behileng hore a u okamele a u ise sechabeng seo u sa se tsebeng, leha e le uena kapa baholo-holo ba hao; ’me moo u tla lokela ho sebeletsa melimo e meng, ea lehong le ea lejoe.”—Deuteronoma 28:15, 36.
6. Ke hobane’ng ha ho phela Babylona ho ile ha hlahisetsa Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria phephetso e khethehileng?
6 Joale Bajuda ba ile ba iphumana ba le bothateng bona boo. Ho tšepahala ho Jehova ho ne ho tla ba thata, haholo-holo ho Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Baheberu bana ba banyenyane ba bane ba ne ba khethetsoe hore ba koetlisetsoe mosebetsi oa puso. (Daniele 1:3-5) Hopola hore ba ne ba bile ba rehiloe mabitso a Sebabylona—Belteshazare, Shadrake, Meshake le Abednego—mohlomong e le ho ba susumelletsa hore ba ikamahanye le tikoloho ea bona e ncha.b Boemo ba banna bana bo hlahelletseng bo ne bo tla etsa hore ho hana ha bona ho rapela melimo ea naha ka tsela leha e le efe ho totobale—’me e be ho bontšang bohlaba-phio.
SETŠOANTŠO SA KHAUTA SE HLAHISA TŠOKELO
7. (a) Hlalosa setšoantšo se ileng sa emisoa ke Nebukadnezare. (b) Morero oa setšoantšo see e ne e le ofe?
7 Ho hlakile hore Nebukadnezare o ile a emisa setšoantšo sa khauta lehoatateng la Dura ka boiteko ba ho tiisa bonngoe ba ’muso oa hae. Bolelele ba sona e ne e le litsoe tse 60 (limithara tse 27) ’me bophara ba sona e le litsoe tse 6 (limithara tse 2,7).c Ba bang ba lumela hore setšoantšo sena e ne e le pilara feela e telele, kapa pilara e mahlakore a mane e nang le ntlha e chorileng. Mohlomong e ne e e-na le seluloana se phahameng haholo seo holim’a sona ho neng ho e-na le setšoantšo se seholohali se nang le sebōpeho sa motho, seo e ka ’nang eaba se ne se tšoantšetsa Nebukadnezare kapa molimo Nebo. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, seemahale sena se selelele e ne e le letšoao la ’Muso oa Babylona. Boemong boo, morero e ne e le hore se bonoe ’me se rapeloe.—Daniele 3:1.
8. (a) Ke bo-mang ba ileng ba bitsetsoa khakolong ea setšoantšo, ’me ho ne ho hlokoa hore bohle ba neng ba le teng ba etse’ng? (b) Kotlo ea ho hana ho inamela setšoantšo e ne e tla ba efe?
8 Kahoo, Nebukadnezare o ile a lokisetsa tšebeletso ea ho se khakola. O ile a phutha babusisi ba liprofinse, balaoli, babusisi, baeletsi, batšoari ba matlotlo, baahloli, bo-’maseterata ba sepolesa le batsamaisi kaofela ba liprofinse. Seboholi se ile sa hooa: “Ho thoe ho lōna batho, lichaba le lipuo, ka nako eo le utloang molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, phala e nang le mokotlana oa moea le mefuta eohle ea liletsa tsa ’mino, le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo sa khauta seo Morena Nebukadnezare a se emisitseng. ’Me mang kapa mang ea sa itiheleng fatše le ho rapela ka motsotso oona oo o tla lahleloa ka sebōping se chesang sa mollo.”—Daniele 3:2-6.
9. Ho inamela setšoantšo seo Nebukadnezare a neng a se emisitse ho bonahala ho ne ho etsoa ka morero ofe?
9 Batho ba bang ba lumela hore Nebukadnezare o ile a lokisetsa tšebeletso ena ka boiteko ba ho qobella Bajuda hore ba sekisetse borapeli ba bona ho Jehova. Ha ho bonahale eka ho ne ho le joalo, hobane ho totobetse hore ke balaoli ba ’muso feela ba neng ba bitselitsoe ketsahalong ena. Kahoo, Bajuda feela ba neng ba tla ba teng e ne e tla ba ba sebeletsang boemong bo bong bo itseng ’musong. Ka lebaka leo, ho bonahala hore ho inamela setšoantšo e ne e le tšebeletso e neng e reretsoe ho momahanya sehlopha se busang. Setsebi John F. Walvoord se re: “Pontšo e joalo ea bahlanka ba phahameng ba ’muso, e ne e le pontšo e thabisang ea matla a ’muso oa Nebukadnezare ’me ka lehlakoreng le leng e ne e boetse e le ea bohlokoa bakeng sa ho ananela melimo eo ba neng ba nahana hore ke eona e ikarabellang bakeng sa ho hlōla ha bona.”
BAHLANKA BA JEHOVA BA HANA HO SEKISETSA
10. Ke hobane’ng ha bao e neng e se Bajuda ba ne ba ke ke ba thatafalloa ho mamela taelo ea Nebukadnezare?
10 Ho sa tsotellehe ho inehela ha bona ho melimo e sa tšoaneng e sireletsang, ba bangata ho ba bokaneng ka pel’a setšoantšo sa Nebukadnezare ba ne ba ke ke ba ikutloa ba le molato ka ho se rapela. Setsebi se seng sa Bibele se hlalositse hore: “Kaofela ba ne ba tloaetse ho rapela litšoantšo, ’me ho rapela ha bona molimo a le mong ho ne ho sa ba thibele ho isa tlotla ho o mong hape.” Se ile sa tsoela pele ho re: “Ho ne ho lumellana le maikutlo a neng a atile a barapeli ba litšoantšo a hore ho ne ho e-na le melimo e mengata . . . le hore ho ne ho loketse ho isa tlotla ho molimo oa batho leha e le bafe kapa naha.”
11. Ke hobane’ng ha Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho inamela setšoantšo?
11 Leha ho le joalo, litaba li ne li se ka tsela eo ho Bajuda. Molimo oa bona, Jehova, o ne a ba laetse hore: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela leha e le ho hlohlelletsoa hore u li sebeletse, hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.” (Exoda 20:4, 5) Kahoo, ha ’mino o qala ’me ba bokaneng ba itihela ka pel’a setšoantšo, Baheberu ba bararo ba banyenyane—Shadrake, Meshake le Abednego—ba ile ba sala ba eme.—Daniele 3:7.
12. Bakalde ba itseng ba ile ba qosa Baheberu bao ba bararo ka eng, hona ka lebaka lefe?
12 Ho hana ho rapela setšoantšo ha balaoli bana ba bararo ba Baheberu ho ile ha halefisa Bakalde ba bang. Hang-hang ba ile ba atamela morena ’me “ba qosa Bajuda.”d Ba ne ba sa thahaselle tlhaloso. Kaha ba ne ba batla hore Baheberu bana ba fuoe kotlo bakeng sa ho se tšepahale le ho koeneha, baqosi bao ba ile ba re: “Ho na le Bajuda ba itseng bao u ba behileng hore ba tsamaise profinse ea Babylona, Shadrake, Meshake le Abednego; banna bana ba shahlileng ha ba re letho ka uena, morena, ha ba sebeletse melimo ea hao, ’me setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng ha ba se rapele.”—Daniele 3:8-12.
13, 14. Nebukadnezare o ile a arabela joang mabapi le tsela e ileng ea nkoa ke Shadrake, Meshake le Abednego?
13 E tlameha ebe ho ile ha tsietsa Nebukadnezare haholo hore ebe Baheberu bana ba bararo ba ne ba sa mamela taelo ea hae! Ho ne ho totobetse hore o ne a sa atleha ho fetola Shadrake, Meshake le Abednego hore e be babuelli ba tšepahalang ba ’Muso oa Babylona. Na o ne a sa ba ruta bohlale ba Bakalde? Ha e le hantle, o ne a bile a fetotse mabitso a bona! Empa haeba Nebukadnezare a ne a nahana hore thuto e ntle haholo e ne e tla ba ruta tsela e ncha ea ho rapela kapa hore ho fetola mabitso a bona ho ne ho tla fetola seo ba leng sona, o ne a fositse haholo. Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba lula e le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang.
14 Morena Nebukadnezare o ile a halefa haholo. O ile a bitsa Shadrake, Meshake le Abednego hang-hang. O ile a botsa: “Na ka sebele ho joalo, Lōna Shadrake, Meshake le Abednego, hore ha le sebeletse melimo ea ka, le setšoantšo sa khauta seo ke se emisitseng ha le se rapele?” Ha ho pelaelo hore Nebukadnezare o ile a bua mantsoe ana a tšohile hoo a neng a sa lumele seo a se utloang. Ha e le hantle, e tlameha ebe o ile a ipotsa, ‘Ke joang banna ba bararo ba phelang hantle kelellong ba ka hlomphollang taelo e hlakileng joaloka ee—le e nang le kotlo e matla hakaale haeba e sa mameloe?’—Daniele 3:13, 14.
15, 16. Nebukadnezare o ile a fa Baheberu bao ba bararo monyetla ofe?
15 Nebukadnezare o ne a ikemiselitse ho fa Baheberu bana ba bararo monyetla o mong. O ile a re: “Joale haeba le itokisitse e le hore ha le utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, le phala e nang le mokotlana oa moea le mefuta eohle ea liletsa tsa ’mino, le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo seo ke se entseng, ke hantle. Empa haeba le sa rapele, ka motsotso oona oo le tla lahleloa ka sebōping se chesang sa mollo. ’Me molimo eo ke mang ea ka le pholosang matsohong a ka?”—Daniele 3:15.
16 Kamoo ho bonahalang kateng, thuto ea setšoantšo sa torong (se tlalehiloeng ho Daniele khaolo ea 2) e ne e sa siea letho la bohlokoa kelellong le pelong ea Nebukadnezare. Mohlomong o ne a se a lebetse polelo ea hae ho Daniele: “Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo le Khosi ea marena.” (Daniele 2:47) Joale ho ne ho bonahala hore Nebukadnezare o qholotsa Jehova, a bolela hore le Eena a ke ke a pholosa Baheberu kotlong e ba emetseng.
17. Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba arabela joang ho seo morena a neng a ba fa sona?
17 Ho ne ho sa hlokahale hore Shadrake, Meshake le Abednego ba inahane ka mokhoa o mong. Kapele-pele ba ile ba arabela: “Nebukadnezare, ntlheng ena ha ho letho le re tlamang hore re u arabe. Haeba ho ka ba joalo, Molimo oa rōna eo re mo sebeletsang o tla khona ho re pholosa. O tla re pholosa sebōping se chesang sa mollo le letsohong la hao, morena. Empa haeba ho se joalo, u tsebe, morena, hore melimo ea hao hase eona eo re e sebeletsang, ’me setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng ha re na ho se rapela.”—Daniele 3:16-18.
KA SEBŌPING SA MOLLO!
18, 19. Ho ile ha etsahala eng ha Baheberu ba bararo ba lahleloa ka sebōping sa mollo?
18 Nebukadnezare kaha o ne a halefile hampe, o ile a laela bahlanka ba hae hore ba bese sebōpi hore se chese ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ho tloaelehileng. Eaba o laela “banna ba itseng ba shahlileng le ba mafolofolo” hore ba tlame Shadrake, Meshake le Abednego ’me ba ba lahlele ka “sebōping se chesang sa mollo.” Ba ile ba latela litaelo tsa morena, ba lahlela Baheberu bao ba bararo mollong ba tlamiloe ’me ba apere ka ho feletseng—mohlomong e le hore mollo o ka ba chesa haholoanyane. Leha ho le joalo, ke balateli ba Nebukadnezare ka bobona ba ileng ba bolaoa ke malakabe.—Daniele 3:19-22.
19 Empa ho ne ho etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Le hoja Shadrake, Meshake le Abednego ba ne ba le ka har’a sebōpi sa mollo, malakabe a ne a sa ba chese. Nahana hore na Nebukadnezare o ile a makala hakaakang! Ba ne ba lahletsoe mollong o bohale, ba tlanngoe ka thata, empa ba ne ba ntse ba phela. Ha e le hantle, ba ne ba tsamaea ka bolokolohi ka har’a mollo! Empa Nebukadnezare o ile a hlokomela ho hong hape. O ile a botsa balaoli ba hae ba phahameng ba borena: “Na ha rea lahlela banna ba bararo ba shahlileng ka har’a mollo ba tlamiloe?” Ba araba: “E, morena.” Nebukadnezare a hooa: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba shahlileng ba tsamaea ba lokolohile ka har’a mollo, ’me ha ba tsoe kotsi, ’me ponahalo ea oa bone e tšoana le ea mora oa melimo.”—Daniele 3:23-25.
20, 21. (a) Nebukadnezare o ile a hlokomela eng ka Shadrake, Meshake le Abednego ha ba tsoa ka sebōping? (b) Ke eng eo Nebukadnezare a ileng a tlameha ho e lumela?
20 Nebukadnezare o ile a atamela monyako oa sebōpi sa mollo. A hoeletsa: “Shadrake, Meshake le Abednego, lōna bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, tsoang ’me le tle mona!” Baheberu bao ba bararo ba ile ba tsoa ka har’a mollo. Ha ho pelaelo hore bohle bao e neng e le lipaki tse boneng mohlolo ona—ho akarelletsa babusisi ba liprofinse, balaoli, babusisi, le balaoli ba phahameng—ba ile ba hlolloa. Ha e le hantle, e ne eka ho hang bahlankana bana ba bararo ha ho mohla ba ileng ba kena ka sebōping! Lephoka la mollo le ne le sa tla ho bona ’me ho ne ho se qoba ea moriri oa bona e tlabohileng.—Daniele 3:26, 27.
21 Joale Morena Nebukadnezare o ile a tlameha ho lumela hore Jehova ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. O ile a phatlalatsa: “Ho bokoe Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego, ea rometseng lengeloi la hae ’me a pholosa bahlanka ba hae ba neng ba mo tšepile le ba ileng ba fetola lentsoe la morena ’me ba nehelana ka ’mele ea bona, hobane ba ne ba ke ke ba sebeletsa ’me ba ne ba ke ke ba rapela molimo leha e le ofe ho hang haese Molimo oa bona.” Eaba morena o phaella ka temoso ena e matla: “Ke fana ka taelo, hore batho leha e le bafe, sechaba kapa puo ba buang ntho leha e le efe e fosahetseng khahlanong le Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego ba lokela ho khaoloa litho, ’me matlo a bona a lokela ho fetoloa matloana a sechaba; kahobane ha ho molimo e mong ea khonang ho lopolla ho tšoana le enoa.” Eaba Baheberu bao ba bararo ba boetse ba fumana kamohelo ea morena ’me ‘ba atleha profinseng ea Babylona.’—Daniele 3:28-30.
TUMELO LE LITEKO TSE MATLA KAJENO
22. Ke joang bahlanka ba kajeno ba Jehova ba talimanang le maemo a tšoanang le a Shadrake, Meshake le Abednego?
22 Kajeno, barapeli ba Jehova ba talimane le maemo a tšoanang le ao Shadrake, Meshake le Abednego ba neng ba talimane le ’ona. Ho ke ke ha latoloa hore mohlomong batho ba Molimo e ke ke ea e-ba baholehuoa ba sebele. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re balateli ba hae e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Ke “basele” ka hore ha ba amohele meetlo, maikutlo le mekhoa tsa batho ba ba potolohileng tse khahlanong le Mangolo. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola, Bakreste ba lokela ho ‘khaotsa ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.’—Baroma 12:2.
23. Baheberu ba bararo ba ile ba bontša ho ema ba tiile joang, ’me ke joang Bakreste ba ka latelang mohlala oa bona kajeno?
23 Baheberu bao ba bararo ba ile ba hana ho nka sebōpeho sa tsamaiso ea Babylona. Esita le ho rutoa bohlale ba Bakalde ha hoa ka ha ba fetola. Boemo ba bona tabeng ea borapeli bo ne bo ke ke ba fetoloa ka lipuisano ’me ba ne ba tšepahala ho Jehova feela. Kajeno Bakreste ba lokela ho tiea ka mokhoa o tšoanang. Ha ho hlokahale hore ba hlajoe ke lihlong kahobane ba sa tšoane le batho ba lefatše. Ka sebele, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” (1 Johanne 2:17) Ka lebaka leo, e ne e tla ba booatla le lefeela ho tšoana le tsamaiso ena ea lintho e shoang.
24. Boemo ba Bakreste ba ’nete bo tšoana le ba Baheberu ba bararo joang?
24 Bakreste ba lokela ho itebela mofuteng o mong le o mong oa borapeli ba litšoantšo, ho akarelletsa le ba mefuta e poteletseng.e (1 Johanne 5:21) Shadrake, Meshake le Abednego ka boikokobetso le ka tlhompho ba ile ba ema ka pel’a setšoantšo sa khauta, empa ba ile ba hlokomela hore ho se inamela e ne se pontšo feela tjee ea tlhompho. E ne e le ketso ea borapeli, ’me ho kopanela ho ne ho tla tlisa khalefo ea Jehova. (Deuteronoma 5:8-10) John F. Walvoord oa ngola: “Ha e le hantle, e ne e le ho lumelisa folakha, le hoja ka lebaka la ho lohellana ha botšepehi bolumeling le botšepehi sechabeng, e ka ’na eaba hoo ho ne ho boetse ho e-na le moelelo oa bolumeli.” Kajeno, Bakreste ba ’nete ba nka boemo bo tiileng ka ho tšoanang khahlanong le borapeli ba litšoantšo.
25. U ithutile eng paleng ea ’nete e etsahetseng bophelong ea Shadrake, Meshake le Abednego?
25 Tlaleho ea Bibele ea Shadrake, Meshake le Abednego e fana ka mohlala oa sebele o motle ka ho fetisisa ho bohle ba ikemiselitseng ho neha Jehova boinehelo bo khethehileng. Ho totobetse hore moapostola Pauluse o ne a hopotse Baheberu bana ba bararo ha a ne a bua ka ba bangata ba ileng ba sebelisa tumelo, ho akarelletsa le ba ileng ba “thiba matla a mollo.” (Baheberu 11:33, 34) Jehova o tla putsa bohle ba etsisang tumelo e joalo. Baheberu ba bararo ba ile ba pholosoa sebōping sa mollo, empa re ka kholiseha hore o tla tsosa bohle ba tšepahalang ba shoang ba tšepahetse ’me o tla ba hlohonolofatsa ka bophelo bo sa feleng. Ka tsela leha e le efe, Jehova “o lebela meea ea ba tšepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba khopo.”—Pesaleme ea 97:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bang ba lumela hore Marduk, ea neng a nkoa e le mothehi oa ’Muso oa Babylona, o tšoantšetsa Nimrode ea entsoeng molimo. Leha ho le joalo, sena se ke ke sa tiisoa.
b “Belteshazare” e bolela “Sireletsa Bophelo ba Morena.” E ka ’na eaba “Shadrake” e bolela “Taelo ea Aku,” molimo oa khoeli oa Sumere. “Meshake” mohlomong e bolela molimo e mong oa Sumere ’me “Abednego” e bolela “Mohlanka oa Nego,” kapa Nebo.
c Ha ho nahaneloa boholo ba setšoantšo sena, litsebi tse ling tsa Bibele li lumela hore se ne se entsoe ka lehong eaba se manehoa khauta.
d Poleloana ea Searame e fetoletsoeng e le ‘ho qosa,’ ka tšoantšetso e bolela ‘ho ja motho litsekana’—ho mo ja lirethe ka ho mo etselletsa.
e Ka mohlala, Bibele e amahanya bonyollo le ho lakatsa le borapeli ba litšoantšo.—Bafilippi 3:18, 19; Bakolose 3:5.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke hobane’ng ha Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho inamela setšoantšo se neng se emisitsoe ke Nebukadnezare?
• Nebukadnezare o ile a arabela joang mabapi le boemo bo ileng ba nkoa ke Baheberu ba bararo?
• Jehova o ile a putsa Baheberu ba bararo joang bakeng sa tumelo ea bona?
• U ithutile eng ka ho ela hloko pale ea ’nete e etsahetseng bophelong ea Shadrake, Meshake le Abednego?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 68]
[Litšoantšo tse leqepheng la 70]
1. Qhobosheane ea tempele (ziggurat) Babylona
2. Tempele ea Marduk
3. Letlapa la “bronze” le bontšang melimo Marduk (ka ho le letšehali) le Nebo (ka ho le letona) ba eme holim’a lidrakone
4. Setšoantšo se betliloeng sa Nebukadnezare, ea neng a tsebahala ka mesebetsi ea hae ea kaho
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 76]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 78]