Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 5/1 maq. 13-18
  • Bacha, na le Itokisetsa Bokamoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha, na le Itokisetsa Bokamoso?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thabela Bocha ba Hao
  • “Atamelang ho Molimo”
  • Etsa Khetho e Bohlale
  • Ananela Lintho Tsa Moea
  • Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Etsa Hore Nako ea Bocha ba Hao e be e Atlehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Bacha Ba Thabisang Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 5/1 maq. 13-18

Bacha, na le Itokisetsa Bokamoso?

“Ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna, . . . menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.”—JEREMIA 29:11.

1, 2. Lilemo tsa bocha li ka talingoa ka litsela life tse sa tšoaneng?

BATHO ba bangata ba baholo ba nahana ka nako ea bocha e le nako e babatsehang haholo bophelong. Ba hopola matla le mafolofolo ao ba neng ba e-na le ’ona ha ba ne ba sa le bacha. Ba hopola ka lerato nako ea ha ba ne ba e-na le boikarabelo bo bonyenyane, nako ea ha ba ne ba e-na le lintho tse ngata tse thabisang ’me ka pel’a bona ho larile menyetla e mengata bophelong.

2 Mohlomong bacha ba na le pono e fapaneng le eo ka bocha. U ka ’na ua thatafalloa ke ho sebetsana le liphetoho tsa bocha tse etsahalang maikutlong le ’meleng oa hao. Sekolong, u ka tobana le khatello e matla ea lithaka. U ka tlameha ho etsa boiteko bo tiileng ba ho hana tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ea joala le ho hana boitšoaro bo bobe. Boholo ba lōna le boetse le tobane le taba ea ho se nke lehlakore kapa litaba tse ling tse amanang le tumelo ea lōna. E, nako ea bocha e ka ba thata. Leha ho le joalo, ke nako ea menyetla. Potso ke ena, U tla sebelisa menyetla eo joang?

Thabela Bocha ba Hao

3. Solomone o ile a fa bacha keletso efe le temoso efe?

3 Batho ba baholo ba tla u bolella hore bocha ha bo nke nako e telele, ’me ba nepile. Ka mor’a lilemo tse seng kae feela, u tla be u se u se mocha. Kahoo, bo thabele ha nako e sa ntse e u lumella! Keletso eo e ile ea fanoa ke Morena Solomone, ea ileng a ngola a re: “Mohlankana, u thabele bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao.” Leha ho le joalo, Solomone o ile a lemosa bacha a re: ‘Tlosang matšoenyeho lipelong tsa lōna, ’me le qobe tlokotsi ’meleng oa lōna.’ Ha a tsoela pele, o ile a re: “Bocha le qaleho ea bophelo ke lefeela.”—Moeklesia 11:9, 10.

4, 5. Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore bacha ba lokisetse bokamoso? Etsa mohlala.

4 Na u utloisisa se neng se boleloa ke Solomone? Ka mohlala, nahana ka mocha ea amohelang mpho ea bohlokoa haholo, mohlomong ea lefa la chelete. O tla etsa’ng ka eona? A ka e hafa kaofela menateng—feela joaloka mora ea lehlasoa oa papiso ea Jesu. (Luka 15:11-23) Empa ho tla etsahala’ng ha chelete eo e fela? Ka sebele o tla ikoahlaea hore na o ile a hloka boikarabelo hakaakang! Ka lehlakoreng le leng, ha re nke hore o sebelisa mpho eo ho itokisetsa bokamoso, mohlomong ka bohlale a etsa letsete ka boholo ba eona. Hamorao, ha a se a rua molemo ka letsete la hae, na u nahana hore o tla ikoahlaela hore ebe bocheng ba hae ha aa ka a senya chelete eohle ea hae menateng? A ke ke!

5 U nahane hore lilemo tsa bocha ba hao ke mpho e tsoang ho Molimo, hobane kannete ke mpho e tsoang ho eena. U tla li sebelisa joang? U ka senya matla le mahlahahlaha ao kaofela u ikhotsofatsa, u lelekisa boithabiso bona le bane, u sa nahane letho ka bokamoso. Leha ho le joalo, ha u etsa joalo, “bocha le qaleho ea bophelo” e tla hle e be “lefeela” tabeng ea hao. Ho molemo hakaakang ho sebelisa bocha ba hao ka tsela ea ho lokisetsa bokamoso!

6. (a) Ke keletso efe ea Solomone e fang bacha tataiso? (b) Jehova o rata ho etsetsa bacha eng, ’me mocha a ka rua molemo joang ho seo?

6 Solomone o ile a bolela molao-motheo o ka u thusang ho sebelisa bocha ba hao ka tsela e molemohali. O ile a re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.” (Moeklesia 12:1) Keletso eo ea Solomone e bohlokoa haholo bakeng sa katleho, kahoo mamela Jehova u be u etse thato ea hae. Jehova o ile a bolella Baiseraele ba boholo-holo seo a neng a batla ho ba etsetsa sona, a re: “Ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna, . . . menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.” (Jeremia 29:11) Le uena Jehova a ka rata ho u fa “bokamoso le tšepo.” Haeba u mo hopola liketsong, menahanong le liqetong tsa hao, u tla fuoa bokamoso boo le tšepo eo.—Tšenolo 7:16, 17; 21:3, 4.

“Atamelang ho Molimo”

7, 8. Mocha a ka atamela joang ho Molimo?

7 Jakobo o ile a re khothalletsa ho hopola Jehova ha a re phehella a re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Jehova ke Mōpi, ’Musi oa leholimo, ea tšoaneloang ke borapeli bohle le thoriso. (Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, haeba re mo atamela, o tla re atamela. Na thahasello e joalo e lerato ha e u thabise pelo?—Matheu 22:37.

8 Re atamela ho Jehova ka litsela tse ngata. Ka mohlala, moapostola Pauluse o re: “Phehellang thapelong, le lule le falimehile ho eona ka liteboho.” (Bakolose 4:2) Ka mantsoe a mang, itloaetse ho rapela. U se ke ua khotsofalla feela ho re amen ha ntate oa hao kapa Mokreste e mong ka phuthehong a entse thapelo e u akarelletsang. Na u kile ua bolella Jehova se botebong ba pelo ea hao ’me ua mo bolella monahano oa hao, lintho tseo u li tšabang, le hore na u tobane le mathata afe? Na u kile ua mo bolella lintho tseo u ka bang lihlong ho li bua le motho e mong? Lithapelo tse etsoang ka botšepehi, le tse tlohang botebong ba pelo, li etsa hore motho a ikutloe a e-na le khotso. (Bafilipi 4:6, 7) Li re thusa ho atamela ho Jehova le ho etsa hore re utloe hore o re atametse.

9. Mocha a ka mamela Jehova joang?

9 Re bona tsela e ’ngoe ea ho atamela Jehova mantsoeng ana a bululetsoeng a reng: “Mamela keletso ’me u amohele taeo, e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.” (Liproverbia 19:20) E, haeba u mamela Jehova ’me u mo utloa, u lokisetsa bokamoso. U ka bontša joang hore u hlile u mamela Jehova? Ha ho pelaelo hore u ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste ’me u mamela lipuo tse lenaneong. Hape, u “hlompha ntat’ao le ’m’ao” ka ho ba teng thutong ea lelapa ea Bibele. (Baefese 6:1, 2; Baheberu 10:24, 25) U etsa hantle. Leha ho le joalo, na ntle ho moo u ‘reka nako’ ea ho lokisetsa liboka, ho bala Bibele kamehla le ho etsa lipatlisiso? Na u leka ho sebelisa seo u se balang, e le hore u tle u tsamaee joaloka ‘motho ea bohlale’? (Baefese 5:15-17; Pesaleme ea 1:1-3) Ha u etsa joalo, u atamela ho Jehova.

10, 11. Ke melemo efe e meholo eo bacha ba e ruang ha ba mamela Jehova?

10 Mantsoeng a qalang a buka ea Liproverbia, mongoli ea bululetsoeng o hlalosa morero oa buka eo ea Bibele. O re morero oa eona ke “hore motho a tsebe bohlale le taeo, a lemohe lipolelo tsa kutloisiso, a amohele taeo e fanang ka temohisiso, ho loka le kahlolo le bokhabane, ho fa ba se nang phihlelo masene, ho fa mohlankana tsebo le matla a ho nahana.” (Liproverbia 1:1-4) Kahoo, ha u ntse u bala u bile u sebelisa mantsoe a Liproverbia—hammoho le Bibele kaofela—u tla ithuta ho loka le bokhabane, ’me Jehova o tla thabela hore u mo atamele. (Pesaleme ea 15:1-5) Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ho ba le temoho, masene, tsebo le matla a ho nahana, u tla etsa liqeto tse molemo haholoanyane.

11 Na ke ho imetsa mocha ho lebella hore a etse lintho ka tsela e bohlale tjee? Hase ho mo imetsa hobane bacha ba bangata ba Bakreste ba etsa lintho ka bohlale. Ka lebaka leo, batho ba bang baa ba hlompha ’me ha ‘ba khelle bocha ba bona tlaase.’ (1 Timothea 4:12) Ke hantle ha batsoali ba bona ba le motlotlo ka bona, ’me Jehova o re ba thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Le hoja e le bacha, ba ka kholiseha hore mantsoe ana a bululetsoeng a sebetsa ho bona: “Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng, etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso.”—Pesaleme ea 37:37.

Etsa Khetho e Bohlale

12. E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo bacha ba lokelang ho li khetha ke efe, ’me ke hobane’ng ha seo ba se khethang se e-na le liphello tsa nako e telele?

12 Nako ea bocha ke ea ho khetha lintho tse itseng, tseo tse ling tsa tsona li ka bang le liphello tsa nako e telele. Lintho tse ling tseo u li khethang hona joale li tla ama bophelo ba hao ka lilemo tse ngata tse tlang. Ho khetha lintho ka bohlale ho tla fella ka bophelo bo thabileng le bo atlehileng. Ho khetha lintho ka booatla ho ka senya bophelo bohle ba hao. Nahana kamoo seo e leng ’nete kateng linthong tse peli tseo u lokelang ho li khetha. Ea pele: U khetha ho tloaelana le bo-mang? Ke hobane’ng ha hoo e le habohlokoa? Bonneteng, maele a bululetsoeng a re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Ka mantsoe a mang, qetellong re tšoana le bao re tloaelanang le bona—rea hlalefa kapa re hloka kelello. U ka khetha ho ba motho oa mofuta ofe?

13, 14. (a) Litloaelano li akarelletsa eng ntle le ho ba le batho ka ho toba? (b) Bacha ba lokela ho qoba phoso efe?

13 Ha u nahana ka litloaelano, ho hlakile hore u nahana ka ho ba le batho. U nepile, empa litloaelano ha li akarelletse feela ho ba le batho ka ho toba. Ha u shebella lenaneo la thelevishene, u mamela ’mino, u bala buka, u e-ea baesekopong, kapa u sebelisa mehloli e itseng ea boitsebiso ea Internet, u tloaelana le batho ba itseng. Haeba bao u tloaelanang le bona ka tsela ena ba khothalletsa litšekamelo tsa pefo le tsa boitšoaro bo bobe kapa ba khothalletsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, botahoa, kapa ntho leha e le efe e khahlanong le melao-motheo ea Bibele, u tloaelane le ‘ba se nang kelello,’ ba etsang eka Jehova ha a eo.—Pesaleme ea 14:1.

14 Mohlomong u nahana hore kaha u ba teng libokeng tsa Bokreste ebile u mafolofolo ka phuthehong, u tiile hoo baesekopo e bontšang lintho tse mabifi kapa albamo ea ’mino o monate o nang le mantsoe a boitšoaro bo bobe e ke keng ea u etsa letho. Ho ka etsahala hore ebe u nahana hore ha ho letho le lebe le tla etsahala haeba u ka habanya mocha oa boitsebiso oa Internet o bontšang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Moapostola Pauluse o re haeba u nahana joalo, u fositse! O re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Ka masoabi, bacha ba bangata ba Bakreste ba neng ba bonahala ba tsoela pele hantle, ba sentse mekhoa ea bona e metle ka litloaelano tse mpe. Kahoo, ikemisetse ho qoba litloaelano tse joalo. Ha u etsa joalo, u tla latela keletso ea Pauluse e reng: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:2.

15. Ke ntho efe ea bobeli eo bacha ba lokelang ho e khetha, ’me ka linako tse ling ba ee ba hatelloe ka lintho life ntlheng ee?

15 Ntho ea bobeli eo u tobaneng le ho e khetha ke ena. Nako e tla tla eo ka eona u tla tlameha ho etsa qeto ea hore na u batla ho etsa eng ha u qeta sekolong. Haeba u lula naheng eo ho eona ho leng thata ho fumana mosebetsi, u ka ’na ua ba tlas’a khatello ea hore u amohele mosebetsi o mong le o mong o molemo o hlahang. Haeba u lula naheng e ruileng, ho ka ’na ha e-ba le mesebetsi e mengata eo u ka e khethang, e meng ea eona e le e hohelang haholo. Mesuoe ea hao le batsoali ba hao ba ka ’na ba u phehella ka moea o motle hore u ithutele mosebetsi o tla u fa tšireletseho ea chelete, mohlomong le o ka u fang leruo. Leha ho le joalo, mohlomong nako eo u e qetang u sebeletsa Jehova e ka fokotseha haholo ha u ntse u ithutela mosebetsi oo.

16, 17. Hlalosa kamoo mangolo a sa tšoaneng a ka thusang mocha hore a be le pono e leka-lekaneng ka mosebetsi.

16 Hopola ho batla keletso ea Bibele pele u etsa qeto. Bibele e re khothalletsa ho sebetsa e le hore re tsebe ho iphelisa. (2 Bathesalonika 3:10-12) Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse amehang ha u khetha mosebetsi oo u tla ithutela oona. Re u khothalletsa hore u bale mangolo a latelang ’me u nahane hore na a ka thusa mocha joang hore a etse lintho ka tekatekano ha a khetha mosebetsi oo a tla ithutela oona: Liproverbia 30:8, 9; Moeklesia 7:11, 12; Matheu 6:33; 1 Bakorinthe 7:31; 1 Timothea 6:9, 10. Ha u qeta ho bala litemana tsena, na u bona pono ea Jehova tabeng ee?

17 Ho hang mosebetsi oa boipheliso ha oa lokela ho ba oa bohlokoa hoo o ka tlang pele ho tšebeletso eo re e etsetsang Jehova. Haeba u ka khona ho fumana mosebetsi ka lengolo la sekolo se phahameng, ho ka ba hotle. Haeba u hloka thuto e eketsehileng ka mor’a sekolo se phahameng, u ka buisana le batsoali ba hao ka taba ena. Leha ho le joalo, u se ke ua fifalloa ke pono ea “lintho tsa bohlokoa haholo”—e leng lintho tsa moea. (Bafilipi 1:9, 10) U se ke ua etsa phoso e ileng ea etsoa ke Baruke, mongoli oa Jeremia. O ile a felloa ke kananelo ea tokelo ea hae ea tšebeletso eaba o “ipatlela lintho tse khōlō.” (Jeremia 45:5) O ile a lebala ka nakoana hore ha ho na ‘ntho e khōlō’ lefatšeng lena e neng e ka mo atametsa ho Jehova kapa ea mo thusa hore a pholohe ha Jerusalema e timetsoa. Ho ka boleloa ntho e batlang e tšoana le eo ka rōna kajeno.

Ananela Lintho Tsa Moea

18, 19. (a) Baahelani ba bangata ba hao ba hlasetsoe ke lintho life, ’me u lokela ho ikutloa joang ka bona? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba utloa ba sa lapa moeeng?

18 Na litabeng u kile ua bona litšoantšo tsa bana ba linaha tse hlasetsoeng ke tlala? Haeba u kile ua ba bona, ka sebele u ile ua ba qenehela. Na u qenehela batho ba sebaka seo u lulang ho sona ka tsela e tšoanang? Ke hobane’ng ha u lokela ho ba qenehela? Hobane ba bangata ba bona baa lapa. Ba lapile tlala eo Amose a ileng a profeta ka eona, a re: “‘Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.’”—Amose 8:11.

19 Ke ’nete hore batho ba bangata ba lapileng ka tsela ena moeeng ha ba ‘ele hloko tlhoko ea bona ea moea.’ (Matheu 5:3) Ba bangata ha ba utloe ba lapile moeeng. Ba bang ba ka ba ba nahana hore ba ja hantle. Empa haeba ba nahana joalo, ke kahobane ba iphepa ka “bohlale ba lefatše” bo se nang thuso, bo akarelletsang lerato la lintho tse bonahalang, likhopolo-taba tsa saense, maikutlo a fanoang mabapi le boitšoaro le lintho tse ling tse joalo. Ba bang ba nahana hore “bohlale” ba mehleng ena bo entse hore lithuto tsa Bibele li siuoe ke nako. Leha ho le joalo, “lefatše bohlaleng ba lona ha lea ka la tseba Molimo.” Bohlale ba lefatše bo ke ke ba u thusa ho atamela ho Molimo. ‘Ke booatla feela ho Molimo.’—1 Bakorinthe 1:20, 21; 3:19.

20. Ke hobane’ng ha ho se molemo ho batla ho etsisa batho ba sa rapeleng Jehova?

20 Ha u bona litšoantšo tseo tsa bana ba lapileng, na u ke u lakatse ho tšoana le bona? Ho hlakile hore ha u batle ho tšoana le bona! Empa, bacha ba bang ba tsoang malapeng a Bokreste ba bontšitse hore ba lakatsa ho tšoana le batho ba ba pota-potileng ba lapileng moeeng. Ho ka etsahala hore ebe bacha ba joalo ba nahana hore bacha ba lefatše ha ba na mathata, ba thabela bophelo. Ba lebala hore bacha bao ha ba na botsoalle le Jehova. (Baefese 4:17, 18) Ba boetse ba lebala liphello tse mpe tsa ho lapa moeeng. Tse ling tsa tsona ke ho ima ha bacha ho sa batloeng le liphello tse amang ’mele le maikutlo tsa boitšoaro bo bobe, ho tsuba, botahoa le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ho lapa moeeng ho baka moea oa borabele, ho nyahama ho sa totobalang le ho se tsebe hore na motho o phelel’ang.

21. U ka itšireletsa joang hore u se ke ua etsisa maikutlo a fosahetseng a ba sa rapeleng Jehova?

21 Kahoo, ha u le sekolong har’a batho bao e seng barapeli-’moho le uena ba Jehova, u se ke ua laoloa ke boikutlo ba bona. (2 Bakorinthe 4:18) Ba bang ba tla bua ka mokhoa o nyelisang ka lintho tsa moea. Ntle ho moo, mecha ea litaba e tla phatlalatsa boitsebiso bo poteletseng bo fanang ka maikutlo a hore boitšoaro bo bobe, ho tahoa kapa ho bua puo e sa hloekang, ho lokile. Loantša tšusumetso eo. Tsoela pele ho kopanela kamehla le ba ‘nang le tumelo le letsoalo le letle.’ Kamehla u be le “ho hongata hoo [u] . . . ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Timothea 1:19; 1 Bakorinthe 15:58) Sebetsa ka thata Holong ea ’Muso le tšebeletsong ea tšimo. Ha u sa ntse u kena sekolo, nako le nako u kenele tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Matlafatsa pono ea hao ea moea ka tsela ena, ’me u ke ke ua thekesela moeeng.—2 Timothea 4:5.

22, 23. (a) Ke hobane’ng ha hangata mocha oa Mokreste a tla khetha lintho tseo ba bang ba sa li utloisiseng? (b) Bacha ba khothaletsoa ho etsa’ng?

22 Ha u bona lintho ka leihlo la moea u ka ’na ua etsa liqeto tseo ba bang ba sa li utloisiseng. Ka mohlala, mohlankana e mong oa Mokreste e ne e le khalala ea ’mino ebile e le seithuti se pasang ka linaleli thutong e ’ngoe le e ’ngoe sekolong. Ha a qeta sekolong, o ile a sebetsa le ntat’ae khoebong ea ho hlatsoa lifensetere e le hore a ka phehella mosebetsi oo a neng a ikhethetse oona oa ho ba moevangeli oa nako e tletseng, kapa pula-maliboho. Mabaka a qeto ea hae a ne a sa utloahale ho hang ho mesuoe ea hae, empa haeba u atametse ho Jehova, rea tiisa hore u utloisisa lebaka.

23 Ha u ntse u nahana kamoo u ka sebelisang matla a hao a bohlokoa a bocha kateng, “ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore [u] ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:19) Ikemisetse ho ‘hopola ’Mōpi oa hao e Moholo’ bocheng ba hao—le bophelong bohle ba hao. Ena ke eona tsela feela ea ho itokisetsa bokamoso bo atlehileng, e leng bokamoso bo ke keng ba fela.

U Entse Qeto Efe?

• Ke keletso efe e bululetsoeng e thusang bacha ha ba lokisetsa bokamoso?

• Litsela tse ling tseo mocha a ka “atamelang ho Molimo” ka tsona ke life?

• Liqeto tse ling tseo mocha a li etsang tse tla ama bokamoso ba hae ke life?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na u tla lumella hore lipakane tsa hao li nke matla ’ohle a hao le mahlahahlaha?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Bacha ba bohlale ba Bakreste ba boloka pono ea bona ea moea e hlakile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela