Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 12/1 maq. 4-7
  • Lineano Tsa Bolumeli le Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lineano Tsa Bolumeli le Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokolloa Lineanong Tse Kotsi
  • Lineano Tsa Bolumeli—Na ke ho Rapela Molimo ka ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ha Neano e Hohlana le ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na Neano e Lokela ho Hohlana le ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 12/1 maq. 4-7

Lineano Tsa Bolumeli le Bibele

“LE FETOLA lentsoe la Molimo lefeela ka moetlo oa lōna oo le o neeletsanang.” Ha ho e mong ea buileng mantsoe ana ha e se Jesu Kreste ka boeena. (Mareka 7:13, TLP) Joaloka batho ba bangata kajeno, ka botšepehi Bajode ba mehleng ea Jesu ba ne ba itšoarelletse ka tloaelo e thata ea melao le mekhoa. Hape joaloka baruti ba bangata kajeno, baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba talima lineano tsena e le tsa bohlokoa ho feta Bibele.

Ho etsa mohlala: Lentsoe la Molimo le laela ka ho toba hore bana ba hlonephe batsoali ba bona. (Exoda 20:12) Ka ho hlakileng sena se ne se akarelletsa ho thusa batsoali ba neng ba oela mathateng a tebileng a lichelete. Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha neano ea Bojode e neng e bula tsela e bobebe ea ho qoba tlamo ena ea Bibele. Motho oa moikhabi o ne a ka etsa tšepiso e tiileng ea hore thepa ea hae e ne e tla neheloa tempeleng hamorao, a behella thepa eo ka thōko ka ho e bitsa “korbane.” Lentsoe lena le bolela “neo e etsetsoang Molimo.” Le hoja ka ho hlakileng morapeli oa Mojode a ne a lokolohile hore a ka sebelisa korbane ena molemong oa hae oa botho, ka bohlale o ne a ka hanela batsoali ba hae ka eona.—Mareka 7:9-12.

Empa Jesu o ile a hanyetsa sena ’moho le ‘lineano tse ling tse halalelang’ tsa Bajode, a re: “Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”—Mattheu 15:3-9.

Ha re talima seo Jesu a se boletseng, na kannete Mokreste a ka talima neano leha e le efe ea bolumeli e le e nang le bohlokoa bo lekanang le ba Bibele? Le hanyenyane. Ho sa tsotellehe hore na ke lerato le lengata hakae kapa boikutlo bo bongata hakae tse khomaretseng mokhoa oo, seo Mokreste a amehileng ka sona ke hore na o lumellana le Lentsoe la Molimo kapa che. Ho etsa mohlala, nahana ka lipontšo tse ling tsa neano ea bolumeli tse hlalosoang bukeng ea K’hatholike Liturgy—An Elementary Course, ea María A. Lombillo Clark, T.D. Lineano tsee li bapa joang le seo Bibele e hlileng e se buang?

[Box]

LITURGY LENTSOE LA MOLIMO

“Re bontša borapeli ba rōna ho “Bana, itšabiseng melimo ea

Molimo ka lipontšo tsa bolumeli.” bohata.”—1 Johanne 5:21.

“Molimo ke Moea: ba o

rapelang e ka khona ba

rapele ka moea le

ka ’nete.”—Johanne 4:24.

“Re tsamaea ka tumelo, e seng

ka pono.”—2 Ba-Korinthe 5:7.

“Ke ’na Jehova, ke lona

lebitso la ka, nke ke ka

nea e mong khanya ea ka,

nke ke ka nea litšoantšo

thoko e ntšoanelang.”—Esaia 42:8.

“Re lokela ho etsetsa Moroetsana “U se ke ua iketsetsa

Maria ea Halalelang ka ho Fetisisa, setšoantšo se betliloeng,

mangeloi, le bahalaleli leha e le setšoantšo se

lipontšo tsa bolumeli. le seng sa tse holimo

Empa lipontšo [tse joalo] maholimong, leha e le sa

tsa bolumeli tsa tlotliso . . . tse tlase lefatšeng . . .

qetellong li tla ho Molimo, U se ke ua li khumamela,

ka tsela e tšoanang le eo u, se ke ua li

morena a hlonepshoang ka eona sebeletsa.”—Exoda 20:4, 5.

ha hlonepho neoa a matona hae.”

“’Na, Johanne, . . . ka

itihela ho khumama maotong

a lengeloi . . .

Empa la re ho ’na: Se

etse hoo; . . . Khumamela

Molimo.”—Tšenolo 22:8, 9.

“Molimo o mong feela,

le ’Muelli mahareng a

Molimo le batho

o mong e leng Jesu

Kreste motho.”

—1 Timothea 2:5.

“Sefapano sea hlokahala “Molimo o entseng lefatše

aletareng; ha se le sieo ’Misa le tsohle tse ho lona,

o Halalelang o ke ke oa ketekoa. e leng eena Morena oa

Masela a mararo a aletare, leholimo le oa lefatše,

liluloana tse peli tsa o ke ke oa aha litempeleng

lik’hantlele, le likuku tsa tse entsoeng ka matsoho.”

sakaramente le tsona lia —Liketso 17:24.

hlokahala.”

“Re fela re sa talime tse

bonahalang, re mpa re talima tse sa bonahaleng.”

—2 Ba-Korinthe 4:18.

“La 1 Pulungoana . . . mokete oa “Hase bafu ba ka rokang

Letsatsi la Bahalaleli Bohle. Jehova, leha e le

Letsatsi le Halalelang la meea ba theohelang nģalong

eohle e phelang ka thabo leholimong, e khutsitseng.”—Pesaleme ea 115:17.

leo ka letsatsi le leng e tlang ho ba la rōna.”

“Bafu ha ba tsebe letho leha

le le leng.”—Moeklesia 9:5.

“Moea o mong le o mong o sa

tl’o utloa moprofeta eo o

tla timetsoa.”—Liketso 3:23,

Douay Version.

“Ka thuso ea meea ena [Kereke] “Ho ke ke ha e-ba le

e theile ‘Mokete oa Khopotso ea mosebetsi, leha

bafu ba tšepahalang’ oa la 2 e le monahano, leha e le

Pulungoana. Letsatsing lena bohlale, leha e le tsebo,

baprista ba keteka ’Misa ka liheleng, moo u

makhetlo a mararo e le ho potlakelang teng.”—Moeklesia

bebofatsa litlhokofatso tsa 9:10, Douay Version.

pelekatori ho meea ena e lehlohonolo “U se ke ua bea

le ho potlakisa ho kena ha tšepo ea hao

eona leholimong.” ho [motho;] . . .

o tla khutlela

lefatšeng la habo:

letsatsing leo

mehopolo ea [hae] kaofela

e tla timela.”—Pesaleme

ea 145:2-4, Douay Version.

“Ha re lihella litema, thuto ea

K’hatholike ea pelekatori e

theiloe neanong, e seng Lengolong

le Halalelang.”—New Catholic

Encyclopedia. Moqolo 11, leqephe 1034.

Ho Lokolloa Lineanong Tse Kotsi

Ka hona lineano tse ngata tsa bolumeli tse ratoang ha li khahlise Molimo, kahoo, li kotsi. Empa, ho thahasellisang, moapostola Pauluse o ngotse: “Joale kea le babatsa hobane linthong tsohle . . . le tšoarelletse lineanong hantle joalokaha ke li fetiselitse ho lōna.” (1 Ba-Korinthe 11:2, NW) Leha ho le joalo, lineano tsena e ne e le mekhoa e metle, e molemo e theiloeng Lentsoeng la Molimo—e seng meetlo e se nang thuso, e entsoeng ke batho. Li ne li nka sebaka sa “mofuta o se nang thuso oa boitšoaro o fumanoeng ka neano” oo ba bangata lekholong la pele la lilemo ba neng ba o sebelisa pele ba fetoha Bakreste.—1 Petrose 1:18, NW.

Ka ho tšoanang kajeno, motho ea tšabang Molimo o tlameha ho hlahlobisisa le ho hana neano leha e le efe e ipakang e se ea Mangolo. Ka sebele kamano ea motho le Molimo ke ea bohlokoa haholo ho feta mefuta leha e le efe ea borapeli e entsoeng ke batho! Ke ’nete hore ho hana lineano tseo e seng tsa Mangolo ha ho bonolo ho hang. Hangata ho hloka ho fetola mekhoa ea boitšoaro e theiloeng ka nako e telele. Ka mohlala, mohlankana e mong Colombia o ne a kene ka ho teba neanong ea bolumeli. Ho tloha bongoaneng o ne a e-na le takatso e matla ea ho ba moprista oa K’hatholike. O ne a atisa ho bapala a etsa eka o ‘tšoere ’Misa’ le likhaitseli tsa hae, esita le ho amohela “maipolelo” ho tsona. Lilemo hamorao a khona ho kena sekolong sa ho itokisetsa ho ea seminaring, qetellong a kena univesithing ea K’hatholike. Mono, lineano tsa bolumeli tsa kenngoa ka ho teba bophelong ba hae.

Ka letsatsi le leng, e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela habo. Le hoja batsoali ba hae ba ne ba sa batle ho lumella Paki eo ho itlhalosa, bonyane bo ileng ba buuoa ba khahla mohlankana enoa ea sekametseng bolumeling. Hamorao a lokisetsa ho ithuta Bibele le Paki ena ka lekunutu. Oa hopola: “Takatso ea ka ea sebele e ne e le ho tseba Bibele ka pono ea litaba e fapaneng empa ke sa fetole bolumeli ba ka. Ke ne ke e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Molimo joaloka moprista, ho leka ho hlahisa liphetoho lipelong tsa batho. Ka mor’a ho ithuta Bibele nako e ka etsang khoeli, ha hlaha khohlano ka hare ho ’na, kaha lineano le meetlo tsa bolumeli ba ka li ne li loantšana le litekanyetso tse hlakileng tsa Mangolo.”

Lelapa labo la mo tlisetsa khatello ea hore a khaotse ho ithuta Bibele, ’me qetellong o ile a tlameha ho tloha lapeng. Leha ho le joalo, o re: “Ka mor’a likhoeli tse peli tsa ho ithuta Bibele, ka kholiseha hore ke ne ke fositse haholo, eaba ke tlohela univesithi le mosebetsi oa ka oa botichere kolecheng e ’ngoe ea bolumeli ’me ka inehela boboleling ba ntlo le ntlo. Joale bophelo ba ka bo fetohile esita le mekhoa ea ka e fetohile. Ke ile ka ikutloa ke thabile ka ho khethehileng letsatsing leo le sa lebaleheng leo ka lona ke ileng ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso.” Hona joale mohlankana enoa o sebeletsa ka nako e tletseng ho thusa ba bang ho itokolla lineanong tse hlomphollang Molimo.

Haeba u inehetse ka cheseho neanong ea bolumeli, ho ka ’na ha hlokahala hore le uena u etse liphetoho tse itseng. Hape hopola seo Jesu a kileng a se bolella mosali oa Mosamaria selibeng. Eena le batho ba habo ba ne ba e-na le mokhoa oo ba o hlonephileng ka nako e telele oa ho rapela Molimo Thabeng ea Gerizime. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ’montša hore sena e ne e le neano e se nang thuso, a re: “Mosali, ntumele, nako ea tla, eo le sa tl’o ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema. . . . Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.”—Johanne 4:19-23.

Na u e mong oa ‘bao Ntate a ba batlang’? Na u na le takatso e matla ea ho rapela Molimo ka ’nete? Joale temoso ea moapostola Pauluse ho Ba-Kolosse 2:8 ke e loketseng ka ho fetisisa: “Hlokomelang hore le se lumelle mang kapa mang ho le qhekella ka lifilosofi tsa hae, ka litoro tse se nang thuso tse nkiloeng neanong ea batho.” (The Holy Bible, Ronald A. Knox) Ho e-na le hoo, latela lithuto tsa Bokreste ba ’nete, tse ka u isang bophelong bo sa feleng!—Johanne 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela