Na U Tla Pholoha ha Molimo a Nka Bohato?
“Hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.”—MATHEU 24:22.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho thahasella bokamoso ba rōna ho tloaelehile? (b) E ka ’na eaba thahasello ea tlhaho e ne e ile ea ameha lipotsong life tsa bohlokoahali?
U ITHAHASELLA hakae? Kajeno ba bangata ba fetelletsa ho ithahasella, ba ikhopola ho tlōla. Empa, Bibele ha e nyatse thahasello e loketseng ea se re amang. (Baefese 5:33) Seo se akarelletsa ho thahasella bokamoso ba rōna. Ka hona e ne e tla ba ho tloaelehileng hore u batle ho tseba hore na bokamoso ba hao bo u tšoaretse eng. Na u thahasella ho tseba?
2 Re ka kholiseha hore baapostola ba Jesu ba ne ba e-na le thahasello e joalo ka bokamoso ba bona. (Matheu 19:27) Mohlomong leo e ne e le lebaka ha ba bane ba bona ba ne ba e-na le Jesu Thabeng ea Mehloaare. Ba ile ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ha lintho tsee tsohle li reretsoe ho fihla qetellong?” (Mareka 13:4) Jesu ha aa ka a hlokomoloha thahasello e tloaelehileng mabapi le nako e tlang—thahasello ea bona le ea rōna. Nako le nako o ile a totobatsa hore na balateli ba hae ba ne ba tla ameha joang le hore na phello ea ho qetela e ne e tla ba efe.
3. Ke hobane’ng ha re amahanya karabo ea Jesu le mehla ea rōna?
3 Karabo ea Jesu e ile ea hlalosa boprofeta bo nang le phethahatso e khōlō mehleng ea rōna. Re ka bona sena lintoeng tsa lefatše le likhohlanong tse ling lekholong la rōna la lilemo, litšisinyeho tsa lefatše tse felisang bophelo ba batho ba se nang palo, likhaello tsa lijo tse bakang ho kula le lefu le mafu a seoa—ho tloha ka seoa sa mokakallane oa Spain oa 1918 ho ea ho kotlo ea AIDS ea hona joale. Leha ho le joalo, boholo ba karabo ea Jesu bo ne bo boetse bo e-na le phethahatso e lebisang ho timetsoeng ha Jerusalema ke Baroma ka 70 C.E. bo bile bo e akarelletsa. Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae: “Ha e le lōna, le itlhokomele; batho ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me le tla otloa ka lisynagogeng ’me le emisoe ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona.”—Mareka 13:9.
Seo Jesu a se Boletseng Esale Pele, le se Etsahetseng
4. Karabelo ea Jesu e akarelletsa litemoso life?
4 Jesu ha aa ka a fella feela ka ho bolela esale pele kamoo ba bang ba neng ba tla tšoara barutuoa ba hae kateng. O ile a boela a ba hlokomelisa kamoo ba lokelang ho itšoara kateng. Ka mohlala: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi e eme moo e sa tšoanelang (’mali a a sebelise temoho), joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.” (Mareka 13:14) Tlaleho e tšoanang le eo ho Luka 21:20 e re: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong.” Seo se ile sa ipaka se nepahetse joang phethahatsong ea pele?
5. Ho ile ha etsahala eng har’a Bajuda Judea ka 66 C.E.?
5 The International Standard Bible Encyclopedia (1982) ea re bolella: “Bajuda ba ne ba tsoela pele ho se laolehe ka tlas’a taolo ea Roma ’me balaoli ba ne ba eketsa ho ba mabifi, ho ba khopo le ho se tšepahale. Ho ile ha qhōma borabele bo totobetseng ka A.D. 66. . . . Ntoa e ile ea qala ha Mazealot a hapa Masada ’me joale a le tlas’a Menahem, a macha Jerusalema. Ka nako e tšoanang Bajuda motseng oa ’musisi oa Sesarea ba ile ba bolaoa ka sehlōhō, ’me litaba tsa ketso ena e sehlōhō li ile tsa hasana ho pholletsa le naha ena. Chelete e ncha ea tšepe e ne e ngotsoe Selemo sa 1 ho ea ho Selemo sa 5 sa phetohelo.”
6. Phetohelo ea Bajuda e ile ea hlahisa karabelo efe ea Baroma?
6 Lebotho le Leholo la Sesole la Roma la Bo12 tlas’a Cestius Gallus le ile la macha ho tloha Syria, la ripitla Galilea le Judea, eaba le hlasela motse-moholo, la ba la lula karolong e ka holimo ea “Jerusalema, motseng o halalelang.” (Nehemia 11:1; Matheu 4:5; 5:35; 27:53) Ha o akaretsa liketsahalo, moqolo oa The Roman Siege of Jerusalem o re: “Ka matsatsi a mahlano Baroma ba ile ba leka ho hloa lerako, ba khutlisoa nako le nako. Qetellong basireletsi, ba qetiloe matla ke sefako sa limisaele, ba ile ba tela. A sebelisa testudo—mokhoa oa ho roala lithebe tsa bona lihloohong ho itšireletsa—masole a Roma a ile a cheka lerako ka tlaase ’me a leka ho chesa keiti. Basireletsi ba ile ba tšoaroa ke tšabo e matla.” Bakreste ba neng ba le ka hare ho motse ba ne ba ka hopola mantsoe a Jesu ’me ba lemoha hore ntho e nyonyehang e ne e eme sebakeng se halalelang.a Empa Bakreste ba joalo ba ne ba ka baleha joang, ha motse o lika-likelitsoe, joalokaha Jesu a ne a elelitse?
7. Ha tlhōlo e ne e le haufi le ho finyelloa ka 66 C.E., Baroma ba ile ba etsa’ng?
7 Rahistori Flavius Josephus oa pheta: “Cestius [Gallus], a sa elelloe ho nyahama ha ba thibeletsoeng kapa maikutlo a batho, ka tšohanyetso o ile a re batho ba hae ba cheche, a felloa ke tšepo le hoja a ne a sa hlōloa, ’me a etsa ntho e sa utloisiseheng, a tloha Motseng oo.” (The Jewish War, II, 540 [xix, 7]) Gallus o ne a chechela’ng? Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ho checha ha hae ho ile ha lumella Bakreste ho mamela taelo ea Jesu le ho balehela lithabeng le moo ho sireletsehileng.
8. Karolo ea bobeli ea boiteko ba Baroma khahlanong le Jerusalema e ne e le efe, hona baphonyohi ba ile ba latsoa eng?
8 Ho mamela ho ne ho pholosa bophelo. Kapele Baroma ba ile ba susumelletseha ho felisa phetohelo eo. Letšolo le tlas’a taolo ea Tite, Molaoli oa Mabotho, le ile la fihla sehlohlolong ka ho thibelloa ha Jerusalema ke mabotho ho tloha ka April ho isa ka August 70 C.E. Hoa tšosa ho bala tlhaloso ea Josephus ea kamoo Bajuda ba ileng ba hlokofatsoa kateng. Ntle le ba bolailoeng ha ba loantša Baroma, Bajuda ba bang ba ile ba bolaoa ke lihlopha tse hlōlisanang tsa Bajuda, ’me tlala e khōlō e ile ea baka malimo. Nakong ea tlhōlo ea Baroma, Bajuda ba 1 100 000 ba ne ba shoele.b Ho baphonyohi ba 97 000, ba bang ba ile ba bolaoa hang-hang; ba bang ba ile ba etsoa makhoba. Josephus o re: “Ba ka holimo ho lilemo tse leshome le metso e supileng ba ile ba kenngoa mahlaahlela ’me ba romeloa Egepeta hore ba e’o etsa mosebetsi o boima, ha ba bangata Tite a ile a ba isa liprofinseng hore ba e’o bolaoa ka mabaleng a liketsahalo ka sabole kapa ke libatana.” Esita leha ba ntse ba hlophisoa, batšoaruoa ba 11 000 ba ile ba bolaoa ke tlala.
9. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa ka ba latsoa phello eo Bajuda ba ileng ba e latsoa, empa ke lipotso life tse salang?
9 Bakreste ba ne ba ka leboha hore ebe ba ile ba mamela temoso ea Morena ’me ba baleha motseng pele lebotho la ntoa la Roma le khutla. Kahoo ba ile ba pholoha karolong ea seo Jesu a ileng a se bitsa ‘matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a neng a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela nakong eo, leha e le hore a ne a tla ba teng hape’ Jerusalema. (Matheu 24:21) Jesu o ile a eketsa: “Ha e le hantle, hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” (Matheu 24:22) Seo se ne se bolela’ng ka nako eo, ’me se bolela’ng hona joale?
10. Pele re ne re hlalosa Matheu 24:22 joang?
10 Nakong e fetileng ho ile ha hlalosoa hore “nama e neng e tla pholoha” e ne e le Bajuda ba ileng ba pholoha matšoenyeho a Jerusalema ka 70 C.E. Bakreste ba ne ba balehile, ka hona Molimo o ne a ka lumella Baroma ho tlisa timetso e potlakileng. Ka mantsoe a mang, ka lebaka la ’nete ea hore “bakhethoa” ba ne ba tsoile kotsing, matsatsi a matšoenyeho a ne a ka khutsufatsoa, ho lumella “nama” e ’ngoe ea Bajuda ho pholoha. Ho ile ha e-ba le maikutlo a hore Bajuda ba pholohang ba ne ba tšoantšetsa ba neng ba tla pholoha matšoenyeho a maholo a tlang mehleng ea rōna.—Tšenolo 7:14.
11. Ke hobane’ng ha ho bonahala eka tlhaloso ea Matheu 24:22 e lokela ho hlahlojoa hape?
11 Empa na tlhaloso eo e lumellana le se ileng sa etsahala ka 70 C.E.? Jesu o ile a re “nama” ea batho e ne e tla “pholoha” matšoenyehong ao. Na u ne u tla sebelisa lentsoe “pholoha” ho hlalosa baphonyohi ba 97 000, ha u talima taba ea hore ba likete ba bona ba ile ba e-shoa kapele ka lebaka la tlala e khōlō kapa la ho bolaeloa ka lebaleng la liketsahalo? Josephus o re ka lebala le leng la liketsahalo, Sesarea: “Palo ea ba ileng ba e-shoa ha ba loana le libatana kapa ha ba loantšana kapa ha ba chesoa ba ntse ba phela e ne e feta 2 500.” Le hoja ba sa ka ba shoela thibellong, ho hang ba ne ba sa “pholoha.” Joale na Jesu o ne a tla ba nka ba tšoana le baphonyohi ba thabileng ba “matšoenyeho a maholo” a tlang?
Nama e Ileng ea Pholoha—Joang?
12, 13. “Bakhethoa” ba lekholong la pele la lilemo bao Molimo a neng a ba thahasella ke bo-mang?
12 Ka 70 C.E., Molimo o ne a se a sa talime Bajuda ba tsoalo e le batho ba hae ba khethiloeng. Jesu o ile a bontša hore Molimo o ne a hanne sechaba seo ’me o ne a tla lumella hore motse-moholo oa sona, tempele le tsamaiso ea bolumeli li fele. (Matheu 23:37–24:2) Molimo o ile a khetha sechaba se secha, Iseraele ea moea. (Liketso 15:14; Baroma 2:28, 29; Bagalata 6:16) E ne e entsoe ka banna le basali ba khethiloeng lichabeng tsohle ’me ba tlotsitsoe ka moea o halalelang. (Matheu 22:14; Johanne 15:19; Liketso 10:1, 2, 34, 35, 44, 45) Lilemo tse itseng pele ho tlhaselo ea Cestius Gallus, Petrose o ile a ngolla “ba khethiloeng ho ea ka ho tseba esale pele ha Molimo Ntate, ka ho halaletsoa ka moea.” Bao ba tlotsitsoeng ka moea e ne e le “morabe o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang.” (1 Petrose 1:1, 2; 2:9) Molimo o ne a tla nkela bao ba khethiloeng leholimong ho ea busa le Jesu.—Bakolose 1:1, 2; 3:12; Tite 1:1; Tšenolo 17:14.
13 Ho tsebahatsoa hona ha bakhethoa hoa thusa, kaha Jesu o boletse esale pele hore matsatsi a matšoenyeho a ne a tla khutsufatsoa “ka lebaka la bakhethoa.” (Matheu 24:22) Na ho na le se ileng sa etsahala se ileng sa tsoela Bakreste ba khethiloeng ba neng ba thibeletsoe Jerusalema molemo kapa sa e-ba ‘molemong oa’ bona?
14. “Nama” e ile ea pholoha joang ha lebotho la ntoa la Baroma ka tšohanyetso le checha Jerusalema ka 66 C.E.?
14 Hopola hore ka 66 C.E., Baroma ba ile ba pholletsa le naha, ba lula Jerusalema e ka holimo, ’me ba qala ho cheka lerako ka tlaase. Josephus oa hlalosa: “Hoja feela o ne a ile a tiisetsa thibellong nakoana e eketsehileng a ka be a ile a hapa Motse hang-hang.” Ipotse, ‘Ke hobane’ng ha lebotho la ntoa le matla la Roma ka tšohanyetso le ne le ka furalla letšolo leo ’me “ka mabaka a sa utloisiseheng” la checha?’ Rupert Furneaux, setsebi sa ho hlalosa histori ea mabotho a ntoa, oa hlalosa: “Ha ho rahistori ea ileng a atleha ho fana ka lebaka leha e le lefe le utloahalang la qeto ea Gallus e makatsang le e tšosang.” Ho sa tsotellehe lebaka, phello e bile hore matšoenyeho a ile a khutsufatsoa. Baroma ba ile ba checha, le Bajuda ba ba hlasela ha ba tsamaea. Ho thoe’ng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba “bakhethoa” ba neng ba thibeletsoe? Ho tlosoa ha thibello ho ile ha bolela hore ba pholohile polaong efe kapa efe e neng e sokela nakong ea matšoenyeho ao. Kahoo, Bakreste bao ba ileng ba rua molemo tabeng ea ho khutsufatsoa ha matšoenyeho ka 66 C.E. e bile “nama” e ileng ea pholoha e boletsoeng ho Matheu 24:22.
Bokamoso ba Hao bo Tšoere Eng?
15. Ke hobane’ng ha u ne u ka re Matheu khaolo ea 24 e lokela ho ba e thahasellisang ka ho khethehileng mehleng ea rōna?
15 E mong a ka ’na a botsa, ‘Ke hobane’ng ha ka ho khetheha ke lokela ho thahasella kutloisiso ee e hlakisitsoeng ea mantsoe a Jesu?’ Ha e le hantle, ho na le mabaka a lekaneng a ho fihlela qeto ea hore boprofeta ba Jesu bo ne bo lokela ho ba le phethahatso e khōloanyane, e fetang se ileng sa etsahala ho fihlela ka 70 C.E. le ho e akarelletsa.c (Bapisa le Matheu 24:7; Luka 21:10, 11; Tšenolo 6:2-8.) Ka mashome a lilemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela hore phethahatso e ka sehloohong e etsahalang mehleng ea rōna e tiisa hore re ka lebella tekanyo e khōlō ea “matšoenyeho a maholo” a larileng ka pele. Nakong ea ’ona, mantsoe a boprofeta a ho Matheu 24:22 a tla phethahala joang?
16. Tšenolo e fana ka ’nete efe e khothatsang mabapi le matšoenyeho a maholo a atamelang?
16 Hoo e ka bang lilemo tse 20 ka mor’a matšoenyeho a Jerusalema, moapostola Johanne o ile a ngola buka ea Tšenolo. E ile ea tiisa hore matšoenyeho a maholo a larile ka pele. ’Me, ka ho thahasella se re amang ka borōna, re ka ’na ra imoloha ho tseba hore Tšenolo ka boprofeta e re tiisetsa hore nama ea batho e tla pholoha matšoenyeho ana a maholo a tlang. Johanne o ile a bolela esale pele ka ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.’ Ke bo-mang? Lentsoe le tsoang leholimong lea arabela: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo.” (Tšenolo 7:9, 14) E, e tla ba baphonyohi! Tšenolo e boetse e re fa temohisiso ea hore na lintho li tla etsahala joang matšoenyehong a maholo a tlang le hore na Matheu 24:22 e tla phethahala joang.
17. Karolo e qalang ea matšoenyeho a maholo e tla akarelletsa eng?
17 Karolo e qalang ea matšoenyeho ana e tla ba tlhaselo ea seotsoa sa tšoantšetso se bitsoang “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 14:8; 17:1, 2) Se emela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ka Bokreste-’mōtoana e le bona bo molato ka ho fetisisa. Ho ea ka mantsoe a Tšenolo 17:16-18, Molimo o tla kenya lipelong tsa mekha ea lipolotiki hore e hlasele seotsoa sena sa tšoantšetso.d Nahana hore na tlaselo eo e tla hlaha joang ho “bakhethoa” ba Molimo ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona, “bongata bo boholo.” Ha tlhaselo ena e senyang ea bolumeli e tsoela pele, ho ka ’na ha bonahala eka e tla felisa mekhatlo eohle e hlophisitsoeng ea bolumeli, ho akarelletsa le batho ba Jehova.
18. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha bonahala eka ha ho “nama” e tla pholoha karolo e qalang ea matšoenyeho a maholo?
18 Mona ke moo mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu 24:22 a tlang ho phethahala ka tekanyo e khōlō. Joalokaha ho ne ho bonahala eka bakhethoa ba ne ba le kotsing Jerusalema, ho ka ’na ha bonahala eka bahlanka ba Jehova ba kotsing ea ho felisoa nakong ea tlhaselo ea bolumeli, joalokaha eka tlhaselo eo e tla felisa “nama” eohle ea batho ba Molimo. Empa, a re hopoleng se ileng sa etsahala morao koana ka 66 C.E. Matšoenyeho a ileng a bakoa ke Baroma a ile a khutsufatsoa, a lumella bakhethoa ba Molimo ba tlotsitsoeng monyetla o moholo oa ho baleha le ho lula ba phela. Kahoo, re ka kholiseha hore tlhaselo e senyang bolumeli e ke ke ea lumelloa ho bolaea phutheho ea lefatše lohle ea barapeli ba ’nete. E tla tsoela pele kapele, joalokaha eka ke ka “letsatsi le le leng.” Leha ho le joalo, ka tsela e itseng, e tla khutsufatsoa, e ke ke ea lumelloa ho phetha morero oa eona, e le hore batho ba Molimo ba ka “pholoha.”—Tšenolo 18:8.
19. (a) Ka mor’a karolo ea pele ea matšoenyeho a maholo, ho tla totobala eng? (b) See se tla lebisa ho eng?
19 Ka mor’a moo mekha e meng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane Diabolose oa lefatšeng e tla tsoela pele ka nako e itseng, e llela ho se hlole e sebelisana le nyatsi ea eona ea khale ea bolumeli. (Tšenolo 18:9-19) Mothating o itseng, e tla hlokomela hore bahlanka ba Molimo ba ’nete ba setse, ‘ba lutse ba iketlile, ba lutse ho se marako’ ’me ba bonahala eka ba ka hlaseleha habonolo. Ba tla makala hakaakang! Molimo ha a arabela tlhaselong ea sebele kapa e behang bahlanka ba hae kotsing, o tla ema ho ahlola lira tsa hae karolong ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo.—Ezekiele 38:10-12, 14, 18-23.
20. Ke hobane’ng ha karolo ea bobeli ea matšoenyeho a maholo e ke ke ea beha batho ba Molimo kotsing?
20 Karolo ena ea bobeli ea matšoenyeho a maholo e tla tšoana le se ileng sa etsahalla Jerusalema le baahi ba eona tlhaselong ea bobeli ea Baroma ka 70 C.E. A tla ipaka ho ba “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela [ka nako eo], che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Leha ho le joalo, re ka lula re kholisehile hore bakhethoa ba Molimo le metsoalle ea bona ba ke ke ba e-ba sebakeng se kotsi, ba ba kotsing ea ho bolaoa. E, ba tla be ba sa balehela sebakeng se itseng. Bakreste ba lekholo la pele la lilemo Jerusalema ba ne ba ka baleha motseng oo ba ea sebakeng se lithaba, se kang Pella ka mose ho Jordane. Leha ho le joalo, nakong e tlang Lipaki tsa Molimo tse tšepahalang li tla be li le hohle lefatšeng, ka hona poloko le tšireletseho li ke ke tsa thehoa sebakeng se itseng.
21. Ke mang ea tla loana ntoeng ea ho qetela, hona ka phello efe?
21 Timetso e ke ke ea etsoa ke mabotho a ntoa a Baroma kapa kofuto leha e le efe ea batho. Ho e-na le hoo, buka ea Tšenolo e hlalosa mabotho a ntoa a lihang likahlolo e le a tsoang leholimong. E, karolo eo ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo ha e na ho phethoa ke lebotho leha e le lefe la ntoa la batho, empa e tla phethoa ke “Lentsoe la Molimo,” Morena Jesu Kreste, a thusoa ke ‘mabotho a ntoa a leng leholimong,’ ho akarelletsa le Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsositsoeng. “Morena oa marena le Khosi ea likhosi” o tla liha kahlolo e feletseng ho feta eo Baroma ba ileng ba e liha ka 70 C.E. E tla felisa batho bohle ba hanyetsang Molimo—marena, balaoli ba sesole, batho ba lokolohileng le makhoba, ba banyenyane le ba baholo. Esita le mekhatlo ea batho ba lefatše la Satane e tla fela.—Tšenolo 2:26, 27; 17:14; 19:11-21; 1 Johanne 5:19.
22. “Nama” e tla pholoha ka kutloisiso efe e ’ngoe?
22 Hopola hore “nama,” ea masala a batlotsuoa le ea “bongata bo boholo,” e tla be e se e ile ea pholoha ha Babylona e Moholo e timela ka potlako le ka ho feletseng karolong ea pele ea matšoenyeho ana. Ka ho tšoanang karolong ea ho qetela ea matšoenyeho ana, “nama” e balehetseng ka lehlakoreng la Jehova e tla pholoha. Sena se tla fapana hakaakang le phello ea Bajuda ba marabele ka 70 C.E.!
23. “Nama” e pholohang e ka lebella eng?
23 Ha u nahana ka se ka ’nang sa etsahala ka bokamoso ba hao le se ka ’nang sa etsahalla baratuoa ba hao, hlokomela se tšepisitsoeng ho Tšenolo 7:16, 17: “Ha ba na ho hlola ba lapa leha e le ho nyoroa, leha e le hore letsatsi le tla ba bataola kapa mocheso leha e le ofe o tlabolang, hobane Konyana, e leng har’a terone, e tla ba lisa, ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo. ’Me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” Ruri, hoo ka sebele ke ho “pholoha” ka kutloisiso e hlollang le ea ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Josephus o re: “Ha Tite a kena o ile a makatsoa ke ho tiea ha motse ona . . . O ile a re ka lentsoe le phahameng: ‘Molimo o bile ka lehlakoreng la rōna; ke Molimo ea ntšitseng Bajuda liqhobosheaneng tsena; hobane matsoho a batho kapa lisebelisoa a ne a ka etsa’ng khahlanong le litora tse joalo?’”
c Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1994, leqepheng la 11 le la 12, le chate e leqepheng la 14 le la 15, e behileng karabo ea Jesu ea boprofeta e fumanoang ho Matheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21, likarolong tse bapileng.
d Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 235-58, e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Tlhaselo ea mabotho a ntoa a Baroma Jerusalema e ne e e-na le likarolo life tse peli?
◻ Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha se ke ha etsahala hore ebe baphonyohi ba Bajuda ba 97 000 ka 70 C.E. ba ne ba entsoe ka “nama” e boletsoeng ho Matheu 24:22?
◻ Matsatsi a matšoenyeho a Jerusalema a ile a khutsufatsoa joang, hona “nama” e ile ea pholoha joang ka tsela eo?
◻ Matšoenyehong a maholo a atamelang, matsatsi a tla khutsufatsoa joang ’me “nama” e tla pholoha joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Chelete ea tšepe ea Bajuda e entsoeng ka mor’a phetohelo. Mongolo oa Seheberu o re “Selemo sa bobeli,” ho bolelang 67 C.E., selemo sa bobeli sa boipuso ba bona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Chelete ea tšepe ea Baroma e entsoeng ka 71 C.E. Ka ho le letšehali ke Moroma ea hlometseng; ka ho le letona ke mosali oa Mojuda ea siameng. Mantsoe “IVDAEA CAPTA” a bolela “Judea e Hapiloeng”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.