Na u sa hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, u tla ho fumana ho thahasellisa ho hopola lintlha tse latelang:
◻ Lentsoe la Segerike pa·rou·si’a le sebelisitsoeng ho Matheu 24:3, 27, 37, 39 le bolela eng?
Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine e re: “PAROUSIA . . . e bolela ho fihla le ho ba teng ho ho latelang.” Kahoo, hase feela nako ea ho fihla empa ho ba teng ho tloha nakong ea ho fihla ho ea pele.—8/15, leqepheng la 11.
◻ ‘Matsatsi ao a ile a khutsufatsoa’ joang hore “nama” e ka pholoha lekholong la pele la lilemo, ’me sena se tla etsahala ka tekanyo e khōloanyane joang? (Matheu 24:22)
Ka 66 C.E., ka tšohanyetso Baroma ba ile ba khutsufatsa ho thibella ha bona Jerusalema, ba neha “nama” ea Bakreste sebaka sa ho baleha. Ka mokhoa o tšoanang, re ka lebella hore tlhaselo e tlang ea Babylona e Moholo e tla khutsufatsoa ka tsela e itseng. Kahoo Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ba tla bolokoa timetsong e tla etsahala.—8/15, leqepheng la 18-20.
◻ Re lokela ho itšoara joang haeba motho a qala ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso kapa a khaotsa ho etsa joalo?
Ha ho hlokahale hore Mokreste leha e le ofe e mong a tšoenyehe. Jesu o itse: “Ke ’na molisa ea khabane, ’me ke tseba linku tsa ka.” Ka kholiseho eohle, Jehova o tseba bao a hlileng a ba khethileng e le bara ba hae ba moea. (Johanne 10:14; Baroma 8:16, 17)—8/15, leqepheng la 31.
◻ Morero o ka sehloohong oa Molao oa Moshe e ne e le ofe?
Ka ho khetheha, o ne o ruta Baiseraele hore ba hloka Mesia, ea neng a tla ba lopolla boemong ba bona ba boetsalibe. (Bagalata 3:24) Molao o boetse oa ruta ka tšabo ea bomolimo le ho mamela, ’me o ile oa thusa Baiseraele ho ipoloka ba arohile mekhoeng e litšila ea lichaba tse ba potolohileng. (Levitike 18:24, 25)—9/1, leqepheng la 9.
◻ Morero oa selekane se secha ke ofe? (Jeremia 31:31-34)
Ke ho hlahisa sechaba sa marena le baprista se tla hlohonolofatsa moloko oohle oa batho. (Exoda 19:6; 1 Petrose 2:9; Tšenolo 5:10)—9/1, leqepheng la 14, 15.
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho itloaetsa ho ba ba tsebang ho kōpa tšoarelo?
Ho kōpa tšoarelo ho ka thusa ho fokotsa bohloko bo bakoang ke ho se phethahale, ’me ho ka lokisa likamano tse senyehileng. Lekhetlo ka leng leo ka lona re kōpang tšoarelo re ithuta boikokobetso ’me hoo ho re koetlisetsa ho ameha haholoanyane ka maikutlo a ba bang.—9/15, leqepheng la 24.
◻ Na Moroallo o akaretsang oa mehleng ea Noe ke histori ea ’nete?
E. Litlaleho tsa boholo-holo tse phetang taba ea moroallo o akaretsang li fumaneha hohle lefatšeng, ho tloha linaheng tsa Amerika Leboea le Amerika Boroa ho ea Australia. Ho ata ho teng ha taba ena ho phaella ho tšehetseng ’nete ea hore moroallo oa lefatše lohle o ile oa e-ba teng, joalokaha o tlalehiloe ka Bibeleng. (Genese 7:11-20)—9/15, leqepheng la 25.
◻ Ke eng se amehang tabeng ea ho amohela baeti ka mofuthu? (Baroma 12:13)
“Kamohelo e mofuthu ea baeti” e fetoletsoe lentsoeng la Segerike le entsoeng ka mantsoe a mabeli a motheo a bolelang “lerato” le “osele.” Kahoo, ka ho khetheha kamohelo e mofuthu ea baeti e bolela “lerato la basele.” Empa ho akaretsa ho fetang feela lerato le thehiloeng molao-motheong, le bontšoang ka lebaka la boikutlo ba ho ikarabella. Le thehiloe holim’a lerato la sebele, boikutlo bo mofuthu le botsoalle.—10/1, leqepheng la 9.
◻ Taba e ka sehloohong ea Pauluse mabapi le lenyalo le bosoha lengolong la hae la pele ho Bakorinthe, khaolong ea 7, ke efe?
Lenyalo le lumeletsoe ka molao ’me, tlas’a maemo a itseng, le molemo ho ba bang. Leha ho le joalo, ho ke ke ha latoloa hore bosoha bo molemo bakeng sa monna kapa mosali oa Mokreste ea batlang ho sebeletsa Jehova a e-na le litšitiso tse seng kae.—10/15, leqepheng la 13.
◻ Ke joang moholo a ‘lokisetsang hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae’? (1 Timothea 5:8)
Moholo o lokela ho ‘lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae’—mosali oa hae hammoho le bana—nameng, moeeng le maikutlong.—10/15, leqepheng la 22.
◻ Jehova o fana ka matšeliso joang ho bahlanka ba hae?
Moea o halalelang oa Molimo o sebetsa joaloka “motšelisi.” (Johanne 14:16, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Tsela e ’ngoe eo Molimo a fanang ka matšeliso ka eona ke ka Bibele. (Baroma 15:4) Molimo o tseba litlhoko tsa rōna ka bomong ’me a ka re sebelisa ho tšelisana, joalokaha Pauluse a ile a fumana matšeliso tlalehong ea Tite ka Bakorinthe. (2 Bakorinthe 7:11-13)—11/1, leqepheng la 10, 12.
◻ Tlhaloso ea Pauluse e fumanoang ho 2 Bakorinthe 1:3 ea hore Jehova ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo” e fana ka maikutlo afe?
Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “mehauhelo e bonolo” le tsoa lentsoeng le sebelisitsoeng ho bontša ho utloisoa bohloko ke litlhokofatso tsa e mong. Kahoo Pauluse o hlalosa maikutlo a bonolo a Molimo bakeng sa bahlanka bohle ba Hae ba tšepahalang ba leng matšoenyehong.—11/1, leqepheng la 13.
◻ Ke eng se ileng sa finyelloa ke ho itima lijo ha Baiseraele Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo? (Levitike 16:29-31; 23:27)
Ho itima lijo ho ne ho susumelletsa Baiseraele ho ela hloko haholoanyane boetsalibe ba bona le tlhokahalo ea topollo. Ka ho etsa joalo ba ne ba boetse ba bontša masoabi bakeng sa libe tsa bona hammoho le pako ka pel’a Molimo.—11/15, leqepheng la 5.
◻ Taelo eo ho fanoeng ka eona e lebisitsoeng ho bacha: “Hopola ’Mōpi oa hao,” e fana ka maikutlo afe? (Moeklesia 12:1, BPN)
Mohloli o mong oa boitsebiso o bolela hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “hopola” hangata le bolela “boikutlo bo mofuthu ba kelello le ketso e tsamaeang le ho hopola.” Kahoo ho ela taelo ena hloko ho bolela ho fetang feela ho nahana ka Jehova. Ho akarelletsa ketso, ho etsa se mo thabisang.—12/1, leqepheng la 16.