Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 1/1 leq. 13
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Kreste e le Morena, o Tla Ahlola Linku le Lipoli
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bophelo ba Mehleng ea Bibele​—Molisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 1/1 leq. 13

RE U LOME TSEBE?

Lentsoe “leqhalaha” le bolela’ng ka Bibeleng?

Baassyria ba lokolla leqhalaha

Setšoantšo sa ha Baassyria ba lokolla leqhalaha

Ka linako tse ling lentsoe lena le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka monna ea faotsoeng. Mehleng ea Bibele, banna ba bang ba ne ba ahloloa ka hore ba faoloe kapa ba isoe bokhobeng. Banna ba faotsoeng ba tšeptjoang ba ne ba fuoa mosebetsi oa ho okamela matlo a mafumahali. Ka mohlala, Hegai le Shashagaze bao e neng e le maqhalaha ba ne ba sebetsa e le bahlokomeli ba basali le lirethe tsa Morena Assueruse oa Persia, eo ho lumeloang hore e ka ’na eaba ke Xerxese I.—Esthere 2:3, 14.

Leha ho le joalo, hase banna bohle ba faotsoeng bao Bibele e reng ke maqhalaha. Litsebi tse ling li re lentsoe leo le ne le boetse le sebelisoa ho mohlanka ea filoeng mosebetsi lekhotleng la morena. Ho bonahala hore lentsoe lena le sebelisitsoe ka moelelo oo ho Ebede-meleke, eo e neng e le motsoalle oa Jeremia, le ho monna oa Moethiopia eo moevangeli Filipi a ileng a buisana le eena ka Bibele. Ho ka etsahala hore Ebede-meleke e ne e le mohlanka ea boemong bo phahameng, kaha o ne a khona ho buisana ka ho toba le MorenaTsedekia. (Jeremia 38:7,8) Bibele e re leqhalaha la Moethiopia e ne e le mookameli oa matlotlo ’me o ne a “ile Jerusalema ho rapela.”—Liketso 8:27.

Ke hobane’ng ha balisa ba mehleng ea Bibele ba ne ba arola linku ho lipōli?

Molisa le mohlape oa linku

Ha Jesu a hlalosa kahlolo e tlang o ile a re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ... o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli.” (Matheu 25:31, 32) Ke hobane’ng ha balisa ba ne ba arola liphoofolo tsee?

Ka tloaelo, linku le lipōli li ne li fula hammoho naheng. Mantsiboea li ne li koalloa hore li se ke tsa hlaseloa ke libatana, tsa utsuoa kapa tsa bolaoa ke serame. (Genese 30:32, 33; 31:38-40) Empa linku le lipōli li ne li koalloa masakeng a fapaneng e le ho sireletsa linku tse tšehali le likonyana hore li se ke tsa lemala ha lipōli li qhoebeshana. Buka e bitsoang All Things in the Bible e bontša hore molisa o ne a boetse a arola linku ho lipōli ha “li neheloa, li hangoa le ha li kutoa.” Ka hona, Jesu o ile a etsa papiso ka lintho tseo batho ba Iseraele ea boholo-holo ba neng ba tloaetse ho li bona le ho li etsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela