Ho Fela ha Bofutsanea ho Atametse
JESU o ne a bolela eng ha a ne a re: “Ka mehla le na le mafutsana”? (Matheu 26:11) Na o ne a bolela hore bofutsana bo ne bo tla ba teng ka ho sa feleng, ho se tharollo leha e le efe?
Jesu o ne a tseba hore hafeela tsamaiso ena e teng ea lintho e ntse e busa, bofutsana bo tla ’ne bo be teng. O ne a tseba hore bo ke ke ba felisoa ka ho feletseng ke mofuta leha e le ofe oa puso ea batho kapa tsamaiso leha e le efe ea moruo kapa ea sechaba. ’Me tlaleho ea histori e paka sena.
Ho theosa le lilemo tse likete tsa histori ea motho, ho ’nile ha lekoa mofuta o mong le o mong oa puso le mofuta o mong le o mong oa tsamaiso ea moruo le ea sechaba, empa bofutsana bo ntse bo le teng har’a rōna. Ka sebele, ho sa tsotellehe khatelo-pele likarolong tse kang tsa saense, indasteri le bongaka, ’nete e ke keng ea qojoa ke hore lefatšeng ka bophara lenane la batho ba qabeletsoeng ke bofutsana le ntse le eketseha.
Jesu o ne a hlokometse hantle lisosa tse ngata tse bakang bofutsana, tse kang tlala, komello, litlhaselo tsa mabotho a sera, bobolu ba puso, tsamaiso e mpe ea moruo, khatello ea mafutsana le ba fokolang e etsoang ke barui le ba matla, likotsi le ho kula, ho shoa ha banna ba sieang likhutsana le bahlolohali ba futsanehile. Ho feta moo, o ne a tseba hore batho ba ka ipakela le ho bakela ba malapa a bona bofutsana ka ho tloaela mekhoa e mebe e kang ea ho ba botsoa, ho tahoa, ho bapala papali ea chelete le ho lemalla lithethefatsi.
Kahoo ha Jesu a ne a re “ka mehla le na le mafutsana,” o ne a bolela hore ho felisa bofutsana ho ka nģ’ane ho matla a mekhatlo leha e le efe ea lefatše. O ne a bolela hore hafeela tsamaiso ena ea lintho e busang e ntse e le teng, ho tla ’ne ho be le mafutsana.
Le hoja bothata ba bofutsana e le ba khale, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore Jesu kapa eena Ntate oa hae oa leholimo ba ne ba sa utloele mafutsana bohloko. Leha e le hore re lokela ho etsa qeto ea hore mantsoe a Jesu a bolela hore bofutsana bo ke ke ba fela. Sena se hlakisoa ke seo Bibele e se buang tabeng ena.
Bofutsana le Molao oa Moshe
Ka mohlala, nahana ka Molao oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele ea boholo-holo ka Moshe. Tokisetso e ’ngoe ea Molao e ne e le hore lelapa la Moiseraele e mong le e mong le fuoe lefa naheng ea Kanana. (Deuteronoma 11:8-15; 19:14) Mekhelo feela e ne e le Balevi, ba neng ba sa abeloe letho. Ho e-na le hoo, ha ho talingoa mosebetsi oa bona o khethehileng tempeleng, ba ne ba phela ka ho amohela karolo ea leshome ea se behoang ke naha.—Numere 18:20, 21, 24.
Ho feta moo, melao ea lefa tlas’a Molao oa Moshe e ne e tiisa hore tšimo e tla tsoela pele ho ba ea lelapa kapa moloko oo e o fuoeng. (Numere 27:8-11) Esita le haeba monna a ile a rekisa tšimo ea hae, mong’a eona e mocha o ne a ka e sebelisa ha nakoana feela. Ka mor’a nakoana tšimo e ne e tla khutlisetsoa ho ba lelapa le ileng la e rekisa.
Bakeng sa ba neng ba futsanehisitsoe ke mabaka a sa tšoaneng, a kang a ho hlōloa ke masimo a bona kapa ho sebelisa maruo a bona habohlasoa, Molao o ne o fana ka tumello ea hore ba khoahlapise lijo masimong, lirapeng tsa litholoana le masimong a merara a ba bang. (Levitike 23:22) Ho feta moo, Moiseraele ea hlokang o ne a ka alima chelete ntle le tefiso ea tsoala. Ka sebele, moea oa ho fana ka seatla se bulehileng o ne o lokela ho bontšoa ho mafutsana.—Exoda 22:25.
Jesu o ne a Tsotella Mafutsana
Lilemo tse makholo hamorao ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a tsoela pele ho bontša moea oa ho fana ka seatla se bulehileng oo a neng a ithutile oona ho Ntate oa hae, Jehova. Jesu o ile a bontša thahasello ea botho ho ba neng ba futsanehile nameng. Eena le barutuoa ba hae ba ne ba e-na le lebokose la chelete eo ba neng ba e fa Baiseraele ba hlokang.—Johanne 12:5-8.
Ka mor’a hore Jesu a bolaoe, Bakreste ba ile ba bontša kameho e tšoanang ka mafutsana ha ba ne ba fana ka thuso ea lintho tse bonahalang haholo-holo ho bara le barali babo bona ba moea ba futsanehileng haholoanyane. (Baroma 15:26) Bakreste ba ’nete kajeno ba bontšana kameho e lerato joalo.
Ke ’nete hore le hoja Bibele e bontša kutloelo-bohloko ho ba maemong a hatellang, e nyatsa bao, ha e le hantle, ‘ba jang nama ea bona’ ka lebaka la botsoa. (Moeklesia 4:1, 5, NW) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Haeba leha e le mang a sa batle ho sebetsa, le se ke la mo lumella leha e le ho ja.” (2 Bathesalonika 3:10) Ka tsela e tšoanang, ba hafotsang chelete ea bona mekhoeng e kang ea tšebeliso ea lithethefatsi, koae, kapa ho lemalla joala ba ka ’na ba iphumana ba futsanehile. Ena ke phello ea liketso tsa bona tse mpe; ha e le hantle ‘ba kotula seo ba se jetseng.’—Bagalata 6:7.
Tšireletseho Hona Joale
Bibele e bontša hore Molimo o thahasella ka ho khetheha maemo a ba ikitlaelletsang ho etsa thato ea hae. Ka mohlala, ho Pesaleme ea 37:25, Davida o re: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.” Ba sekametseng ho lokeng ha ba tšepisoe maruo, empa mona ho bontšoa hore Molimo o ne a tla hlokomela hore ba na le lintho tse bonahalang tse lekaneng ho ba boloka ba ntse ba phela. ’Me temana ea 28 pesalemeng eona eo e re: “Jehova o rata ho loka, ’me ha a tlohele bakhethoa ba hae.”
Jesu o entse ho fetang feela ho bontša kameho ka mafutsana ka ho a thusa ka lintho tse bonahalang nakong ea bophelo ba hae lefatšeng. O ile a a tiisetsa hore hafeela a ntse a leka ho etsa thato ea Molimo, Molimo o tla hlokomela hore bonyane litlhoko tsa ’ona tsa motheo lia fumaneha, hona joale le nakong e tlang. Jesu o ile a bolela se latelang:
“Talimang ka hloko linonyana tsa leholimo, hobane ha li jale peō kapa ho kotula kapa ho bokellela matlung a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntate oa lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta? . . . Hape, tabeng ea liaparo, ke hobane’ng ha le tšoenyeha? Ithuteng ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha li sehle, leha e le hore lia ohla; empa ke re ho lōna esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena. Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, tse leng teng kajeno ’me hosasane li lahleloa ka ontong, na ho e-na le hoo ha a na ho apesa lōna haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane? Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja eng?’ kapa, ‘Re tla noa eng?’ kapa, ‘Re tla apara eng?’ . . . Etsoe Ntate oa lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”—Matheu 6:26-32.
Jesu o ile a qetella ka ho phehella balateli ba hae: “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso [oa Molimo] pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Ee ke khothatso e molemo hakaakang ho ba futsanehileng empa ba batla ho etsa thato ea Molimo! Hape, hlokomela hore Jesu o ile a bontša hore ’Muso oa Molimo e ne e lokela ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba balateli ba hae. Jesu o ne a tseba hore ha ’Muso oa Molimo oa leholimo o nka taolo e feletseng holim’a lefatše, ke nakong eo—’me e le nakong eo feela—bofutsana bo neng bo tla fela ka ho feletseng.
Ha bo na ho ba le Rōna ka ho sa Feleng
Kahoo, Jesu o ile a fana ka tšepo e babatsehang bakeng sa nako e tlang. Ka hona ha a ne a re “ka mehla le na le mafutsana,” o ne a bua ka bophelo ba tsamaiso ena ea lintho e busang hona joale. O ne a sa bue ka bophelo ba nako e tlang tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo oa leholimo. Bibele e bolela esale pele: “Mafutsana a ke ke a leballoa ruri, tšepo ea bahlōphehi e ke ke ea fetoha lefeela.” (Pesaleme ea 9:19, BPN) ’Me joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo, Kreste Jesu ha a na ho mamella motho leha e le ofe ea lekang ho tlatlapa kapa ho hatella ba bang.
Jesu o ile a etsa hore ho busa ha ’Muso oa Molimo oa leholimo e be sehlooho se seholo sa thuto ea hae. (Matheu 4:17) Tlas’a puso ea ’Muso, maemo a lefatšeng a tla bontša, kapa a tšoane le maemo a leholimong. Ke ka lebaka leo a ileng a ruta balateli ba hae ho rapela Molimo: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:10.
Seo se tla etsahala joang? Morero oa Molimo ke hore a felise tsamaiso eohle ea lintho e busang hona joale lefatšeng ’me a e nkele sebaka ka puso ea ’Muso oa hae oa leholimo. Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo re: “Empa mehleng ea marena ao [a teng hona joale], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng [ha ho sa tla ba le puso ea motho]; o tla robaka o felise mebuso [e teng] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
Joale, lefatšeng le lecha tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, lefatše lohle le tla fetoha paradeise ea khora, e se nang leha e le moneketsela oa bofutsana. Hlokomela boprofeta bo bong ba Bibele mabapi le maemo a tlang ho ba teng nakong eo:
“Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela . . . mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, mokete oa lijo tse hlabosang.” (Esaia 25:6) “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” (Pesaleme ea 72:16) “Likhohola li tla ba teng tsa mahlohonolo. Sefate se naheng se tla beha litholoana tsa sona, lefatše le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ea bona.” (Ezekiele 34:26, 27) “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.” (Pesaleme ea 67:6) “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma.”—Esaia 35:1.
Ho feta moo, Mikea 4:4 ea tšepisa: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.” Bohle ba tla ba le matlo a bona: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng.” (Esaia 65:21, 22) Hase ho makatsang hore Jesu o ne a ka tšepisa ba lumelang lithuto tsa hae hore: “[Le] tla ba le ’na Paradeiseng”!—Luka 23:43.
E, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le ruta ka ho hlakileng hore bofutsana bo tla fela ka ho feletseng. ’Me nako eo e atametse, kaha boprofeta ba Bibele bo bontša hore hona joale lefatše lena le “matsatsing a [lona] a ho qetela,” le feta tlas’a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5, 13) Haufinyane tsamaiso ena ea lintho ea hona joale e tla tlosoa ka ho sa feleng ’me bofutsana bo tla fotholoa ka metso—eseng ka boiteko ba batho empa ka ho kenella ha Molimo litabeng. Morena Jesu Kreste “o tla lopolla mohloki ea llang ho eena, le mohlōphehi ea hlokang mothusi. Ea fokolang le ea hlokang o tla ba utloela bohlōkō, a pholose bophelo ba mafutsana.”—Pesaleme ea 72:12, 13, BPN.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lefatšeng le lecha la Molimo, ho tla ba le matlo a matle le khora ea lijo bakeng sa bohle
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lefatšeng le lecha, ha ho sa tla ba le bana ba lapileng