Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 11/15 maq. 21-23
  • Sebeletsa Molimo ka Pelo e Ratang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebeletsa Molimo ka Pelo e Ratang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hang ba Hana ho Sebeletsa
  • Ho Hlokahala Tšebeletso e Etsoang ka ho Rata
  • Ho Thoe’ng ka Tšebeletso e Etsoang ka Lesisitheho?
  • Thabela ho Etsa Thato ea Molimo
  • “Moea o na le Taba-tabelo, Empa Nama ea Fokola”
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • U Ikemiselitse ho Tela Eng e le Hore U Phele ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • “Le Amohetse Ntle ho Tefo, le Fane Ntle ho Tefo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lipontšo tse Peli tse Khōlōhali tsa Lerato tse Kileng tsa Bontšoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 11/15 maq. 21-23

Sebeletsa Molimo ka Pelo e Ratang

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngola: “Ka nyakallo e khōlō ka sebele ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa lisoule tsa lōna.” (2 Bakorinthe 12:15) Mantsoe aa a u bolella eng ka pono le boikutlo tseo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho leka ho li hlaolela? Ho latela setsebi se seng sa Bibele, ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe mantsoe ao, o ne a re: “Ke rata ho sebelisa matla a ka, nako ea ka, le bophelo ba ka, le sohle seo ke nang le sona molemong oa lōna, joalokaha ntate ka thabo a etsetsa bana ba hae.” Pauluse o ne a ikemiselitse ho “sebelisoa ka ho feletseng,” kapa ho “soahlamana kapa ho fela ke mokhathala,” haeba ho ne ho tla hlokahala seo hore a phethahatse bosebeletsi ba hae ba Bokreste.

Ho feta moo, Pauluse o ne a etsa sena sohle “ka nyakallo e khōlō.” O ne a “rata ka ho feletseng” ho etsa joalo, joalokaha ho bolela The Jerusalem Bible. Uena u eme kae? Na u rata ho sebelisa nako ea hao, matla a hao, bokhoni ba hao le matlotlo a hao u sebeletsa Jehova Molimo le lithahasello tsa ba bang, le haeba ho etsa joalo ka linako tse ling ho bolela “ho soahlamana kapa ho fela ke mokhathala”? Hona na see u ka se etsa “ka nyakallo e khōlō”?

Ho Hang ba Hana ho Sebeletsa

Batho ba bangata ha ba leqe feela ho sebeletsa Molimo empa ba hana ka ho feletseng ho etsa joalo. Boikutlo ba bona ke ba ho hloka teboho, ba ho ipusa ka boithati, esita le ba bofetoheli. Satane o ile a eka Adama le Eva hore ba nahane ka tsela e joalo. O ne a fositse ha a re ba ne ba ‘tla ba joaloka Molimo ba tsebe botle le bobe’—ba tsebe ho iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng. (Genese 3:1-5) Ba nang le moea o joalo kajeno, ba nahana hore ba lokela ho ba le bolokolohi bo feletseng ba ho etsa seo ba se lakatsang ba sa ikarabelle ho Molimo ho hang kapa a sa kena-kenane le bona. (Pesaleme ea 81:11, 12) Sohle seo ba nang le sona ba batla ho se sebelisetsa lithahasello tsa bona.—Liproverbia 18:1.

Mohlomong ha u na pono ena e feteletseng. Mohlomong u ananela mpho ea bophelo boo u bo thabelang hona joale le tšepo e hlollang haholoanyane ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 21:1-4) E ka ’na eaba u leboha Jehova ka botebo ka melemo ea hae ho uena. Empa ho hlokahala hore bohle re be seli ka kotsi ea hore Satane a ka ’na a sotha monahano oa rōna ka tsela eo ka eona tšebeletso ea rōna e hlileng e ka fetohang e sa amoheleheng ho Molimo. (2 Bakorinthe 11:3) See se ka etsahala joang?

Ho Hlokahala Tšebeletso e Etsoang ka ho Rata

Jehova o batla tšebeletso e etsoang ka ho rata, ea pelo eohle. Ha ho mohla a re qobellang ho etsa thato ea hae. Satane ke eena ea tla etsa sohle ho hatella kapa ho eka batho hore ba etse thato ea hae. Tabeng ea ho sebeletsa Molimo, Bibele e bua ka lintho tseo re tlamehang ho li etsa, litaelo, litlhokahalo le tse ling. (Moeklesia 12:13, NW; Luka 1:6) Empa, sepheo se ka sehloohong sa hore re sebeletse Molimo ke hore rea mo rata.—Exoda 35:21; Deuteronoma 11:1.

Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ne a ikitlaetsa hakae tšebeletsong ea Molimo, o ne a tseba hore sena e ne e tla ba lefeela haeba ‘a se na lerato.’ (1 Bakorinthe 13:1-3) Ha bangoli ba Bibele ba re Bakreste ke makhoba a Molimo, ha ba bolele bokhoba bo eisehang bo qobelloang. (Baroma 12:11; Bakolose 3:24) Ho boleloa bohlanka bo etsoang ka ho rata, ka lebaka la lerato le tebileng le le tlohang pelong bakeng sa Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste.—Matheu 22:37; 2 Bakorinthe 5:14; 1 Johanne 4:10, 11.

Tšebeletso eo re e etsetsang Molimo e lokela hore e boele e bontše ho rata batho ka ho tebileng. Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Thesalonika, a re: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae.” (1 Bathesalonika 2:7) Linaheng tse ngata kajeno, bo-mè ba tlangoa ke molao hore ba hlokomele bana ba bona. Empa ka sebele bo-mè ba bangata ha ba etse sena feela hore ba hlomphe molao, na ha ho joalo? Ho joalo. Ba etsa joalo hobane ba rata bana ba bona. Ha ho pelaelo hore ’mè ea anyesang o itella bana ba hae haholo. Kaha Pauluse o ne a “e-na le boikutlo bo bonolo” joalo bakeng sa bao a neng a ba sebeletsa, o ne a “khahloa haholo” (“a rata,” King James Version; “a thabela,” New International Version) ho sebelisa bophelo ba hae ho ba thusa. (1 Bathesalonika 2:8) Lerato le re susumelletsa ho etsisa mohlala oa Pauluse.—Matheu 22:39.

Ho Thoe’ng ka Tšebeletso e Etsoang ka Lesisitheho?

Ha e le hantle, ha rea lokela ho lumella boithati hore bo phahamele ho rata Molimo le batho. Ho seng joalo, ho na le kotsi ea hore tšebeletso ea rōna e ka ’na ea e-ba ea pelo e sa fellang le e etsoang ka lesisitheho. Re ka ba ra khopeha, ra halefisoa ke hore re sitoa ho phelela litakatso tsa rōna feela. Sena se ile sa etsahalla Baiseraele bao lerato la bona ho Molimo le ileng la tapa empa ba ntse ba mo sebeletsa ka tsela e itseng ho phetha molao. Phello e ile ea e-ba efe? Ho sebeletsa Molimo ho ile ha fetoha “ntho e khathatsang” ho bona.—Malakia 1:13.

Linyehelo tsohle tse etsetsoang Molimo li lokela hore kamehla e be ntho “e se nang sekoli,” e se nang sepha, e “ntlehali” e teng. (Levitike 22:17-20; Exoda 23:19, NW) Leha ho le joalo, ho e-na le ho fa Jehova liphoofolo tsa bona tse ntlehali, batho ba mehleng ea Malakia ba ile ba qala ho nyehela tseo ba neng ba hlile ba sa li batle. Jehova o ile a etsa joang? O ile a re ho baprista: “Ha le hlahisa phoofolo e foufetseng bakeng sa ho etsa sehlabelo [le re]: ‘Hase ntho e mpe.’ Ha le hlahisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang: ‘Hase ntho e mpe.’ Ka kōpo, e atametseng ho ’musisi oa lōna. Na o tla khahlisoa ke lōna, kapa na o tla le amohela ka mosa? . . . Le tlisitse ho hong ho nkiloeng ka mahahapa, le ho holofetseng, le ho kulang; e, le ho tlisitse e le mpho. Na nka khahlisoa ke hona letsohong la lōna?”—Malakia 1:8, 13, NW.

See se ka etsahalla leha e le mang ho rōna joang? Mahlabelo a rōna a ka fetoha “ntho e khathatsang” ho rōna haeba re hlile re se na lerato pelong. (Exoda 35:5, 21, 22; Levitike 1:3; Pesaleme ea 54:6; Baheberu 13:15, 16) Ka mohlala, na re fa Jehova nako eo re sa etseng letho ka eona?

Na ho na le motho eo kannete a ka nahanang hore e ne e tla ba ho amohelehang ho Molimo ha setho sa lelapa se nang le sepheo se setle kapa Molevi ea chesehang ba ne ba ka leka ho qobella Moiseraele ea sa rateng hore a khethe phoofolo ea hae e ntlehali bakeng sa sehlabelo ha eena a ne a hlile a sa rate ho e nyehela? (Esaia 29:13; Matheu 15:7, 8) Jehova o ne a hana mahlabelo a joalo, ’me qetellong o ile a lahla batho ba neng ba a nyehela.—Hosea 4:6; Matheu 21:43.

Thabela ho Etsa Thato ea Molimo

E le hore re etsetse Molimo tšebeletso eo a tla e amohela, re lokela ho latela mohlala oa Jesu Kreste. O itse: “Ha ke batle thato ea ka, empa ke batla thato ea ea nthomileng.” (Johanne 5:30, NW) Jesu o ne a thabisoa haholo ke ho sebeletsa Molimo ka ho rata. Jesu o ile a phethahatsa mantsoe a Davida a boprofeta, a reng: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.”—Pesaleme ea 40:8, NW.

Le hoja Jesu a ne a thabela ho etsa thato ea Jehova, ho ne ho se bonolo kamehla. Nahana ka se ileng sa etsahala pelenyana a tšoaroa, a qosoa le ho bolaoa. Ha a ntse a le serapeng sa Gethsemane, Jesu o ile a ‘sareloa ka ho tebileng’ ’me a ba “bohlokong bo otlang pelo.” O ne a imetsoe maikutlong hoo ha a ntse a rapela, “mofufutso oa hae [o ileng oa ba] joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.”—Matheu 26:38; Luka 22:44.

Jesu o ile a utloa bohloko boo bo otlang pelo ka lebaka lefe? Ka sebele e ne e se ka lebaka la boithati kapa la ho ba leqe ho etsa thato ea Molimo. O ne a ikemiselitse ho shoa, a bile a hanyetsa ka matla mantsoe a Petrose, a reng: “Ikhauhele, Morena; ho hang ha u na ho ba le qetello ena.” (Matheu 16:21-23) Jesu o ne a amehile ka hore na ho shoa ha hae joaloka senokoane se nyelisehang ho tla ama Jehova le lebitso la Hae le halalelang joang. Jesu o ne a hlokomela hore Ntat’ae o ne a tla utloa bohloko haholo ha a bona Mora oa hae ea ratoang a tšoaroa ka tsela ea bobatana joalo.

Jesu o ne a boetse a utloisisa hore o mothating oa ho kena nakong ea bohlokoa ka ho fetisisa ho phethahaleng ha morero oa Jehova. Ho khomarela melao ea Molimo ka botšepehi ho ne ho tla bontša ntle ho pelaelo hore Adama a ka be a ile a khetha sona seo. Ho tšepahala ha Jesu ho ne ho tla pepesa hore polelo ea Satane ke leshano le feletseng ha a re ha batho ba lekoa ba ne ba sa tl’o sebeletsa Molimo ka ho rata le ka botšepehi. Ka Jesu, qetellong Jehova o ne a tla robokela Satane le ho tlosa liphello tsa bofetoheli ba hae.—Genese 3:15.

Boikarabelo bo neng bo jeroe ke Jesu bo ne bo le bokaakang! Lebitso la Ntat’ae, khotso ea bokahohle le ho pholosoa ha moloko oa batho, kaofela li ne li itšetlehile ka botšepehi ba Jesu. Kaha o ne a hlokomela sena, o ile a rapela: “Ntate, haeba ho khoneha, senoelo sena a se mphete. Empa leha ho le joalo, eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena.” (Matheu 26:39) Esita leha Jesu a ne a imetsoe ka ho fetisisa kelellong, ha aa ka a thekesela leratong la hae la ho ikokobeletsa thato ea Ntat’ae.

“Moea o na le Taba-tabelo, Empa Nama ea Fokola”

Kaha Jesu o ile a imeloa haholo kelellong ha a sebeletsa Jehova, re ka lebella hore Satane a re imetse kelellong kahobane re le bahlanka ba Molimo. (Johanne 15:20; 1 Petrose 5:8) Ho feta moo, ha rea phethahala. Kahoo, le haeba re sebeletsa Molimo ka boithatelo, ho ke ke ha e-ba bonolo hore re etse joalo. Jesu o ile a bona kamoo baapostola ba hae ba neng ba loana ntoa kateng e le hore ba etse sohle seo a neng a ba kōpa hore ba se etse. Ke ka lebaka leo a ileng a re: “Moea o na le taba-tabelo, empa nama ea fokola.” (Matheu 26:41) Nama ea hae ea motho ea phethahetseng e ne e se na bofokoli ba tlhaho. Leha ho le joalo, o ne a nahanne ka bofokoli ba nama ea barutuoa ba hae, ho se phethahale hoo ba ho futsitseng ho Adama ea sa phethahalang. Jesu o ne a tseba hore ka lebaka la lefutso la ho se phethahale le bofokoli boo batho ba nang le bona, ba ne ba tla ba ntoeng ea ho etsa sohle seo ba batlang ho se etsa tšebeletsong ea Jehova.

Kahoo, re ka ’na ra ikutloa joaloka moapostola Pauluse, ea neng a imetsoe haholo kelellong ha ho se phethahale ho khina matla a hae a ho sebeletsa Molimo ka botlalo. Pauluse o ile a ngola: “Matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo.” (Baroma 7:18) Le rōna re fumana hore re sitoa ho phetha ka botlalo lintho tsohle tse molemo tseo re lakatsang ho li etsa. (Baroma 7:19) Hase kahobane re le leqe. Ke feela hobane bofokoli ba nama bo sitisa boiteko ba rōna le haeba e le bo molemohali.

A re se keng ra nyahama. Haeba lipelo tsa rōna li loketse ho etsa sohle seo re ka se khonang, ha ho pelaelo hore Molimo o tla amohela tšebeletso ea rōna. (2 Bakorinthe 8:12) E se eka re ka “etsa sohle” ho etsisa moea oa Kreste oa ho ikokobetsa ka ho feletseng ho etseng thato ea Molimo. (2 Timothea 2:15; Bafilippi 2:5-7; 1 Petrose 4:1, 2) Jehova o tla putsa le ho tšehetsa moea o joalo o bontšang ho rata. O tla re fa “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng” ho re tlatsa bofokoling ba rōna. (2 Bakorinthe 4:7-10) Ka thuso ea Jehova rōna, joaloka Pauluse, “ka nyakallo e khōlō ka sebele [re] tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng” tšebeletsong ea Hae ea bohlokoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Pauluse ka ho rata o ile a sebeletsa Molimo ka hohle kamoo a neng a ka khona kateng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Esita leha Jesu a ne a imetsoe ka ho fetisisa kelellong, o ile a etsa thato ea Ntat’ae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela