Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke lintho life tse tharo tse kotsi tseo Jesu a neng a lemosa ka tsona ho Matheu 5:22?
Jesu Kreste o ile a fa balateli ba hae temoso ena Thutong ea hae ea Thabeng: “Ke re ho lōna e mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse mor’abo o tla ikarabella lekhotleng la toka; empa mang kapa mang ea bitsang mor’abo ka lentsoe le ke keng la boleloa la keiso o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa; athe mang kapa mang ea reng, ‘Uena leoatla le eisehang!’ o tla lokeloa ke Gehena ea mollo.”—Matheu 5:22.
Jesu o ile a sebelisa lintho tseo Bajuda ba li tsebang—lekhotla la toka, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa le Gehena ea mollo—e le hore a ba tsebise hore batho ba fumana kotlo ho latela hore na ba etsa libe tse khōlō hakae.
Jesu o ile a qala ka ho bolela hore e mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse mor’abo o tla ikarabella “lekhotleng la toka,” ke hore, lekhotleng la motse. Ka tloaelo, makhotla ana a ne a le metseng e nang le banna ba 120 kapa ho feta. (Matheu 10:17; Mareka 13:9) Baahloli ba lekhotla la mofuta ona ba ne ba filoe matla a ho ahlola, esita le linyeoeng tsa polao. (Deuteronoma 16:18; 19:12; 21:1, 2) Kahoo, Jesu o ne a bontša hore motho ea jarang mor’abo ka pelo o etsa sebe se seholo.
Ka mor’a moo, Jesu o ile a bolela hore motho “ea bitsang mor’abo ka lentsoe le ke keng la boleloa la keiso o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa.” Lentsoe la Segerike rha·kaʹ le fetoletsoeng mona e le “lentsoe le ke keng la boleloa la keiso” le bolela “ntho e sa tšelang letho” kapa “hlooho e sa tšelang letho.” Ho ea ka The New Thayer’s Greek-English Lexicon of the New Testament, lentsoe lena e ne e le “lentsoe la nyeliso leo Bajuda ba neng ba le sebelisa mehleng ea Kreste.” Kahoo, Jesu o ne a lemosa ka bobe ba ho bontša ho hloea motho e mong ka ho mo buela lentsoe le mo eisang. Jesu o ne a hlile a bolela hore motho ea sebelisang lentsoe le joalo o ne a sa tl’o ahloloa ke lekhotla feela tjee la motse empa o ne a tla ahloloa ke Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Sanhedrine eohle, e leng lekhotla la boahloli le neng le le Jerusalema, leo litho tsa lona e neng e le moprista ea phahameng le banna ba bang ba 70 ba baholo le bangoli.—Mareka 15:1.
Qetellong, Jesu o ile a hlalosa hore haeba e mong a bitsa e mong, “leoatla le eisehang!” o ne a tla lokeloa ke Gehena ea mollo. Lentsoe “Gehena” le nkiloe mantsoeng ana a Seheberu geh hin·nomʹ, a bolelang “phula ea Hinome,” e neng e le ka bophirimela le ka boroa ho Jerusalema ea boholo-holo. Mehleng ea Jesu, phula eo e ne e sebelisetsoa ho chesa lithōle, ho akarelletsa le litopo tsa batlōli ba khopo ba molao bao ho neng ho nkoa hore ha ba tšoaneloe ke lepato le hlomphehang. Kahoo, “Gehena” e ne e le lentsoe le loketseng bakeng sa ho tšoantšetsa timetso e feletseng.
Ebe poleloana e reng “leoatla le eisehang” e ne e bolela’ng? Lentsoe le sebelisitsoeng mona le ne le batla le tšoana le lentsoe la Seheberu le bolelang “lerabele,” kapa “mofetoheli.” Le hlalosa motho ea nang le boitšoaro bo se nang thuso, ea koenehelang Molimo le ea mo fetohelang. Kahoo, motho ea bitsang motho e mong “leoatla le eisehang” ho tšoana le ha a re mor’abo o lokela ho ahloloa ka kahlolo e loketseng mofetoheli oa Molimo, e leng timetso ea ka ho sa feleng. Mahlong a Molimo, motho ea ahlolang e mong ka mantsoe ao, a ka tšoaneloa ke kahlolo eo e matla ea timetso ea ka ho sa feleng.—Deuteronoma 19:17-19.
Kahoo, Jesu o ne a behela balateli ba hae tekanyetso e phahameng ho feta litekanyetso tsa Molao oa Moshe. Batho ba ne ba lumela hore ’molai o ne a tla “ikarabella lekhotleng la toka,” empa Jesu eena o ile a bua ho eketsehileng. O ile a ruta balateli ba hae hore ba lokela ho qoba esita le ho jara barab’abo bona ka pelo.—Matheu 5:21, 22.