Tšoarela ho Tloha Pelong
“Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lōna ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lōna.”—MATHEU 18:35.
1, 2. (a) Moetsalibe ea tsebahalang o ile a bontša joang hore o ananela Jesu? (b) Jesu o ile a hlahisa ntlha efe ha a arabela?
KAMOO ho bonahalang kateng, e ne le seotsoa, e se eo u ka lebellang ho mo fumana ka tlung ea motho oa bolumeli. Haeba ba bang ba ile ba nyarosoa ke ho mo bona moo, seo a ileng a se etsa se ne se nyarosa ho feta moo. O ile a atamela monna ea nang le boitšoaro bo phahameng ka ho fetisisa eaba o bontša kananelo ea hae bakeng sa mesebetsi ea hae, a hlatsoa maoto a hae ka meokho ea hae ’me a a hlakola ka moriri oa hae.
2 Monna eo, Jesu, ha aa ka a felisoa pelo ke mosali enoa, “ea neng a tsebahala motseng oo e le moetsalibe.” Empa Simone eo e neng e le Mofarisi, mong’a lelapa, o ne a amehile ka hore mosali eo ke moetsalibe. Jesu o ile a araba ka ho bolela taba ea banna ba babeli ba neng ba kolota moalimi. E mong o ne a kolota haholo—hoo e ka bang moputso oa lilemo tse peli oa mosebetsi ea sa koetlisoang. E mong o ne a kolota karolo ea leshome ea seo—chelete e ka tlaase ho moputso oa likhoeli tse tharo. Ha ba sitoa ho lefa ka bobeli ba bona, moalimi “a ba tšoarela ka bobeli ka bolokolohi.” Ho hlakile hore ea tšoaretsoeng haholo o ne a e-na le lebaka le utloahalang haholo la ho arabela ka lerato. Ka mor’a hore Jesu a kenyelletse ketso e mosa ea mosali eo puisanong, o ile a phaella ka molao-motheo ona: “Ea tšoaretsoeng hanyenyane, o rata hanyenyane.” Eaba o re ho eena: “Libe tsa hao li tšoaretsoe.”—Luka 7:36-48.
3. Re lokela ho itlhahloba ho eng?
3 Ipotse, ‘Hoja ebe ke ne ke le mosali eo kapa haeba ke ne ke le boemong bo tšoanang eaba kea hauheloa, na joale ke ne ke tla ba bohale ke se ke ka tšoarela ba bang?’ U ka ’na ua araba ka ho re: ‘Ho hang ke ne nke ke ka etsa joalo!’ Leha ho le joalo, na kannete u lumela hore u motho ea ratang ho tšoarela? Na u hlile u joalo ka tlhaho? Na u atisa ho etsa joalo u sa khannoe, na ba bang ba ka hlalosa hore u motho ea tšoarelang? A re boneng hore na ke hobane’ng ha e mong le e mong ho rōna a lokela ho itoba a sa pota-pote tabeng ena.
Tšoarelo ea Hlokahala—’Me re e Bontšitsoe
4. Ke ’nete efe eo re lokelang ho e lumela ka rōna?
4 Feela joalokaha u tseba, ha ua phethahala. Ha u ka botsoa, u ne u tla lumela hore ho joalo, mohlomong u hopola mantsoe a fumanoang ho 1 Johanne 1:8: “Haeba re re: ‘Ha re na sebe,’ rea ikhelosa ’me ’nete ha e eo ho rōna.” (Baroma 3:23; 5:12) Ho ba bang, mohlomong boetsalibe bo bonahetse ka libe tse mpe ka ho fetisisa, tse nyarosang. Empa le haeba u sa tsebe u e-na le molato oa libe tse joalo, ka sebele ho na le makhetlo a mangata le litsela tse ngata tseo ka tsona u ’nileng ua haelloa ke ho finyella litekanyetso tsa Molimo—ua etsa sebe. Na ha ho joalo?
5. Ke eng eo re lokelang ho e leboha ho Molimo?
5 Kahoo, boemo ba hao bo ka ’na ba lumellana le tlhaloso ena ea moapostola Pauluse: “Le hoja le ne le shoele litšitong tsa lōna le boemong ba ho se bolle ba nama ea lōna, Molimo o le phelisitse hammoho le eena [Jesu]. Ka mosa o ile a re tšoarela litšito tsohle tsa rōna.” (Bakolose 2:13; Baefese 2:1-3) Hlokomela polelo ena e reng, “a re tšoarela litšito tsohle tsa rōna.” Seo se akarelletsa ho hongata. E mong le e mong oa rōna o na le lebaka le utloahalang la ho kōpa joaloka Davida: “Ka baka la lebitso la hao, Jehova, u ntšoarele bokhopo ba ka, leha bo le boholo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Pesaleme ea 25:11.
6. Ke eng seo re ka se tiisang ka Jehova le tšoarelo?
6 Uena—kapa leha e le mang oa rōna—a ka tšoareloa joang? Senotlolo ke hore Jehova Molimo o rata ho tšoarela. Ke botho ba hae. (Exoda 34:6, 7; Pesaleme ea 86:5) Hoa utloahala hore Molimo o lebeletse hore re retelehele ho eena ka thapelo ’me re kōpe hore a re leballe, re kōpe hore a re tšoarele. (2 Likronike 6:21; Pesaleme ea 103:3, 10, 14) Ebile o lokiselitse motheo o molaong oa ho tšoarela ho joalo—e leng sehlabelo sa thekollo sa Jesu.—Baroma 3:24; 1 Petrose 1:18, 19; 1 Johanne 4:9, 14.
7. Ke ka tsela efe u lokelang ho batla ho etsisa Jehova?
7 Tabeng ea hore Molimo o ikemiselitse ho tšoarela, u lokela ho bona mohlala oa hore na u lokela ho tšoara batho ba bang joang. Pauluse o ile a lebisa tlhokomelo ho sena, a ngola: “Le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baefese 4:32) Ha ho pelaelo hore morero oa Pauluse o akarelletsa hore re ithute mohlaleng oa Molimo, hobane temana e latelang e tsoela pele, e re: “Ka hona, le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Na u bona kamano? Jehova Molimo o ile a u tšoarela, kahoo—Pauluse o beha lebaka le matla—ho hlokahala hore u Mo etsise ’me u be ‘le qenehelo e bonolo, le ho tšoarela ba bang ka bolokolohi.’ Empa ipotse, ‘Na ke etsa seo? Haeba ha ke joalo ka tlhaho, na ke loanela ho etsa joalo, ke leka ka matla hore ke etsise Molimo ka ho ba ea tšoarelang?’
Ho Hlokahala Hore re Loanele ho ba ba Tšoarelang
8. Re lokela ho hlokomela eng ka seo phutheho ea rōna e entsoeng ka sona?
8 Ho ne ho tla ba hotle ho nahana hore ka phuthehong ea Bokreste ke ka seoelo re lokelang ho sebelisa tsela ea bomolimo ea ho tšoarela. Boemo ba litaba bo fapane. Ke ’nete hore bara le barali babo rōna ba Bakreste ba loanela ho latela mohlala oa Jesu oa lerato. (Johanne 13:35; 15:12, 13; Bagalata 6:2) Ke khale ba loanela ho lahla litsela tsa ho nahana, ho bua le ho itšoara tse lumellanang le lefatše lena le khopo, ’me ba sa ntse ba loanela ho etsa joalo. Kannete ba batla ho bonahatsa botho bo bocha. (Bakolose 3:9, 10) Leha ho le joalo, re ke ke ra hlokomoloha ’nete ea hore phutheho ea lefatše lohle, e entsoe ka batho ba sa phethahalang. Ha re akaretsa, ba boemong bo molemo ho feta boo ba kileng ba e-ba ho bona, empa ba sa ntsane ba sa phethahala.
9, 10. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha mathata a hlaha lipakeng tsa barab’abo rōna?
9 Ka Bibeleng, Molimo o re bolella ka morero hore re ka lebella ho se phethahale ka phuthehong, ho bara le barali babo rōna. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Bakolose 3:13: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”
10 Habohlokoa ke hore Bibele mona e re hopotsa ka kamano e pakeng tsa ho re tšoarela ha Molimo le hore re tlamehile ebile hoa hlokahala hore re tšoarele ba bang. Ke hobane’ng ha see e le bothata? Hobane Pauluse o ile a lumela hore e mong a ka ’na a “ba le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” O ile a hlokomela hore lisosa tse joalo li ne li tla ba teng. Li tlameha ebe li ile tsa e-ba teng lekholong la pele la lilemo, esita le har’a “bahalaleli” ba Bakreste, ba neng ba e-na le ‘tšepo eo ba e boloketsoeng maholimong.’ (Bakolose 1:2, 5) Kahoo, na re ka nahana hore boemo e ka ba bo fapaneng kajeno ha boholo ba Bakreste ba ’nete bo se na bopaki ba moea ba hore ke “bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang”? (Bakolose 3:12) Kahoo, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore ho na le phoso e khethehileng haeba ka liphuthehong tsa rōna ho e-na le lisosa tsa pelaelo—ho utloa bohloko ka lebaka la liphoso tsa sebele kapa tse inahaneloang.
11. Morutuoa Jakobo o ile a re lemosa eng?
11 Mantsoe a Jakobo ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona le ’ona a bontša hore re tlameha ho lebella hore bonyane ka linako tse ling re ka ’na ra thulana le maemo a hlokang hore re tšoarele barab’abo rōna. “Ke mang ea bohlale le ea utloisisang har’a lōna? A a bontše ho tsoa boitšoarong ba hae bo botle mesebetsi ea hae ka bonolo boo e leng ba bohlale. Empa haeba le e-na le poulelo e feteletseng le ho rata likhang ka lipelong tsa lōna, le se ke la ithorisa le ho bua leshano khahlanong le ’nete.” (Jakobo 3:13, 14) “Poulelo e feteletseng le ho rata likhang” lipelong tsa Bakreste ba ’nete? E, mantsoe a Jakobo a bolela ka ho hlaka hore tse joalo li ne li bonahala phuthehong ea lekholo la pele la lilemo ’me li tla bonahala kajeno.
12. Ho ile ha hlaha bothata bofe phuthehong ea boholo-holo ea Filippi?
12 Mohlala oa sebele o ne o ama Bakreste ba babeli ba tlotsitsoeng ba neng ba e-na le botumo bo botle ba ho ikitlaetsa hammoho le Pauluse. Mohlomong u hopola u bala ka Evodia le Syntike bao e neng e le litho tsa phutheho ea Filippi. Le hoja Bafilippi 4:2, 3 e sa qaqise taba ka ho feletseng, e bontša hore ho ne ho e-na le bothata bo itseng pakeng tsa bona. Na e qalile ka puo e sa nahanoang, e hlabang, ho iphapanyetsa mong ka uena ho totobetseng, kapa bopaki bo itseng ba ho hlōlisana ka mōna? Ho sa tsotellehe hore na e ne e le bofe, bo ile ba e-ba matla hoo Pauluse a ileng a bo tseba a le hōle Roma. Mohlomong barali bana babo rōna ba moea ba ne ba se ba fetana mohoalotso, ’me hona ho etsa hore ba qobane ha ba le libokeng kapa ba buane hampe ho metsoalle ea bona.
13. E ka ’na eaba ke’ng se ileng sa sebetsa tharollong ea bothata bo lipakeng tsa Evodia le Syntike, ’me see se re ruta eng?
13 Na ho na le ho utloahalang ho tloaelehile tabeng ee, ho kang ho etsahetseng lipakeng tsa ba bang phuthehong ea heno kapa nthong eo u ileng ua ameha ho eona? Le hona joale bothata ba mofuta oo bo ka ’na ba e-ba teng ka tekanyo e itseng. Ebe ke eng seo re ka se etsang? Tabeng ea boholo-holo, Pauluse o ile a phehella barali bana babo ba babeli ba inehetseng “hore ba be le kelello e tšoanang Moreneng.” Mohlomong ba ile ba lumellana hore ba bue taba ena, ba phetlelane lifuba ho bontša hore ka bobeli ba ikemiselitse ho tšoarela, ebe joale ba hlile ba etsisa moea oa Jehova oa ho tšoarela. Ha ho seo re ka se nahanang haese hore Evodia le Syntike ba ile ba atleha, ’me le rōna re ka atleha. Moea o joalo oa ho tšoarela o ka sebelisoa ka katleho kajeno.
Bōpa Khotso—Tšoarela
14. Ke hobane’ng ha hangata ho khoneha ebile ho le molemo ho hlokomoloha liphapang?
14 Ha e le hantle ho tšoarela ho hloka’ng ha u e-na le bothata le Mokreste e mong? Ho bua ’nete, ha ho na mokhoa o le mong o bonolo, empa Bibele e fana ka mehlala e thusang le keletso ea sebele. Ntho e ka sehloohong e khothalletsoang—le hoja ho e amohela le ho e sebelisa ho le thata—ke hore u lebale taba eo, u e hlokomolohe. Hangata ha ho e-na le bothata, joalokaha bo ne bo le teng lipakeng tsa Evodia le Syntike, motho e mong le e mong o ikutloa hore e mong ke eena ea fositseng kapa ea molato haholo. Ka hona boemong bo joalo, u ka ’na ua nahana hore Mokreste e mong ke eena ea molato haholo kapa ea sentseng litaba haholo. Leha ho le joalo, na u ka khaola khang ka hore u tšoarele? Hlokomela hore haeba, ’me re re haeba, Mokreste eo e mong e le eena ea molato haholo kapa ka ho feletseng, ke uena ea boemong bo botle ba hore u fetise taba eo, u tšoarele motho eo ’me taba eo e fele.
15, 16. Mikea o ile a hlalosa Jehova joang? (b) ‘Ho hlokomoloha litlōlo’ ha Molimo ho bolela eng?
15 A re se keng ra lebala hore Molimo ke eena mohlala oa rōna oa ho tšoarela. (Baefese 4:32–5:1) Mabapi le mohlala oa hae oa ho hlokomoloha liphoso, moprofeta Mikea o ile a ngola: “Molimo ke ofe o joalo ka uena, o tlosang bokhopo, o tšoarelang [“o hlokomolohang,” NW] libe tsa masala a lefa la hao? O ke ke oa boloka bohale ba oona ka ho sa eeng kae, hobane ha e le oona, o khahloa ke ho hauhela.”—Mikea 7:18.
16 Ka hore Bibele e hlalose Jehova e le ea “hlokomolohang” libe, ha e bolele hore a ke ke a hopola liphoso, joalokaha eka o na le mofuta o itseng oa lefu la ho lahleheloa ke kelello. Nahana ka taba ea Samsone le ea Davida, bao ka bobeli ba ileng ba etsa liphoso tse tebileng. Molimo o ile a hopola libe tseo nako e telele hamorao; re bile re tseba libe tse ling tsa bona hobane Jehova o entse hore li tlalehoe ka Bibeleng. Leha ho le joalo, Molimo oa rōna ea tšoarelang o ile a rekolohela bao ba babeli, a ba beha ka pel’a rōna e le mehlala ea tumelo e ka etsisoang.—Baheberu 11:32; 12:1.
17. (a) Ke mehato efe e ka re thusang ho hlokomoloha liphoso, kapa litšito, tsa ba bang? (b) Haeba re loanela ho etsa joalo, re tla be re etsisa Jehova joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
17 E, Jehova o khonne ho ‘hlokomoloha’a litlōlo, feela joalokaha Davida a ile a mo kōpa khafetsa hore a etse joalo. (2 Samuele 12:13; 24:10) Na re ka etsisa Molimo ho see, ra ba ba ikemiselitseng ho hlokomoloha liphoso le litšito tse etsoang ke bahlanka-’moho le rōna ka lebaka la hobane e le batho ba sa phethahalang? Ak’u nahane u le ka sefofaneng sa jete se tlohang ka lebelo lebaleng la lifofane. Ha u sheba ka ntle, haufi le tsela ea lifofane u bona motho eo u mo tloaetseng a etsa ketso ea bongoana ea ho soenyetsa. Ua tseba hore o ne a utloile bohloko ’me e ka ’na eaba o etsa joalo a hopotse uena. Kapa mohlomong ha aa nahana ka uena ho hang. Leha ho le joalo, ha sefofane se ntse se potoloha se phahamela holimo, u feta ka holim’a mosali eo, eo joale a bonahalang joaloka lethebanyana feela. Ka nako e etsang hora feela u se u le hōle ka lik’hilomithara tse ngata, ’me ketso ea hae ea nyeliso ke khale u e furaletse. Ka mokhoa o tšoanang, ka linako tse ngata ho tla re thusa hore re tšoarele haeba re leka ho tšoana le Jehova ’me ka bohlale re hlokomoloha tšito eo. (Liproverbia 19:11) Na phoso e ke ke ea bonahala e le nyenyane lilemo tse leshome ho tloha joale kapa lilemo tse makholo a mabeli re le Lilemong tse Sekete? Ke hobane’ng ha u sa e hlokomolohe feela?
18. Haeba ho bonahala re sitoa ho lebala tšito, re ka sebelisa keletso efe?
18 Leha ho le joalo, mohlomong ka seoelo u rapeletse taba e itseng ’me ua leka ho tšoarela, empa u utloa hore ha u khone. Joale u ka etsa joang? Jesu o khothalelitse hore u ee ho motho eo e mong ebe u leka ho rarolla phapang moo le leng bang hore le fihlele khotso. “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me moo u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; pele etsa khotso le mor’eno, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”—Matheu 5:23, 24.
19. Re lokela ho ba le moea ofe ’me re lokela ho qoba moea ofe ha re ntse re batla khotso le mor’abo rōna?
19 Habohlokoa ke hore Jesu ha aa ka a re u ee ho mor’eno ho ea mo kholisa hore u ne u nepile le hore eena o ne a fositse. Mohlomong o ne a fositse. Ho ka etsahala hore ebe le ne le fositse ba babeli. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, sepheo ha ea lokela ho ba ho etsa hore motho eo le nang le bothata le eena a inehele, a oe ka mangole, ha re e beha ka mantsoe a tšoantšetso. Haeba u kena puisanong ka maikutlo a joalo, u ke ke ua atleha. Leha e le hore pakane ho hlokahala hore e be ho ikhopotsa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ea tšito ea sebele kapa e inahaneloang. Ha puisano e etsoang ka maikutlo a fatše ka moea oa lerato la Bokreste e senola ho se utloisisane ho soabisang hore ke sona sesosa sa bothata, bobeli ba lōna le ka leka ho rarolla taba eo. Empa le haeba puisano e joalo e sa ise tumellanong e feletseng, na hoo hoa hlokahala kamehla? Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo haholoanyane haeba bonyane bobeli ba lōna le ka lumela hore ka tieo le rata ho sebeletsa Molimo oa rōna ea tšoarelang? Ha le lumela ’nete eo, mohlomong ho ka ba bonolo haholoanyane hore ho tloha lipelong e mong le e mong a re, “ke masoabi hore ebe ho se phethahaleng ha rōna ho hlahile phapang ena. Ke kōpa re e hlokomolohe.”
20. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa baapostola?
20 Hopola hore baapostola le bona ba ne ba ntse ba e-ba le liphapang, joaloka tabeng ea ha ba bang ba ne ba lakatsa tlotla e khōloanyane. (Mareka 10:35-39; Luka 9:46; 22:24-26) Seo se ile sa baka tsitsipano, mohlomong ho hlabeha, esita le eona khopiso e tebileng. Empa ba ile ba tseba ho hlokomoloha liphapang tse joalo le ho tsoela pele ba sebelisana. E mong oa bona hamorao o ile a ngola: “Ea ratang bophelo le ho bona matsatsi a molemo, a ke a thibe leleme la hae ho se sebe le molomo oa hae ho bueng thetso, empa a furalle se sebe ’me a etse se molemo; a batle khotso ’me a e phehelle.”—1 Petrose 3:10, 11.
21. Jesu o fane ka keletso efe e matla ka ho tšoarela?
21 Pejana re ile ra hlokomela lehlakore le le leng la taba: Molimo o tšoaretse libe tse ngata tseo re li entseng nakong e fetileng, ka hona re lokela ho mo etsisa ’me re tšoarele barab’abo rōna. (Pesaleme ea 103:12; Esaia 43:25) Empa taba ena e boetse e na le lehlakore le leng hape. Ka mor’a hore Jesu a fane ka thapelo ea mohlala, o ile a re: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntate oa lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela.” Nako e fetang selemo hamorao, o ile a pheta moko-taba oa sena, a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele, ba re: “U re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna ka borōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato ho rōna.” (Matheu 6:12, 14; Luka 11:4) Joale, matsatsi a se makae pele ho lefu la hae, Jesu o ile a phaella: “Ha le ema le rapela, le tšoarele eng kapa eng eo le nang le eona khahlanong leha e le mang; e le hore Ntate oa lōna ea leng maholimong le eena a ka le tšoarela litšito tsa lōna.”—Mareka 11:25.
22, 23. Ho ba ha rōna ba ikemiselitseng ho tšoarela ho ka ama bokamoso ba rōna joang?
22 E, litebello tsa rōna tsa ho tsoela pele re amohela tšoarelo ea Molimo li itšetlehile ka ho ba ba ikemiselitseng ho tšoarela barab’abo rōna. Ha ho hlaha bothata lipakeng tsa Bakreste, ipotse, ‘Na ho tšoareloa ke Molimo hase habohlokoa ho feta ho paka hore mora kapa morali oeso o ne a fositse ka phosonyana e itseng, tšitonyana e itseng, kapa pontšo e itseng ea ho se phethahale ha botho?’ U tseba karabo.
23 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba taba e tebile ho feta feela ho siteloana kapa ho bakelana bothata ho honyenyane? Hona keletso ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 18:15-18 e sebetsa neng? A re buisaneng ka litaba tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Setsebi se seng se bolela hore mokhabo-puo oa Seheberu o sebelisitsoeng ho Mikea 7:18 o “nkiloe boitšoarong ba motsamai ea hlokomolohang ntho eo a sa lakatseng ho e ela hloko. Ha e fetise maikutlo a hore Molimo ha a bone sebe, kapa hore o se nka e le ntho eo e seng ea bohlokoa kapa e sa reng letho, empa ke hore maemong a khethehileng o se hlokomoloha ka morero oa hore ha se fumantšoe kotlo; hore ha a otle empa oa tšoarela.”—Baahloli 3:26; 1 Samuele 16:8.
Na U sa Hopola?
◻ Ke joang Jehova a re fang mohlala oo re ka o latelang mabapi le ho tšoarela?
◻ Ke eng eo re tlamehang ho e hopola ka ba ka phuthehong?
◻ Mabakeng a mangata, re lokela ho khona ho etsa’ng ka liphoso le litšito?
◻ Ha ho hlokahala, re ka etsa’ng ho bōpa khotso le mor’abo rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha ho hlaha phapang pakeng tsa hao le Mokreste e mong, leka ho e hlokomoloha; ha nako e ntse e feta, taba e tla fetoha lefeela butle-butle