Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 7/15 leq. 6
  • Hobane o Ile a Rapela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane o Ile a Rapela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • 5 Neng Hona Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Jesu o re Ruta ho Rapela
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 7/15 leq. 6

Hobane o Ile a Rapela

HO 1 Ba-Thessalonika 5:17, 18, moapostola Pauluse o itse: “Se phetseng ho rapela. Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Molimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.” Leha ho le joalo, na u ee u iphumane u le leqe ho rapela ha u jella sebakeng se bulehileng, joaloka tlung ea thekiso ea lijo? Ka baka la temoso ea Jesu khahlanong le thapelo eo motho a e etsang hore a bonoe, ke ho utloahalang hore motho a ka ’na a batla ho qoba ho imemela tlhokomelo e sa hlokahaleng. (Mattheu 6:5, 6) Leha ho le joalo, thapelo e etsoang ka bohlale e ka mema tlhokomelo e ntle.

Ena e bile phihlelo ea mosebeletsi e mong e mocha ea sebeletsang Bethele ea Brooklyn, ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova. O ne a e-ja lijo tsa hoseng tlung ea thekiso ea lijo, a rerile ho ea phuthehong ea habo ho ea kopana le sehlopha se neng se tla kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ha lijo tsa hae tsa hoseng li fihla, o ile a etsa thapelo ka mokhoa oa hae oa mehla. Ha a bula mahlo, o ile a phahamisa hlooho ’me a fumana mosali ea tlisitseng lijo a eme a mo tjametse.

O ile a ’motsa: “U ne u ntse u rapela, na ha ho joalo?” Ha a arabela ka hore ho joalo, o ile a re: “E tlameha e be u e mong oa Lipaki tsa Jehova. Le batsoali ba ka ke tsona. Ha ho mohla nkileng ka hla ka kenella bolumeling ba bona, empa kea tseba hore ke lokela ho etsa joalo. Mohlomong ke lokela ho fumana peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! Na u ka nketsetsa eona?”

Moena e mocha oa hopola: “Ke ile ka batla ke khangoa ke lijo.” Leha ho le joalo, o ile a atleha ho fana ka lipeeletso tse peli le limakasine tsa morao-rao tse peli ho eena le ho etsa tokisetso ea leeto la ho boela—sena sohle kahobane o ile a rapela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela